Bacha Baa Botsa
Na ho Kopanela Liphate ho Tla Tiisa Kamano ea Rōna?
Heather o ne a qetile likhoeli tse peli feela a ratana le Mike, empa o ne a se a utloa eka ke khale a mo tseba. Ba ne ba lula ba romellana melaetsa ka fono, ’me ba qeta lihora ba buisana ka fono, ba bile ba nahana lintho ka ho tšoana! Empa joale ha ba ntse ba lutse ka koloing e pakiloeng, ba khantšelitsoe ke ngoeli, Mike o batla ho fetang moqoqo feela.
Likhoeling tse peli tse fetileng, Mike le Heather ba ’nile ba tšoarana ka matsoho feela le ho akana hanyenyane. Heather ha a batle ho fetela pele. Empa le teng ha a batle ho lahlehoa ke Mike. Mike o etsa hore a ikutloe a le motle a bile a ikhetha. O ipolella hore: ‘Etsoe ’na le Mike rea ratana, . . . na ha ho joalo?’
MOHLOMONG u ka inahanela hore na boemo bona bo lebisa hokae. Empa u ka ’na ua se ke ua hlokomela kamoo ho kopanela liphate ho tlang ho senya kamano ea Mike le Heather kateng. Ak’u nahane:
Haeba u hlokomoloha melao ea tlhaho, e kang molao oa khoheli, u kotula litholoana tse babang. Ho etsahala se tšoanang ha u hlokomoloha melao ea boitšoaro, e kang o reng: “Le ile bohlola.”a (1 Bathesalonika 4:3) Ho se mamele taelo eo, ho hlahisa liphello life? Bibele e re: “Ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakorinthe 6:18) See ke ’nete hakae? Ak’u thathamise lintho tse tharo tse bohloko tse ka hlahelang ba kopanelang liphate pele ho lenyalo.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
Joale sheba lintlha tseo u li ngotseng. Na u thathamisitse lintho tse kang mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho ima ho sa batleheng, kapa ho se amoheloe ke Molimo? Ka sebele tseo ke liphello tse bohloko tse ka hlahelang leha e le mang ea tlōlang molao oa Molimo mabapi le bohlola.
Empa u ntse u ka ’na ua lekeha. U ka ’na ua re ka pelong, ‘Ha ho letho le tla ntlhahela.’ Etsoe, na hase bacha bohle ba kopanelang liphate? Bacha ba bang sekolong ba ithorisa ka ho kopanela liphate, ’me ha ho bonahale eka seo se ba ntša kotsi. Mohlomong joaloka Heather ea boletsoeng qalong, u nka hore ho kopanela liphate ho tla tiisa kamano ea lōna. Etsoe ke mang ea batlang ho sonngoa ka hore ha a e-s’o ka a kopanela liphate? Na ha ho molemo hore u inehele?
Ak’u nahane ka sena pele! Ntlha ea pele, hase bacha bohle ba kopanelang liphate. Ke ’nete hore u ka ’na ua bona lipalo-palo tse bontšang hore bacha ba bangata ba kopanela liphate. Ka mohlala, phuputso e entsoeng United States e bontša hore ho bacha ba qetang sekolong se phahameng naheng eo, ba babeli ho ba bararo ba kopanela liphate. Empa seo se boetse se bolela hore mocha a le mong ho ba bararo—e leng palo e khōlō—ha ba kopanele liphate. Joale ho etsahala’ng ka ba kopanelang liphate? Bafuputsi ba fumane hore ba bangata ba bacha bao ba tobana le bo bong kapa a mang a mathata a latelang.
Bothata ba #1: HO TŠOENYEHA. Bacha ba bangata ba kopanetseng liphate pele ho lenyalo ba ikoahlaela seo hamorao.
Bothata ba #2: HO SE TŠEPANE. Ka mor’a ho kopanela liphate, ka bobeli ba qala ho ipotsa, ‘Ebe o robetse le mang hape?’
Bothata ba #3: HO SE TŠEPAHALE. Ka mor’a hore moshanyana a kopanele liphate le ngoanana, hangata oa mo lahla ebe o batla e mong.
Bothata ba #4: HO NYAHAMA. Botebong ba pelo, ngoanana a ka rata ho ba le motho ea mo sireletsang, eseng ea mo sebelisang.
Ho phaella lintlheng tse ka holimo, nahana ka sena: Bashanyana ba bangata ba boletse hore ba ke ke ba nyala ngoanana eo ba kopanetseng liphate le eena. Hobane’ng? Hobane ba rata ngoanana ea nang le boitšoaro!
Na seo sea u makatsa—kapa ebile sea u halefisa? Haeba ho joalo, ebang u ngoanana kapa u moshanyana, hopola ntlha ena: Se etsahalang ha batho ba kopanela liphate pele ho lenyalo se fapane hōle le se bontšoang lifiliming le thelevisheneng. Indasteri ea boithabiso e khabisa taba ea bacha ba kopanelang liphathe ’me e etsa hore ba bonahale eka ehlile baa ratana. Empa u se ke ua thetseha! Batho ba lekang ho u qobella ho kopanela liphate pele ho lenyalo ba mpa ba ichebile bobona feela. (1 Bakorinthe 13:4, 5) Etsoe, na motho ea u ratang e le kannete a ka u beha kotsing ’meleng le maikutlong? (Liproverbia 5:3, 4) Hona na motho ea u tsotellang e le kannete a ka leka ho senya kamano ea hao le Molimo?—Baheberu 13:4.
’Nete ke hore haeba u inehela hore u kopanele liphate pele ho lenyalo, u itheola seriti ka ho lahla letlotlo la bohlokoa. (Baroma 1:24) Ke lona lebaka le etsang hore ba bangata ba ikutloe ba nyahame ba bile ba se na thuso ka mor’a moo, joalokaha eka ba itloheletse hore ba utsoetsoe thepa ea bohlokoa! U se ke ua itumella hore u etsahalloe ke seo. Haeba motho e mong a leka ho u qobella hore u kopanele liphate le eena ka ho re, “Haeba u nthata, u tla lumela,” mo arabe u lomahantse meno, u re, “Haeba u nthata, ha u na ho nkōpa hore ke etse seo!”
’Mele oa hao ke oa bohlokoa haholo hore ebe u ka bapala ka oona. Bontša hore u ikemiselitse ka matla ho mamela taelo ea Molimo ea hore re ile bohlola. Joale, haeba ka letsatsi le leng u kena lenyalong, u ka kopanela liphate. ’Me u tla thabela seo ka ho feletseng ho se letho le u tšoenyang, leo u ikoahlaelang lona le ho ikutloa u sa sireletseha, e leng lintho tse atisang ho ba teng ho ba kopanelang liphate pele ho lenyalo.—Liproverbia 7:22, 23; 1 Bakorinthe 7:3.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Bibeleng lentsoe “bohlola” ha le bolele feela ho kopanela liphate empa le boetse le bolela liketso tse ling tse etsoang ke batho ba sa nyalanang, tse kang ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali tsa motho e mong kapa ho kenya litho tsa botho ka hanong kapa ka morao. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, leqepheng la 42-47.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
● Le hoja takatso ea ho kopanela liphate pele ho lenyalo e ka ’na ea u hohela ka lebaka la ho se phethahale, ke hobane’ng ha ho fosahetse?
● U tla etsa’ng ha motho e mong a u kōpa hore le kopanele liphate?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 27]
SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG
“Ha u hana, seo ha se thibele motho ea u kōpang hore a leke hape. Empa tsela eo u hanang ka eona, e ka mo thibela. Haeba u hana ka bonolo empa u utloahala eka ua tsilatsila, ho tla bonahala. U lokela ho tiea!”
“Hase kamehla motho a utloang ha u hana. Esita le ho mo hlalosetsa seo u se lumelang ho ka ’na ha se ke ha sebetsa. Ke tseba bacha ba bang ba ithorisang ka hore ba atlehile ho ‘fumana’ Bakreste hore ba kopanele liphate le bona. Ka linako tse ling u lokela hore feela u tlohe sebakeng seo. Ho thata ho etsa seo, empa sea sebetsa.”
“Kaha u Mokreste, u na le litšobotsi tse tla etsa hore u khahle batho ba bang. Kahoo u lokela ho ba hlokolosi ’me u hane ha batho ba u kōpa hore u kopanele boitšoarong bo litšila. U lokela ho hlompha litšobotsi tseo. U se ke ua li lahla!”
[Litšoantšo]
Diana
James
Joshua
[Lebokose le leqepheng la 28]
E-BA MOHALE OA HAE!
Haeba u mohlankana, na u hlile u tsotella kharebe ea hao? Joale bontša hore u na le . . .
● matla a ho khomarela melao ea Molimo
● bohlale ba ho qoba maemo a lekang
● lerato la ho hlokomela lintho tseo a li thahasellang
Haeba u etsa joalo, kharebe ea hao e ka ’na ea ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Moshulame, ea ileng a re: “Moratuoa oa ka ke oa ka ’me ’na ke oa hae.” (Sefela sa Lifela 2:16) Ka mantsoe a mang, u tla ba mohale oa hae!
Sheba Liproverbia 22:3; 1 Bakorinthe 6:18; 13:4-8.
[Lebokose le leqepheng la 28]
TLHAHISO
Ha ho tluoa tseleng eo u itšoarang ka eona ha u e-na le ba bong bo fapaneng, u lokela ho latela tataiso ena: Haeba ke ntho eo u ke keng ua batla hore batsoali ba hao ba u bone u e etsa, joale ha ua lokela ho e etsa.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho kopanela liphate pele ho lenyalo ke ho sebelisa hampe mpho eo Molimo a faneng ka eona. Ho tšoana le ho nka setšoantšo se setle se pentiloeng seo motho a u fileng sona ebe u se beha monyako, batho ba se hate holimo