Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 8/8 maq. 5-10
  • Mokhoa oa ho Itšireletsa Hore U se ke Ua Qhekelloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokhoa oa ho Itšireletsa Hore U se ke Ua Qhekelloa
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sireletsa Boitsebiso ba Hao
  • Sebelisa Kelello
  • Hoeba le Batho ba Nang le Botumo bo Botle Feela
  • Ngola Fatše
  • Ho Korola ba hōlileng
    Tsoha!—1997
  • Hlokomela! Baqhekelli ba Theohetse
    Tsoha!—1997
  • Itšireletse Tlōlong ea Molao!
    Tsoha!—2013
  • Na U Kotsing ea ho Qhekelloa ka Inthanete?
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 8/8 maq. 5-10

Mokhoa oa ho Itšireletsa Hore U se ke Ua Qhekelloa

EKA ’na eaba u kile ua utloa maele a reng, “U ke ke ua qhekella monna ea tšepahalang.” Joaloka maele a mangata, le ao hase ’nete. Letsatsi le leng le le leng batho ba tšepahalang baa qhekelloa; botšepehi ka bobona ha bo ba sireletse. Ba bang ba batho ba bohlale ka ho fetisisa lefatšeng ba qapa le ho phetha maano a ho arola batho le lichelete tsa bona. Hoo e ka bang lilemo tse lekholo tse fetileng, mongoli e mong o ile a re: “Ho na le mekhoa ea ho qhekella e entsoeng ka makhethe hoo e ka bang bothoto hore u se ke ua e lumela.”

Thetso ke khale e le teng, e qalile serapeng sa Edene. (Genese 3:1-5) Mekhoa e bolotsana ea khale e mengata, ’me ho qaptjoa e mecha ka linako tsohle. Joale u ka itšireletsa joang? Ha ho hlokahale hore u leke ho ithuta litsela tsohle tseo linokoane li qhekellang batho ka tsona. Ho tseba litlhokomeliso tse seng kae ho ka ba molemo ho u sireletsa hore u se ke ua ba mohlaseluoa.

Sireletsa Boitsebiso ba Hao

Haeba motho a utsoa bukana ea hao ea banka kapa likarete tsa ho reka ka mokitlane, a ka reka lintho ka tsona. Haeba a utsoa boitsebiso ba ak’haonte ea hao ea banka, a ka ’na a odara le ho ngola licheke ka lebitso la hao. Haeba a fumana boitsebiso bo lekaneng ka uena, a ka ’na a iketsa uena. Hang ha se se se ikentse uena, senokoane se ka ntša chelete ak’haonteng ea hao ea banka, sa lefa lintho ka karete ea hao ea ho lefa mekitlane, sa alima lichelete ka lebitso la hao.a U ka ba ua iphumana u tšoaretsoe tlōlo ea molao eo u sa e etsang!

E le hore u itšireletse mofuteng ona oa ho qhekelloa, hlokomela litokomane tsa hao tsohle, ho akarelletsa liteitemente tsa banka le libukana tsa banka, lengolo la ho khanna le karete ea Social Security kapa bukana ea boitsebahatso. Hana ho fana ka boitsebiso ba lintho tsa hao kapa ba lichelete ho ba bang ntle leha ho e-na le lebaka le utloahalang la hore ba lokela ho ba le bona. Sena ke sa bohlokoa haholo-holo ka linomoro tsa karete ea ho reka ka mokitlane le boitsebiso ba ak’haonte ea banka. Nako feela eo u lokelang ho fa motho leha e le ofe nomoro ea karete ea hao ke ha u batla ho reka ho hong ka eona.

Baqhekelli ba tsejoang e le baphenyekolli ba meqomo ba funtsolla lithōle ba batla boitsebiso bo joalo. Ho e-na le ho lahla feela lipampiri tse nang le boitsebiso ba hao, ekaba bohlale hore u li chese kapa u li tabole litsekana. Tsena li akarelletsa licheke tse sebelisitsoeng le liteitemente tsa banka le tsa likhoebo tse rekang le ho rekisa hammoho le likarete tsa khale tsa ho reka ka mokitlane, mangolo a ho khanna le liphasepoto. Hape ke bohlale ho senya liforomo tsa ho kōpa karete ea ho reka ka mokitlane tseo motho a sa li kōpang a li fumana posong, kaha li na le boitsebiso ka uena boo motho e mong a ka ’nang a bo sebelisa.

Sebelisa Kelello

Ntho e ka sehloohong ea mekhoa e mengata ea ho qhekella ke ho tšepisa ho boelloa ke phaello e phahameng ka tsela e sa tloaelehang matseteng a hao. Mokhoa o tloaelehileng oa bolotsana oa ho rua kapele ke oa ho nyollana. Le hoja ho e-na le mekhoa e mengata ea setlamo sena, leano le tloaelehileng ke hore batho ba etsang matsete ba batle ba bang, bao le bona ba fumanang litsiane ha ba fumane ba bang.b Letoto la mangolo le lona le sebetsa ka tsela e tšoanang ka hore u kōptjoe hore u romele chelete bathong ba ka holimo-limo lethathamong. Tšepiso ke hore u tla fumana likete-kete tsa liranta ha lebitso la hao le fihla ka holimo-limo.

Kamehla menyollano e ea oa hobane ho thata ho tsoela pele ho thaotha litho tse ncha. Nahana ka lipalo tse latelang. Haeba batho ba bahlano ba qala monyollano ona ’me e mong le e mong a thaotha ba bang ba bahlano, lenane la batho ba bacha ba thaothiloeng e ba 25. Haeba e mong le e mong a thaotha ba bahlano ba eketsehileng, palo eo e ea eketseha e ba 125. Ha mothaotho oo o fihla maemong a borobong, ho tla be ho e-na le batho ba ka bang limilione tse peli ba tla tlameha ho thaotha ba bang ba fetang limilione tse robong! Bahlophisi ba menyollano ba tseba hantle hore ho tla fihla moo ho ke keng ha hlola ho e-ba le ba eketsehileng. Ha ba lumela hore joale nako e fihlile, ba nka chelete ’me baa nyamela. Mohlomong o tla lahleheloa ke chelete, ’me bao u ba thaothileng ba tla be ba leka ho fumana chelete ea bona e ba lahlehetseng ho uena. Hopola, hore u tle u etse chelete monyollanong, e mong o tlameha ho lahleheloa ke chelete.

Na ho na le motho ea u fang chelete e ngata kapa phaello e khōlō bakeng sa letsete leo u le etsang? Temoso ke ena: Haeba mpho e bonahala e le ntle haholo hore e ka ba ’nete, hangata hase ’nete. Se ke ua potlakela ho kholoa lipolelo tsa liphatlalatso le bopaki ba lekhotla, u ipolella hore, “Ena e fapane.” Kelello e lokela ho u bolella hore batho ha ba khoebong ho fana ka chelete kapa ho u fa makunutu a ho u ruisa. Haeba motho a u bolella hore o na le tsebo e khethehileng e tla u ruisa, ipotse: ‘Ke hobane’ng ha a sa itšebelisetse eona ho ithuisa? Ke hobane’ng ha a itšenyetsa nako ka ho leka ho nthaothela eona?’

Ho thoe’ng haeba u bolelloa hore u hapile moputso kapa u hlōtse tlhōlisanong e itseng? U se ke ua thaba haholo—e ka ’na eaba ke mokhoa oa bolotsana, o seng o kutile ba bangata. Ka mohlala, mosali e mong Engelane o ile a fumana lengolo le tsoang Canada le ’molellang hore u hapile moputso empa ho hlokahala hore a romele R165 bakeng sa ho lefella ho sebetsoa ha oona. Ka mor’a hore a romele chelete, o ile a fumana mohala o tsoang Canada o ’molella hore o hapile moputso oa boraro oa limilione tse 1,6 tsa liranta empa ho ne ho tla hlokahala hore a lefe karolo ea leshome ea chelete eo e le tefello e ’ngoe ea tšebetso. A romela R16 000 ’me ha aa a ka hlola a fumana letho. Haeba u lokela ho lefella “mpho ea mahala” kapa moputso, ke mokhoa oa bolotsana. Ipotse, ‘Ho tlile joang hore ke hape moputso tlhōlisanong eo ke sa e kenelang?’

Hoeba le Batho ba Nang le Botumo bo Botle Feela

Na u lumela hore u ka lemoha ho hloka botšepehi bathong? Hlokomela! Baqhekelli ba tseba mokhoa oa ho hapa ba bang hore ba ba tšepe. Ba na le tsebo ea ho etsa hore bahlaseluoa ba bona ba ba tšepe. Barekisi, ba tšepahalang le ba sa tšepahaleng, baa tseba hore pele u ka rekisa sehlahisoa se itseng, u tlameha ho ithekisa pele. Ke ’nete hore sena ha se bolele hore ho se ke ha e-ba le motho eo u mo tšepang, empa ho ba le pelaelo e itseng ke habohlokoa ho itšireletseng bolotsaneng ba ho qhekelloa. Ho e-na le ho leka ho lemoha ho tšepahala ha motho ka ho tšepa tšekamelo ea hao ea tlhaho, sheba matšoao a mabeli a khethollang mekhoa e mengata ea ho qhekella: Ntlha ea pele, na mpho eo e bonahala e le ntle hoo e kang hase ’nete, ’me ea bobeli, na morekisi o leka ho u khannela hore u etse qeto ka potlako?

Ho na le limpho tse ngata tseo ho bonahalang li le ntle hoo e kang hase ’nete Inthaneteng. Le hoja Inthanete e e-na le ho hongata hoo e fanang ka hona, e boetse e nolofalletsa linokoane hore li qhekelle batho ka potlako ebile li sa tsejoe. Na u na le ak’haonte ea E-mail? Haeba ho joalo, u ka ’na ua iphumana u amohela melaetsa ea khoebo eo u sa e batleng ea E-mail. Le hoja melaetsa ena e sa batleheng e buella thepa le litšebeletso tse se nang palo, e mengata ea eona ke ea boqhekelli. Haeba u arabela E-mail e sa batleheng ka ho romela chelete bakeng sa sehlahisoa kapa tšebeletso e itseng, ho ka etsahala hore u se ke ua fumana letho. Haeba u fumana ho hong, ho totobetse hore e ke ke ea lekana le chelete eo u entseng letsete ka eona. Keletso e molemohali ke hore, Le ka mohla u se ke ua reka eng kapa eng ho ba romelang melaetsa e sa batleheng ea E-mail.

Sena se sebetsa le ho batho ba u letsetsang mohala ba batla ho u rekisetsa ho hong. Le hoja mehala e mengata e letsoang e etsoa ke likhoebo tsa molao, likhoebo tsa bolotsana tse etsoang ka mohala li qhekella batho liranta tse limilione tse likete selemo le selemo. Ha ho tsela ea ho tseba hore na mohala oo ke oa molao kapa che ka ho bua feela le motho ea u letsetsang mohala. Moqhekelli a ka ba a ’na a iketsa moemeli oa banka kapa oa mokhatlo o sireletsang likarete tsa ho reka ka mokitlane. U na le lebaka le letle la ho belaela haeba motho e mong ea reng o tsoa bankeng kapa k’hamphaning e ’ngoe eo u nang le ak’haonte le eona a kōpa hore u mo fe boitsebiso boo e lokelang hore ebe ba se ba ntse ba e-na le bona. Haeba hoo ho etsahala, u ka ’na ua kōpa nomoro ea mohala ea motho eo. Ebe ua mo letsetsa ka mor’a ho etsa bonnete ba hore nomoro eo e hlile ke ea banka kapa ea mokhatlo oo.

Leano le letle ke ho se fane ka nomoro ea karete ea hao ea ho reka ka mokitlane kapa boitsebiso leha e le bofe bo bong ho motho eo u sa mo tsebeng ea u letsetsang. Haeba motho e mong a u letsetsa ’me a u rekisetsa ntho eo u sa e batleng, ka tlhompho u ka re, “Ke kōpa tšoarelo, ha ke etse khoebo le batho bao ke sa ba tsebeng ka mohala.” Ebe u beha mohala fatše. Ha ho hlokahale hore u tsoele pele ho buisana le motho eo u sa mo tsebeng eo e ka ’nang eaba u leka ho u qhekanyetsa.

Sebelisana feela le likhoebo le batho ba nang le botumo bo botle. Ho na le lik’hamphani tse ngata tse molaong tseo u ka hoebisanang le tsona ka mohala kapa ka Inthanete u se na tšabo. Haeba ho khoneha, fumana boitsebiso ka morekisi, k’hamphani le matsete ka mokhatlo o mong o ikemetseng. Batla boitsebiso ka matsete ao, ’me u bo bale ka hloko ho etsa bonnete ba hore ke ba molao. U se ke ua potlakisoa kapa ua qobelloa ho etsa qeto kapele.

Ngola Fatše

Hase ho qhekella hohle ho qalileng e le ho qhekella. Khoebo e tšepahalang e ka oa. Ha hoo ho etsahala, ba e tsamaisang ba ka ’na ba tšoha ’me ba retelehela mekhoeng ea boqhekanyetsi e le hore ba ka fumana hape se neng se ba lahlehetse. Ha ho pelaelo hore u ’nile ua utloa lipale tsa batsamaisi ba likhoebo ba ileng ba qala leshano ka lichelete tse kenang le phaello ’me ha khoebo eo e putlama ebe ba baleha ka chelete e setseng.

E le ho itšireletsa ho qhekelloeng le ho se utloisisaneng, pele u ka etsa letsete leha e le lefe le leholo u lokela ho fumana boitsebiso bo ngotsoeng. Konteraka leha e le efe eo u e saenang e lokela ho tlaleha litokisetso tsohle tsa letsete leo le litšepiso tse entsoeng. Hape, hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na letsete le ka bonahala le tšepahala hakae, ha ho motho ea ka tiisang hore lintho li tla tsamaea joalokaha li reriloe. (Moeklesia 9:11) Ha e le hantle, ha ho na ntho eo ho thoeng ke letsete le se nang mathata. Kahoo, tumellano eo e lokela ho bolela ka ho toba hore na motho ka mong o sebetsa eng le hore na boikarabelo ba hae e lokela ho ba bofe haeba khoebo eka ea oa.

Ka ho ela hloko le ho sebelisa melao-motheo eo re buisaneng ka eona hakhutšoanyane, u iketsa ea ke keng a qhekelloa habonolo. Maele a Bibele a boholo-holo a fana ka keletso ea bohlokoa. A re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Moqhekelli o sheba batho bao a ka ba hlaselang habonolo, ba sekametseng ho kholoa lentsoe le leng le le leng la hae. Ka masoabi, ho na le batho ba bangata ba sa eleng hloko boqhekanyetsi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea March 22, 2001, leqepheng la 19-21.

b Monyollano o hlalosoa e le “lenaneo le nang le mekhahlelo e mengata ea ho bapatsa leo ho lona batho ba lefang ha ba kena ho oona bakeng sa monyetla oa ho thaotha ba bang hore le bona ba etse se tšoanang.” Hangata mekhoa e joalo ha e na lihlahisoa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Haeba mpho e bonahala e le ntle haholo hore e ka ba ’nete, hangata hase ’nete

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Keletso ho Bahlaseluoa ba ho Qhekelloa

Hangata batho ba qhekeletsoeng ba ikutloa ba aparetsoe ke lihlong, ba le molato, ba le masoabi ebile ba ikhalefetse. U se ke ua ipeha molato. U qhekeletsoe; molato ke oa motho ea u qhekeletseng. Haeba u entse phoso, amohela hore u e entse, ebe u tsoela pele le bophelo. U se ke ua fihlela qeto ea hore u sethoto. Hopola hore baqhekelli ba atleha ho qhekella batho ba bohlale haholo—lihlooho tsa Mebuso, baokameli ba libanka, batsamaisi, baokameli ba lichelete, babuelli ba molao le ba bang.

Batho ba qhekeletsoeng ha ba utsoetsoe chelete feela kapa matlotlo empa ba amohuoa le seriti le ho itšepa. Ha u qhekeletsoe ke “motsoalle,” u ekiloe ka lebaka la ho mo tšepa. Ho utloisa bohloko ho qhekelloa. Iphe nako ea ho sareloa. Hangata hoa thusa ho bua ka taba eo le motho eo u ka mo bolellang makunutu. Thapelo le eona e ka u tšelisa. (Bafilipi 4:6-8) Leha ho le joalo, hlokomela hore ka nako e ’ngoe ho tla hlokahala hore u lebale ka taba ena. U lelefaletsa’ng masisa-pelo? Ipehele lipakane tse ntle, ’me u sebeletse ho li finyella.

Hlokomela mekhoa ea bolotsana e reng e fumanela batho lichelete tse ba lahlehetseng. Baqhekelli ba tla letsetsa motho ea qhekeletsoeng ba re ba ka mo thusa ho fumana chelete e lahlehileng. Sepheo ke ho qhekella motho eo hape.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

Melaetsa ea E-mail ea ho Fumana Chelete ka Mano Mekhoa E Tšeletseng Ea Bolotsana E Tloaelehileng Ea E-mail

1. Maano a ho nyollana: Hangata a bonahala e le menyetla ea ho etsa chelete e ngata ka boiteko bo fokolang le ka chelete e fokolang. Mokhoa o mong oa bolotsana o u fa k’homphieutha kapa thepa e ’ngoe ea elektronike haeba u lefa ha u kena mokhatlo oo ’me eba u thaothela ba bang ho oona. Mokhoa o mong ke oa letoto la mangolo. Hoo e ka bang kamehla letoto la mangolo ha le molaong. Boholo ba ba tsetelang chelete ea bona moo e ea ba lahlehela.

2. Maano a ho sebeletsa hae: Ho o mong oa mekhoa ena, u fuoa monyetla oa ho kopanya lintho tse kang mabenyane, lintho tsa ho bapala, kapa likaroloana tse itseng tseo u ka li kopanyang. U tsetela chelete thepeng le nakong ea ho li kopanya, u tl’o fumana hamorao hore u ke ke ua li rekisetsa ba u fileng mosebetsi oo hobane li sa finyelle boleng boo ba bo batlang.

3. Mano ho tsa bophelo bo botle le ho theola ’mele: Inthanete e tletse ka lintho tse fanoang tse kang lipilisi tse ka u thusang hore u theole ’mele kantle le hore u ikoetlise kapa ho itima lijo tse itseng, ho phekola banna ha ba hloka matla a ho kopanela liphate le litlolo tsa ho loantša ho lahleheloa ke moriri. Ka linako tse ling litšebeletso tsena li tsamaisana le mangolo a tsoang ho bareki ba khotsofetseng. Lipoleloana tse tloaelehileng tse hlahang lipapatsong tsena li akarelletsa lipolelo tse kang “khatelo-pele e entsoeng ke saense,” “phekolo ea mohlolo,” “pheko ea lekunutu” le “motsoako oa boholo-holo.” ’Nete ke hore, boholo ba lintho tsena ha bo sebetse.

4. Menyetla ea ho etsa matsete: Mekhoa ena e bolotsana e atisa ho tšepisa tsoala e holimo ho se na kotsi e kaalo ea ho lahleheloa ke chelete kapa ebile e le sieo ka ho feletseng. E tloaelehileng e akarelletsa ho ba le matsete libankeng tsa mose. Batho ba etsang matsete ba hoheloa ka ho tiisetsoa hore ba tšoarang lichelete tsa bona ba tsebana le batho ba phahameng hape ba na le boitsebiso bo tsejoang ke batho ba fokolang feela.

5. Ho lokisetsoa ho ba boemong bo botle ba ho reka ka mokitlane: Mekhoa ena e bolotsana e tšepisa hore e tla hlakola boitsebiso bo bobe lifaeleng tsa hao tsa ho reka ka mokitlane e le hore u ka tšoanelehela ho reka ka karete ea mokitlane, ho fumana kalimo ea ho reka koloi, kapa ho tšoanelehela mosebetsi o itseng. Ho sa tsotellehe tiisetso, babuelli ba ke ke ba etsa seo ba se tšepisang.

6. Ho buella moputso oa ho ea phomolong: U fumana molaetsa oa E-mail o u lebohelang ka ho hapa monyetla oa phomolo ka tefello e tlaase-tlaase. E meng e re u khethiloe ka ho toba. U hopole hore tsebiso e tšoanang e ka ’na eaba e rometsoe ho batho ba bang ba limilione le hore bolulo boo o tla bo fumana e tla ba ba boemo bo tlaase haholo ho feta bo phatlalalitsoeng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: U.S. Federal Trade Commission

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Monyollano kamehla o oa oa

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Konteraka leha e le efe eo u e saenang e lokela ho tlaleha litokisetso tsohle tsa letsete leo le litšepiso tse entsoeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela