Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/09 maq. 18-20
  • Na ke Hloka Metsoalle e Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Hloka Metsoalle e Molemo?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Amehang Botsoalleng #1​—Litšobotsi Tse Ntle
  • Se Amehang Botsoalleng #2​—Melao-motheo e Hlomphehang
  • Se Amehang Botsoalleng #3​—Tšusumetso e Ntle
  • Nka Etsa’ng Hore ke be le Metsoalle e Molemo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Metsoalle ea ka ea Sebele ke Bo-mang?
    Tsoha!—2011
  • Metsoalle e Metle—Metsoalle e Mebe
    Tsoha!—2004
  • Khetha Metsoalle Hantle
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 3/09 maq. 18-20

Bacha Baa Botsa

Na ke Hloka Metsoalle e Molemo?

“Ha ke koatile, ke hloka motho eo nka ntšetsang maikutlo ho eena. Ha ke hloname, ke batla motho ea tla mpolella hore lintho li tla loka. Ha ke thabile, ke batla motho ea tla thaba le ’na. Ke nka hore ho ba le metsoalle ke habohlokoa.”—Brittany.

HO ’NILE ha thoe bana ba banyenyane ba hloka bao ba ka bapalang le bona, athe bacha bona ba hloka metsoalle. Phapang e kae hona moo?

Motho eo u bapalang le eena ke ea u tlosang bolutu feela.

Motsoalle ke motho eo le talimang lintho ka ho tšoana.

Ho feta moo, Bibele e re “motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Mohlomong mantsoe ao a hlalosa botsoalle bo tebileng ho feta bo fumanoang papaling!

Ntlha: Ha u ntse u hōla, u hloka metsoalle

(1) E nang le litšobotsi tse ntle.

(2) E phelang ka melao-motheo e hlomphehang.

(3) E nang le tšusumetso e ntle ho uena.

Potso: U ka tseba joang haeba metsoalle ea hao e tšoaneleha lintlheng tseo? A re hlahlobeng lintlha tsena ka bonngoe.

Se Amehang Botsoalleng #1​—Litšobotsi Tse Ntle

Seo u lokelang ho se tseba. Hase motho e mong le e mong ea ipitsang motsoalle eo e leng motsoalle oa sebele. Bibele e bile e re “ho na le metsoalle e ratang ho tsekollana.” (Liproverbia 18:24) Seo se ka ’na sa utloahala eka ke ho feteletsa taba. Empa ak’u nahane ka sena: Na u kile ua ba le “motsoalle” ea neng a ichebetse mejo feela ho uena? Na u kile ua ba le “motsoalle” ea u sebang kapa ea jalang mashano ka uena? Ho feta boemong bo joalo ho ka etsa hore u se ke ua hlōla u tšepa metsoalle.a Ha ho tluoa tabeng ea metsoalle, hopola hore habohlokoa ke ho ba le metsoalle e seng mekae e molemo ho e-na le ho ba le metsoalle e mengata e se nang thuso!

Seo u ka se etsang. Khetha metsoalle e nang le litšobotsi tse ntle tseo u ka ratang ho li etsisa.

“Batho bohle ba bua hantle ka motsoalle oa ka, Fiona. Le ’na ke batla hore batho ba mpue hantle joalo. Ke batla ho ba le botumo bo kang ba hae. Ke nka seo e le se babatsehang.”—Yvette, ea lilemo li 17.

Leka sena.

1. Bala Bagalata 5:22, 23.

2. Ipotse, ‘Na metsoalle ea ka e bonahatsa litšobotsi tseo e leng “tholoana ea moea”?’

3. Ka tlaase mona, thathamisa mabitso a metsoalle ea hao e haufi-ufi. Pel’a lebitso ka leng, ngola tšobotsi e hlalosang hantle seo a leng sona.

Lebitso Tšobotsi

․․․․․ ․․․․․

․․․․․ ․․․․․

․․․․․ ․․․․․

Tlhahiso: Haeba u hopola litšobotsi tse mpe feela ka motho eo, e ka ’na eaba ke nako ea hore u batle metsoalle e meng e molemo!

Se Amehang Botsoalleng #2​—Melao-motheo e Hlomphehang

Seo u lokelang ho se tseba. Haeba u batla metsoalle ka mahlo a matšo, ho ka ’na ha etsahala hore u qetelle u tloaelane le batho ba fosahetseng. Bibele e re: “Ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Poleloana e reng “ba hlokang kelello” ha e bolele batho ba bothoto. Ho e-na le hoo, e hlalosa ba sa lateleng melao e utloahalang ea boitšoaro, ebe ba etsa lintho tse se nang kelello—e leng metsoalle eo u sa e hlokeng!

Seo u ka se etsang. Ho e-na le hore u tloaelane le motho e mong le e mong ea u amohelang, khetha metsoalle. (Pesaleme ea 26:4) Seo ha se bolele hore u khetholle batho ba bang. Tabeng ena, ho khetha ho bolela hore u hlokolosi hoo u ‘bonang phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo, pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.’—Malakia 3:18.

Molimo ha a leeme, empa oa khetha hore na o tla amohela mang e le ‘moeti tenteng ea hae.’ (Pesaleme ea 15:1-5) Le uena u ka etsa se tšoanang. Latela litekanyetso tse lokileng, ’me ba bang ba lekang ho phela ka tsona ba ka ’na ba fetoha metsoalle ea hao. Qetellong, e tla ba metsoalle e molemo ka ho fetisisa!

“Ke leboha hore ebe batsoali ba ka ba nthusitse hore ke fumane metsoalle—eo e leng lithaka tsa ka, e hatelang pele hantle moeeng.”—Christopher, ea lilemo li 13.

Leka sena.

Araba lipotso tse latelang:

◼ Na ha ke e-na le metsoalle ea ka ke lula ke tšohile hore e ka ’na ea leka ho nqobella ho etsa seo ke tsebang hore se fosahetse?

□ E □ Che

◼ Na ke leqe ho tsebisa batsoali ba ka metsoalle ea ka hobane ke tšaba hore ba ka ’na ba se ke ba e rata?

□ E □ Che

Tlhahiso: Haeba u arabile ka e, lipotsong tse ka holimo, batla metsoalle e meng e phelang ka melao-motheo e lokileng. Ke hobane’ng ha u sa qale ka batho ba baholoanyane ho uena ba bileng ba behang mohlala o motle oa Bokreste?

Se Amehang Botsoalleng #3​—Tšusumetso e Ntle

Seo u lokelang ho se tseba. Bibele e re: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Mocha e mong ea bitsoang Lauren o re: “Metsoalle ea ka ea sekolong e ne e nkamohela hafeela ke etsa seo e reng ke se etse. Ke ne ke jeoa ke bolutu, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho e etsisa e le hore feela ke mpe ke tšoane le eona.” Lauren o hlokometse hore ha u latela mekhoa ea ba bang, u ba popoiki ea bona, ba u isa hohle moo ba ratang. U lokela ho tšoaroa hantle ho feta moo!

Seo u ka se etsang. Khaola maqhama le batho ba u qobellang hore u fetole tsela eo u phelang ka eona e le hore u phele joaloka bona. Haeba u etsa joalo, u tla ikutloa u le motlotlo ’me seo se tla u bulela monyetla oa hore u thehe maqhama le metsoalle e molemo—e tla u susumelletsa ho etsa lintho tse hahang.—Baroma 12:2.

“Motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo, Clint, ke motho ea hlaphohetsoeng kelellong, ea nang le kutloelo-bohloko, kahoo o nkhothalitse haholo.”—Jason, ea lilemo li 21.

Leka sena.

Ipotse lipotso tse latelang:

◼ Na ke fetola tsela eo ke aparang ka eona, ke buang ka eona kapa ke etsang lintho ka eona e le hore ke khahlise metsoalle?

□ E □ Che

◼ Na ke iphumana ke ea libakeng tseo ho etsoang lintho tse tsoileng tseleng, tseo ke neng nke ke ka ea ho tsona hoja e se ka metsoalle ea ka?

□ E □ Che

Tlhahiso: Haeba u arabile ka e, lipotsong tse ka holimo, kōpa batsoali ba hao kapa motho e mong ea hōlileng hore a u thuse. Haeba u Paki ea Jehova, u ka boetse ua buisana le moholo oa Mokreste, ua mo kōpa hore a u thuse ho khetha metsoalle e tla u susumelletsa ho etsa se nepahetseng.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ke ’nete hore batho bohle ba etsa liphoso. (Baroma 3:23) Kahoo ha motsoalle a u utloisa bohloko empa ka mor’a moo a ikoahlaela seo ka tieo, hopola hore “lerato le koahela libe tse ngata haholo.”—1 Petrose 4:8.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ke litšobotsi life tseo u nkang hore ke tsa bohlokoa hore motsoalle a be le tsona, hona hobane’ng?

◼ Ke litšobotsi life tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona hore u be motsoalle ea molemo?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 19]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Ha batsoali ba ka ba ne ba ntlohelisa ho tsamaea le metsoalle e itseng, ke ne ke nahana hore bao ke bona feela batho bao ke ratang ho tsamaea le bona. Keletso ea batsoali ba ka e ne e le molemo, ’me hang ha ke buleha mahlo, ke ile ka hlokomela hore ho na le metsoalle e mengata e molemo eo nka e fumanang.”—Cole.

“Ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea hore ke tsebe batho ba bang ka phuthehong. Ke hona moo ke kopanang teng le ba baholo hammoho le ba bacha. ’Me ke qeta nako ke e-na le batho ba ratang Jehova.”—Yvette.

“Ke ile ka rapella hore ke be le metsoalle, empa joale ka hlokomela hore ha ho letho leo ke le etsang hore ke e fumane. Kahoo, ke ile ka qala ho atamela ba bang ha re le libokeng tsa Bokreste le ho ba buisa. Ka mor’a nakoana, ke ne ke se ke e-na le metsoalle e mengata e mecha. Ha ke sa jeoa ke bolutu joaloka pele.”—Sam.

[Lebokose le leqepheng la 20]

LEKA LITLHAHISO TSENA

Bua le batsoali ba hao ka taba ea metsoalle. Ba botse hore na ba ne ba e-na le metsoalle e joang ha ba le lilemong tsa hao. Na ba ikoahlaea ka metsoalle eo ba ileng ba e khetha? Haeba ba ikoahlaea, lebaka la seo ke lefe? Ba botse hore na u ka etsa’ng ho qoba a mang a mathata ao ba fetileng ho ’ona.

Tsebisa batsoali ba hao metsoalle ea hao. Haeba u leqe ho ba tsebisa eona, ipotse, ‘Ke hobane’ng ha ke sa batle hore ba e tsebe?’ Na ho na le ntho e ’ngoe eo metsoalle ea hao e e etsang eo u tsebang hore batsoali ba hao ha ba na ho e rata? Haeba e teng, ho ka ’na ha hlokahala hore u be seli haholoanyane ha u khetha metsoalle.

[Lebokose le leqepheng la 20]

LITSELA TSE THARO TSA HO BOLOKA METSOALLE E MOLEMO

◼ E-ba momameli ea molemo. Bontša hore u thahasella boiketlo ba metsoalle ea hao le lintho tse ba tšoenyang.—Bafilipi 2:4.

◼ E-ba ea tšoarelang. U se ke ua lebella phetheho. “Kaofela re khoptjoa hangata.”—Jakobo 3:2.

◼ E fe sebaka. Ha ho hlokahale hore u lule u maname metsoalle. Metsoalle ea sebele e tla u thusa ha ho hlokahala.—Moeklesia 4:9, 10.

[Setšoantšo se leqepheng la 18, 19]

Ha u latela mekhoa ea ba bang, u ba popoiki ea bona, ba u isa hohle moo ba ratang, joaloka “pawn” papaling ea “chess”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela