Bacha Baa Botsa . . .
Nka Qoba ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo Joang?
“Ha ke le lilemo li 19, ke ile ka kopanela liphate le moshemane eo ke kenang sekolo le eena. Ke sitoa ho bolela hore na hoo ho ile ha ntula hampe joang. Ka morao ho moo, ke ne ke ikutloa ke se na thuso.”—Laci.a
“BALEHELANG bohlola,” Bibele e laela joalo. (1 Bakorinthe 6:18) Leha ho le joalo, kajeno ho bonahala e le bacha ba seng bakae feela ba ratang ho mamela mantsoe ao a Bibele ’me ba qoba ho kopanela liphate ho fihlela ba kene lenyalong. Ba bang, joaloka Laci, ba inehetse litakatsong tsa bona ’me ba utloile bohloko le ho ba le letsoalo le molato.
Ke ’nete hore ha ho bonolo ho laola litakatso tsa ho kopanela liphate. Joalokaha buka ea Adolescent Development e hlokomela, liphetoho tsa li-hormone tsa ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng, joang kapa joang li “tsamaea le ho eketseha ha takatso ea ho kopanela liphate.” Paul oa lumela, “Ka linako tse ling mehopolo ea ho kopanela liphate e ba teng kelellong ea ka ntle ho lebaka kapa sesosa se utloahalang.”
Leha ho le joalo, moprofesa oa lefapha la meriana le sebetsanang le mafu a bana, Howard Kulin, o re: “Ke ho beha lintho habobebe haholo ho beha li-hormone molato e le tsona tse ikarabellang ka ho feletseng boitšoarong [ba bacha].” O hlalosa hore maemo a bophelo le ’ona aa ikarabella. Ka sebele, boemo ba bophelo—haholo-holo tšusumetso ea lithaka—bo ka fana ka tšusumetso e matla haholo.
Bukeng ea hae A Tribe Apart, mongoli Patricia Hersch o bolela hore “bacha ba ikahetse sechabana sa bona. . . . Hase feela sehlopha sa lithaka, ke sechabana se itšekang [ho batho ba baholo] se nang le litekanyetso tsa sona, mekhoa le melao ea sona.” Leha ho le joalo, “mekhoa” le “melao” ea bacha kajeno hangata e buella ho inehela tšusumetsong ea botona le botšehali, eseng ho e laola. Ka lebaka leo ba bangata ba ikutloa ba hatellehehile hore ba leke ho kopanela liphate pele ho lenyalo.
Leha ho le joalo, ka bohlale bacha ba Bakreste ba ikemiselitse ho qoba mefuta eohle ea bohlola, ka ho tseba hore Molimo o e nyatsa e le e meng ea “mesebetsi ea nama.”b (Bagalata 5:19) Joale u ka lula u hloekile joang ha u tobane le khatello e khōlō hakaalo?
Batla Metsoalle e Bohlale
Ho thahasellisang ke hore le hoja likhatello tsa maemo a bophelo li ka u ama hampe, metsoalle e nepahetseng e ka u susumelletsa tseleng e nepahetseng. Ho joalokaha Bibele e bolela: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” (Liproverbia 13:20; 1 Bakorinthe 15:33) Tlaleho ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO), e hlokometse hore “bacha ba nang le kamano e ntle le batsoali, le batho ba bang ba hōlileng ba tsotellang, le lithaka” le “ba filoeng motheo le meeli bophelong ba bona . . . ha ho bonolo hore ba qale ho kopanela liphate.”
Ho ba le kamano e ntle le batsoali ba hao e ka ba ntho e putsang ka ho khethehileng. Joseph oa hopola, “Ka sebele batsoali ba ka ba nthusitse ho hanela likhatello tsa ho leka ho kopanela liphate.” Ha e le hantle, batsoali ba tšabang Molimo ba ka u lokisetsa le ho u behela meeli e thehiloeng Lentsoeng la Molimo. (Baefese 6:2, 3) Ba ka u tšehetsa boitekong ba hao ba ho lula u hloekile.
Ke ’nete hore ho bua le bona ka litaba tsa ho kopanela liphate ho ka ’na ha e-ba thata pele. Empa u ka ’na ua makala hore na ba utloisisa hakae hore na u ikutloa joang. Etsoe e kile ea e-ba bacha. Ka lebaka leo, Sonja o eletsa bacha ba bang, “E eang ho batsoali ba lōna ’me le se ke la ikutloa le soabela kapa ho hlajoa ke lihlong ho bua le bona ka ho kopanela liphate.”
Empa ho thoe’ng haeba batsoali ba hao ba sa latele litekanyetso tsa Bibele? Le hoja u ntse u ba hlompha, ho ka ’na ha hlokahala hore u batle thuso ka ntle ho lelapa. Paul, ea qotsitsoeng pejana, o re, “Ke fumana thuso e khōlō tabeng ena ho banyalani ba Bakreste ba hōlileng tsebong.” Kenji, ngoananyana eo ’mè oa hae e seng molumeli, le eena ka ho tšoanang o re, “Bakeng sa keletso, ke khomarela ba hōlileng tsebong ba hahang moeeng.” Empa oa lemosa, “Ke qoba ba haelloang ke litekanyetso tse matla tsa boitšoaro, esita le haeba ba ipolela hore ba na le tumelo e tšoanang le ea ka.”
Ka linako tse ling, ho ka ’na ha hlokahala hore u ele hloko metsoalle ea hao ka har’a phutheho ea Bokreste. Bibele e re hopotsa hore sehlopheng leha e le sefe se seholo, hangata ho tla ba le ba sa itšoareng ka tsela e hlomphehang. (2 Timothea 2:20) U lokela ho etsa eng haeba u fumana hore ba bang ba bacha phuthehong ea heno, ke ba hlileng “ba patang seo ba leng sona”? (Pesaleme ea 26:4) Qoba ho tloaelana le ba joalo, ’me u batle metsoalle e tla tšehetsa boikemisetso ba hao ba ho lula u hloekile boitšoarong.
Qoba Liphatlalatso Tsa Likhopolo Tse Kotsi
Hape, u lokela ho nka mehato ea ho itšireletsa litšoantšong tse ngata tsa ho kopanela liphate le maikutlo a khothalletsang boitšoaro bo litšila a teng libukeng, limakasineng, livideong tsa ’mino, lipapaling tsa video, libaesekopong le Inthaneteng. Mecha ea litaba e hlahisa ho kopanela liphate pele ho lenyalo e le ntho e ntle, e thabisang le e se nang kotsi. Phello ea hoo e ba efe? Kenji, ea qotsitsoeng pejana, oa lumela: “Ke ne ke shebella mananeo ao ho ’ona ho kopanela liphate ho neng ho nkuoa habobebe ebile ho buelloa le bosodoma ka tsela e sa tobang. Ka lebaka leo, ke ile ka qala ho lebala hore na Jehova o talima litaba tsena ka ho tebileng hakae.”
’Nete ke ho re, hangata boithabiso bo ratoang haholo bo koahela ka bohlale linnete tse sa thabiseng tsa ho kopanela liphate pele ho lenyalo—boimana bo sa batleheng, manyalo a bang pele ho nako, le mafu a tšoaetsanoang a ho kopanela liphate. Kahoo u se ke ua thetsoa ke “ba reng botle ke bobe le bobe ke botle.”—Esaia 5:20.
Hopola mantsoe a Liproverbia 14:15 a reng: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” Haeba u oelana le litšoantšo tsa boitšoaro bo bobe kapa tse tsosang takatso ha u ntse u bala, u phenya Inthanete, kapa u shebeletse TV, nka bohato kapele! Koala buka eo, tima k’homphieutha ea hao, kapa u chenche seteishene sa TV! Joale tsepamisa mehopolo ea hao nthong e ’ngoe—ntho e molemo. (Bafilipi 4:8) Ka ho etsa joalo, u ka thibela litakatso tse fosahetseng hore li se ke tsa hōla.—Jakobo 1:14, 15.
Hlokomela Maemo ao Motho a ka Sekisetsang ho ’Ona
Na ho na le motho eo u ratanang le eena? Joale ho hlokahala hore u itebele. Bibele e ea re lemosa: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” (Jeremia 17:9) Ho bonolo hore ho bontšana lerato ho fetohe boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Kahoo nka mehato e loketseng, e kang ho tsamaea le molebeli ea tšoanelehang kapa ho intša le le sehlopheng sa batho ba hahang. Qobang ho ba bang maemong a ka le behang tekong.
Leha ho le joalo, mohlomong u lebeletsane le motho eo le tla nyalana le eena ’me u na le maikutlo a hore ho bontšana lerato e tla ba ntho e loketseng. Leha ho le joalo, tlaleho ea WHO ea lemosa: “Ha lenyalo le se le atametse, ho bonahala basali ba bangata ba inehela ho kopaneleng liphate, esita le libakeng tseo melao ea boitšoaro e sa ntseng e khomaretsoe ka thata.”c Kahoo, beha meeli mabapi le ho bonahatsa lerato, ’me u itšireletse masisa-pelong a sa hlokahaleng.
Le hoja ho ka bonahala e le ntho e tšosang, bacha ba bangata—haholo-holo banana ba banyenyane—ba qobelloa kapa ba hatelloa hore ba kopanele liphate. Ho latela phuputso e ’ngoe, “karolo ea 60 lekholong ea banana ba lilemong tsa bocha ba United State ba kopanetseng liphate pele ba e-ba lilemo li 15, ba entse joalo ba sa rate.” Hangata baetsi ba lintho tsena ba sebelisa matla ho hatella bahlaseluoa ba bona. (Moeklesia 4:1) Ka mohlala, Bibele e re bolella hore Amnone, mora oa Morena Davida, o ile ‘a qala ho rata’ Tamare khaitseli ea hae ka malapa ’me ka bolotsana a mo qobella ho kopanela liphate le eena.—2 Samuele 13:1, 10-16.
Hona ha ho bolele hore ho ke ke ha thibeloa peto kapa ho qobelloa ho kopanela liphate. Ka ho ela likotsi hloko, ho qoba maemo ao ho ’ona motho a ka sekisetsang, le ho nka bohato ha ho e-na le ntho e u sokelang, u ka etsa ho hoholo ho itšireletsa.d
“Momahanya” Pelo ea Hao
Re tšepa hore litlhahiso tseo re buisaneng ka tsona mona li tla u thusa boikemisetsong ba hao ba ho lula u hloekile. Empa qetellong, se ka pelong ea hao ke sona se tla rera hore na u itšoara joang. Jesu o boletse hore “pelong ho tsoa . . . bohlola.” (Matheu 15:19) Kahoo u tlameha ho loantša tšekamelo ea ho ba le ‘pelo e sa fellang’ (e foofo) kapa ho ba le “lipelo tse peli” (boikaketsi) tabeng ena ea bohlokoahali.—Pesaleme ea 12:2; 119:113.
Haeba ho na le mohla u ikutloang o fokola kapa maikutlo a hao a loantšana, rapela joaloka Davida ha a ne a kōpa: “Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.” (Pesaleme ea 86:11) Ka mor’a moo, sebetsa tumellanong le lithapelo tsa hao ka ho ithuta Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ’me u sebelise seo u ithutang sona. (Jakobo 1:22) Lydia o re, “Ke susumelletseha ho hana teko ea ho kopanela liphate ka hore kamehla ke hopole hore ‘ha ho sehlola kapa motho ea sa hloekang ea nang le lefa leha e le lefe ’musong oa Molimo.’”—Baefese 5:5.
Ho qoba ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo. Empa ka thuso ea Jehova, u ka ipoloka u hloekile ’me u qobe ho ipakela mahlomola le masisa-pelo esita le ho a bakela ba bang.—Liproverbia 5:8-12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
b Bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Phoso ke Efe ka ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo?” tokollong ea rōna ea August 8, 2004.
c Bona khaolo ea 29 ea buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
d Ho ile ha fanoa ka litlhahiso maemong a kang ana lihloohong tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” “Ho Hleka-hlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali—Nka Itšireletsa Joang?” le “Nka Etsa Eng Hore Mohlankana oa ka a Khaotse ho Ntšoara Hampe?” tokollong ea rōna ea September 8, 1995, le ea July 8, 2004.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ho buisana le batsoali ba hao ka maikutlo a hao ho ka u thusa hore u lule u hloekile
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho intša le e-na le sehlopha se hahang e ka ba tšireletso