Hlokomela! Baqhekelli ba Theohetse
NAHANA ka pono ena. Sefefo se kokobetse. Lifefo tse matla li khaolitse ho foka ka mokhoa o tšosang, ’me metsi a phoroselang ha a sa baka tšokelo. Baphonyohi ba tonneng mahlo ba tsoa ka maphepheng a bona, ha ba le sebakana, babalehi bana ba matsoalong le ba tšohileng ba khutlela morao ho ea bona tšenyo e bakiloeng ke sefefo. Matlo a setse a se na marulelo; lifate li fothohile ’me li soahlamane holim’a thepa e ’mananeng e kolobisitsoeng ke pula. Lithapo tsa motlakase li khaohile, ha ho khonehe ho letsa kapa ho romela melaetsa ea tšohanyetso. Matlo a mang, ao e kileng ea e-ba libaka tse sireletsehileng ho malapa a thabileng, a ile—a senyehile hoo a ke keng a lokisoa. Motseng oo ho kileng ha e-ba le khutso le khotso ho oona hona joale ke sebaka se senyehileng le sa tsieleho.
Sechaba sa motse se itokiselletsa ho tobana le boemo—se ikemiselitse ka matla ho o tsosolosa. Baahisani baa thusana; ba bang ba bona ba bile ba ne ba sa tsebane ka mabitso. Banna ba fapanyetsana lisebelisoa le litsebo. Basali ba fepa sehlopha sa ba sebetsang ha bana ba baholoanyane ba hlokometse ba banyenyane. Ho fihla mekoloko ea likoloi tsa ba tsoang metseng e ka ntle, ba ikemiselitseng ho tla thusa—ke ba rulelang, ba hlekang lifate tse robehileng, ba sebetsang ka mapolanka le ba pentang. Leha ho le joalo, hammoho le batho bana ho boetse ho na le baqhekelli, ba loketseng ho hanyapetsa baphonyohi bana.
Ho batloa karolo e khōlō ea chelete ea tefiso pele ho qaloa mosebetsi oa ho lokisa. Beng ba matlo ba tsielehileng ba fana ka chelete ea bona, athe basebetsi bao baa e nka ebe ba ipha limenyane. Batho ba rulelang ‘ba tšepisitseng ho etsa mosebetsi o tsoileng matsoho,’ ba rulela habohlasoa ’me a nela ka matla ha pula e qala e na. Ka boikhakanyo ba hore ba il’o hira mechine e meholo bakeng sa ho sebetsa letsatsing le latelang, ba hlekang lifate tse oetseng ba qhekella batho ba sebeletsoang ka ho ba nkela liranta tse likete pele ba qala mosebetsi. Joale ebe meso e tsoala mesoana.
Ho phaellang tšenyong le tahlehelong ena e otlang pelo ke beng ba matlo ba lefileng lichelete tse ngata tsa inshorense ho lik’hamphani tse oeleng kapa tse sebetsang ka mokunyata tseo joale li seng li hana ho lefella litšenyehelo tsa thepa e senyehileng kapa tseo liofisi tsa tsona li setseng feela, beng ba tsona ba balehile. Bao ba bileng le lehlohonolo la ho fumana chelete ea inshorense bakeng sa ho koahela litšenyehelo ba fumana hore hangata bo-ramesebetsi ba sa tšepahaleng le ba se nang tsebo ke bona ba fumanehang bakeng sa ho etsa mosebetsi ha ba seng bakae ba nang le tsebo ba sa khone ho etsa mosebetsi kaofela. Ka lebaka leo, ho etsoa mosebetsi o bohlasoa, e leng ho bakang mesarelo e fetang ho beng ba matlo ba seng ba ntse ba tsielehile.
Baphonyohi ba koluoa ba lula ba hanyapetsoa joalo. Se qalileng e le boikopanyo ba motse o senyehileng bakeng sa morero o motle ho bohle, se qetella e le bomenemene bo otlang pelo ho ba bang.
Ka mor’a leholiotsoana, motseng o mong, theko ea lipompong tse entsoeng ka chokolete e ile ea phahama ka mokhoa o makatsang ho ba R18, ’me lebese la bana le ile la bitsa bo-’m’a bana R27, lekotikoti ka leng. Lebenkeleng le leng libeteri li ne li ke ke tsa fumaneha kantle le ho reka TV kapa seea-le-moea. Barekisi ba thepa ea mohaho ba ne ba tlatsa mechine ea bona ea chelete tsoete! ka ho rekisa thepa ka litefiso tse phahameng haholo. Boemong bo bong batho ba lulang lik’haraveneng ba ile ba bona ha tefiso ea ho tlosa lik’haravene ho li hulela sebakeng se phahameng nakong ea likhohola e hloa ka karolo ea 600 lekholong. Ka mor’a tšisinyeho ea lefatše, mosali-moholo e mong ea lilemo li 84 eo ntlo ea hae e neng e senyehile o ile a letsetsoa ke motho ea iketsang eka ke mosebeletsi oa ’muso. Mosali-moholo eo o ile a nahana hore lipampiri tseo a ileng a li tekenela hamorao e ne e le tsa ho kōpa thuso ea ’muso le tsa ho fuoa litempe tsa ho fumana lijo ka phokoletso. Ha e le hantle, e ne e le tse behang ntlo ea hae paneng le ho mo kenya sekolotong sa R80 000 bakeng sa tokiso ea ntlo eo ho fumanehileng hore e bitsa R22 000 feela.
Bomenemene ba Khoebo e Sebelisang Thelefono
‘Lumela, Mofumahali S——! Lena ke letsatsi la hao la mahlohonolo.’ Ana e ka ’na ea e-ba mantsoe a qalang founong eo u sa e lebellang. ‘U e mong oa ba hapileng moputso oa rōna o moholo oa . . .’ Batho ba bangata ba ’nile ba fumana lifouno tse joalo tse bolelang hore ba “se ba ntse ba hapile” le hore meputso eo ke ea “sebele.” “Moputso” o hapuoang e ka ’na ea e-ba koloi e ncha, mochine oa morao-rao oa ’mino, oa video, kapa TV, kapa mohlomong reng ea daemane.
Na u kile ua fumana founo e joalo e u bolellang hore u tla fumana mpho e sa lefelloeng? Na u ile ua thaba? Na u ne u sa kholoe litsebe tsa hao? Haeba u kile ua arabela founo e joalo, na u ile ua fumana moputso oa hao? Kapa na u ne u le phofu e ’ngoe ea bomenemene ba khoebo e sebelisang thelefono? Haeba seo se u etsahaletse, ha u mong. Ho ea ka makasine ea Consumers’ Research, United States feela, bo-rakhoebo ba qhekellang ba khoebo e sebelisang thelefono ba qhekella batho ba ka bang leshome ka motsotso o mong le o mong. Selemo se seng le se seng baqhekelli ba qhekella bareki ka lidolara tse limilione tse likete tse 10 (liranta tse limilione tse 44 300) ho isa ho lidolara tse limilione tse likete tse 40 (liranta tse limilione tse 177 200), hoo e ka bang $7500 (R33-250) motsotso o mong le o mong.
Reader’s Digest e tlalehile hore: “Selemo se seng le se seng ho pholletsa le Canada, batho ba fetang 150 000 ba araba lifouno tse tsoang ho bo-rakhoebo ba bolotsana ba khoebo e sebelisang lithelefono ba ba bolellang hore ba ‘hapile’ kapa ‘hore ba khethetsoe’ ho fumana moputso o moholohali. ’Me selemo se seng le se seng batho ba Canada ba likete ba ea le khongoana holimo ke lifouno tsena, ka karolelano motho ka mong o sebelisa $2000 [R6400] bakeng sa ho fumana meputso ea bona.” Ofisiri e ’ngoe ea Sepolesa sa Profinse ea Ontario e ile ea phatlalatsa: “Bomenemene boo ho bona ho sebelisoang thelefono ke bo bong ba bolotsana bo boholo ka ho fetisisa paleng ea Canada.” Ea phaella: “Rea tseba hore bo nkela batho ba Canada lidolara tse limilione ka selemo.” Lipalo tsena boholo li bontša se tlalehiloeng sepoleseng. Leha ho le joalo, kaha ho hakanngoa hore ke bahlaseluoa ba etsang karolo ea 10 lekholong feela ba tlalehang tahlehelo ea bona, ha ho khonehe hore ho ka lekanyetsoa ka ho feletseng hore na bothata ke bo tebileng hakae.
Moqhekelli e mong o ile a lumela: “Re bolella batho hore ba hapile ho itseng e le hore ba ee le khongoana holimo.” O ile a eketsa: “Joale re ba qobella hore ba romele chelete, ’me ha ba hana ha re tele, rea ba emella.” Hang ha mohlaseluoa a e-ea le khongoana holimo ke bomenemene bona, lebitso la hae le ka ’na la rekisetsoa khoebo e ’ngoe e sebelisang thelefono ’me la behoa lethathamong la “ba qhekellehang habonolo.” Mabitso a bona a ka ’na a rekisetsoa likhoebo tse ling, tseo le tsona li tlang ho ba founela khafetsa. E mong eo e kileng ea e-ba motsamaisi oa khoebo e sebelisang thelefono, Toronto, o ile a re: “Ha re sebetsa ka lethathamo la ba qhekellehang habonolo, re fumana hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea batho ba tla reka ka lekhetlo la pele ha ba letsetsoa. E theohela ho hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ha re sebetsa ka lethathamo leo ka lekhetlo la boraro. Empa batho ba bang hang ha ba kene, ba se ba tsoela pele ho ea ho ile; ba lelekisa chelete ea bona.”
Baa ba ileng le khongoana holimo ka lebaka la bo-rakhoebo bana ba thetsang ba khoebo e sebelisang lithelefono ba tla fella kae ka ho lelekisa toro ea bona ea ho hapa moputso o hlollang? Lefokisi le leng le ile la re: “Re tlameha ho etsa litokisetso le libanka hore li thibele maqheku ho ntša chelete e itseng bankeng e le ho a thusa ho se lahleheloe ke chelete ea ’ona butle-butle.” Mosali e mong eo e sa tsoa ba mohlolohali ho fumanehile hore o ne a rometse litefello tse 36 ho bo-rakhoebo ba 16 ba fapaneng ba khoebo ea thelefono, e leng kakaretso e fetang $85000 (R272 000). Ha eena, a fumane “boieane ba mabenyane a se nang thuso.”
Bomenemene bo Khabisitsoeng Bakeng sa ba Tsoetseng Pele
Leha ho le joalo, ba etsang bomenemene bona ha ba na khethollo. Bahlaseluoa ba bona ba tsoa maemong ’ohle a moruo sechabeng. Esita le bao ho nahanoang hore ke litsebi tse tsoetseng pele ba ’nile ba thetsoa. Ho ka reroa maqheka a bolotsana hoo esita le bareki ba hlokolosi ka ho fetisisa ba ka ’nang ba qhekelloa. Bomenemene bo lefisang chelete e ngata bo reretsoeng bareki ba tsoetseng pele bo ka ’na ba phatlalatsoa thelevisheneng kapa bukaneng e mebala e metle ’me ea romeloa ka poso. Bo ka ’na ba akarelletsa ho etsa matsete a tšepisang ho fana ka phaello e ngata—ho etsa matsete moo ho hatisoang libaesekopo, moo ho nang le khauta le merafong ea khauta le moo ho pompuoang oli. Ho bonahala lethathamo e le le sa khaotseng. Leha ho le joalo, liphello lia tšoana—ke ho lahleheloa ke sohle.
Mosali e mong ea rutehileng ea ileng a qhekelloa o ile a re: “Maqiti a bona ke a makatsang. Joaloka tichere, ke ne ke nahana hore ke motho ea hlalefileng. . . . Litšepiso tsa teng e ne e le moteoloha.” O ile a lahleheloa ke R88 000 bomenemeneng ba k’hamphani ea libaesekopo.
Bolotsana ba khoebo e sebelisang thelefono ke bothata ba machaba. Bahlahlobisisi ba bolela esale pele hore bo “tla mpefala ho feta leshomeng lena la lilemo.” Empa, hlokomela! Ho na le mefuta e meng ea ho qhekella, ’me ho na le ba bang bao baqhekelli bana ba ba ratang haholo—batho ba seng ba hōlile.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Hlokomela baqhekelli ba tlang ka mor’a sefefo!
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
“U hapile moputso oa mahala!”—empa na u hlile u o hapile?