Bacha Baa Botsa . . .
Nka Etsa Eng Hore Mohlankana oa ka a Khaotse ho Ntšoara Hampe?
“Kajeno, ke lekhetlo la pele mohlankana oa ka a nkotla. O kōpile tšoarelo, empa ha ketsebe hore na ke etse’ng.”—Stella.a
“HOO E KA BANG moithuti a le mong ho ba bahlano ba banana o tlalehile hore o hlekefetsoa ke mohlankana oa hae, ’meleng le/kapa ka ho kopanela liphate,” ho rialo The Journal of the American Medical Association. Patlisisong e ileng ea etsoa bacheng ba Jeremane ba lipakeng tsa lilemo tse 17 le 20, banana ba fetang kotara ba ile ba tlaleha hore ba ile ba hatelloa hore ba kopanele liphate ba sa rate, ’me seo sa etsoa ka ho ba hlekefetsa ’meleng, ka ho ba hlaba ka mantsoe, ka ho sebelisa lithethefatsi kapa joala. Ho latela patlisiso e ’ngoe ea United States, karolo e etsang 40 lekholong ea bacha bao ho entsoeng lipatlisiso ho bona e ’nile ea bona ha seithuti-’moho le bona se “rohaka motho eo se ratanang le eena ka tsela e utloisang bohloko.”b
Na u mocha ea itokisetsang ho nyalana le motho ea u rohakang kapa ea u kharumelang, ea u nyelisang, a u sututse, a u kharametse kapa a u jabele? Sehlooho se fetileng letotong lena se ile sa bontša hore tšoaro e joalo e tloaelehile ka mokhoa o tšosang.c Se ile sa boela sa bontša hore Jehova Molimo ha a rate puo e nyefolang kapa boitšoaro bo hlekefetsang, ’me ba hlekefetsoang ha baa lokela ho amohela boitšoaro bo joalo e le bo tloaelehileng kapa e le molato oa bona. (Baefese 4:31) Leha ho le joalo, ha ho bonolo ho tseba hore na motho a etse eng ha a le boemong bo joalo. E ka ’na eaba u ntse u rata mohlankana oa hao haholo—ho sa tsotellehe boitšoaro ba hae. Kapa ho hobe le ho feta, e ka ’na eaba u tšaba hore na o tla itšoara joang ha u mo tšoaea liphoso. U lokela ho etsa eng?
Hlahloba Boemo
Pele ho tsohle, u tlameha ho khoba matšoafo ’me u hlahlobisise ka leihlo la sebele hore na ho etsahetse’ng. (Moeklesia 2:14) Na u hlile u hlekefetsoa ka mantsoe? Na mohlankana oa hao o bile khopo ka boomo, kapa e mpile ea e-ba feela taba ea ‘ho bua ka ho se nahane?’ (Liproverbia 12:18) See se etsahetse hangata hakae? Na ke phoso e le ’ngoe feela eo u ka e hlokomolohang? Kapa o itloaelitse mokhoa oa ho bua lintho tse u nyenyefatsang kapa tse u rohakang?
Haeba ha u tsebe hantle hore na u ikutloa joang ka sena, buisana le motho e mong—eseng thaka ea hao, empa motho e moholo le ea nang le phihlelo. Mohlomong u ka phetlela batsoali ba hao sefuba kapa ua se tšollela Mokreste e mong ea hōlileng tsebong. Puisano e joalo e ka u thusa hore u bone haeba u se u feteletsa lintho kapa haeba ho hlile ho e-na le bothata bo tebileng.
Haeba ho bonahala ho sireletsehile ho etsa joalo, lokisetsa ho bua le mohlankana oa hao ka hona. (Liproverbia 25:9) Mo bolelle ka bonolo hore na tsela eo a u tšoarang ka eona e etsa hore u ikutloe joang. Bua ka ho toba hore na u utloisitsoe bohloko ke eng. Beha meeli e tiileng ea hore na ke lintho life tseo u ke keng ua li mamella. O arabela joang? Na o qhelela maikutlo a hao ka thōko kapa o arabela ka mantsoe a bohale le ho feta? Ena ke pontšo e hlakileng ea hore ha aa ikemisetsa ho fetoha.
Teng ho thoe’ng haeba a bonahatsa boikokobetso ba bomolimo ’me a itšoabela e le kannete? Joale ho ka ’na ha khoneha hore kamano ea lōna e tsoele pele. Leha ho le joalo, u hlokomele! Batho ba hlekefetsang ba bang ka mantsoe hangata ba tseba ho itlhalosa hantle ka tsela e bontšang eka ba soabile ka mor’a ho utloisa motho e mong bohloko—athe ba tla boela ba pheta mantsoe ao a hlabang lekhetlong le latelang ha ba koatile. Ke nako e tla bontša hore na o ne a tiile hakae ha a re o tla etsa liphetoho. Pontšo e ’ngoe e ntle ea hore na o tiile hakae e tla bonahala haeba a ikemiselitse ho kōpa thuso ho baholo ba Bakreste.—Jakobo 5:14-16.
Hlokomela hore “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) U tla batla motho ea phethahetseng u be u khathale. Banyalani bohle ba tla ba le tekanyo e itseng ea “matšoenyeho nameng” ka lebaka la ho se phethahale. (1 Bakorinthe 7:28) Qetellong, u tlameha ho etsa qeto ea hore na mefokolo ea hae ke eo u ka e mamellang ka thabo na. Hape, ho ipha nako e lekaneng ke mokhoa o sireletsehileng oa ho etsa qeto e nepahetseng.
Ha ho Akarelletsa Pefo
Leha ho le joalo, ke ntho e fapaneng haeba puo e hlekefetsang e tsamaea le mahlapa kapa e tsamaea le ho sokeloa ka pefo, kapa haeba u iphumana u hlekefetsoa ’meleng—mohlomong ka ho sututsoa, ka ho khothometsoa kapa ho jabeloa. Sena se bontša ho sitoa ho ithiba ho kotsi; lintho li ka mpefala habonolo feela hoo li ka bang tsa lebisa mabifing a tebileng.
Ntho ea pele, ke bohlale hore batho ba lebeletsaneng ba qobe ho ikarola ho ba bang ka ho feletseng. Empa, haeba ka tsela e itseng u iphumana u le mong le mohlankana ea halefileng, u se ke ua ‘busetsa bobe ka bobe.’ (Baroma 12:17) Hopola: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) Lula u khobile matšoafo. Mo kōpe hore a u ise hae. Haeba u khona, itsamaele—kapa u balehe!
Ho thoe’ng haeba mohlankana a leka ho qobella kharebe hore e kopanele liphate le eena? Ha e le hantle, ke bohlale hore li sa tloha feela, baratani ba behelane meeli e hlakileng tabeng ea ho bontšana lerato. (1 Bathesalonika 4:3-5) Haeba mohlankana a qobella moroetsana hore a tlōle melao-motheo ea Bibele, moroetsana o lokela ho mo bontša ka ho hlaka le ka tieo hore a ke ke a inehela. (Genese 39:7-13) Anne, ea ileng a inehela ha mohlankana oa hae a mo hatella hore a robale le eena, o kōpa ka tieo: “U se ke ua inehela. Itlhomphe. Ka kōpo u se ke ua etsa phoso ena, ho sa tsotellehe hore na u mo rata hakae!” Haeba a u hlokomoloha ha u hana, mo bolelle hore u tla nka mohato leha e le ofe oo a tla o nka e le peto. Haeba a ntse a sa khaotse, hoeletsa u kōpe thuso ’me u leke ho mo loantša, joalo feela kaha u ne u tla etsa haeba u betoa ke motho e mong.d
Boemong leha e le bofe, keletso ea Bibele e ho Liproverbia 22:24 ea tšoaneleha: “U se ke ua ba le setsoalle le mang kapa mang ea ineheletseng bohale; ’me u se ke ua kena setsoalleng le motho ea tlakolohang ka bohale.” Ha ho na ntho e u tlamang hore u tsoele pele ka kamano le motho ea u hlekefetsang. Ho hlakile hore e tla ba booatla hore u be mong le mohlankana ea u hlekefetsang ha u il’o mo hlala. Mohlomong ntho e molemo ke hore u bolelle batsoali ba hao se etsahetseng. Ha ho pelaelo hore ba tla halefa le ho koatisoa ke tsela eo a u tšoereng hampe ka eona. Empa ba ka u thusa ho etsa qeto ea hore na mehato e loketseng eo u ka e nkang ke efe.e
Ho Leka ho mo Fetola
Ka sebele, hase boikarabelo ba hao ho etsa hore mohlankana oa hao a fetohe. Irena oa lumela: “U nahana hore ua mo rata, u tla mo khona ebile u tla mo thusa. Empa u ke ke.” Ka ho tšoanang, Nadine oa lumela: “Ke lula ke nahana hore nka mo fetola.” ’Nete ke hore, ke eena ea ka ‘fetolang kelello ea hae’ ’me a etsa liphetoho. (Baroma 12:2) Empa ho etsa joalo e tla ba mosebetsi o nkang nako e telele, o boima.
Ka hona, tiea qetong ea hao, u ikibe litsebe ha a etsa boiteko leha e le bofe ba ho u ferekanya maikutlo. Leka ho mo behella thōko ka hohle kamoo ho ka khonehang—maikutlong le ka tsela ea sebele. U se ke ua mo lumella hore a u susumelletse hore le boelane, ebang ke ka ho u kōpa ka tieo kapa ka ho u tšosa. Ha Irena a ne a hlala mohlankana oa hae ea mabifi, o ile a mo tšosa ka hore o tl’o ipolaea. Ho hlakile hore motho ea joalo o hloka thuso, empa, eseng thuso ea hao. Thuso e molemo eo u ka mo fang eona ke ka ho ema u tiile khahlanong le boitšoaro boo e seng ba Bokreste. Haeba a batla ho etsa liphetoho, o lokolohile hore a batle thuso.
Leha ho le joalo, ba bang ba nahana hore lenyalo le tla rarolla mathata. ’Matlisisi e mong o re: “Basali ba nyaloang ke bahlankana ba bona ba mabifi, le banna ba nyalang likharebe tsa bona tse mabifi, hangata baa makala ha ba fumana hore ha ba tlohele ho ba mabifi. Batho ba bangata ba lumela leshano la hore hang ha lengolo la lenyalo le saennoe, mathata ’ohle a joalo a ea le moea. U se ke ua lumela seo.” ’Nete ke hore, ho hlekefetsoa ’meleng ho qalang leferehong, hangata ho ka etsahala hore ho fetele le lenyalong.
Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) Ho bohloko ho hlala motho eo u mo tsotellang. Empa ho ba lenyalong le hlekefetsang ho bohloko le ho feta. Ho feta moo, ha ua tlameha ho tšoha hore u ke ke ua hlola u fumana mohlankana e mong ea tšoanelehang. Ka leseli leo u le fumaneng, ho feta leha e le neng pele, u tla sekamela ho batleng motho ea tla ba bonolo, a be mosa le ho tseba ho itšoara.
Ho Folisa Maqeba a Maikutlo
Ho hlekefetsoa ka mantsoe kapa ka liketso ho ka utloisa bohloko haholo. Mohlekefetsuoa e mong ea bitsoang Mary oa eletsa: “Batla thuso—bolella motho e mong ka potlako. Ke ne ke nahana hore ke tla lokisa lintho ka bonna, empa ho bua le batho ho nthusitse.” Bolella batsoali ba hao, motsoalle ea hōlileng tsebong eo u mo tšepang, kapa moholo oa Mokreste.f
Ba bang bona ba fumane ho thusa haholo ho ba maphathaphathe ka lintho tse molemo tse kang ho bala lintho tse hahang, lipapali kapa ho ba le mesebetsi e itseng eo u e ratang ea ho phomotsa kelello. Irena oa hopola: “Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e bile ho bala Bibele le ho ea libokeng tsa Bokreste.”
Ho hlakile hore Jehova ha a amohele mantsoe kapa liketso tse hlekefetsang. Ka thuso ea hae, u ka itšireletsa hore u se khahlapetsoe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Le hoja banna le basali ba ka ’na ba hlekefetsoa ka mantsoe kapa ’meleng, U.S. Centers for Disease Control and Prevention e re “basali ba hlokofatsoa haholo ho feta banna.” Leha ho le joalo, molemong oa ho nolofatsa lintho, sehlooho sena se tla bua ka bahlekefetsi e le banna.
c Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha a Ntšoara Hampe Hakaale?” tokollong ea Tsoha! ea June 8, 2004.
d Tsoha! ea March 8, 1993, e na le boitsebiso ba hore na motho a ka thibela ho betoa joang.
e Maemong a mang, a kang a ha motho a ne a leka ho u beta, batsoali ba ka ’na ba etsa qeto ea ho tlaleha taba ena mapoleseng. Sena se ka thibela banana ba bang hore ba se fete boemong bo bohloko bo tšoanang le boo.
f Haeba boemo bo ferekantse maikutlo haholo, ba bang ba ka ’na ba khetha ho ea phekoloa ke ngaka kapa ba thusoe ke setsebi sa mafu a kelello.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ho tšoaroa hampe leferehong hangata ho ka fetela le lenyalong
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
U se ke ua lumela ho qobelloa hore u etse liketso tse sa hloekang tsa ho bontša lerato