U se ke Ua Lumella Bolutu ho Ama Bophelo ba Hao ka Mokhoa o Kotsi
BOLUTU bo ka ama bophelo ba ba hōlileng le ba banyenyane ka mokhoa o kotsi ka ho tšoanang. Mongoli Judith Viorst makasineng ea Redbook o re: “Bolutu bo tepeletsa maikutlo. . . . Bolutu bo re siea re le feela re feletsoe ke tšepo. Bolutu bo etsa hore re ikutloe re tšoana le khutsana e shoetsoeng ke ’m’a eona, re tšoana le konyana e hlahlathelang, e le nyenyane ’me e lahlehile lefatšeng le leholo haholo le sa tsotelleng.”—September 1991.
Ho arohana le metsoalle, tikoloho e sa tloaelehang, tlhalo, ho shoeloa, kapa ho khaotsa ha puisano,—ho na le lintho tsa mefuta-futa tse ka u jesang bolutu. Esita leha ba pota-potiloe ke batho ba bang, ba bang ba jeoa ke bolutu ka matla haholo.
U ka Etsa’ng?
Haeba ka sebele bolutu bo u hlasela, na u tlameha ho ba feela mohlaseluoa ea ithoetseng meli hloohong? Na u ka etsa ntho leha e le efe ho thibela bolutu hore bo se ke ba u senya hanyane ka hanyane kapa ba felisa takatso ea hao ea ho phela? Ka sebele u ka etsa ho hong. Ho na le thuso e ngata e molemo e fumanehang. ’Me ho na le thuso e ngata e fanoeng ka Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo, Bibele. Mohlomong khothatso e joalo ke eona ntho eo u hlileng u e hlokang ho loantša bolutu.—Mattheu 11:28, 29.
Ka mohlala, mohlomong u ka fumana ho khothatsa ho bala ka Ruthe, mosali e monyenyane ea neng a phela Bochabela bo Hare lilemong tse fetileng tse ka bang 3 000. O ne a ka hlaseloa habonolo ke bolutu. Ha monna oa hae a e-shoa, o ile a tsamaea le matsal’ae oa mosali ho ea phela tikolohong eo a sa e tloaelang ea Iseraele. (Ruthe 2:11) Le hoja a ile a arohana le lelapa labo le metsoalle ea nakong e fetileng ’me e ne e le molata naheng esele, ha ho letho ka Bibeleng le bontšang hore o ile a lumela hore bolutu bo mo aparele. U ka bala pale ea hae bukeng ea Bibele ea Ruthe.
Joaloka Ruthe, ho hlokahala hore u lule u e-na le pono e ntle. Tsela eo u nahanang litaba le liketsahalo ka eona e ka khothaletsa bolutu. Ann, eo ka lilemo tse ’nè a ileng a oka ntate oa hae ea neng a jeoa ke lefu le fokolisang, o netefatsa sena. O ile a jeoa ke bolutu haholo ha ntate oa hae a e-shoa. O re: “Ke ile ka ikutloa eka ke lahlehile, ke se na thuso ka ho feletseng—joalokaha eka bohle ba ntahlile. Empa ka talimana le ’nete ea hore joale bophelo ba ka bo fetohile, ’me ka hlokomela hore nka loantša ho jeoa ke bolutu ha nka amohela ’me ka sebelisa hamolemo maemo ao joale ke neng ke le ho ’ona.” Ka linako tse ling u ke ke ua fetola maemo a hao, empa ho ka etsahala hore u fetole boikutlo ba hao ka ’ona.
Ho tšoareha mosebetsing o khotsofatsang hase karabo e feletseng ea ho loantša bolutu, le hoja ho thusa ka sebele. Irene, eo e bileng mohlolohali ka mor’a likhoeli tse tšeletseng feela a nyetsoe, o fumane sena e le ’nete tabeng ea hae. O re: “Ke ile ka bona hore bolutu bo hlasela haholo ha ke sa phathahana haholo, kahoo ke ile ka ameha haholo ho sebetseng le ba bang le ho ba thuseng hore ba sebetsane ka katleho le mathata a bona.” Ho thusa ba bang hoa thabisa, ’me Bakreste ba jeoang ke bolutu ba ka fumana ho hongata hoo ba ka ho etsang mosebetsing oa Morena.—Liketso 20:35; 1 Ba-Korinthe 15:58.
Tlohela Metsoalle e Thuse
The New York Times Magazine e hlalosa bana ba jeoang ke bolutu e le ba ntšitsoeng kotsi ke “maqeba a ho hloka metsoalle.” (April 28, 1991) Batho ba bangata ba jeoang ke bolutu, ba banyenyane le ba baholo, ba ikutloa ba se na metsoalle. Ka hona, ho molemo ka sebele ho ba le botsoalle ba ’nete bo fanoang ke phutheho e tsotellang ea Bokreste. Sebetsa ka thata ho atolosa lenane la metsoalle ea hao ka phuthehong, ’me u tlohele hore e u thuse ka litsela leha e le life tseo e ka li khonang. Ke e ’ngoe ea lintho tseo metsoalle e leng teng ka lebaka la tsona—ho tšehetsa ha khathatso e le teng.—Liproverbia 17:17; 18:24.
Leha ho le joalo, hlokomela hore ka lebaka la bohloko ba maikutlo, ha e le hantle u ka thatafaletsa metsoalle ho u thusa. Joang? Mongoli Jeffrey Young oa hlalosa: “Batho ba bang ba jeoang ke bolutu . . . ba leleka bao e ka ’nang ea e-ba metsoalle, ka ho laola moqoqo kapa ka ho bua lintho tse sa thabiseng kapa tse sa lokelang. Ka tsela e itseng, batho ba topetsoeng ke bolutu ba ba le tšekamelo ea ho senya likamano tse haufi-ufi.”—U.S.News & World Report, ea la 17 September, 1984.
Ka linako tse ling, u ka mpefatsa lintho ka ho itšehla thajana. Peter, monna ea lilemong tsa bo-50 o ile a etsa joalo. Ka mor’a lefu la mosali oa hae, o ile a iphumana a suthela hōle le ba bang, le hoja botebong ba pelo ea hae a ne a hloka thuso ea bona. O re: “Ka matsatsi a mang, ho hang ke ne ke sa batle ho ba har’a batho ba bang, ’me ka mor’a nako ke ile ka iphumana ke ikarola ho batho.” Sena se ka ba kotsi. Le hoja linako tsa ho ba boinotšing li le molemo, ho itšehla thajana ho kotsi. (Liproverbia 18:1) Peter o ile a hlokomela sena. O re: “Ke ile ka qetella ke hlōtse boemo bona, ka talimana le boemo ba ka, ’me, ka thuso ea metsoalle ea ka, ke ile ka khona ho tsosolosa bophelo ba ka.”
Leha ho le joalo, u se ke ua nka hore ka mokhoa o itseng ba bang ba tlamehile ho u thusa. Leka hore u se ke ua batla ho fetang se lebeletsoeng. Amohela ka thabo mosa leha e le ofe o bontšoang, ’me u bontše hore ua o ananela. Empa hape u hopole keletso ena e molemo e fumanoang ho Liproverbia 25:17: “U se ke ua itloaetsa haholo lapeng la oa heno, e se re mohlomong a tenoa ke uena, a ba a u hloea.” Frances, ea ileng a talimana le ho jeoa ke bolutu ho tebileng ha monna oa hae a e-shoa ka mor’a lenyalo la lilemo tse 35, o ikutloa hore tlhokomeliso e joalo ke ea bohlokoa. O re: “U bontše ho nahanela maemo ho seo u se lebellang, ’me u se ke ua batla ho hongata haholo ho ba bang. U se ke ua khathaletsa ha motho e mong ha u batla thuso.”
Jehova oa Tsotella
Le haeba ka linako tse ling metsoalle e ka u soetsa, u sa ntse u ka ba le Jehova Molimo e le Motsoalle oa hao. Kholiseha hore ka sebele oa u tsotella. Boloka tšepo ea hao ho eena e le matla, ’me u batle tširelo ho u tsotelleng ha hae ho nang le tšireletso. (Pesaleme ea 27:10; 91:1, 2; Liproverbia 3:5, 6) Ruthe oa Moabe o ile a etsa sena ’me a hlohonolofatsoa haholo. Ka sebele o bile a ba moholo-holo oa Jesu Kreste!—Ruthe 2:12; 4:17; Mattheu 1:5, 16.
Rapela Jehova kamehla. (Pesaleme ea 34:4; 62:7, 8) Margaret o ile a fumana thapelo e le mohloli oa matla a maholo bakeng sa ho sebetsana ka katleho le bolutu. O ile a kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng le monna oa hae ho fihlela monna a e-shoa e sa ntse e le monna e mocha. O re: “Ke ile ka fumana ho le molemo hore kamehla ke rapele ka lentsoe le phahameng ’me ke bolelle Jehova ntho e ’ngoe le e ’ngoe, tsohle tse ntšosang le tse ntšoenyang. Seo se ile sa nthusa hore ke bone lintho ka tsela e nepahetseng ha ke hlaseloa ke bolutu. ’Me ho bona ha Jehova a arabela lithapelo tseo ho ile ha mpha tšepo.” O rua molemo haholo ka ho latela keletso ea moapostola Petrose: “Ka baka leo, le ke le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla la Molimo, o tle o le phahamise nakong e tšoanelang. Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lōna holim’a oona; hobane oa le hlokomela.”—1 Petrose 5:6, 7; Pesaleme ea 55:22.
Kamano e ntle le Jehova e tla u thusa ho boloka ho hong ho atisang ho lahloa ke batho ba jeoang ke bolutu—boikutlo ba ho itšepa. Ha monna oa hae a bolaoa ke kankere, mongoli Jeannette Kupfermann o ile a ngola ka “maikutlo a ho ikutloa u sa itšepe u bile u se na thuso.” O ile a re: “Ke boikutlo bona ba ho ikutloa u se na thuso bo etsang hore bahlolohali ba bangata ba basali ba tepelle maikutlo hoo ba ka nahanang ho ipolaea.”
Hopola hore Jehova o u nka u le oa bohlokoa haholo. Ha a nahane u le ea se nang thuso. (Johanne 3:16) Molimo o tla u tšehetsa joalokaha a ile a tšehetsa batho ba hae ba Iseraele linakong tse fetileng. O ile a re ho bona: “Ha kea ka ka u lahla; u se ke ua tšaba, hobane ke na le uena; u se ke ua tšoha, hobane ke Molimo oa hao; ke tla u fa matla, ke u thuse, ke u tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!”—Esaia 41:9, 10.
U se ke Ua Beha Molimo Molato
Habohlokoa haholo, u se ke ua beha Molimo molato ha u jeoa ke bolutu. Jehova ha a ikarabelle. Kamehla morero oa hae e bile hore uena le moloko oohle oa batho, le thabele botsoalle bo molemo, bo khotsofatsang. Ha Molimo a bōpa Adama, o ile a re: “Ha ho molemo hoba motho a lule a ’notši; ke tla mo etsetsa molekane ea tšoanang le eena.” (Genese 2:18) ’Me Molimo o ile a etsa joalo ha a bōpa Eva, mosali oa pele. Hoja ea se ke ea e-ba ka lebaka la borabele ba Satane, monna le mosali le malapa ao ba ileng ba a hlahisa ba ka be ba sa latsoa bolutu le ka mohla.
Ha e le hantle, ka hore Jehova a lumelle bokhopo ka nakoana, o lumeletse bolutu hore bo hōle le hore mahlomola a mang a be teng. Leha ho le joalo, hopola ka ho hlaka hore sena ke sa nakoana. Ho bonahala ho se thata haholo ho mamella liteko tsa bolutu ha li talingoa ponong ea seo Molimo a tla u etsetsa sona lefatšeng la hae le lecha. Khabareng, o tla u tšehetsa le ho u tšelisa.—Pesaleme ea 18:2; Ba-Filippi 4:6, 7.
Ho tseba sena ho ka u matlafatsa. Ha Frances (ea boletsoeng pejana) e e-ba mohlolohali, o ile a fumana matšeliso a maholo mantsoeng a Pesaleme ea 4:8, haholo-holo bosiu: “Ke sekama ka khotso, ke be ke ithoballe ka khotso, hobane, Jehova, ke uena u ’notši ea nkahisang boiketlong.” Thuisa ka mehopolo e kang e fumanoang bukeng ea Lipesaleme. Nahana hore na Molimo o u tsotella hakae, joalokaha ho bontšitsoe ho Pesaleme ea 23:1-3.
Ba Jeoang ke Bolutu ba ka Thusoa Joang?
Tsela e ka sehloohong ea ho thusa ba jeoang ke bolutu ke ho ba bontša lerato. Nako le nako Bibele e khothaletsa batho ba Molimo hore ba bontšane lerato, haholo-holo linakong tsa teko. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le ’ne le beane pele ka hlomphano.” (Ba-Roma 12:10) Ha e le hantle, Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le re: “Lerato ha le hlōlehe le ka mohla.” (1 Ba-Korinthe 13:8, NW) U ka bontša lerato joang ho ba jeoang ke bolutu?
Ho e-na le ho khesa kapa ho hlokomoloha batho ba jeoang ke bolutu, batho ba tsotellang ba ka ba bontša kameho e lerato e mofuthu ka ho ba thusa ka mamello neng le neng ha ho khoneha. Ba ka tšoana le Jobo ea tsebahalang, ea ileng a re: ‘Ke ne ke loela mosenyehi, ha a kōpa thuso, le khutsana e hlokileng mothusi; . . . ke kenya thabo pelong ea mosali oa mohlolohali.’ (Jobo 29:12, 13) Baholo ba behiloeng ka phuthehong ea Bokreste le metsoalle e nang le qenehelo ba ka sebetsa ka tsela e nahanelang ka mokhoa o tšoanang ka ho fana ka litlhoko tsa motheo tsa batho, tseo e leng kutloisiso, mofuthu, le matšeliso. Ba ka bontša ho ipeha boemong ba motho e mong, ’me ka linako tse ling ba ka koala sekheo sa eo ho ka buuoang le eena lekunutung.—1 Petrose 3:8.
Hangata, ke lintho tse nyenyane tseo metsoalle e li etsetsang batho ba jeoang ke bolutu tseo e leng tsa bohlokoa haholo. Ka mohlala, ha molumeli-’moho le rōna a shoeloa ke moratuoa, ho ka finyelloa molemo o moholo ka liketso tse mosa tsa botsoalle ba ’nete. U se ke ua eisa lintho tse nyenyane tse bontšang mosa, tse kang ho mo memela lijong, ho mo mamela ka qenehelo, kapa ho ba le moqoqo o khothatsang le eena. Lintho tsena li molemo haholo ho thuseng motho e mong hore a loantše ho jeoa ke bolutu.—Ba-Heberu 13:16.
Mohlomong kaofela ha rōna re tla hlaseloa ke bolutu nako le nako. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore bolutu e be sesosa sa mahlomola. Tlatsa bophelo ba hao ka mesebetsi e nang le morero, e hahang. Tlohella metsoalle e thuse moo e ka khonang. E-ba le tšepo ho Jehova Molimo. Lula u hopotse tšepiso e khothatsang e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 34:19: “Mahlomola a ea lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntša ho ’ona kaofela.” Retelehela ho Jehova bakeng sa thuso, ’me u se ke ua lumella bolutu ho ama bophelo ba hao ka mokhoa o kotsi.
[Lebokose le leqepheng la 24]
LITSELA TSE LING TSA HO LOANTŠA BOLUTU
▪ Ipoloke haufi le Jehova
▪ Batla matšeliso ka ho bala Bibele
▪ Boloka pono e ntle ea Bokreste
▪ Tšoareha mosebetsing o nang le morero
▪ Atolosa lenane la metsoalle ea hao
▪ Nolofaletsa metsoalle ho thusa
▪ U se ke ua itšehla thajana, empa u hlaolele lerato le nang le botsoalle
▪ E-ba le tšepo ea hore Jehova oa u tsotella
[Lebokose le leqepheng la 24]
KAMOO U KA THUSANG BA JEOANG KE BOLUTU
▪ Fana ka kutloisiso, mofuthu, le matšeliso
▪ Koala sekheo sa eo ho ka buuoang le eena lekunutung
▪ Phehella ho etsa lintho tse nyenyane tse thusang
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho sa tsotellehe maemo a hae a thata, ha ho se bontšang hore Ruthe o ile a lumela hore bolutu bo ame bophelo ba hae ka mokhoa o kotsi