Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 10/8 maq. 19-21
  • Bongata ba Masea ka Thuso ea Hore Batho ba Khone ho ba le Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bongata ba Masea ka Thuso ea Hore Batho ba Khone ho ba le Bana
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khatelo-pele
  • Ke Hobane’ng ha ho Atile Hakaale?
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Khetho e Sabaletse, ho Sala Lipotso
    Tsoha!—2004
  • Ho Ikatisa hoa Bophelo—Ka ho Iphetola hoa Lintho Kapa ho Tsoa ho Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ke Hobane’ng ha Sena se Etsahala ’Meleng oa Ka?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 10/8 maq. 19-21

Bongata ba Masea ka Thuso ea Hore Batho ba Khone ho ba le Bana

Ka la 25 July, 1978, ho na le ngoan’a ngoanana ea ileng a hlaha ka mokhoa oa mohlolo Oldham, Engelane, ea bitsoang Louise Joy Brown. Louise e ne e le ngoana oa pele oa ho emoleloa ka ntle ho pōpelo.

LIKHOELI tse robong pele ho moo, Louise o ne a ile a emoleloa laboratoring tlas’a tšebetso e emolisang lehe ka ntle ho pōpelo. Ka tšebetso ena, lehe le nkiloeng ho ’mè le ile la kopanngoa le peō ea ntate ka sejaneng sa khalase se khethehileng. Matsatsi a mabeli le halofo hamorao, ka mor’a hore lisele tsa lehe leo li arohane ho ba tse robeli tse nyenyane haholo, lihlotšoana tsena tsa lisele tse arohaneng li ile tsa kenngoa ka pōpelong ea ’mè hore li hōle ka tsela e tloaelehileng. Ho tsoaloa ha Louise ho ile a betla tsela ea phekolo e ncha ho ba hlokang thari.

Tšebetso ena ea ho emolisa lehe ka ntle ho pōpelo e ile ea rala motheo oa seo kajeno se tsejoang e le theknoloji ea ho thusa motho hore a khone ho ba le ngoana, e akarelletsang liphekolo tsohle tse tsoetseng pele tsa ba hlokang thari. Nahana ka mehlala e meng. Ka 1984 mosali e mong oa California, U.S.A., o ile a ba le ngoana ea emotsoeng ka lehe la mosali e mong. Hona selemong seo, Australia ho ile ha hlaha lesea la lehe le neng le ile la emolisoa ’me la hoamisoa sehatsetsing ka nako e itseng. Ka 1994, mosali ea lilemo li 62 oa Italy o ile a ba le ngoana ka peō ea monna oa hae le lehe la mosali e mong.

Khatelo-pele

Joale, lilemo tse 25 ka mor’a hore Louise Joy Brown a hlahe, bafuputsi ba bokeletse meriana e mengata-ngata le mekhoa ea theknoloji ea morao-rao e tlisitseng phetoho e khōlō ho thuseng batho ba hlokang thari. (Bona lebokose le reng “Mefuta e Meng ea ho Phekola ho Hloka Thari” le le reng “Ho Ameha Likotsi Life?”) Katleho e joalo e entse hore ho be le keketseho e khōlō palong ea bana ba tsoaloang ka thuso ea theknoloji ena. Ka mohlala, ka 1999, theknoloji ena e ile ea atleha ho hlahisa bana ba fetang 30 000 United States feela. Linaheng tse ling tsa Scandinavia, pakeng tsa karolo ea 2 ho ea ho ea 3 lekholong ea bana ba hlahang selemo se seng le se seng ke ba emotsoeng ka thuso ena. Lefatšeng ka bophara, ke bana ba ka bang 100 000 ba hlahang selemo le selemo ka lebaka la phekolo ea ho emolisa lehe ka ntle ho pōpelo. Ho ’nile ha hakanngoa hore e se e le bana ba ka bang milione ba hlahileng ka thuso eo ho tloha ka 1978.

Theknoloji ea ho thusa batho ho ba le bana e sebelisoa haholo linaheng tse tsoetseng pele. Phekolo ka ’ngoe e ja liranta tse likete-kete, ’me hangata ’muso, ba mosebetsing le ba inshorense ha ba fane ka thuso ho lefella litšenyehelo. Makasine ea Time e ile ea hlokomela hore “mosali ea lilemo li 45 ea fumaneng phekolo ea ho emolisa lehe ka ntle ho pōpelo ka makhetlo a supileng, habonolo feela e ka ’na eaba o sebelisitse chelete e kaalo ka R675 000 phekolong eo.” Leha ho le joalo, ho thusa batho hore ba be le bana ho fana ka tšepo banyalaning ba bangata ba hlokang thari, bao khetho ea bona e neng e ka ba feela ho hōlisa ngoana oa motho e mong haeba ba ne ba batla ho ba le ngoana. Matsatsing ana mekhoa e sa tšoaneng ea ho phekola ho hloka thari e sebetsana le mathata a basali le a banna a etsang hore ba hloke thari.a

Ke Hobane’ng ha ho Atile Hakaale?

Lebaka le leng le etsang hore theknoloji e thusang hore batho ba be le bana e ate ke tsela eo batho ba phelang ka eona kajeno. Tlaleho e phatlalalitsoeng ke Mokhatlo oa Amerika oa Meriana ea Thari, e re: “Lilemo tseo basali ba neng ba atisa ho ba le bana ka tsona li eketsehile lilemong tse mashome a mararo tse fetileng kaha basali ba bangata ba hahamalla thuto e eketsehileng le mesebetsi e phahameng, ’me ka hona, lenyalo le tla hamorao. Ka nako e tšoanang, sehlopha se seholo sa basali ba hlahileng nakong ea ‘Ho Hlaha ha Masea ka Bongata’ (1946-1964) ba fihlile lilemong tsa ho qetela tsa hore ba ka ba le bana, ’me seo se entse hore basali ba bangata ba lilemo tsena ba batle thuso ea ho ba le thari.”

Basali ba bang ba ka ’na ba se lemohe hore na matla a bona a ho ba le bana a fokotseha kapele hakaakang ha ba ntse ba hōla. Ho latela U.S. Centers for Disease Control and Prevention, nakong eo mosali a bang le lilemo tse 42, menyetla ea hore a be le ngoana ka lehe la hae e fokotsehile ka karolo ea 10 lekholong. Ka hona, hangata ho sebelisoa mahe a basali ba bang bakeng sa basali ba seng ba hōlile ba hlokang phekolo ea theknoloji ea ho ba thusa hore ba be le bana.

Ho hocha ho hlahang morao tjena ke hore banyalani ba hlokang thari, ba sebelisa lehe le emolisitsoeng ke ba bang, le ileng la sala ha ho ne ho phekoloa banyalani ba bang ba hlokang thari. Ho hakanngoa hore United States feela, ho na le mahe a emolisitsoeng a ka bang 200 000, a bolokiloeng a hoamisitsoe lihatsetsing. Tlaleho ea litaba ea CBS haufinyane tjena e sa tsoa utulla taba: “Ho sebelisa lehe le emolisitsoeng le ileng la sala ha ho ne ho phekoloa ba bang ho ’nile ha sebelisoa ka sekhukhu ka lilemo tse ngata.”

Ha ho makatse ke hona hore ebe khatelo-pele e bileng teng lefapheng lena la ho thusa batho hore ba khone ho ba le bana e phahamisitse lipotso tse ngata. Ho ba le bana ka tsela ee ho ka nkoa joang ponong ea se lumelloang ke molao le ea litekanyetso tsa boitšoaro? Bibele e re’ng tabeng ee? Lipotso tsena le tse ling li tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Har’a tse ling tsa lisosa tsa hore mosali a hloke thari ke ho se tsamaee hantle ha lehe, ho kibeha ha tselana e isang lehe pōpelong kapa hlahala ka ntle ho pōpelo. Ho hloka thari banneng hangata ho amahanngoa le ho haella kapa ho hloka matla peōng ea bona.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]

MEFUTA E MENG EA HO PHEKOLA HO HLOKA THARI

HO KOPANYA PEŌ EA MONNA LE LEHE LA MOSALI KA TSELA EO E SENG EA TLHAHO. Mohato oo ho oona peō ea monna e kenngoang ka ntlong ea mosali ea mahe ka tsela e ’ngoe ntle le ho kopanela liphate. Hangata mokhoa ona oa ho kopanya peō ea monna le lehe la mosali ka tsela eo e seng ea tlhaho o sebelisoa pele ho ka lekoa mefuta e hlalositsoeng ka tlaase mona.

HO BEHA MAHE A MOSALI LE PEŌ EA MONNA TSELANENG E ISANG MAHE PŌPELONG. Mokhoa ona o akarelletsa ho ntša mahe ntlong ea mosali ea mahe, a kopanngoe le peō ea monna, ebe ho sebelisoa laparoscope (sesebelisoa se thusang lingaka hore li hlahlobe litho tse ka hare-hare) ho beha mahe ao a sa emolisoang hammoho le peō ea monna tselaneng e isang mahe pōpelong ka ho buuoa ho honyenyane mpeng.

HO ENTELA PEŌ EA MONNA LEHENG LA MOSALI. (Ho bontšitsoe ka tsela e hōlisitsoeng ka ho le letšehali) Mohato oo ho ’ona peō e le ’ngoe ea monna e enteloang ka ho toba leheng la mosali.

HO EMOLISA KA NTLE HO PŌPELO. Mohato o akarelletsang ho ntša mahe ntlong ea mosali ea mahe ’me a emolisoe ka peō ea monna ka ntle ho pōpelo. Joale lehe le emolisitsoeng le khutlisetsoa ka pōpelong ea mosali ka ho kenngoa le molomong oa eona.

HO BEHA LEHE LE EMOLISITSOENG TSELANENG E ISANG MAHE PŌPELONG. Mohato oo mahe a mosali a ntšoang ntlong ea ’ona ’me a emolisetsoa ka ntle ho pōpelo. Joale lehe le emolisitsoeng le kenngoa tselaneng e isang lehe pōpelong ka ho buuoa ho honyenyane mpeng.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Boitsebiso bo lebokoseng lena bo nkiloe ho Reproductive Health Information Source, U.S. Centers for Disease Control and Prevention.

Courtesy of the University of Utah Andrology and IVF Laboratories

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 21]

HO AMEHA LIKOTSI LIFE?

PHOSO E ETSOANG KE MOTHO. United States, linaha tsa Netherlands le Great Britain, litleliniki tsa ba hlokang thari li ’nile tsa fapanya ka phoso peō ea monna kapa mahe a emolisitsoeng. Boemong bo bong, banyalani ba bang ba ile ba ba le mafahla a morabe o fapaneng le oa bona, athe boemong bo bong mosali e mong o ile a ba le mafahla a merabe e sa tšoaneng.

MAFAHLA A MANGATA. Liphuputso li bontšitse hore ho ima mafahla a mangata—ka lebaka la mahe a mangata a emolisitsoeng a kenngoang pōpelong ea ’mè—ho eketsa menyetla ea hore masea a hlahe pele ho nako, a hlahe a e-na le boima bo fokolang haholo ba ’mele, a hlahe a khathetse hammoho le ho holofala ka lilemo.

HO TSOALOA KA BOKOOA. Ho latela phuputso e ’ngoe, bana ba emoletsoeng ka ntle ho pōpelo ba na le menyetla e mengata ea ho kooafala, joaloka ho ba le mathata a pelo kapa a liphio, mahalapa a sa kopanang le makoalata a honyetseng.

BOPHELO BA ’MÈ. Mathata a bakoang ke ho phekoloa ka li-hormone kapa ho ima mafahla a mangata ho eketsa likotsi bophelong bo botle ba bo-’mè.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela