Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 5/8 maq. 27-31
  • Ke Atlehile Ho Sebeletsa Molimo Tlas’a Mathata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Atlehile Ho Sebeletsa Molimo Tlas’a Mathata
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Matlafaletsoa ho Tobana le Mahloriso
  • Mahloriso aa Eketseha
  • Mahlomola a ka Mor’a Ntoa
  • Ho Lelekeloa Siberia
  • Ho Tšoaroa le ho Koalloa Chankaneng
  • Ho Matlafaletsoa ho Tobana le Mathata
  • Nako ea Tokoloho e Lekanyelitsoeng
  • Ho Khutlela Moldova
  • Liphofu Tse ka Sehloohong Tsa Soviet Union
    Tsoha!—2001
  • Ho ba Tlas’a Thibelo ea Bokomonisi ka Lilemo Tse Fetang 40
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Seo ke Amehileng ka Sona ka ho Fetisisa—Ho Lula ke Tšepahala
    Tsoha!—2000
  • Ho Tseparela Tumelo Tlas’a Khatello ea Babusi
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 5/8 maq. 27-31

Ke Atlehile Ho Sebeletsa Molimo Tlas’a Mathata

JOALOKAHA HO BOLETSE IVAN MIKITKOV

Ofisiri ea Soviet State Security Committee (KGB) e ile ea ntemosa: “Haeba u lula motseng oa rōna, u tla khutlisetsoa chankaneng.” Ke ne ke qeta ho lokolloa chankaneng ka mor’a ho hoehla lilemo tse 12. Ntate le ’Mè ba ne ba kula haholo ’me ba hloka tlhokomelo ea ka. Ke ne ke tla etsa joang?

KE HLAHETSE motseng oa T̩aul, Moldova, ka 1928.a Ha ke ne ke le selemo, Ntate, Alexander, o ile a etela Ias̩i, Romania, moo a ileng a kopana le Liithuti Tsa Bibele, kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng. Ha a khutlela T̩aul, o ile a bolella ba lelapa la hae le baahelani ka lintho tseo a ithutileng tsona. Ka potlako ho ile ha hlaha sehlopha se senyenyane sa Liithuti Tsa Bibele T̩aul.

Ke le oa ho fela lapeng la bana ba bane—bashanyana kaofela—ho tloha boseeng ke bile har’a batho ba nahanang ka lintho tsa moea, ba neng ba mpehela mohlala o motle. Ho tloha sethathong, ke ile ka hlakeloa hore ho sebeletsa Jehova ho ne ho tla tsosa khanyetso—’me e ne e tla ba phephetso. Ke ntse ke hopola hantle ha mapolesa a ne a phenyekolla ka makhetlo lapeng, a leka ho fumana lingoliloeng tsa rōna tse patiloeng tsa Bibele. Liketsahalo tsena li ne li sa ntšose. Ke ne ke ithutile ha re ntse re bala Bibele hore Mora oa Molimo, Jesu Kreste, hammoho le baapostola ba hae, ba ne ba ile ba hlorisoa. Libokeng tsa rōna re ne re hopotsoa hangata hore balateli ba Jesu ba ne ba lokela ho lebella mahloriso.—Johanne 15:20.

Ho Matlafaletsoa ho Tobana le Mahloriso

Ka 1934, ha ke ne ke le lilemo li tšeletseng feela, ho ile ha baloa lengolo phuthehong ea haeso ea T̩aul, le re bolellang ka mahlomola a Bakreste-’moho le rōna Jeremane ea Bonazi. Re ile ra khothalletsoa hore re ba rapelle. Le hoja ke ne ke sa le monyenyane haholo, ha ho mohla ke ileng ka lebala lengolo leo.

Lilemo tse ’nè hamorao ke ile ka tobana le teko ea ka ea pele ea botšepehi. Nakong ea thuto ea bolumeli sekolong, moprista oa Orthodox o ile a ntaela ka makhetlo hore ke roale sefapano molaleng. Ha ke hana, o ile a re bana bohle ka tlelaseng ba hlahise lifapano tsa bona e le ho bontša hore ke litho tse tšepahalang tsa kereke. Moprista o ile a ntšupa, eaba o botsa tlelase: “Na le batla motho ea tšoanang le eo ka tlelaseng ea lōna? Bohle ba sa mo batleng, phahamisang matsoho.”

Kaha liithuti li ne li tšaba moprista, kaofela li ile tsa phahamisa matsoho. Joale a retelehela ho ’na a re: “Oa bona, ha ho ea batlang ho utloa letho ka uena. Hata kosene hona joale.” Matsatsi a ’maloa hamorao, mookameli oa sekolo o ile a etela lapeng. Ka mor’a hore a bue le batsoali ba ka, o ile a mpotsa hore na ke batla ho khutlela sekolong na. Ke ile ka re kea batla. O ile a arabela: “Hafeela ke ntse ke le mookameli, u tla ea sekolong ’me moprista a ke ke a u thibela ho ea.” O ile a fela a phelela lentsoe la hae kaha ha e ntse e le eena mookameli, moprista ha aa ka a nkhathatsa.

Mahloriso aa Eketseha

Ka 1940, sebaka seo re neng re lula ho sona, se neng se bitsoa Bessarabia, se ile sa oela Soviet Union. Ka la 13 le la 14 June, 1941, bohle ba neng ba hlaheletse lipolotiking le sechabeng ba ile ba lelekeloa Siberia. Lipaki Tsa Jehova li ne li sa angoe ke ho lelekoa hoo. Leha ho le joalo, ho tloha ka nako eo ho ea pele, re ile ra tšoara liboka le ho etsa boboleli ba rōna re le hlokolosi.

Ho ea mafelong a June 1941, ka tlhaselo e bohale Jeremane ea Bonazi e ile ea tsometsa Soviet Union, eo ka nako eo e neng e ntse e le naha e entseng selekane le eona. Nakoana ka mor’a moo, mabotho a Romania a ile a boela a hapa Bessarabia. Sena se ile sa re khutlisetsa tlas’a puso ea Romania.

Metseng e haufi, Lipaki tse hanang ho ea sesoleng sa Romania li ile tsa tšoaroa, ’me boholo ba tsona bo ile ba ahloleloa lilemo tse 20 tsa mosebetsi o thata. Ntate o ile a bitsetsoa seteisheneng sa mapolesa moo a ileng a otloa ka sehlōhō hobane feela e ne e le Paki. Le ’na ha ke le sekolong, ke ne ke qobelloa ho ea litšebeletsong tsa kereke.

Boemo bo ile ba fetoha nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ka March 1944, ka potlako Masoviet a ile a hapa Bessarabia e ka leboea. Ka August ba ne ba se ba hapile naha eohle. Ka nako eo ke ne ke le lilemong tse mahareng tsa bocha.

Ka potlako, banna bohle ba sa ntseng ba phela hantle motseng oa rōna ba ile ba bitsetsoa sesoleng sa Soviet. Empa Lipaki li ile tsa hana ho sekisetsa ho se jele paate ha tsona. Ka hona, li ile tsa ahloleloa lilemo tse leshome chankaneng. Ka May 1945, Ntoa ea II ea Lefatše Europe e ile ea lala ha Jeremane e inehela. Leha ho le joalo, Lipaki tse ngata Moldova li ile tsa lula chankaneng ho fihlela ka 1949.

Mahlomola a ka Mor’a Ntoa

Ka mor’a hore ntoa e lale ka 1945, ho ile ha e-ba le komello e tšabehang Moldova. Ho sa tsotellehe komello eo, ’muso oa Soviet Union o ile oa tsoela pele ho lefisa lihoai lekhetho le lengata bakeng sa lihlahisoa tsa tsona. Sena se ile sa lebisa tlaleng ea boja-likata. Ka 1947, ke ne ke se ke bone litopo tse ngata literateng tsa T̩aul. Moholoane oa ka Yefim o ile a hlokahala, ’me ’na ke ile ka qeta libeke ke fokotse ke tlala hoo ke neng ke sitoa ho etsa leha e le eng feela. Empa tlala e ile ea feta, ’me rōna Lipaki tse neng li setse re ile ra tsoela pele ka mosebetsi oa rōna oa boboleli. Ha ’na ke ne ke bolela molaetsa motseng oa heso, moholoane oa ka Vasile, ea neng a ntšiea ka lilemo tse supileng, o ne a bolela metseng e haufi.

Ha Lipaki li ntse li cheseha haholoanyane tšebeletsong ea tsona, ba boholong ba ile ba qala ho re beha leihlo. Boboleli ba rōna, hammoho le ho hana ha rōna ho kopanela lipolotiking kapa ho kenela sesole, ho ile ha etsa hore ’muso oa Soviet Union o qale ho phenyekolla mahae a rōna ho batla lingoliloeng tsa Bibele le ho re tšoara. Ka 1949 Lipaki tsa liphuthehong tsa boahelani li ile tsa lelekeloa Siberia. Kahoo, rōna ba setseng re ile ra qala ho etsa boiteko ba ho ba seli haholoanyane tšebeletsong ea rōna.

Ka nako e tšoanang, ke ne ke kula haholo ’me boemo ba ka bo ntse bo mpefala. Qetellong lingaka li ile tsa re ke na le lefuba la masapo, ’me ka 1950 ke ile ka kenngoa samente leotong le ka letsohong le letona.

Ho Lelekeloa Siberia

Ka la 1 April, 1951, ke ntse ke le samente leotong, ’na le lelapa leso re ile ra tšoaroa, hammoho le Lipaki tse ling ’me ra lelekeloa Siberia.b Ka nako e fokolang eo re neng re e filoe hore re itokise, re ile ra khona ho nka lijo tse fokolang feela. Li ile tsa fela kapele.

Qetellong, ka mor’a libeke tse ka bang peli ka tereneng, re ile ra fihla Asino, seterekeng sa Tomsk. Ha re fihla moo re ile ra laolloa joalokaha eka re likhomo. Le hoja serame e ne e le se kenellang masapong, re ile ra thabela ho hema moea o mocha. Ka May, ha leqhoa le linōkeng le qhibiliha, re ile ra isoa Torba e bohōle ba lik’hilomithara tse 100 ka sekepe, moo ho neng ho e-na le kampo ea ho rema lifate morung o mokhoabo oa Siberia, kapa meru e haufi le Arctic Circle. Ke hona mona moo re ileng ra qala kahlolo ea rōna ea mosebetsi o boima—eo re neng re boleletsoe hore ke ea ka ho sa feleng.

Le hoja mosebetsi o boima kampong ea ho rema lifate o ne o sa tšoane le ho ba chankaneng, re ne re lula re behiloe leihlo le nchocho. Bosiu re ne re robala hammoho re le lelapa lekarecheng la terene. Lehlabuleng leo re ile ra haha matlo—ntlo e itekanetseng eo karolo ea eona e ’ngoe e leng ka tlas’a lefatše ’me e ’ngoe e le ka holimo—ho re sireletsa mariheng a latelang.

Ka lebaka la leoto la ka le nang le samente, ha kea ka ka isoa mosebetsing oa morung empa ke ile ka abeloa ho etsa lipekere. Mosebetsi ona o ile oa mpha monyetla oa hore ke kopanele ka sekhukhu ho etseng likopi tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling tsa Bibele. Ka tsela e itseng, kamehla lingoliloeng tsena li ne li khona ho fihla sebakeng sa rōna ka sekhukhu li tsoa lik’hilomithara tse ngata hōle Europe ka bophirimela.

Ho Tšoaroa le ho Koalloa Chankaneng

Ka 1953, samente e ile ea ntšoa. Ho sa le joalo, ho sa tsotellehe ho leka ho ba hlokolosi, mosebetsi oa ka oa lintho tsa moea, o akarelletsang ho etsa likopi tsa lingoliloeng tsa Bibele, o ne o se o lemohuoe ke ba KGB. Ka lebaka leo, ’na hammoho le Lipaki tse ling qetellong re ile ra ahloleloa lilemo tse 12 chankaneng ea kampo eo. Leha ho le joalo, nakong ea nyeoe, kaofela re ile ra fana ka bopaki bo botle ka Molimo oa rōna, Jehova, le ka merero ea hae e lerato bakeng sa moloko oa batho.

Qetellong re ile ra isoa likampong tse fapaneng tse haufi le Irkutsk, lik’hilomithara tse makholo ho ea ka bochabela. Likampo tsena li ne li etselitsoe ho fana ka kotlo ho ba nkoang e le lira tsa ’Muso oa Soviet. Ho tloha ka la 8 April, 1954, ho fihlela mathoasong a 1960, ke ile ka koalloa likampong tse joalo tse 12 tsa mosebetsi o boima. Ka mor’a moo, ke ile ka isoa bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 3 000 ka bophirimela mehahong e meholohali ea Mordovia ea likampo tsa chankana tse ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 400 ka boroa-bochabela ho Moscow. Moo, ke ile ka ba le tokelo ea ho ba le Lipaki tse ling tse tšepahalang tse tsoang likarolong tse ngata tsa Soviet Union.

Masoviet a ile a hlokomela hore ha Lipaki li lumelloa hore li tsoakane le batšoaruoa bao e seng Lipaki ka bolokolohi, ba bang ba bona ba fetoha Lipaki. Ka hona, mehahong ea chankana ea Mordovia, e neng e e-na le likampo tse ngata tsa mosebetsi tse neng li le sebakeng se boholo ba lik’hilomithara tse 30 kapa ho feta, ho ile ha etsoa boiteko ba hore re aroloe ho batšoaruoa ba bang. Lipaki tse ka holimo ho 400 li ile tsa behoa nģa e le ’ngoe kampong ea rōna. Lik’hilomithara li se kae ho tloha ho rōna, ho ne ho e-na le kampo e ’ngoe e neng e e-na le baralib’abo rōna ba Bakreste ba ka bang lekholo hona mehahong ea chankana ena.

Kampong ea rōna, ke ne ke sebetsa ka thata ho thusa ho hlophisa liboka tsa Bokreste hammoho le ho etsa likopi tsa lingoliloeng tsa Bibele, tse neng li kenngoa kampong ka sekhukhu. Ka ho hlakileng mosebetsi ona o ile oa lemohuoa ke ba boholong kampong ea rōna. Nakoana ka mor’a moo, ka August 1961, ke ile ka ahloleloa selemo Chankaneng ea Vladimir e tummeng hampe ea mehleng ea baemphera ba Russia, lik’hilomithara tse ka bang 200 ka leboea-bochabela ho Moscow. Mokhanni oa lifofane oa United States, Francis Gary Powers, eo sefofane sa hae se ileng sa thunngoa ka la 1 May, 1960, ha a ne a khanna sefofane sa bohloela holim’a Russia, le eena e bile motšoaruoa moo ho fihlela ka February 1962.

Ha ke le Chankaneng ea Vladimir, ke ile ka fuoa lijonyana tse lekaneng ho tšoara bophelo feela. Ke ile ka atleha ho mamella tlala kaha ke ne ke ile ka tobana le sena ke sa le mocha, empa ke ne ke sitoa ho mamella serame se feteletseng sa mariha a 1961/62. Liphaephe tse tsamaisang mocheso li ile tsa robeha, ’me thempereichara ka seleng ea ka e ile ea theohela tlas’a ntlha ea khoamo. Ngaka e ile ea bona boemo ba ka bo hlomolang ’me ea lokisetsa hore ke isoe seleng e ’ngoe ea chankana eo boemo ba eona bo seng bobe hakaalo bakeng sa libeke tseo ho batang ka ho fetisisa.

Ho Matlafaletsoa ho Tobana le Mathata

Menahano e fosahetseng e ka nyahamisa motho ka mor’a likhoeli a koaletsoe, e leng sona seo ba boholong chankaneng ba lakatsang hore se etsahale. Leha ho le joalo, ke ile ka rapela kamehla ’me ke ile ka matlafatsoa ke moea oa Jehova le litemana tseo ke neng ke li hopola.

Ha ke ne ke le Chankaneng ea Vladimir, ka ho khetheha ke ile ka hlakeloa ke mantsoe a moapostola Pauluse a ho ‘petetsoa ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe empa re sa patisoa hoo re ke keng ra sisinyeha, re tsielehile empa e se hore ha re na tsela ea ho tsoa.’ (2 Bakorinthe 4:8-10) Ka mor’a selemo, ke ile ka khutlisetsoa mehahong ea likampo tsa Mordovia. Likampong tsena, ke hona moo ke ileng ka qetela kahlolo ea ka ea lilemo tse 12 ka la 8 April, 1966. Ha ke lokolloa, ke ile ka hlalosoa ke le “ea ke keng a sokolloa ho hang.” Seo ho ’na e bile bopaki ba molao ba hore ke ile ka lula ke tšepahala ho Jehova.

Ke ’nile ka botsoa ka makhetlo hore na re ne re fumana le ho etsa likopi tsa lingoliloeng tsa Bibele joang ha re ntse re le likampong le lichankaneng tsa Soviet Union ho sa tsotellehe boiteko ba ho re thibela ho etsa seo. Joalokaha ho boletse motšoaruoa e mong oa lipolotiki oa Latvia ea ileng a qeta lilemo tse ’nè kampong ea basali ea Potma, ke sephiri se tsejoang ke ba ’maloa. O ile a ngola tjena ka mor’a ho lokolloa ka 1966: “Lipaki li ne li ntse li khona ho fumana lingoliloeng ka bongata.” O ile a qetella ka ho re: “E ne eka bosiu ho na le mangeloi a tlang ’me a fihle a ba lahlelle tsona.” Ka sebele, re ne re phetha mosebetsi oa rōna ka thuso ea Molimo feela!

Nako ea Tokoloho e Lekanyelitsoeng

Ka mor’a hore ke lokolloe, ba etellang pele mosebetsing oa ho bolela ba ile ba nkōpa hore ke fallele Ukraine ka bophirimela, haufi le Moldova, ho ea thusa barab’abo rōna ba Moldova. Leha ho le joalo, kaha ke ne nkile ka ba chankaneng ’me ke ne ke ntse ke behiloe leihlo ke ba KGB, ke ne nka etsa feela ho lekanyelitsoeng. Kaha ke ne ke soketsoe ka hore ke tla tšoaroa hape, ka mor’a lilemo tse peli ke ile ka fallela Soviet Union rephabliking ea Kazakhstan moo ba boholong ba neng ba sa atise ho hlahloba litokomane. Joale ka 1969 ha batsoali ba ka ba kula haholo, ke ile ka ea Ukraine ho ea ba hlokomela. Ka leboea ho motse o moholo oa Donetsk, toropong ea Artyomosk, ke hona moo ofisiri ea KGB e ileng ea ntšokela ka ho nkhutlisetsa chankaneng, joalokaha ho boletsoe selelekeleng sa sehlooho sena.

Ha li phutholoha, ofisiri eo e ne e mpa e leka ho ntšosa feela. Ho ne ho se bopaki bo lekaneng ba hore nka tšoaroa. Kaha ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele ka tšebeletso ea ka ea Bokreste, ’me ke tseba hore KGB e mpehile leihlo hohle moo ke eang, ke ile ka tsoela pele ho hlokomela batsoali ba ka. Ntate le ’Mè ba hlokahetse ba tšepahala ho Jehova. Ntate o hlokahetse ka November 1969, empa ’Mè o phetse ho fihlela ka February 1976.

Ha ke ne ke khutlela Ukraine, ke ne ke le lilemo li 40. Ha ke ntse ke hlokomela batsoali ba ka, ke ne ke le phuthehong le moroetsana e mong ea bitsoang Maria. O ne a le lilemo li robeli feela ha eena le batsoali ba hae ba ne ba lelekoa Moldova ba isoa Siberia, joaloka lelapa leso, mathoasong a April 1951. Maria o ile a mpolella hore ke bina hamonate. Ke moo taba e qalileng teng, ’me le hoja re ne re phathahane bobeli ba rōna tšebeletsong, re ile ra khona ho ba le nako ea ho hōlisa botsoalle. Ka 1970, ke ne ke mo kholisitse hore ke batla ho mo nyala.

Kapele morali oa rōna Lidia o ile a hlaha. Joale ka 1983 ha Lidia a ne a le lilemo li leshome, ke ile ka ekoa ke motho eo e kileng ea e-ba Paki ho KGB. Ka nako eo, ke ne ke bile molebeli ea tsamaeang ho pholletsa le Ukraine bochabela lilemo tse ka bang leshome. Bahanyetsi ba mosebetsi oa rōna oa Bokreste ba ile ba atleha ho fumana batho ba ka fanang ka bopaki ba bohata lekhotleng, ’me ke ile ka ahloloa lilemo tse hlano.

Chankaneng ke ile ka aroloa ho Lipaki tse ling. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho aroloa bathong hoo, ho ne ho se motho ea ka nthibelang ho buisana le Jehova, ’me o ile a ntšehetsa kamehla. Ho phaella moo, ke ile ka fumana monyetla oa ho pakela batšoaruoa ba bang. Qetellong, ka mor’a ho hoehla lilemo tse ’nè tsa kahlolo ea ka, ke ile ka lokolloa ’me ka ba hammoho le mosali oa ka le morali oa ka, bao ka bobeli ba neng ba setse ba tšepahala ho Jehova.

Ho Khutlela Moldova

Re ile ra qeta selemo se seng re le Ukraine, eaba re khutlela Moldova ho ea lula teng kaha ho ne ho hlokahala thuso ea barab’abo rōna ba hōlileng tsebong, ba nang le phihlelo. Ka nako eo, baeta-pele ba Soviet Union ba ne ba fana ka tokoloho e eketsehileng ea ho tsamaea. Re ile ra fihla Bălţi ka 1988, moo Maria a neng a ile a lula teng pele a lelekoa sebakeng seo lilemo tse 37 pele ho moo. Ka 1988 ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 375 motseng ona oo e leng oa bobeli ho e meholo Moldova; ’me hona joale ho na le tse ka holimo ho 1 500! Le hoja re ne re lula Moldova, ke ne ke ntse ke sebeletsa ke le molebeli ea tsamaeng Ukraine.

Ka nako eo mokhatlo oa rōna o hlophisitsoeng o neng o ngolisoa ka molao Soviet Union ka March 1991, batho ba likete ba ne ba feletsoe ke tšepo ka lebaka la ho hlōleha ha Bokomonisi. Ba bangata ba ne ba ferekane ’me ba se na tšepo ea sebele bakeng sa bokamoso. Kahoo, ha Moldova e fetoha ’muso o ipusang oa rephabliki, baahisani ba rōna e bile tšimo e nonneng hakaakang—esita le bona bao pele e neng e le bahlorisi ba rōna! Ka mor’a ho lelekoa ka 1951, ke Lipaki tse ’maloa haholo tse ileng tsa sala Moldova, empa hona joale re ka holimo ho 18 000 naheng ena e nyenyane ea baahi ba ka bang 4 200 000. Ka sebele mahlomola a rōna a nakong e fetileng a hlakotsoe ke liphihlelo tse babatsehang tseo re bileng le tsona!

Lilemong tse mahareng tsa bo-1990, ke ile ka khaotsa ho ba molebeli ea tsamaeang ka lebaka la bophelo bo seng botle. Ho na le linako tseo ke nyahamisoang ke bokuli ba ka. Empa ke hlokometse hore Jehova o tseba seo re se hlokang ho re khothatsa. O fana ka khothatso e hlokahalang ka nako e loketseng. Haeba ke ne nka ba le monyetla o mong oa ho qala bocha bophelong, na ke ne ke tla khetha tsela e fapaneng? Le letho. Ho e-na le hoo, ke lakatsa eka nka be ke ile ka ba sebete haholoanyane tšebeletsong ea ka le ho ba mafolofolo haholoanyane.

Ke bona Jehova a ntlhohonolofalitse hammoho le ho hlohonolofatsa bahlanka ba hae bohle ho sa tsotellehe maemo a bona. Re na le tšepo e tiileng, le tumelo e phelang le kholiseho ea hore haufinyane e mong le e mong o tla ba le bophelo bo phethahetseng lefatšeng le lecha la Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso la hona joale la naha ena, Moldova, le tla sebelisoa hohle sehloohong sena ho e-na le ho sebelisa la pele la Moldavia kapa Moldavian Soviet Socialist Republic.

b Mafelo-bekeng a mabeli a qalang a April 1951, Masoviet a ile a tsoa letšolo le reriloeng hantle leo ho lona a ileng a bokella Lipaki Tsa Jehova tse 7 000 le malapa a tsona a lulang karolong e ka bophirimela ea Soviet Union ’me a li tsamaisa ka terene lik’hilomithara tse likete ho ea ka bochabela, Siberia.

[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]

Lehae la rōna ha re ne re leleketsoe Torba, Siberia, 1953. Ntate le ’Mè (ka ho le letšehali), le moholoane oa ka Vasile le mora oa hae (ka ho le letona)

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ha ke le kampong ea chankana ka 1955

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Baralib’abo rōna ba Bakreste Siberia, ha Maria (tlaase ka ho le letšehali) a ne a ka ba lilemo li 20

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Re na le morali oa rōna Lidia

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ka lechato la rōna, 1970

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

’Na le Maria kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela