Ho Sebetsana ka Katleho le ho Jeoa ke Bolutu
HO SEBETSANA ka katleho le ho jeoa ke bolutu ha ho bonolo. Ho ameha maikutlo a matla. Motho a ka sebetsana le ho jeoa ke bolutu joang? Ba bang ba entse eng ho hlōla maikutlo aa a matla?
Ho Sebetsana le Bolutu
Helena o rata ho ba mong ha a etsa liqeto, empa o nahana hore ho jeoa ke bolutu ho ka ba kotsi. Ha e sa le ngoana, ho ne ho se na puisano e ntle pakeng tsa hae le batsoali ba hae. A sa tsebe hore na a etse eng hore ba mo ele hloko, o ne a ikoalla ka kamoreng ea hae. Oa pheta: “Ke ile ka qala ho ba le bothata ba ho ja. Ke ne ke imetsoe ke ho tepella maikutlong. Ke ne ke ee ke ipolelle, ‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho tšoenyeha ka mathata a batsoali ba ka empa bona ba sa tsotelle a ka?’ Joale ke ile ka nahana hore lenyalo le ka felisa bolutu boo ba ka. Ke ne ke batla ho nyaloa e le hore ke bo balehe. Empa ke ile ka potlakela ho inahana: ‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho senya bophelo ba motho e mong? Ke ne ke tlameha ho qala ka ho lokisa tsela eo ke nahanang ka eona!’ Ke ile ka kōpa thuso ho Jehova ka thapelo, ka tšollela bohloko ba ka ho eena.
“Ke ile ka fumana mantsoe a khothatsang haholo ka Bibeleng, a kang a ho Esaia 41:10: ‘U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.’ Mantsoe ana a ile a nthusa haholo hobane ke ne ke ikutloa joaloka motho ea se nang ntate. Kajeno ke bala Bibele kamehla le ho rapela Ntate ua ka oa leholimo. Ke ithutile ho hlōla bolutu ba ka.”
Ho shoelloa ke moratuoa ho baka mesarelo e ka etsang hore motho a qetelle a jeoa ke bolutu. Luisa ea lilemo li 16 o hlalosa bohloko ba hae tjena: “Ntate o ile a bolaoa ha ke ne ke le lilemo li hlano. Ke ile ka retelehela ho nkhono bakeng sa matšeliso, empa ha ho mohla ke ileng ka utloa eka ua nthata. Ho tloha bongoaneng ba ka, ha kea ka ka fumana lerato le lekaalo nakong eo ke neng ke le hloka ka ho fetisisa. Ha ke le pakeng tsa lilemo tse robeli le tse robong, ke ile ka leka ho ipolaea ka makhetlo a mararo. Ke ne ke nahana hore seo se tla ba molemo ho lelapa leso hobane ’Mè o ne a sehla ka thata hore a tlisetse ’na le bo-ausi ba ka ba bararo lijo. Eaba joale re qala ho kopanela le Lipaki Tsa Jehova. Banyalani ba bang ba neng ba sa le bacha ba ile ba nthahasella ka tsela e se nang boikaketsi. Ba ne ba ee ba mpolelle, ‘Re u nka u le oa bohlokoa ’me rea u hloka.’ Mantsoe a hore ‘rea u hloka’ a ile a ntiisa moko haholo. Ka linako tse ling ke sitoa ho bolella motho e mong kamoo ke ikutloang kateng, empa ha ke bala lihlooho tse hatisitsoeng Molula-Qhooeng le Tsoheng! ke leboha Jehova, kaha lingoliloeng tsena li etsa hore ke ikutloe ke ratoa. Ke entse liphetoho tse ngata. Kajeno ke tseba ho bososela, hape ke khona ho bolella ’mè oa ka kamoo ke ikutloang kateng ha ke utloile bohloko kapa ha ke thabile. Ka linako tse ling ke hopola lintho tsa khale, empa ha e sa ba ka tsela e tšoanang le ea pele ha ke ne ke batla ho ipolaea kapa ha ke ne ke khaotsa ho bua le bao ke ba ratang. Ke lula ke hopola seo mopesaleme Davida a se buileng ha a re: ‘Joale ke tla bua molemong oa barab’eso le metsoalle ea ka: “E se eka ho ka ba le khotso ka hare ho uena.”’”—Pesaleme ea 122:8.
Martha o hlalane le monna ka lilemo tse 22, tseo ka tsona a ’nileng a hōlisa ngoana. O re: “Maikutlo a ho hloka thuso le a ho jeoa ke bolutu a rata ho mphihlela ha ke nahana hore ho na le ntho eo ke hlōlehileng ho eona.” O sebetsana joang ka katleho le maikutlo aa? Oa hlalosa: “Ke fumane hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho sebetsana le maikutlo ana ke hore ka potlako ke bue le Jehova Molimo ka ’ona. Ha ke rapela, kea tseba hore ha ke mong. Jehova o nkutloisisa ho feta kamoo ke itsebang kateng. Hape ke leka ho fumana mekhoa ea ho bontša thahasello ho ba bang. Tšebeletso ea ka ea nako e tletseng ke sebetsa se matla haholo ho loantšeng maikutlo a nyahamisang. Ha u bua le ba bang ka litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo ’me u hlokomela hore bamameli ba hao ha ba na tšepo le e nyenyane ’me ba bona mathata a bona e le a ke keng a fela, u iphumana u e-na le mabaka a matla a ho batla ho phela le ho tsoela pele u loana le maikutlo ana a nyahamisang.”
Elba ea lilemo li 93, ea nang le ngoana a le mong feela ’me e le moromuoa naheng e ’ngoe, o re bolella kamoo a sebetsanang le bolutu ka katleho kateng: “Ha morali ua ka le monna oa hae ba ne ba fumana memo ea ho ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, ke ile ka bona lifahleho tsa bona li khanya ke thabo, ’me ke ile ka thaba le bona. Hamorao, ha ba fumana kabelo ea ho ea sebetsa naheng e ’ngoe, ke ile ka qala ho ba le maikutlonyana a boithati. Ke ne ke tseba hore ha ba sa tla ba haufi le ’na, ’me ke ile ka utloa bohloko bo itseng. Ho ’na boemo boo bo ne bo batla bo tšoana le ba Jafeta le morali oa hae ea mong feela, bo boletsoeng khaolong ea 11 ea Baahloli 11. Ke ile ka tlameha ho rapela Jehova ke lla, ke kōpa hore a ntšoarele. Bana ba ka ba lula ba buisana le ’na. Kea tseba hore ba phathahane haholo, empa kae kapa kae moo ba sebeletsang teng, ba ipha nako ea ho ’ngolla, ba mphetela liphihlelo tseo ba bileng le tsona tšebeletsong ea tšimo. Ke bala mangolo a bona hangata-ngata. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ke utloa eka ke buile le bona, ’me ke leboha Jehova haholo ka seo. Hape baholo ba Bakreste ka phuthehong baa re hlokomela rōna ba hōlileng le ba kulang, ba etsa bonnete ba hore re na le sepalangoang sa ho ea libokeng tsa phutheho le ho hlokomela litlhoko tse ling tsa rōna. Ke nka bara le barali beso ba moea e le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova.”
Le Uena U ka Sebetsana ka Katleho le Bolutu
Ebang u monyenyane kapa u hōlile, u lesoha kapa u lenyalong, u ngoana ea nang le batsoali kapa u khutsana, u shoetsoe ke motho eo u mo ratang kapa u na le ntho e ’ngoe e etsang hore u ikutloe u jeoa ke bolutu bo itseng, ho na le litsela tsa ho sebetsana ka katleho le maikutlo ao. Jocabed, ngoanana ea lilemo li 18 eo ntate oa hae a ileng a lahla lelapa la hae la litho tse tšeletseng kherehloa ’me a ea naheng e ’ngoe, o re: “Bua! Ke habohlokoa hore re ntše maikutlo a rōna. Ha re sa etse joalo, ha ho motho ea tla re utloisisa.” O fana ka tlhahiso: “Khaotsa ho nahana haholo ka uena. Batla thuso ho ba hōlileng tsebong, eseng ho bacha bao e ka ’nang eaba ba boemong bo bobe ho feta ba hao.” Luisa ea boletsoeng pejana, o re: “Ho rapela Jehova ho tloha botebong ba pelo ho ka re fa thuso eo re e hlokang hore re tsebe ho tsoa boemong boo ho neng ho bonahala eka ho thata ho tsoa ho bona.” Jorge, ea hlokahalletsoeng ke mosali o bua tjena ka tsela eo a sebetsanang ka katleho le bolutu ba hae ka eona: “Ho hlokahala mamello. Ho bontša ba bang thahasello ho nthusa haholo. ‘Ho bontša kutloelo-bohloko’ ha re bua le ba bang ho ka etsa hore moqoqo oa rōna e be o hahang ’me ho ka re thusa ho fumana litšobotsi tse ntle tseo ba bang ba nang le tsona.”—1 Petrose 3:8.
Ho ka etsoa lintho tse ngata ho loantša bolutu. Empa na ho tla ke ho be le mohla ho jeoa ke bolutu ho tla fela? Haeba ho joalo, see se tla etsahala joang? Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a A mang a mabitso a fetotsoe.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
“Ho rapela Jehova ho tloha botebong ba pelo ho ka re fa thuso eo re e hlokang hore re tsebe ho tsoa boemong boo ho neng ho bonahala eka ho thata ho tsoa ho bona.”—Luisa
[Lebokose le leqepheng la 7]
Seo U ka se Etsang ka ho Jeoa ke Bolutu
◼ Hopola hore boemo ba hao bo ka fetoha, hase ba ka ho sa feleng empa ke ntho e tloaelehileng e hlahelang le batho ba bang
◼ U se ke ua batla ho etsa se ka nģ’ane ho matla a hao ka tsela e bontšang ho se inahanele
◼ Khotsofalla seo u leng sona
◼ E-ba le mekhoa e metle ea ho ja le ea ho ikoetlisa, ’me u robale ka ho lekaneng
◼ Sebelisa nako eo u e qetang u le mong ho etsa lintho tse thahasellisang le ho ithuta ho etsa lintho tse ncha
◼ E-ba hlokolosi hore u se ahlole batho bao u kopanang le bona u itšetlehile ka se kileng sa u hlahela nakong e fetileng
◼ Nka metsoalle ea hao e le ea bohlokoa ’me u ananele litšobotsi tse ikhethang tseo ba nang le tsona. Loanela ho iketsetsa sehlopha sa metsoalle e metle. Batla malebela ho ba hōlileng, ba nang le phihlelo
◼ Etsetsa ba bang ntho e itseng—ba bososelle, bua ka mantsoe a mosa, arolelana le bona ntlha e itseng ea Bibele. Ho ba bang, ho ikutloa ba hlokoa ke moriana o phekolang ho jeoa ha bona ke bolutu
◼ Qoba ho lora ka likhalala tsa libaesekopo kapa tsa thelevishene, tsa Interneteng kapa tsa libukeng ebe u ipona u se u e-na le kamano e itseng le tsona
◼ Haeba u lenyalong, u se ke ua lebella hore molekane oa hao a khotsofatse tlhoko e ’ngoe le e ’ngoe ea hao ea maikutlo. Ithuteng ho sebelisana le ho sekisetsa, ho thusana le ho tšehetsana
◼ Ithute ho buisa ba bang ’me u be le thahasello ea ho ba mamela. Thahasella batho ba bang le lintho tseo ba li ratang. E-ba le kutloelo-bohloko
◼ Lumela hore u ikutloa u jeoa ke bolutu, ’me u bue le motsoalle oa hao ea hōlileng tsebong, eo u ka mo tšepang. U se ke ua shoa le mantsoe
◼ Qoba ho noa ho tlōla, kapa u hle u se ke ua noa ho hang. Joala ha bo felise mathata a hao—ka mor’a nako a boetse aa hlahella
◼ Qoba boikhohomoso. Tšoarela ba u utloisang bohloko, ’me u lokise litaba le bona. Ikemisetse ho inehela
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Motho a ka sebetsana le bolutu joang?