Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 12/8 maq. 12-14
  • Ha Motho eo U mo Ratang a E-na le Lefu la Kelello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Motho eo U mo Ratang a E-na le Lefu la Kelello
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka ho Kula Kelellong
    Tsoha!—2014
  • Batho ba Bangata ba na le Khatello ea Maikutlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2023
  • Ho Thusa Batho ba Nang le Bothata ba ho Ja
    Tsoha!—1992
  • Ho Kula Kelellong—Ha ho Hlorisa Mokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 12/8 maq. 12-14

Ha Motho eo U mo Ratang a E-na le Lefu la Kelello

BA HA Johnson ba ile ba qala letsatsi joaloka mehleng har’a beke.a Lelapa lena la litho tse ’nè le ne le se le tsohile, le loketse ho qala mesebetsi ea letsatsi. Gail o ile a hopotsa mora oa hae ea lilemo li 14, Matt, hore o siiloe ke nako ’me bese ea sekolo e tla mo siea. Se ileng sa latela e bile se sa lebelloang ho hang. Matt o ile a nyanyatsa mabota a kamore ka pente, a leka ho chesa karache le ho leka ho iphanyeha mokatong o ka holimo-limo oa ntlo, tsena tsohle a li etsa ka nako e sa feteng halofo ea hora.

Gail le monna oa hae, Frank, ba ile ba sala ambulense e neng e nkile Matt morao, ba leka ho utloisisa hore na ha e le hantle ho etsahala eng. Leha ho le joalo, masoabi ke hore seo e ne e le qalo feela. Ho ile ha latela liketso tse ngata tse bontšang ho ferekana kelellong, e leng tse ileng tsa tetebetsa Matt le ho feta lefung lena la kelello. Lilemo tse hlano tseo a li qetileng tsa masisa-pelo li ile tsa akarelletsa ho leka ho ipolaea ka makhetlo a mangata, ho tšoaroa habeli, ho kena lipetleleng tse supileng tsa mafu a kelello le ho bona lingaka tsa mafu a kelello ka makhetlo a se nang palo. Metsoalle le beng ka eena ba neng ba ferekane, hangata ba ne ba sa tsebe hore na ba re’ng kapa ba etse eng.

Ho hakanngoa hore motho a le mong ho ba bane lefatšeng ka bophara o tla tšoaroa ke lefu la kelello neng-neng bophelong. Ha re nahana ka palo ena e khōlō, ho na le monyetla oa hore ebe u na le motsoali, ngoana, ngoan’eno kapa motsoalle ea nang le mofuta o itseng oa lefu la kelello. U ka etsa eng haeba motho eo u mo ratang a le boemong boo?

● Lemoha matšoao. Ho ka ’na ha se fumanoe hang-hang hore motho o na le bothata ba lefu la kelello. Metsoalle le ba lelapa ba ka ’na ba nka matšoao a lona e le a bakoang ke ho fetoha ha li-hormone, bokuli bo itseng ba ’mele, bofokoli bo itseng ba botho, kapa e le ka lebaka la maemo a thata. ’Mè oa Matt o ne a ile a bona matšoao a itseng a bontšang bothata ho Matt, empa batsoali ba hae ba ile ba nahana hore ke ho feto-fetoha ha maikutlo ho bakoang ke ho kena bohlankaneng, ho neng ho tla feta kapele. Leha ho le joalo, liphetoho tse khōlō tse amang boroko, lijo, kapa boitšoaro li ka ’na tsa supa hore ho na le ho itseng ho tebileng haholoanyane. Ho hlahlojoa ke ngaka ho ka etsa hore a fumane phekolo e mo loketseng ’me bophelo ba moratuoa oa hao ba ntlafala.

● Tseba ka lona. Hangata batho ba nang le lefu la kelello ha ba na matla a makaalo a ho etsa lipatlisiso ka boemo ba bona. Ka hona, boitsebiso boo u bo fumanang mehloling ea morao-rao, e ka tšeptjoang bo tla u thusa hore u utloisise boemo boo motho eo u mo ratang a leng ho bona. Bo ka u thusa hape hore u bue u lokolohile le ba bang ka lona ’me e le ka tsebo e itseng. Ka mohlala, Gail o ile a fa ntate-moholo le nkhono oa Matt lipampitšana tsa ngakeng tse ba thusitseng hore ba tsebe ka ho eketsehileng le ho kenya letsoho ho thuseng.

● Loanela hore a fumane phekolo. Ho sa tsotellehe hore na motho o kutse nako e telele hakae ka lefu le itseng la kelello, ha phekolo e nepahetseng e fumaneha ba bangata ba ka boela ba tsitsa bophelong ’me lintho tsa ba tsamaela hantle. Ka bomalimabe, ba bangata ba hlokofala ka lilemo ba sa fumane thuso. Feela joalokaha lefu la pelo le hloka ngaka e ithutetseng lona ka ho khetheha, lefu la kelello le lona le hloka ho isoa ho ba tsebang hore na ba ka le phekola joang. Ka mohlala, ngaka ea mafu a kelello e ka fana ka moriana oo haeba o nooa kamehla, o ka thusang ho laola maikutlo, oa kokobetsa ho tsieleha le ho etsa hore motho a boele a nahane ka tsela e hlakileng.b

● Khothalletsa mokuli hore a batle thuso. Ba nang le lefu la kelello ba ka ’na ba se hlokomele hore ba hloka thuso. U ka ’na ua fana ka keletso ea hore mokuli a bone ngaka e itseng, a bale boitsebiso bo ka thusang, kapa a bue le motho ea atlehileng ho sebetsana le boemo bo tšoanang le ba hae. Ho ka etsahala hore moratuoa enoa oa hao a hane ho mamela keletso ea hao. Empa u se ke be ua tsilatsila ho nka khato haeba motho eo u mo tsotellang a le boemong boo a ka intšang kotsi kapa a ntša ba bang kotsi.

● Qoba ho beha motho molato. Bo-rasaense ha ba e-s’o fumane hantle hore na ho kopana ho rarahaneng ha liphatsa tsa lefutso, ha tikoloho le ha maemo a bophelo ho tlatsetsa joang hore boko bo se ke ba sebetsa hantle. Mabaka a ’maloa a ka tlatsetsang lefung la kelello, a akarelletsa le ho lemala ha boko, ho sebelisa lithethefatsi hampe, lintho tse teng tikolohong tse bakelang motho khatello ea maikutlo, ho se leka-lekane ha lik’hemik’hale ’meleng le ho futsa lefu lena. Ha ho na molemo oa letho o fumanoang ka ho qosa batho ka seo u nahanang hore ba se entse ho tlatsetsa bokuling ba bona. U tla rata ho etsa boiteko bo matla ho ba thusa le ho ba khothatsa.

● Amohela boemo kamoo bo leng kateng. Haeba u lebella ho hongata ho feta hoo mokuli a ka ho finyellang, sena se ka mo nyahamisa haholo. Ka lehlakoreng le leng, ho lula u hatisa mefokolo ea mokuli le hona ho ka etsa hore a ikutloe a se na thuso. Ka hona, amohela boemo kamoo bo leng kateng. Ke ’nete hore ha hoa lokela hore ho lumelloe liketso tse fosahetseng. Joaloka mang le mang, ba nang le lefu la kelello ba ka ithuta ho itseng liphellong tsa liketso tsa bona. Ha mokuli a le mabifi, ho ka ’na ha hlokahala hore ho nkoe khato ea molao kapa a beheloe lithibelo tse itseng sechabeng, e le ho mo sireletsa kapa ho sireletsa ba bang.

● Lula u ikemiselitse ho thusa. Puisano ke ea bohlokoa, le hoja ka linako tse ling ho ka ba ha bonahala eka lintho tseo u li buang li utloisisoa hampe. Ho ke ke ha tsejoa hore na motho ea nang le lefu la kelello o tla arabela joang nthong e itseng, ’me maikutlo a hae a ka bonahala a sa nepahala boemong bo itseng. Leha ho le joalo, ho nyatsa lipolelo tsa mokuli ho ka phaella boikutlo bo molato holim’a motho ea seng a ntse a imetsoe kelellong. Ha ho bonahala ho sa thuse ka letho ho bua, thōla ’me u mamele. Bontša ho utloisisa maikutlo a mokuli le menahano ea hae ntle le ho e nyatsa. Loanela ho itšoara. Uena le motho eo u mo ratang le tla rua molemo ka hore feela u lule u bontša hore ua mo tsotella. Ho ile ha e-ba joalo ka Matt. Lilemo tse ’maloa hamorao, o ile a leboha bohle bao a ileng a re “ba ne ba nthusa nakong eo ke neng ke sa batle thuso.”

● Nahanela seo litho tse ling tsa lelapa li se hlokang. Ha lelapa le tlameha ho lebisa tlhokomelo mothong ea kulang, litho tse ling tsa lelapa li ka ’na tsa hlokomolohuoa. Ho na le nako eo Amy, a ileng a ikutloa “a sa natsoe ka lebaka la ho kula ha khaitseli ea hae, Matt.” O ile a fokotsa lintho tseo a li finyellang e le hore a se ke a lebisa thahasello ho eena. Ka nako e tšoanang, ho bonahala batsoali ba hae ba ne ba batla hore a finyelle ho eketsehileng joalokaha eka ke ho koahela mefokolo ea ngoan’abo. Bana ba bang ha ba le boemong bona ba leka ho hapa tlhokomelo ka ho baka mathata. Malapa a bothateng a hloka thuso hore a khotsofatse litlhoko tsa bohle. Ka mohlala, ha lelapa la ha Johnson le ne le amehile haholo ka mathata a Matt, metsoalle ka phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea thusa Amy ka ho mo fa tlhokomelo e eketsehileng.

● Phehella lintho tse etsang hore kelello e lule e phetse hantle. Leano le akaretsang la ho ntlafatsa boemo ba kelello hore e lule e phetse hantle le lokela ho akarelletsa ho hlokomela tsela ea ho ja, ho ikoetlisa, ho robala le boikhathollo. Ho etsa lintho tse itekanetseng le sehlopha se senyenyane sa metsoalle hangata ha ho khathatse kelello. Hape hopola hore joala bo ka mpefatsa matšoao a bokuli ebile bo sitisa meriana ho sebetsa hantle. Lelapa la ha Johnson hona joale le leka ho latela kemiso e khathollang kelello e tsoelang e mong le e mong molemo, haholo-holo mora oa bona.

● Itlhokomele. Ho imeloa kelellong ho bakoang ke ho hlokomela motho ea nang le lefu la kelello ho ka etsa hore le rōna re qetelle re sa phele hantle. Ka hona, ke habohlokoa hore u hlokomele lintho tseo u li hlokang ’meleng, maikutlong le moeeng. Lelapa la ha Johnson ke Lipaki Tsa Jehova. Gail o lumela hore tumelo ea hae e mo thusitse haholo hore a sebetsane le tsietsi ea lelapa. O re: “Liboka tsa Bokreste li ne li nkimolla haholo maikutlong, e ne e le nako ea ho behella matšoenyeho ka thōko le ho tebisa maikutlo litabeng tsa bohlokoa le tšepong eo re nang le eona bakeng sa nako e tlang. Ke ’nile ka rapela ka makhetlo a se nang palo, ke kōpa ka tieo hore ke mpe ke imolohe, ’me kamehla ho ne ho e-ba le phetoho e itseng e neng e kokobetsa bohloko ba ka. Ka thuso ea Jehova Molimo, ke na le khotso ea kelello e makatsang ho latela boemo boo re leng ho bona.”

Hona joale Matt ke mohlankana ea seng a tiile ’me o na le pono e fapaneng ka bophelo. O re: “Ke ikutloa ke le betere ho latela hore na ke fetile tlas’a maemo a joang.” Amy, khaitseli ea Matt, o nka hore phihlelo eo ba bileng le eona e mo tsoetse molemo. O re: “Ha ke sa nyatsa-nyatsa batho ba bang. U ke ke ua tseba hore na hantle-ntle motho o tlas’a boemo bofe bo sa hlahellang ka ntle. Ke Jehova Molimo feela ea tsebang.”

Haeba motho eo u mo tsebang a e-na le lefu la kelello, kamehla hopola hore ho mo mamela ka hloko, ho mo thusa le ho ba le kutloisiso ho ka mo thusa hore a hlaphoheloe—mohlomong a be a phele hantle haholo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

b Melemo e ka fumanoang e lokela ho nahanoa hammoho le liphello tse seng monate tse ka ’nang tsa e-ba teng. Tsoha! ha e buelle phekolo e itseng ka ho khetheha. Bakreste ba lokela ho etsa bonnete ba hore phekolo leha e le efe eo ba e batlang ha e hanane le melao-motheo ea Bibele.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Matšoao a Itseng a Lefu la Kelello

Haeba motho eo u mo ratang a e-na le a mang a matšoao a latelang, u lokela ho bona ngaka kapa setsebi sa mafu a kelello:

• Ho hlonamela ruri kapa ho teneha feela

• Ho ikhula bathong ba bang

• Ho feto-fetoha ha maikutlo ho akarelletsang ho thaba ka ho feteletseng le ho hlonama

• Bohale bo feteletseng

• Ho ba mabifi

• Ho sebelisa lithethefatsi

• Ho ba le tšabo, matšoenyeho le ho ngongoreha ho feteletseng

• Ho ba le tšabo e khōlō haholo ea ho nona

• Liphetoho tse khōlō mokhoeng oo motho a jang ka oona kapa tabeng ea boroko

• Ho phofa hangata

• Monahano o ferekaneng

• Ho ba le likhopolo tse fosahetseng kapa ho ba le lipono

• Ho nahana ka lefu kapa ho ipolaea

• Ho sitoa ho tobana le mathata hammoho le mesebetsi ea letsatsi le letsatsi

• Ho hana mathata a totobetseng

• Ho kula mafu a mangatanyana a sa hlaloseheng

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Ha ho se ho se seo u ka se buang, lula u khutsitse ’me u mamele mokuli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela