Lekhotla la Europe le Tšehetsa Litokelo Tsa ’Mè
Ka mongoli oa Tsoha! Fora
KA LA 16 December, 2003, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho, le Strasbourg, Fora, le ile la fumana makhotla a Fora a le molato oa ho khetholla Séraphine Palau-Martínez ka lebaka la bolumeli, kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova.
Ka 1996, Séraphine o ile a fumana tumello ea lekhotla ea ho hlala monna oa hae, ea neng a ile a mo tlohela ka lilemo tse peli pele ho moo. O ile a fuoa tokelo ea molao ea ho nka bana ba bona ba babeli. Empa ka 1997, nakong eo bana ba neng ba se ba lutse le ’mè oa bona lilemo tse ka bang tharo le halofo, ntate oa bona o ile a hana ho ba khutlisa ka mor’a hore ba mo chakele. Séraphine oa pheta: “Ha ke ea sekolong ho ea ba lata, hlooho ea sekolo e ile ea bitsa mapolesa. Ke ne ke tlameha ho bona bana ba ka ke lebetsoe ke mapolesa ho etsa bonnete ba hore ha ke bue le bona ka tumelo ea ka. E ne eka ke motlōli oa molao. Ke ile ka bolelloa hore nka nka bana feela haeba nka tekena polelo e tiisang hore nke ke ka bua le bona ka Molimo kapa ka Bibele kapa ka ea le bona libokeng tsa Bokreste.”
Séraphine o ile a ea makhotleng. Leha ho le joalo, ka 1998, Lekhotla la Maipiletso la Nîmes le ile la fa ntate tokelo ea molao ea ho nka bana. Le ile la emela qeto eo ea lona ka ho nyatsa ka matla le ka ho pharaletseng melao-motheo ea thuto eo le lumelang hore Lipaki Tsa Jehova li e ruta bana ba tsona. Séraphine oa hopola: “Ho ne ho nkutloisa bohloko haholo ho qosoa ka hore ke lematsa bana ba ka, ha ’na seo ke neng ke leka ho se etsa e ne e le ho ba fa seo ke lumelang hore se molemong oa bona—ho ba hōlisetsa Bokresteng.”
Ha lekhotla le ka holimo-limo la maipiletso la Fora, le bitsoang Cour de Cassation, le lumellana le la maipiletso, Séraphine o ile a etsa qeto ea ho isa taba ea hae Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho. Ka qeto ea baahloli ba tšeletseng khahlanong le a le mong, lekhotla le ile la ahlola ho re “ha ho pelaelo mahlong a Lekhotla hore lekhotla la maipiletso la [Fora] le bile leeme ha le sebetsana le taba ea batsoali bana le itšetlehile ka bolumeli ba ea entseng boipiletso. . . . Leeme le joalo le bontša khethollo.” Le ile la bontša hore qeto ea lekhotla la Fora e ne e sa itšetleha matleng a Séraphine a ho hlokomela bana ba hae—e leng ntho e sa kang ea ba fa khoao le hanyenyane—kapa bopaking bo tšoarehang, empa e ne e entsoe “maikutlong a tloaelehileng a teng ka Lipaki Tsa Jehova.” Ka lebaka la ho khetholla bolumeli hona le ho hatakela litokelo tsa Séraphine, Lekhotla le ile la laela Fora hore e fane ka matšeliso le ho lefa litšenyehelo tsa nyeoe.
Qeto ena e tumellanong le kahlolo e ileng ea lihuoa ke Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho ka June 1993, nyeoeng e tšoanang le eo moo Lekhotla le ileng la etsa qeto ea hore Austria e ne e khetholotse Ingrid Hoffmann, e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ka lebaka la bolumeli ba hae.a La Semaine juridique, tlaleho ea tsa molao Fora, e re: “Tumellanong le qeto e ileng ea etsoa ka Hoffmann, qeto ena e tiisa hore qeto ea hore na motsoali o na le matla a makae a ho hōlisa bana e ke ke ea thehoa feela tabeng ea bolumeli.” Leqoetha la Séraphine le itse: “Qeto ena ke ea bohlokoa haholo, feela joalokaha qeto e tiisitsoeng ke Lekhotla e sa fetohe mabapi le ho tiisa hore batsoali ba Lipaki Tsa Jehova ba na le tokelo ea ho ahloleloa ntle ho leeme.”
Ha Séraphine eo hona joale a lulang Spain, a botsoa hore na o ikutloa joang ka qeto ena, o itse: “Ke thabile haholo, hape ke imolohile. Taba ea hore ke ile ka tsekisoa bana ba ka ka lebaka la bolumeli ba ka le hore ha kea ka ka ba bona lilemo tse hlano kaofela e ne e le sehlōhō se tšabehang, empa kamehla Jehova o ’nile a ntšehetsa. Ke tšepa hore qeto ena e tla thusa ba bang ba boemong bo tšoanang le ba ka.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tsoha! ea October 8, 1993, leqepheng la 15, “Lipaki tsa Jehova Lia Sireletsoa Ntoeng ea Tokelo ea Molao ea ho Nka Ngoana.”
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Séraphine