Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 12/8 maq. 5-9
  • Tsoelo-pele Toantšong ea AIDS

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoelo-pele Toantšong ea AIDS
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phekolo ea Meriana
  • “Lefu la Mafutsana”
  • Khoebo ea ho Etsa Meriana
  • Litšitiso Tse Ling
  • Boiteko ba ho e Thibela
  • AIDS e ja Setsi Afrika
    Tsoha!—2002
  • Pheko ea AIDS—E Hlokoa ka Potlako!
    Tsoha!—2004
  • Aids—Mokhoa oa ho e Loantša
    Tsoha!—1998
  • AIDS e Tla Fela Neng?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 12/8 maq. 5-9

Tsoelo-pele Toantšong ea AIDS

Bukeng ea hae ea AIDS Update 2003, DR. Gerald J. Stine o ngotse: “Historing ea batho ha ho e-s’o ka ho ithutoa ho hongata hakana ka boloetse bo rarahaneng hakana, ’me e le ka nako e khutšoanyane hakana.” O bolela hore “lipatlisiso tse entsoeng tsa HIV/AIDS ke e ’ngoe ea lintho tse tsotehang tse finyelletsoeng ke saense.” Ho finyeletsoe eng?

TSEBO le bohlale ba sejoale-joale ho tsa bongaka li nolofalelitse ba etsang lipatlisiso hore ba qape metsoako ea meriana e fanang ka tšepo e itseng ho batho ba nang le tšoaetso ea HIV. Ho phaella moo, mananeo a thuto ka AIDS a bile le liphello tse itseng linaheng tse ’maloa. Empa na katleho ea boiteko bo joalo e bontša hore joale re fihlile qetellong ea seoa see se bolaeang? Na boikemisetso ba kajeno ba saense le mananeo a thuto li ka emisa ho nama ha AIDS? Nahana ka lintho tse latelang.

Phekolo ea Meriana

Sehlooho se leqepheng le qalang la makasine ea Time ea la 29 September, 1986, se ne se re: “Leselinyana la Tšepo Toantšong ea Aids.” ‘Leselinyana lena la tšepo’ le ne le hlahisitsoe ke ho sebelisoa ha azidothymidine (AZT) ha ho etsoa liteko tsa bongaka, e leng setlhare se thibelang ho ikatisa ha vaerase ea HIV. Ka ho ikhethang, bakuli ba HIV ba noang AZT ba ne ba phela nako e telele. Ho tloha ka nako eo, meriana e thibelang ho ikatisa ha vaerase ea HIV (antiretroviral drugs [li-ARV]) e lelefalitse bophelo ba batho ba likete tse makholo. (Bona lebokose le reng “Li-ARV ke Eng?” leqepheng la 7.) E atlehile hakae ho loantšeng tšoaetso ea HIV?

Ho sa tsotellehe cheseho e ileng ea e-ba teng nakong eo ho neng ho lokolloa AZT, makasine ea Time e ile ea tlaleha hore ba etsang lipatlisiso ka AIDS “ba ne ba kholisehile hore AZT [e ne e se] eona e tla felisa AIDS.” Ba ne ba nepile. Li-AZT ha lia ka tsa tšoara bakuli ba bang hantle, kahoo, ho ile ha etsoa li-ARV tse ling. Hamorao, U.S. Food and Drug Administration e ile ea lumella bakuli ba HIV bao boemo ba bona bo seng bo mpefetse hore ba noe mefuta e fapaneng ea li-ARV. Phekolo ea ho noa mefuta e fapaneng ea meriana, e ileng ea fella ka hore ho nooe mefuta e meraro kapa ho feta ea li-ARV, e ile ea amoheloa ka cheseho ke batho ba sebetsanang le bakuli ba AIDS. Ha e le hantle, sebokeng sa machaba se neng se bua ka AIDS ka 1996, ngaka e ’ngoe e bile ea phatlalatsa hore meriana ena e ka ’na ea felisa HIV ka ho feletseng ’meleng!

Ka masoabi, le pele selemo se fela, ho ne ho hlakile hore esita leha motho a ka tšepahalla phekolo ea ho noa mefuta e meraro ea meriana, hoo ho ne ho ke ke ha felisa HIV. Leha ho le joalo, tlaleho ea UNAIDS e re “phekolo ea ho noa mefuta e fapaneng ea li-ARV e entse hore batho ba nang le tšoaetso ea HIV ba phele nako e teletsana, ba phetse hantle ’meleng ’me ba itsoella hantle le bophelo.” Ka mohlala, United States le Europe, tšebeliso ea ARV e fokolitse palo ea ba bolaoang ke AIDS ka karolo ea 70 lekholong. Ho phaella moo, liphuputso tse ’maloa li bontšitse hore mefuta e meng ea phekolo ea ARV e ka fokotsa haholo monyetla oa hore mosali ea immeng ea nang le tšoaetso ea HIV a e fetisetse ngoaneng oa hae.

Leha ho le joalo, bakuli ba limilione ba nang le tšoaetso ea HIV ha ba fumane li-ARV. Hobane’ng?

“Lefu la Mafutsana”

Phekolo ea ARV e sebelisoa haholo linaheng tse ruileng. Leha ho le joalo, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO), o hakanya hore linaheng tse ling tse hōlang moruong, ke karolo ea 5 lekholong feela ea ba hlokang phekolo ea ARV ba nang le monyetla oa ho fumana meriana ena. Baemeli ba Machaba a Kopaneng ba bile ba hlalosa ho se leka-lekane hona e le “ho hloka toka ka mokhoa o tebileng,” hape e le “ketso e nyonyehang ka mokhoa o feteletseng lefatšeng lena la kajeno.”

Leeme le ka boela la e-ba teng baahing ba naha e le ’ngoe ha ho tluoa tabeng ea hore na ke bo mang ba fumanang phekolo. The Globe and Mail e tlaleha hore motho a le mong ho ba bararo ba Macanada ba bolaoang ke AIDS, ha ho mohla a kileng a phekoloa ka li-ARV. Le hoja meriana ena e fumaneha ntle ho tefo Canada, ho na le lihlopha tse ’nileng tsa tlōlisoa mahlo. The Globe e re: “Ba sa fumaneng phekolo e nepahetseng ke ba hlileng ba e hlokang ka ho fetisisa: maaborijene, basali le mafutsana.” The Guardian e qotsitse ’mè e mong oa Moafrika ea nang le tšoaetso ea HIV ha a re: “Ha ke utloisise. Ke hobane’ng ha banna baa ba makhooa ba robalang le banna ba bang bona ba lokela ho phela empa ’na ke tšoanela ho shoa?” Karabo ea potso ea hae e amana le tsamaiso ea lichelete ea ho etsoa ha meriana ena le ho abuoa ha eona.

Ka karolelano, theko ea phekolo ea mefuta e meraro ea li-ARV United States le Europe e pakeng tsa R63 000 le R94 000 ka selemo. Le hoja linaheng tse ling tse hōlang moruong ho se ho e-na le lik’hamphani tse ling tse etsang meriana ena, ’me eona e le ka chelete e ka bang R1 400 ka selemo, chelete ena e ntse e phahametse ba bangata ba nang le tšoaetso ea HIV ’me ba phela moo li-ARV li hlokahalang ka ho fetisisa. Dr. Stine o akaretsa boemo bona tjena: “AIDS ke lefu la mafutsana.”

Khoebo ea ho Etsa Meriana

Ho hlahisoa le ho rekisoa ha meriana ena ka theko e tlaase ke lik’hamphani tse ling ha hoa ka ha e-ba bonolo. Melao e thata-thata ea tsa thekiso linaheng tse ngata e thibela ho hlahisa meriana ntle ho tumello ea lik’hamphani tse e qapileng. Mookameli ea ka sehloohong oa k’hamphani e ’ngoe e khōlō e etsang meriana o re: “Ena ke ntoa ea moruo.” Ho hlahisa meriana ea lik’hamphani tse ling le ho e rekisetsa linaha tse hōlang moruong bakeng sa ho fumana phaello “ke ho sebetsa batho ba sibolotseng meriana eo ka ho hloka toka.” Lik’hamphani tse qapileng meriana ena le tsona li ipelaetsa ka hore ho fokotsa phaello ho ka etsa hore qetellong chelete eo li fanang ka eona bakeng sa mananeo a ho etsa lipatlisiso le tsoelo-pele ho tsa meriana e fokotsehe.” Ba bang ba khathatsehile ka hore li-ARV tse etselitsoeng linaha tse ntseng li hōla moruong li ka ba tsa fella li rekisoa ka bokunyata linaheng tse tsoetseng pele.

Ba buellang meriana ea li-ARV e theko e tlaase ba beha lebaka la hore meriana e mecha e ka hlahisoa ka litšenyehelo tse etsang karolo ea 5 ho ea ho ea 10 lekholong ea litšenyehelo tse boletsoeng ke indasteri ea tlhahiso ea meriana. Ba boetse ba re lik’hamphani tse ikemetseng tsa ho etsa meriana li na le tšekamelo ea ho se etse lipatlisiso le tsoelo-pele bakeng sa mafu a amang haholo linaha tse futsanehileng. Ka hona, Daniel Berman, mohokahanyi oa Letšolo la ho Aba Meriana e Hlokahalang, o re: “Bakeng sa ho etsoa ha meriana e mecha, ho hlokahala hore ho be le tsamaiso e tlamang e tšehetsoang ke linaha tsohle ea hore ho theoloe theko ea meriana e le hore e ka fumanoa le ke linaha tse hōlang moruong.”

Ha e arabela tlhokong ena ea lefatše lohle ea phekolo ea li-ARV, WHO e theile leano la hore ka 2005, ho bo ho fanoe ka phekolo ea li-ARV bathong ba limilione li tharo ba nang le HIV/AIDS. Nathan Ford oa Médecins Sans Frontières o lemositse: “Leano la hore ka 2005 ho bo ho fanoe ka phekolo ea li-ARV bathong ba limilione li tharo ba nang le HIV/AIDS, ha ea lokela ho ba ntho e ’ngoe eo Machaba a Kopaneng a sa e finyelleng. Palo ena ke halofo feela ea batho ba nang le HIV/AIDS bao ho hakanngoang hore ba hloka phekolo kajeno, empa palo ena [ka 2005] e tla be e le khōlō le ho feta.”

Litšitiso Tse Ling

Esita le haeba li-ARV li ne li fanoa linaheng tse hōlang moruong, litšitiso tse ling li ne li ntse li tla tlameha ho hlōloa. Meriana e meng e lokela ho nooa ka mor’a lijo le ho nooa ka metsi a hloekileng, empa ho batho ba likete tse makholo linaheng tse ling, ho feta letsatsi ba sa ja. Li-ARV (tseo hangata e leng lipilisi tse 20 kapa ho feta ka letsatsi) li lokela ho nooa ka nako e itseng letsatsi le leng le le leng, empa bakuli ba bangata ha ba na lioache. Phekolo ea ho noa meriana e fapaneng e lokela ho fetoloa ho latela boemo ba mokuli. Empa linaheng tse ngata lingaka li fokola haholo ka palo. Ka ho hlakileng, ho fana ka phekolo ea ARV linaheng tse hōlang morung e tla ba ntho e thata hore e ka hlōloa.

Le bona bakuli ba linaheng tse tsoetseng pele ba tobana le liphephetso tsa ho sebelisa phekolo ea mefuta e fapaneng ea meriana. Lipatlisiso li senola hore ho sitoa ho noa meriana eohle ka nako e fanoeng ho atile haholo ka tsela e tšosang. Sena se ka etsa hore vaerase e be manganga merianeng. Vaerase e manganga joalo ea HIV e ka fetisetsoa ho ba bang.

Dr. Stine o bua ka phephetso e ’ngoe e tobaneng le bakuli ba HIV. O re: “Pherekano e bang teng ka linako tse ling ke ea hore phekolo e ka ’na ea tšoara mokuli hampe ho feta boloetse ka bobona, haholo-holo ha phekolo e qala pele matšoao a HIV a bonahala.” Hangata ho ba le liphello tse seng ntle bakuling ba sebelisang li-ARV, tse akarelletsang lefu la tsoekere, ho eketseha ha mafura ’meleng, k’holeseterole le ho fokotseha ha matla a masapo. Liphello tse ling li ka beha bophelo kotsing.

Boiteko ba ho e Thibela

Boiteko ba ho thibela AIDS bo atlehile hakae ho fokotseng lebelo leo e atang ka lona le ho fetola mekhoa ea bophelo e ka behang motho kotsing ea ho tšoaroa ke eona? Matšolo a kenelletseng a ho ruta ka AIDS Uganda lilemong tsa bo-1990 a ile a fokotsa ho ata ha HIV ka sekhahla naheng eo ho tloha karolong e hakanyetsoang ho ea 14 lekholong ho ea ho ea 8 lekholong ka 2000. Ka ho tšoanang, boiteko ba Senegal ba ho tsebisa baahi ba eona ka kotsi ea ho tšoaetsoa HIV bo thusitse naha eo hore e lule e na le palo ea batho ba baholo ba sa feteng karolo ea 1 lekholong ba tšoaetsoang HIV. Liphello tse joalo lia khothatsa.

Ka lehlakoreng le leng, ho ruta ka AIDS ha hoa atleha hakaalo linaheng tse ling. Phuputso e entsoeng ka 2002 bacheng ba Macanada ba 11 000 e ile ea senola hore halofo ea barutoana ba selemong sa bona sa pele sekolong se phahameng e ne e lumela hore AIDS e ka phekoloa. Ho latela phuputso e entsoeng Brithani selemong sona seo, karolo e etsang 42 lekholong ea bashanyana ba pakeng tsa lilemo tse 10 le tse 11 e ne e e-s’o ka e utloa ka HIV kapa ka AIDS. Empa le bona bacha ba tsebang ka HIV le ka AIDS, ha ba tsotelle, ba bile ba tseba hore ha e-na pheko. Ngaka e ’ngoe e re: “Ho bacha ba bangata, HIV e fetohile feela karolo ea mathata a mangata ao ba kopanang le ’ona bophelong, mathata a kang a hore na ba tla fumana se monate se eang ka maleng na, ke mang eo ba tla lula le eena, hammoho le hore na ba tla ea sekolong kapa che.”

Ha ho makatse he, hore ebe WHO e bolela hore “ho lebisa tlhokomelo ka ho khetheha ho bacha e ka ’na ea e-ba mokhoa o atlehang oa ho sebetsana le seoa sena, haholo-holo linaheng tseo e atileng haholo ho tsona.” Bacha ba ka thusoa joang hore ba mamele litemoso tseo ba li fumanang ka AIDS? Hona na hoa utloahala ho lebella hore ho tla ke ho be le pheko?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Selemong se fetileng, ke karolo ea 2 feela lekholong ea batho ba hlokang li-ARV Afrika e ileng ea li fumana, ha ho bapisoa le Linaha Tsa Amerika moo li ileng tsa fumanoa ke karolo ea 84 lekholong

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Li-ARV ke Eng?a

Mothong ea phetseng hantle, lisele tse bitsoang bathusi tsa mofuta oa T li khothalletsa kapa hona ho etsa hore tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e hlasele tšoaetso leha e le efe e kenang ’meleng. HIV e hlasela lisele tsena tse bitsoang bathusi tsa mofuta oa T ka ho khetheha. E sebelisa lisele tsena ho ikatisa, e fokolise le hona ho senya lisele tsena tsa mofuta oa T ho fihlela tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e feletsoe ke matla. Meriana e thibelang ho ikatisa ha vaerase ea HIV (antiretroviral drugs [li-ARV]) e thibela mohato ona oa ho ikatisa.

Ha hajoale, ho sebelisoa mefuta e ka sehloohong e mene ea li-ARV. Nucleoside analogues le non-nucleoside analogues li thibela HIV hore e se ke ea iphetola DNA ea motho. Protease inhibitors e thibela ka ho khetheha li-enzyme tse sebetsanang le liprotheine liseleng tse tšoaelitsoeng hore li se ke tsa boela tsa hlahisa vaerase e ’ngoe ’me ka tsela eo, HIV ea eketseha. Fusion inhibitors e thibela HIV hore e se ke ea kena liseleng. Ka ho thibela ho ikatisa ha HIV, li-ARV li ka liehisa HIV hore e fetohe AIDS, e leng boemo boo ho thoeng bo se bo le bobe haholo ba HIV.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Phekolo ea meriana e thibelang ho ikatisa ha vaerase ea HIV ha e fuoe motho e mong le e mong ea nang le tšoaetso. Ba nang le HIV kapa ba nang le pelaelo ea hore ba na le eona ba lokela ho bona ngaka pele ba ka qala ho sebelisa lenaneo la phekolo leha e le efe ea meriana. Tsoha! ha e buelle mokhoa leha e le ofe ka ho khetheha.

[Setšoantšo]

KENYA—Ngaka e ruta mokuli oa AIDS ka phekolo ea ARV

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Sven Torfinn/Panos Pictures

[Setšoantšo]

KENYA—Mokuli oa AIDS o fumana meriana ea ARV sepetlele

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Sven Torfinn/Panos Pictures

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Basali le AIDS

Hona joale basali ba etsa karolo ea 50 lekholong ea batho ba baholo ba nang le HIV/AIDS

Ka 1982 ha ho ne ho fumanoa hore basali ba na le AIDS, ho ile ha nahanoa hore ba tlameha ba fumane tšoaetso naleteng ha ba ikenta ka lithethefatsi. Empa ka potlako ho ile ha hlokomeloa hore basali ba ka fumana tšoaetso mokhoeng o tloaelehileng oa ho kopanela liphate le hore ka ho khetheha ba kotsing e khōlō ea ho fumana tšoaetso ea HIV. Lefatšeng ka bophara, hona joale basali ba etsa karolo ea 50 lekholong ea batho ba baholo ba nang le HIV/AIDS. UNAIDS ea tlaleha: “Seoa sena se ama haholo basali le banana ba lilemong tsa bocha ba hlaselehang habonolo ka lebaka la maemo a bona bophelong, a setso, a kaheho ea ’mele le a moruo, le ba okang ba kulang le ba makhatheng a lefu.”

Ke hobane’ng ha batho ba sebetsanang le bakuli ba AIDS ba amehile haholo ka ho ata ha lefu lee basaling? Hangata basali ba nang le tšoaetso ea HIV ba khetholloa ho feta banna ba nang le tšoaetso, haholo-holo linaheng tse hōlang moruong. Haeba mosali e le moimana, bophelo ba lesea la hae bo kotsing; haeba a se a ntse a e-na le bana, e ba phephetso ho ba hlokomela, haholo-holo haeba a se na molekane. Ho feta moo, ha ho bapisoa, ha ho tsejoe hakaalo ka matšoao a ikhethang basaling ba nang le tšoaetso ea HIV le ka tlhokomelo ea bona merianeng.

Lintho tse ling tse amanang le tloaelo li ka etsa hore boemo bo be kotsi ka ho khetheha ho basali. Linaheng tse ngata, basali ha baa lokela ho bua ka ho kopanela liphate, ’me ba ipeha kotsing ea ho hlekefetsoa haeba ba hana ho kopanela liphate. Hangata banna ba na le batho ba bangata bao ba kopanelang liphate le bona ’me ba ba tšoaetsa HIV ba sa tsebe. Banna ba bang ba Maafrika ba kopanela liphate le banana e le ho qoba HIV kapa ka tumelo e fosahetseng ea hore ho kopanela liphate le baroetsana ho ka phekola AIDS. Hase feela WHO e reng: “Hore basali ba sireletsoe, ho lokela ho lebisoe tlhokomelo ho banna (hammoho le basali.)”

[Setšoantšo]

PERU—’Mè ea nang le tšoaetso ea HIV le morali oa hae ea se nang tšoaetso

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Annie Bungeroth/Panos Pictures

[Setšoantšo]

THAILAND—E le karolo ea lithuto, liithuti li etela mokuli oa AIDS

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Ian Teh/Panos Pictures

[Setšoantšo]

KENYA—Seboka le litho tsa mokhatlo oa Basali ba Nang le AIDS

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Sven Torfinn/Panos Pictures

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

Mashano a Buuoang ka AIDS

◼ Batho ba nang le tšoaetso ea HIV ba bonahala ba kula. Dr. Gerald J. Stine o re: “Ka karolelano, ho nka motho ea nang le tšoaetso ea HIV lilemo tse 10 ho ea ho tse 12 pele e ka fetoha AIDS. Nakong ena, motho ea nang le tšoaetso ea HIV a ka ba le matšoao a fokolang a bonahalang, haeba a ka ba teng, empa ba khona ho tšoaetsa batho ba bang.”

◼ AIDS ke lefu la bosodoma. Lilemong tse qalang tsa bo-1980, pele AIDS e ile ea hlalosoa e le lefu la bosodoma. Leha ho le joalo, kajeno ho kopanela liphate ha monna le mosali ke oona mocha o ka sehloohong oo HIV e tšoaetsanoang ka oona likarolong tse ngata tsa lefatše.

◼ Ho nyanya setho sa botona kapa sa botšehali ke “ho kopanela liphate ho sireletsehileng.” Ho latela Litsi Tsa Taolo le Thibelo ea Mafu, “lipatlisiso tse ngata li bontšitse hore ho nyanya setho sa botona kapa sa botšehali ho ka fetisa tšoaetso ea HIV le mafu a mang a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate.” Kotsi ea ho tšoaetsoa HIV ka ho nyanya setho sa botona kapa sa botšehali ha e khōlō joaloka mefuteng e meng ea ho kopanela liphate. Leha ho le joalo, mokhoa ona o se o atile hoo lingaka tse ling li lebeletseng hore qetellong e tla ba oona mocha o ka sehloohong oa ho tšoaetsana HIV.

◼ AIDS e na le pheko. Le hoja phekolo ea li-ARV e ka khona ho liehisa HIV hore e be AIDS bakuling ba bang, hajoale ha ho na ente kapa pheko ea eona.

[Setšoantšo]

CZECH REPUBLIC—Ho hlahloba mali ho bona hore na motho o na le AIDS, eo hona joale e ka noelloang meriana empa e se na pheko

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Liba Taylor/Panos Pictures

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

ZAMBIA—Banana ba babeli ba nang le tšoaetso ea HIV ba emetse meriana ea bona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Pep Bonet/Panos Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela