Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 12/8 maq. 24-28
  • Metsoalle e Metle—Metsoalle e Mebe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metsoalle e Metle—Metsoalle e Mebe
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlokahala Litekanyetso Tse Phahameng Tsa Boitšoaro
  • Ho Hlahloba Bao e ka Bang Metsoalle
  • Lintho Tsa Bohlokoa Tseo re Lokelang ho Tšoana ka Tsona
  • Melemo e Tlisoang ke ho se Tšoane ha Lilemo
  • Ho Ntlafatsa Setsoalle sa Hao
  • U ka ba le Metsoalle ea ’Nete
  • Ho Ikhotsofatsa Tabeng ea ho Batla Botsoalle
    Tsoha!—2004
  • Khetha Metsoalle Hantle
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Nka Etsa’ng Hore ke be le Metsoalle e Molemo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Na ke Hloka Metsoalle e Molemo?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 12/8 maq. 24-28

Metsoalle e Metle—Metsoalle e Mebe

MOSALI e mong e mocha eo re tla re ke Sarah o ile a tšolla pelo ea hae a tsielehile. Monna eo a neng a nahana hore ke motsoalle ho ile ha fumaneha hore ke ’molai. O ile a botsa: ‘Haeba motho eo ke mo tšepang a ka etsa ntho e joalo, nka tšepa motho e mong joang?’ Motho ea mo mametseng o ile a botsa Sarah hore na o ne a tseba hore monna eo o na le litekanyetso life tsa boitšoaro. O ile a arabela, “U bolela’ng?” Sarah o ne a sa tsebe le ho tseba hore na ho boleloa eng ka “litekanyetso tsa boitšoaro.” Uena? Na ua tseba hore na litekanyetso tsa boitšoaro tsa metsoalle ea hao ke life?

Karabo ea potso eo ha e le hantle e ka bolela lefu kapa bophelo, joalokaha phihlelo ea Sarah e bontša. Maele a mang a Bibele a e beha tjena: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Leha ho le joalo, joaloka Sarah, batho ba bangata ba khetha metsoalle motheong feela oa hore na “mali a bona aa tsamaisana” kapa che—hore na ba ikutloa joang ha ba le har’a bona. Ka tlhaho re rata ho ba le batho ba etsang hore re ikutloe re thabile. Empa haeba leo ke lona lebaka la ho khetha ha rōna metsoalle, ho sa nahaneloe botho ba eona ho hang, re ka ’na ra soetseha haholo. U ka tseba joang hore motho o na le litekanyetso tse ntle tsa boitšoaro?

Ho Hlokahala Litekanyetso Tse Phahameng Tsa Boitšoaro

Ntlha ea pele, re tlameha ho ba le litekanyetso tsa rōna tse ntle tsa boitšoaro. Ho hlokahala hore re tsebe hore se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe, se setle le se sebe, ebe re tšoarella ka tieo litekanyetsong tse phahameng tsa boitšoaro ka linako tsohle. Maele a mang a Bibele a re: “Tšepe e leotsoa ka tšepe. Ka ho tšoanang motho e mong o leotsa sefahleho sa e mong.” (Liproverbia 27:17) Ha batho ba babeli ba nang le mekhoa e metle ea boitšoaro ba theha setšoalle, ba ka thusana ho ntlafatsa botho ba bona, le maqhama a setsoalle sa bona a ka tiea le ho feta.

Pacôme oa Fora, o re, “Ho ’na, motsoalle oa ’nete ke ea ’mamelang le ea mpuisang ka mosa empa hape a khona ho nkhalemela ha ke etsa ntho e ’ngoe e booatla.” E, metsoalle ea rōna ea hlooho ea khomo—ebang e menyenyane kapa e hōlile—ke e re thusang ho lula re tsamaea ka tsela e nepahetseng le e re khalemelang ha re le mothating oa ho etsa lintho tse sa bontšeng bohlale. Bibele e re: “Maoma a etsoang ke motsoalle a tšepeha.” (Liproverbia 27:6, Bibele ea Sesotho) E le ho imatlafatsa moeeng le boitšoarong, ho hlokahala re kopanele le ba bang ba ratang Molimo le litekanyetso tsa hae. Céline, oa Fora, oa hopola, “Ha ho ne ho se ea nang le litekanyetso le litumelo tsa Bokreste tse tšoanang le tsa ka sekolong seo ke se kenang, ke ile ka ithuta bohlokoa ba ho ba le metsoalle ea sebele phuthehong ea Bokreste. E nthusitse haholo ho ba le botsitso.”

Ho Hlahloba Bao e ka Bang Metsoalle

Haeba u thahasella ho etsa setsoalle le motho eo u kopaneng le eena, u ka ’na ua ipotsa, ‘Metsoalle ea hae ke bo-mang?’ Mofuta oa metsoalle e haufi-ufi eo motho a nang le eona e bolela ho hoholo ka motho eo ka boeena. Hape, batho ba hōlileng le ba hlomphehang motseng oo ba na le maikutlo afe ka eena? Ho phaella moo, ke bohlale ho se nahanele feela bao e ka bang metsoalle hore na ba re tšoara joang empa hape le hore na ba tšoara ba bang joang, haholo-holo ho bao ho seng seo ba ka se ruang ho bona. Ntle leha motho a bonahatsa litšoaneleho tse ntle—tse kang botšepehi, mamello le ho nahanela—ka linako tsohle le hona e le ho batho bohle, ho na le bonnete bofe ba hore kamehla o tla u tšoara hantle?

Ho tseba botho ba motho ba sebele ho hloka mamello le bohlale hammoho le nako ea ho mo bona bophelong ba hae ba letsatsi le letsatsi. Bibele e re: “Morero ka pelong ea motho o joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho o tla o kha.” (Liproverbia 20:5) Ho hlokahala re bue le bao e ka bang metsoalle ka litaba tse tebileng—tse senolang botho ba bona ba sebele, sepheo sa bona esita le tsona litekanyetso. Ke batho ba mofuta ofe? Na ba mosa kapa ba hloka botsoalle? Ha e le hantle na ke batho ba nang le pono e nepahetseng le ba khothetseng kapa ba nang le pono e fosahetseng le ba se nang tšepo? Ba se nang boithati kapa baithati? Ba ka tšeptjoang kapa ba sa tšepahaleng? Haeba motho e mong a bua ka ba bang ho uena ka ho ba nyatsa-nyatsa, ke eng e tla mo thibela ho u bua hampe ha u le sieo? Jesu o ile a re: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Matheu 12:34) Re lokela ho nahanela seo batho ba se buang kaha se senola seo ba leng sona.

Lintho Tsa Bohlokoa Tseo re Lokelang ho Tšoana ka Tsona

Ba bang ba nahana hore metsoalle ea bona e lokela ho ba le lintho tseo ba li ratang hantle joaloka bona. Moshanyana e mong e monyenyane o ile a bolela ka tieo hore “le ka mohla nke ke ka ba motsoalle le motho ea sa rateng cheesecake.” Ke ’nete hore ho hlokahala metsoalle e be le lintho tseo e tšoanang ka tsona hore e tle e khone ho utloisisana, ’me ho molemo ha e e-na le litekanyetso tse tšoanang tsa boitšoaro le tsa moea. Empa ha ho hlokahale hore e be le botho bo tšoanang hantle le semelo se tšoanang. Ha e le hantle, ho se tšoane phihlelong ea bophelo ho ka etsa hore setsoalle se tiee le ho ba le melemo e itseng.

Mehlala e ’meli ea nako e telele ea setsoalle ka Bibeleng—sa Jonathane le Davida le sa Ruthe le Naomi—se ne se thehiloe boinehelong ba bona ka bobeli ho Molimo le litekanyetsong tsa hae.a Habohlokoa le ho feta, maemong ao ka bobeli phapang e khōlō ea lilemo le khōliso ea bona e ne e sa bolele letho setsoalleng sa bona. Kahoo e re ruta ho hong ka setsoalle: Ba banyenyane le ba baholo ba na le seo ba ka fananang ka sona joaloka metsoalle.

Melemo e Tlisoang ke ho se Tšoane ha Lilemo

Ho ba le metsoalle e meholoanyane kapa e menyenyane ho rōna e ka ba ho matlafatsang mahlakoreng ka bobeli. Nahana ka lipolelo tse latelang tse tsoang ho batho ba bacha motheong oa liphihlelo tsa bona.

Manuela (Italy): “Nakoana e fetileng ke bile motsoalle oa banyalani ba bang ba hōlileng. Ke ile ka ba phutholohela, ’me se nthabisang ke hore le bona ba ile ba mphutholohela. Ha baa ka ba nkhella fatše hobane feela ke ne ke le monyenyane. Sena se ile sa ntšusumelletsa hore ke be haufi-ufi le bona. Setsoalle sa bona se molemo haholo ha ke e-ba le mathata. Ke fumana hore ha ke buisana le lithaka tsa ka ka mathata a ka, ka linako tse ling metsoalle ea ka ea banana e mpha keletso eo e sa e nahanang hantle. Empa metsoalle ea ka e hōlileng e na le phihlelo, temoho le botsitso bo itseng boo rōna bacha re e-song ho be le bona. Ka thuso ea bona ke khona ho etsa liqeto tse molemo.”

Zuleica (Italy): “Meketjaneng ha re akarelletse bacha feela empa le ba baholo ho rōna. Ka bonna ke hlokometse hore ha ba baholo le ba banyenyane ba bokana hammoho, kaofela re ikutloa re hlile re khothalitsoe qetellong ea mantsiboea ao. Rea thaba hobane e mong le e mong o bona lintho ka tsela e sa tšoaneng.”

Ba baholo, le lōna le ka thahasella bacha. Joalokaha ho bontšitsoe ke litlhaloso tse ka holimo, bacha ba bangata ba ananela botebo ba phihlelo ea lōna haholo ’me ba thabela ho ba le lōna. Amelia, mohlolohali ea lilemong tsa bo-80, o re: “Ke ’na ea qalang ka ho iteanya le bacha. Matla a bona le sehlahlo sa bona lia ntlhasimolla moeeng!” Liphello tse ntle tsa ho khothatsana ho joalo e ka ba tsa nako e telele. Batho ba bangata ba bacha ba kenang lilemong tsa ho ba batho ba baholo ba thabileng ba lebisa tlōtlo ea ho atleha ha bona metsoalleng ea ha ba sa le bacha eo e neng e le meholoanyane ho bona le bao e neng e le mehlala e babatsehang le e neng e ba fa keletso e ntle.

Ho Ntlafatsa Setsoalle sa Hao

Hore u be le metsoalle e metle, ha ho hlokahale hore u be le metsoalle e mecha. Haeba u se u ntse u e-na le metsoalle ea bohlokoa, ke hobane’ng ha u sa etse bonnete ba hore u matlafatsa setsoalle sa hao le bona? Metsoalle ea khale ka ho khetheha ke letlotlo la bohlokoa, ’me re lokela ho e tšoara joalo. Le ka mohla u se ke ua khella botšepehi ba bona tlaase.

Ka holim’a tsohle, hopola hore thabo ea ’nete—le setsoalle sa ’nete—e tsoaloa ke ha u fana ka bouena, nako ea hao le matlotlo a hao. Meputso ea hona e feta hōle boiteko le boitelo tse amehang. Leha ho le joalo, haeba u inahana bouena ha u khetha metsoalle, u ke ke ua atleha le ka mohla. Kahoo ha u nahana ka bao e ka ’nang ea e-ba metsoalle ea hao, u se ke ua sheba feela ba u khahlang kapa bao u ka fumanang ho hong ho bona. Thahasella bao ba bang ba ka ’nang ba ba hlokomoloha kapa ba ka ’nang ba e-ba le bothata ba ho etsa metsoalle ka bobona. Gaëlle oa Fora, o re: “Ha re hlophisa sehlopha hore se etse ho hong ho itseng ’me re tseba ka bacha ba bang ba hlorileng, le bona rea ba mema. Re re: ‘Ha u batle ho sala hae u le mong too! U ka tsamaea le rōna. A re tsebaneng.’”—Luka 14:12-14.

Ka lehlakoreng le leng, ha batho ba molemo ba u atolosetsa botsoalle, u se ke ua potlakela ho hana. Elisa, Italy, o re: “Mohlomong u ka ’na ua batla u tlala bohale ha u e-na le maikutlo a hore u ile ua siuoa nakong e fetileng. U ka ba ua ’na ua tleloa ke monahano ona, ‘Ha e le hantle, setsoalle ha e hlile ha se ntho ea bohlokoa hakaalo ho ’na.’ Kahoo u se u e-ba ea sa keneheng, u itšehla thajana ’me u inahana bouena feela. Ho e-na le ho batla metsoalle, u haha lerako.” Ho e-na le ho lumella tšabo e se nang motheo kapa thahasello ea boithati e u etse hore u qobe ho etsa metsoalle, phutholohela ba bang. Re na le lebaka la ho leboha haholo ha batho ba re tsotella, ba batla ho ba metsoalle ea rōna.

U ka ba le Metsoalle ea ’Nete

Ho hlokahala ho fetang ho lakatsa, ho leta le ho bala lihlooho tse kang tsena, ho ba le metsoalle ea ’nete. Ho ithuta ho etsa metsoalle ho tšoana le ho ithuta ho palama baesekele. Ha ho na eo u ka ithutang eona ka ho bala libuka feela. Ho tla hlokahala hore re ikoetlise, esita leha ho ka bolela ho oa ka makhetlo a ’maloa. Bibele e bontša hore kamano e tiileng ka ho fetisisa ke e thehiloeng ka ho tiea setsoalleng sa rōna le Molimo. Empa Molimo a ke ke a hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho etsa metsoalle haeba re sa etse boiteko bo joalo. Na u ikemiselitse ho ba le metsoalle ea sebele? Se ke ua tela! Rapella thuso ea Molimo, bontša thahasello e se nang boithati, ’me u be motsoalle.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a U ka bala ka setsoalle sena bukeng ea Bibele ea Ruthe, Samuele oa Pele le Samuele oa Bobeli.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]

Tlhokomeliso ho Batsoali

Joaloka lintho tse ling tse ngata tseo batho ba ithutang tsona, ho ithuta ka setsoalle ho qala ka lapeng. Bophelo ba lelapa ke sebaka se phethahetseng bakeng sa ho khotsofatsa tlhoko ea ngoana ea ho batla ho ba le botsoalle. Esita le tlas’a maemo a joalo, monahano oa ngoana, maikutlo a hae le boitšoaro li angoa haholo ke ho kopana le ba bang. Ka mohlala, nahana kamoo bana ba bangata ba batho ba tsoang linaheng tse ling ba ithutang ho bua puo e ncha kapele kateng ka hore feela ba kopane le bana ba bang.

Joaloka batsoali, le na le tokelo ea ho thusa bana ba lōna ho khetha metsoalle ka bohlale. Bana ba banyenyane le bacha ha ba e-s’o be boemong bo loketseng ba hore ba ka etsa khetho e joalo ntle ho tataiso ea batsoali. Leha ho le joalo, ho na le bothata. Bacha ba bangata ba ikutloa ba le haufi-ufi le lithaka tsa bona ho feta batsoali ba bona kapa batho leha e le bafe ba baholo.

Litsebi tse ling li lumela hore ntlha e ’ngoe e etsang hore bacha ba se ke ba ea ho batsoali ba bona ke hore batsoali ba bangata baa ikhalala. Batsoali ba lokela ho jara boikarabelo ba bona boo ba bo filoeng ke Molimo ba ho thahasella le ho lula ba ameha ka bana ba bona. (Baefese 6:1-4) Empa joang? Ngaka ea lelapa eo e leng setsebi sa kelello Ron Taffel o kopana le batsoali ba bangata ba sa tsebeng hore na ba sebetsana le bana ba bona ba lilemong tsa bocha joang. O re ba bangata ba “inehela letotong la liphatlalatso tse mabapi le ho hōlisa bana” ho e-na le hore e hle e be batsoali ba bana ba bona. Ke hobane’ng ha ba retelehela liphatlalatsong tsee? “Ha ba tsebe bana ba bona ka ho lekaneng hore ba ka sebelisana le bona hantle.”

Ha hoa lokela hore ho be joalo. Batsoali ba tlameha ho utloisisa hore bana ba tla sheba metsoalle ea bona haeba ba sa fumane seo ba se hlokang lapeng. Ba hloka eng? Taffel o re: “Ba hloka se ’nileng sa hlokoa ke bacha: ho ōtloa, kananelo, tšireletseho, melao e hlakileng le ho hlalosetsoa se lebeletsoeng, ho ikutloa hore baa hlokoa lapeng. Bothata ba mehla ea rōna ke hore batho ba baholo ha ba khotsofatse bacha ba bangata ka litlhoko tsa motheo ’me ba ikutloa eka ha ba lapeng le hoja ba le mahabo bona.”

U ka thusa bana ba hao joang mabapi le ho etsa setsoalle? Bohato ba pele ke ho nahanela tsela ea hao ea bophelo le botsoalle. Na lipakane le tsela eo uena le metsoalle ea hao le phelang ka eona li bontša mekhoa e metle le ho hloka boithati? Na ke tsa moea eseng tsa lintho tse bonahalang? Douglas, moholo oa Mokreste ebile e le ntate, o re, “Liketso li bua ho feta lipuo, ’me bana ba hao joang kapa joang ba tla lemoha boikutlo le liketso tseo ba li bonang ho uena, metsoalle ea hao le bana ba metsoalle ea hao.”

Esita le liphoofolo tse ngata, ka tlhaho feela li sireletsa malinyane a tsona liphoofolong tse kotsi, me hangata e le ka ho loana e mahlo-mafubelu. Setsebi sa libere sea tlaleha: “Libere tse tšehali li tsebahala ka ho sireletsa malinyane a tsona nthong efe kapa efe eo li e nkang e ka ba kotsi ho ’ona.” Na batho ba ka fetoa ke liphoofolo? Ruben oa Italy, o re: “Batsoali ba ka ba ile ba behelana mabaka le ’na ka Mangolo. Ba ile ba nthusa hore ke utloisise hore ho ne ho le molemo ho qoba mefuta e itseng ea metsoalle. Ntho ea pele eo ke ileng ka e bua ke hore: ‘Ak’u bone joale! Ho bolela hore ho hang nke ke ka ba le metsoalle!’ Empa ha nako e ntse e feta ho ile ha bonahala ba nepile, ’me ka lebaka la mamello ea bona, ke ile ka sireletsoa.”

Hape, kopanya bana ba hao le batho bao e leng mehlala e metle le ba tla ba thusa hore ba ipehele lipakane tse ntle. Mohlankana e mong ea atlehileng le ea thabileng ea bitsoang Francis oa hopola: “’Mè o ile a hlokomela hore rōna bana re ne re iketsetsa lintho re le bang, kahoo o ile a re thusa ka ho mema metsoalle e neng e le mafolofolo tšebeletsong ea Bokreste ea nako e tletseng. Ka tsela eo re ile ra tseba le ho ba etsa metsoalle, hona ka lapeng heso.” Ka boiteko bo joalo boo u bo etsang, bophelo ba bana ba hao lapeng bo ka fetoha sebaka se manoni seo ho sona ho ka melang setsoalle se setle ’me sa hōla.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Hlokomela hore na bao e ka ’nang ea e-ba metsoalle ea hao ba itšoara joang

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Setsoalle se se nang boithati sea atleha ho sa tsotellehe phapang ea lilemo le semelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela