Pheko ea AIDS—E Hlokoa ka Potlako!
Ka Har’a Toropo ea Lilongwe, Malawi, Grace o rekisa lieta tsa boemo bo phahameng. O bonahala a thabile a bile a phela hantle. Leha ho le joalo, pososelo ea hae ea motho ea thabileng e pata pale ea hae e bohloko.
Ka 1993, Grace le monna oa hae ba ne ba tletse thabo e khōlō ha morali oa bona, Tiyanjane, a hlaha. Qalong Tiyanjane o ne a bonahala a ipheletse hantle. Empa ka potlako o ile a khaotsa ho nonopela ’me a tšoaetsoa ke ntho ena le eane. Ha a le lilemo li tharo, Tiyanjane o ile a bolaoa ke AIDS (acquired immunodeficiency syndrome [ho tšoara ke lefu le theolang matla a ’mele a ho itšireletsa mafung]).
Lilemo tse ’maloa hamorao, monna oa Grace le eena o ile a kula. Ka letsatsi le leng o ile a ilibana ’me a isoa sepetlele. Ho ne ho se seo lingaka li ka se etsang ho mo pholosa. Monna oa Grace, eo e neng e se e le lilemo tse robeli ba nyalane, o ile a bolaoa ke maloetse a amanang le AIDS.
Hona joale Grace o lula a le mong kamoreng e le ’ngoe motse-toropong oa Lilongwe. Motho a ka lebella hore Grace ea lilemo li 30, a ka qala ho haha bophelo ba hae bocha. Leha ho le joalo, oa hlalosa: “Ke na le HIV, kahoo nke ke ka nyaloa kapa hona ho ba le bana ba bang.”a
KA MASOABI, liphihlelo tse tšoanang le ena li tloaelehile Malawi, moo ho hakanngoang hore karolo ea 15 lekholong ea baahi e na le tšoaetso ea HIV. Sepetleleng se seng sa mahaeng, ho latela koranta ea Globe and Mail, “ho amohetsoe bakuli ba fetang lenane le amohelehang ka karolo ea 50 lekholong, ’me sona sepetlele seo se lahlehetsoe ke basebetsi ba etsang karolo ea 50 lekholong” ka lebaka la AIDS. Ho ata ha tšoaetso ea HIV ho namme le ho feta linaheng tse ling tsa Afrika e ka boroa ho Sahara. Ka 2002, Lenaneo le Kopanetsoeng la Machaba a Kopaneng la HIV/AIDS (UNAIDS) le ile la tlaleha: “Hona joale nako e lebeletsoeng hore motho a e phele Afrika e ka boroa ho Sahara ke lilemo tse 47. Hoja e se ka AIDS, e ka be e le lilemo tse 62.”
Leha ho le joalo, seoa sa HIV/AIDS ke koluoa e fetelang ka nģ’ane ho k’honthinente ea Afrika. UNAIDS e hakanyetsa hore India, batho ba baholo ba ka etsang limilione tse ’nè ba na le tšoaetso ea HIV, ebile ea phaella: “Ha ho shejoa bongata ba batho ba nang le tšoaetso, HIV e tla ba sona sesosa se ka sehloohong sa ho shoa ha batho ba baholo lilemong tsena tse leshome.” Seoa sena se hōla ka lebelo le tšabehang Linaheng Tse Ipusang Tsa Selekane, e leng linaha tse ikopantseng tsa lirephabliki tse ngata tsa seo pele e neng e le Soviet Union. Tlaleho e ’ngoe e re Uzbekistan, “ka 2002 ho tlalehiloe batho ba bangata ba nang le tšoaetso ea HIV ho feta leha e le neng pele lilemong tse leshome tse fetileng.” Tšoaetso ea HIV United States e tsoela pele ho ba sesosa se ka sehloohong sa Maamerika a shoang a le pakeng tsa lilemo tse 25 le tse 44.
Tsoha! e ile ea hatisa ka lekhetlo la pele letoto la lihlooho tse buang ka AIDS ka 1986. Selemong seo, Dr. H. Mahler, eo ka nako eo e neng e le Mookameli oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, o ile a lemosa hore e ka ’na eaba batho ba ka bang limilione tse leshome ba ne ba se ba ntse ba e-na le tšoaetso ea HIV. Hoo e ka bang lilemo tse mashome a mabeli hamorao, palo ea batho ba nang le tšoaetso ea HIV lefatšeng ka bophara e phahametse limilioneng tse hakanyetsoang ho tse 42, e eketseha ka lebelo le imenneng ha leshome ha e bapisoa le lebelo leo baahi ba eketsehang ka lona! Litsebi li re bokamoso bo bonahala bo tšosa. UNAIDS e tlaleha hore “linaheng tse 45 tse nang le batho ba bangata ka ho fetisisa ba nang le tšoaetso, ho hakanngoa hore pakeng tsa 2000 le 2020, ho tla shoa batho ba limilione li 68 pele ho nako ka lebaka la AIDS.”
Ka lebaka la lebelo le tšosang leo tšoaetso ena e atang ka lona, ha ho mohla pheko ea AIDS e kileng ea hlokahala ka potlako joaloka hona joale. Ka hona, bafuputsi ba tsa bongaka ba sebelitse ka thata ho loantša HIV. Ho entsoe tsoelo-pele efe ho loantša seoa see se bolaeang? Na hoa utloahala ho ba le tšepo ea hore AIDS e tla fela?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a HIV, kapa human immunodeficiency virus (vaerase e hlaselang matla a ’mele a ho itšireletsa mafung), e utloisisoa e le vaerase e bakang AIDS.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Lefatšeng ka bophara, batho ba hakanyetsoang ho limilione tse 42 ba na le HIV/AIDS; ba limilione tse 2,5 ke bana
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
INDIA—Baithaopi ba tsa bophelo bo botle ba ’mele ba rutoa ka AIDS
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Peter Barker/Panos Pictures
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
BRAZIL—Mosebeletsi oa sechaba o tšelisa mosali ea tšoeroeng ke AIDS
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Sean Sprague/Panos Pictures
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
THAILAND—Moithaopi o hlokomela ngoana ea hlahileng a e-na le HIV
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Ian Teh/Panos Pictures