Bacha Baa Botsa . . .
“Na Nka Leka ho Laetsana le Motho Inthaneteng?”
“Re ne re ngollana ka E-mail letsatsi le leng le le leng. Re ile ra lokisa litaba tsa bolulo le mosebetsi. Ke ne ke lokela ho batla lireng tsa rōna tsa ho lebeletsana. Re ne re e-s’o qete le khoeli re tsebana ’me re ne re e-s’o kopane le ho kopana.”—Monika, Austria.a
KA SEBELE u ka rata ho kopana le motho e mong—motho eo u ka mo tsebang hantle, eo u ka ratang ho nyalana le eena. Empa ho fihlela joale, boiteko bohle boo u bo entseng ba ho fumana motho ea joalo bo hlōlehile. Boiteko bo etsoang ka sepheo se setle ba metsoalle ea hao le ba lelapa, ba ho u lekela letsoho mothong e mong bo felletse feela ka masoabi ’me ba u siea u nyahame le ho feta. Joale mohlomong ua ipotsa hore na eseng u ke u leke thuso ea theknoloji na.
Mehleng ena ea k’homphieutha, ho fumana motho ea tšoanelehang ho ka bonahala ho le bonolo joaloka ho penya konopo feela. Ba bang ba re seo u lokelang ho se etsa feela ke hore u kene Mocheng oa Boitsebiso oa Inthanete, u ee mocheng oa puisano kapa boitsebisong boo ka ho khetheha bo etselitsoeng masoha. The New York Times e tlaleha hore khoeling e le ’ngoe feela United States, batho ba limilione li 45 ba ile ba etela Mocha oa Boitsebiso oa ho laetsana Inthaneteng. Mocha o mong oa Inthanete o fanang ka boitsebiso ba batho ba tsomang balekane o bolela hore ho na le batho ba limilione tse robong ba o sebelisang linaheng tse 240.
Se Ipiletsang ka ho Laetsana Inthaneteng
Na u motho ea lihlong, hona na u thatafalloa ke ho kopana le batho ba bang? Na u tšaba ho hanoa? Kapa e mpa feela e le hore u bona ho se na motho eo u ka nyalanang le eena sebakeng seo u lulang ho sona? Joale ho laetsana Inthaneteng ho ka ipiletsa ho uena. Taba e ipiletsang ke hore mecha e batlelang batho balekane e tšepisa hore u tla laola “taetsano” ea hao. Libaka tseo u fumanang ho tsona lihlopha tsa lilemo, linaha tseo batho ba lulang ho tsona, boitsebiso ba botho, linepe le mabitso ao batho ba ithehileng ’ona Inthaneteng, li fumaneha mecheng eo. Kaha u na le khetho e batsi, ho ka bonahala eka ho laetsana Inthaneteng ho atleha haholoanyane ebile ha ho opise motho hlooho joalokaha le kopana ka seqo.
Empa ’nete ke efe tabeng ee? Na ho laetsana le motho Inthaneteng ka sebele ho ka lebisa thabong e sa feleng? Ak’u nahane ka sena: Nakong ea lilemo tse tšeletseng, mocha o mong o batlelang batho balekane o ne o e-na le litho tse limilione tse 11. Empa har’a tsona ho tsoile manyalo a 1 475 feela. Mocha o mong oa taetsano o nang le litho tse fetang milione o ile oa atleha ho ntša manyalo a 75 feela a tsejoang! Phoso ke efe mokhoeng oo?
Na Motho o Ipolela Seo a Hlileng a Leng Sona?
Sehlooho se seng sa koranta se itse: “Inthaneteng, motho e mong le e mong o bonahala a ipiletsa, a tšepahala a bile a atlehile.” Empa boitsebiso boo batho ba fanang ka bona bo nepahetse hakae? Sehlooho se seng sa litaba se behile taba tjena: “Ke ntho e lebeletsoeng hore motho e mong le e mong a be le motsoakonyana oa leshano ho seo a se buang.” Mohlophisi oa makasine e ratoang ea bacha o ile a etsa patlisiso ka taba ena. O ile a ingolisa Mecheng ea Boitsebiso e meraro ea taetsano e ratoang haholo ’me ka potlako a arabeloa ke ba bangata. Sena se ile sa etsa hore a laetsane le banna ba bangata. Phello? Ha ho e ileng ea atleha! Banna bao ba ne ba mo boleletse mashano a matala ka bona. Oa lemosa: “Ho tsoa phihlelong eo ke bileng le eona, ba leshano.”
Ho fana ka bolelele kapa boima ba motho ba ’mele bo fosahetseng ho ka bonahala e le ntho e nyenyane. Ba bang ba ka ’na ba beha lebaka la hore ‘chebahalo hase ea bohlokoa hakaalo.’ Ke ’nete hore Bibele le eona e re “khahleho e ka ’na ea thetsa, ’me botle e ka ’na ea e-ba lefeela.” (Liproverbia 31:30) Empa na ho bua leshano ka lintho tse bonahalang li le nyenyane ke mokhoa o motle oa ho qala kamano ea lerato le motho e mong? (Luka 16:10) U ka kholiseha hakae hore lintho tse ling tse batlang e le tsa bohlokoa tseo a u bolellang tsona ke ’nete, joaloka lipakane tseo a nang le tsona bophelong? Bibele e re: “Bolellanang ’nete.” (Zakaria 8:16) E, botšepehi bo rala motheo oa kamano ea lerato e ka ’nang ea hōla.
Leha ho le joalo, ho laetsana Inthaneteng hangata ho tsamaisana le litoro tseo e seng tsa sebele. Tlaleho e ho Newsweek e re: “Ba sebelisang mocha ona ba ka khetha mantsoe ka hloko ha ba ngola e-mail ’me ba itlhahisa ka tsela e ntle haholo. . . . Phello e ka ba e tšoanang: ke batho ba bonahalang ba le hantle ho uena ebile baa u thahasella, joale le uena u ba hantle ho bona ’me ua ba thahasella.” Joalokaha moprofesa oa New York’s Rensselaer Polytechnic Institute, ea entseng liphuputso ka likamano tsa marato Inthaneteng a bontša, maikutlo a matla a lerato a ka ba teng ka potlako maemong a joalo. Empa joalokaha ho etsahala hangata, sena hase tiiso ea hore ho tla ba le lenyalo le thabileng. Monna e mong o ile a ngola ka phihlelo ea hae ka ho laetsana Inthaneteng a re: “Ke leraba. U ikaraba lipotsong tseo u sa li tsebeng ka boitsebiso boo uena u bo batlang hantle.”
Ho Kopana ka Seqo
Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba nahana hore ho se kopane ho na le melemo e ikhethang. Ba ka ’na ba ba le maikutlo a hore ho laetsana le motho Inthaneteng ho ba fa monyetla oa ho lebisa tlhokomelo ho seo motho eo ba laetsanang le eena a leng sona ka hare ba sa sitisoe ke ponahalo ea hae. Ke ’nete hore Bibele e khothalletsa hore re lebise tlhokomelo litšobotsing tsa motho oa ka hare. (1 Petrose 3:4) Empa bothata ke hore kamanong ea Inthanete, u ke ke ua bona tsela eo a itšoarang ka eona ha a bua, ha a bososela kapa tsela eo sefahleho sa hae se bang ka eona ha a le boemong bo itseng. U ke ke ua bona hore na o tšoara ba bang joang ha a le tlas’a khatello. ’Me lintho tseo ke tsa bohlokoa bakeng sa ho bona hore na ke motho eo u ka mo tšepang le ho mo rata kapa che. Bala tlhaloso ea Bibele ea lerato e fumanoang ho 1 Bakorinthe 13:4, 5. Hlokomela hore lerato le hlalosoa ka liketso, eseng ka mantsoe. Ka hona, u lokela ho nka nako u ithuta motho eo ho bona hore na liketso tsa hae li lumellana le lipolelo tsa hae na.
Ka ho haelloa ke boitsebiso ba bohlokoa joalo, hangata batho ba qala ho bolellana maikutlo le mehopolo e tebileng esale kapele haholo leferehong la bona. Ba sa shebele lintho pele, baratani ba bang ba qala ho tšepisana lintho tse tebileng tsa lerato, le hoja ba e-s’o tsebane le hakaalo. Sehloohong se reng “Inthaneteng, ka Sebele Lerato le Sefofu,” ho buuoa ka batho ba babeli ba neng ba arohane ka lik’hilomithara tse 13 000 ba ileng ba kopana Inthaneteng. Libeke tse tharo hamorao, ba ile ba kopana ka seqo. Monna oa teng o re: “O ne a inyetile ka mascara. Ha ke ratane le basali ba itlotsang ka mascara.” Kamano eo e ile ea fela ka potlako. Phello ea ba bang ha ba ne ba kopana ka seqo e bile e soetsang hoo monna oa teng, ea neng a lefeletse kharebe chelete ea leeto la sefofane kaofela, a ileng a hula chelete ea tekete ea ho khutlela morao!
Mosetsana e mong ea bitsoang Edda o hopola phihlelo eo a bileng le eona ka ho laetsana le motho Inthaneteng. O re: “Kamano ea rōna e ne e thella feela ka tsela e sa kholoeheng. Re ne re rera ho nyalana.” Empa ha ba bonana ka seqo, ho hang lintho ha lia ka tsa tsamaea hantle. “O ne a se joalokaha ke ne ke lebeletse ’me a tšoaea-tšoaea liphoso le ho tletlebela ruri. Kamano ea rōna e ne e ke ke ea atleha le hanyenyane.” Beke hamorao kamano eo e ile ea fela tu! ea siea Edda a felletsoe ke tšepo ka ho feletseng.
Lefatšeng la litoro la ho laetsana ka Inthanete, maikutlo a lerato a ka teba pele ho nako e loketseng. Sena se ka u beha kotsing ea ho lemala maikutlong haeba kamano eo e sa atlehe—e leng ntho e ka ’nang ea etsahala. Liproverbia 28:26 ea lemosa: “Ea tšepang pelo ea hae o hloka kelello.” Ruri ha ho bohlale hore motho a etse liqeto tse tebileng a itšetlehile ka lintho tseo a inahanelang tsona le ka tsela eo a ikutloang ka eona. Ka hona Liproverbia li tsoela pele: “Empa ea tsamaeang ka bohlale ke eena ea tla phonyoha.”
Likotsi Tsa Lepotlapotla
Ka sebele hase bohlale ho potlakela ho ba le kamano le motho eo le sa tsebaneng hantle le eena. Mongoli oa Lenyesemane, Shakespeare, o qotsoa moo a reng: “Ke seoelo lenyalo la lepotlapotla le atlehang.” Keletso ea Bibele e toba taba le ho feta ha e re: “E mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.”—Liproverbia 21:5.
Ka masoabi, ba bangata ba laetsanang le motho Inthaneteng ba fumane seo e le ’nete. Ka mor’a ho ngollana le motho khoeli e le ’ngoe feela, Monika, ea boletsoeng qalong, o ne a se a khotsoe hore o fumane karabo thapelong ea hae ea ho batla motho ea ka mo nyalang. Ho sa tsotellehe lenyalo leo ba neng ba se ba ntse ba le rera—le hona ho lokisetsa ho fumana lireng tsa tebeletsano—kamano eo ea hae ea lepotlapotla e ile ea fella ka “masoabi a maholo.”
U ka qoba ho utloa bohloko ka ho mamela keletso ea Bibele: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” (Liproverbia 22:3) Leha ho le joalo, hase masoabi le ho utloa bohloko feela tse ka u hlahelang ha u laetsana le motho ka Inthanete. Sehlooho se latelang se tla tšohla mathata a mang a eketsehileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Hangata batho ha ba le Inthaneteng ba fetelletsa taba kapa ba se ke ba bua ’nete ka bona
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ka mor’a ho ngollana li-E-mail tse ngata tsa lerato, hangata ha batho ba kopana ka seqo ho ’nile ha fella ka masoabi feela