Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 3/1 maq. 24-29
  • Ho ba Tlas’a Thibelo ea Bokomonisi ka Lilemo Tse Fetang 40

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba Tlas’a Thibelo ea Bokomonisi ka Lilemo Tse Fetang 40
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Fumana ’Nete ea Bibele
  • Ho Sebelisa Seo ke Ithutileng Sona
  • Teko ea ka ea Pele e Ile ea Tla ka Tšohanyetso
  • Ho Kenngoa Chankaneng le ho Lelekoa ka Har’a Naha
  • Mosebetsi oa Moea Chankaneng
  • Ho Kopana le Lelapa la ka Hape
  • Ho Ikopanya le ba Leng Likampong
  • Ho ea Sebakeng se Seng le Liketsahalo Tse Bohloko
  • Lelapa la Rōna le Qhalanela Mose
  • Litlhohonolofatso Tsa ho Mamella
  • Ke Atlehile Ho Sebeletsa Molimo Tlas’a Mathata
    Tsoha!—2005
  • Ho Isoa Botlamuoeng Siberia!
    Tsoha!—1999
  • Seo ke Amehileng ka Sona ka ho Fetisisa—Ho Lula ke Tšepahala
    Tsoha!—2000
  • Ho Mamella Mathata ho ka re Tlisetsa Litlhohonolofatso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 3/1 maq. 24-29

Ho ba Tlas’a Thibelo ea Bokomonisi ka Lilemo Tse Fetang 40

JOALOKAHA MIKHAIL VASILEVICH SAVITSKII A BOLETSE

Molula-Qhooa oa April 1, 1956 (oa Senyesemane), o ile oa tlaleha hore ka la 1, la 7 le la 8 April, 1951, ho ile ha e-ba le ho “hlekoa ho hoholo” ha Lipaki tsa Jehova. Molula-Qhooa oo o ile oa hlalosa: “Matsatsi ana ha a hlakohe likelellong tsa lipaki tsa Jehova tse Russia. Ka matsatsi ana a mararo, lipaki tsohle tsa Jehova tse neng li ka fumanoa Ukraine Bophirimela, White Russia [Belarus], Bessarabia, Moldavia, Latvia, Lithuania le Estonia—banna le basali ba fetang likete tse supileng . . . ba ile ba laeloa likariking, ba isoa liteisheneng tsa terene ’me moo ba kenngoa ka makaracheng a likhomo ’me ba isoa hōle.”

KA LA 8 April, 1951, mosali oa ka, mora oa ka ea neng a le likhoeli li robeli, batsoali ba ka, moena oa ka le Lipaki tse ling tse ngata ba ile ba nkoa mahaeng a bona Ternopol’, Ukraine, le mathokong a eona. Ka mor’a ho laeloa makaracheng a likhomo, ba ile ba tsamaea libeke tse ka bang peli. Qetellong ba ile ba theoloa morung o mokhoabo oa Siberia (moru o haufi le arctic circle) ka bophirimela ho Lake Baikal.

Ke hobane’ng ha ke ne ke le sieo ho hlekoeng hoo? Pele ke hlalosa hore na ke ne ke le hokae ka nako eo le hore na ho ile ha etsahala’ng ka rōna kaofela ka mor’a moo, e-re ke le bolelle hore na ke bile e mong oa Lipaki tsa Jehova joang.

Re Fumana ’Nete ea Bibele

Ka September 1947, ha ke ne ke le lilemo li 15 feela, Lipaki tse peli tsa Jehova li ile tsa etela lapeng motsaneng oa Slaviatin, lik’hilomithara tse ka bang 50 ho tloha Ternopol’. Ha ’na le ’Mè re lutse re mametse bacha bana—eo e mong oa bona a neng a bitsoa Maria—ke ile ka tseba hore bona e ne e se bolumeli bo bong feela. Ba ile ba hlalosa tumelo ea bona ’me ba araba lipotso tsa rōna tsa Bibele ka tsela e hlakileng.

Ke ne ke lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, empa ke ne ke nyahamisitsoe ke kereke. Ntate-moholo o ne a tloaetse ho re: “Baprista ba tšosa batho ka ho bua ka tlhokofatso ea lihele, empa baprista bao bona ha ba tšabe letho. Ba mpa ba tlatlapa le ho thetsa mafutsana.” Ke hopola pefo le ho chesa ka lonya thepa ea baahi ba Mapolishe ba neng ba lula motseng oa rōna ha Ntoa ea II ea Lefatše e qala. Ho nyarosang ke hore litlhaselo tsena li ne li hlophisitsoe ke baprista ba latelang mekhoa ea Bochabela ea Kereke ea Roma e K’hatholike. Ka mor’a moo, ke ile ka bona bahlaseluoa ba bangata ba bolailoeng, ’me ke ile ka labalabela ho tseba hore na ke hobane’ng ha ho bile le bokhopo bo joalo.

Ha ke ithuta Bibele le Lipaki, ke ile ka qala ho utloisisa. Ke ile ka ithuta linnete tsa motheo tsa Bibele, ho kopanyelletsa le ’nete ea hore ha ho na lihele tse tukang le hore Satane Diabolose o sebelisa bolumeli ba bohata ho hlohlelletsa ntoa le tšollo ea mali. Nako le nako ha ke ne ke etsa thuto ea botho, ke ne ke emisa hanyenyane ’me ka thapelo ke leboha Jehova ho tsoa botebong ba pelo bakeng sa seo ke neng ke ithuta sona. Ke ile ka qala ho bolella moena oa ka Stakh linnete tsena ba Bibele, ’me ke ile ka thaba haholo ha a li amohela.

Ho Sebelisa Seo ke Ithutileng Sona

Ke ile ka lemoha bohlokoa ba ho etsa liphetoho tsa botho ’me ka potlako ka khaotsa ho tsuba. Ke ile ka boela ka utloisisa bohlokoa ba kopana le ba bang kamehla bakeng sa thuto e hlophisitsoeng ea Bibele. Ho etsa sena, ke ne ke tsamaea ka har’a moru lik’hilomithara tse ka bang leshome e le hore ke fihle sebakeng sa lekunutu seo liboka li neng li tšoareloa ho sona. Ka linako tse ling e ne e e-ba basali ba ’maloa feela ba neng ba khona ho ba teng sebokeng, ’me le hoja ke ne ke e-s’o kolobetsoe, ke ne ke kōptjoa hore ke tsamaise seboka.

Ho ba le lingoliloeng tsa Bibele ho ne ho le kotsi, ’me ho fumanoa u e-na le tsona ho ne ho ka fella ka ho ahloleloa ho ba chankaneng ka lilemo tse ka bang 25. Leha ho le joalo, ke ne ke lakatsa ho ba le polokelo ea ka ea libuka. E mong oa baahisani ba rōna o ne a kile a ithuta le Lipaki tsa Jehova empa ka lebaka la tšabo, a khaotsa ho ithuta ’me a epela lingoliloeng tsa hae jareteng. Ke ile ka leboha Jehova hakaakang ha monna eo a epolla libuka tseo tsa hae kaofela le limakasine ’me a lumela ho mpha tsona! Ke ile ka li pata ka ntlong ea linotši ea Ntate, moo ba bang ba neng ba ke ke ba nahana ho ea phenyekolla teng.

Ka July 1949, ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova ’me ka kolobetsoa e le ho bontša boinehelo ba ka. Leo e ne e le letsatsi le thabisang ka ho fetisisa bophelong ba ka. Paki e neng e nkolobetsa lekunutung e ile ea hatella hore ha ho bonolo ho ba Mokreste oa ’nete le hore ke ne ke letetsoe ke liteko tse ngata. Ka potlako, ke ile ka hlokomela hore na mantsoe ao a hae e ne e le ’nete hakaakang! Leha ho le joalo, bophelo ba ka ke le Paki e kolobelitsoeng bo ile ba qala ka thabo. Likhoeli tse peli ka mor’a ho kolobetsoa, ke ile ka nyala Maria, e mong oa bane ba babeli ba ileng ba re ruta ’nete, ’na le ’Mè.

Teko ea ka ea Pele e Ile ea Tla ka Tšohanyetso

Ka la 16 April, 1950, ke ne ke khutlela hae ke e-tsoa toropong e nyenyane ea Podgaitsi ha ka tšohanyetso masole a nkemisa ’me a fumana lingoliloeng tse ling tsa Bibele tseo ke neng ke li isa sehlopheng sa rōna sa ho ithuta. Ke ile ka tšoaroa. Matsatsing a pele a ’maloa a ha ke tšoeroe, ke ile ka otloa ka molamu ’me ha kea ka ka lumelloa ho ja le ho robala. Hape ke ile ka laeloa hore ke kotsame ka makhetlo a lekholo ke behile matsoho hloohong, ’me ke ile ka khathala hoo ke ileng ka sitoa ho phetha makhetlo ao. Ka mor’a moo, ke ile ka lahleloa lihora tse 24 ka phaposing e ka tlaase e neng e bata ebile e le metsi.

Morero oa tšoaro eo e mpe e ne e le hore ba fokotse ho tsitlella ha ka le ho etsa hore ho be bonolo hore ke ba fe boitsebiso. Ba ile ba mpotsa: “U fumane lingoliloeng tsee hokae, hona u ne u li isa ho mang?” Ke ile ka hana ho ba bolella letho. Joale ke ile ka balloa karolo ea molao oo ke neng ke tla qosoa ka oona. O ne o bolela hore ho hasa le ho boloka lingoliloeng tse khahlanong le Soviet ho ne ho loketsoe ke lefu kapa lilemo tse 25 chankaneng.

Ba ile ba botsa: “U khetha kotlo efe?”

Ke ile ka arabela: “Ha ho eo ke e khethang, empa ke tšepile Jehova ’me ka thuso ea hae, ke tla amohela ntho leha e le efe eo a e lumellang.”

Ke ile ka makala ha ka mor’a matsatsi a supileng ba ntokolla. Phihlelo eo e ile ea nthusa hore ke ananele ’nete ea seo Jehova a se tšepisitseng: “Ho hang ha nka ke ka u tlohela leha e le hore ka mokhoa leha e le ofe nka u furalla.”—Baheberu 13:5.

Ha ke khutlela hae, ke ne ke kula haholo empa Ntate o ile a nkisa ngakeng, ’me ke ile ka fola ka potlako. Le hoja Ntate a ne a sa kopanele le lelapa lohle tumelong ea lona, o ne a re tšehetsa borapeling ba rōna.

Ho Kenngoa Chankaneng le ho Lelekoa ka Har’a Naha

Likhoeli tse seng kae hamorao, ke ile ka bitsetsoa tšebeletsong ea sesole sa Soviet. Ke ile ka hlalosa lebaka la ka la bolumeli la ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole. (Esaia 2:4) Leha ho le joalo, ka February 1951, ke ile ka fuoa kahlolo ea lilemo tse ’nè ’me ka romeloa chankaneng ea Ternopol’. Hamorao ke ile ka isoa ho ea L’viv, motse o moholoanyane o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 120. Ha ke le chankaneng eo, ke ile ka utloa hore Lipaki tse ngata li isitsoe Siberia.

Lehlabuleng la 1951, sehlopha sa rōna se ile sa romeloa ka nģ’ane ho Siberia, ho ea Bochabela bo Hōle. Re ile ra tsamaea khoeli—lik’hilomithara tse ka bang 11 000—re feta libakeng tse 11 tse balang nako ka ho se tšoane! Re ile ra ema hanngoe feela sebakeng seo re ileng ra lumelloa ho hlapa ho sona, ka mor’a libeke tse fetang tse peli re palame terene. E ne e le ntlong e khōlō ea sechaba ea ho hlapela e Novosibirsk, Siberia.

Ka har’a batšoaruoa ba bangata ba neng ba le ka ntlong eo ea ho hlapela, ke ile ka utloa monna e mong a re ka lentsoe le phahameng: “Ke bo-mang kamoo bao e leng ba lelapa la Jonadabe?” Ka nako eo, lebitso “Jonadabe” le ne le sebelisoa ho khetholla ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng. (2 Marena 10:15-17; Pesaleme ea 37:11, 29) Ka potlako, batšoaruoa ba ’maloa ba ile ba itsebahatsa e le Lipaki. Re ile ra lumelisana ka thabo e kaakang!

Mosebetsi oa Moea Chankaneng

Ha re ntse re le Novosibirsk, re ile ra lumellana ka lepetjo leo re neng re tla tsebana ka lona ha re fihla moo re eang teng. Re ile ra qetella re le kampong e le ’ngoe ea chankana Leoatleng la Japane, haufi le Vladivostok. Teng, re ile ra hlophisa liboka tsa kamehla tsa thuto ea Bibele. Ho ba le bara bana beso ba hōlileng tsebong le lilemong ba neng ba ahloletsoe lilemo tse ngata chankaneng ka sebele ho ile ha ’matlafatsa moeeng. Ba ile ba fapanyetsana ho tsamaisa liboka tsa rōna, ba sebelisa litemana tsa Bibele le lintlha tse amanang le tsona tseo ba neng ba ntse ba li hopola limakasineng tsa Molula-Qhooa.

Ho ne ho botsoa lipotso ’me barab’abo rōna ba arabela. Bongata ba rōna re ne ra tabola likhechana tsa pampiri mekotleng e sa tšelang ea samente ’me re ngola lintlha tsa litlhaloso tsa bona. Re ile ra boloka lintlha tseo ’me ra li tlama hammoho e le hore re ka li sebelisa e le laebrari ea rōna eo re ka batlang litšupiso tsa botho ho eona. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ba ahloletsoeng nako e telele ba ile ba romeloa likampong tse hōle ka leboea ho Siberia. Ba bararo ba rōna ba neng ba sa le banyenyane re ile ra isoa Nakhodka, motse o haufi le Japane ka lik’hilomithara tse ka tlaase ho 650. Ke ile ka qeta lilemo tse peli ke le chankaneng moo.

Ka linako tse ling re ne re fumana kopi ea Molula-Qhooa. E ne e e-ba lijo tsa rōna tsa moea ka likhoeli tse ngata. Ka mor’a nako, re ile ra fumana le mangolo. Lengolo la pele leo ke ileng ka le fumana le neng le e-tsoa ho lelapa la ka (le neng le lelekiloe naheng) le ile la ntlatsa meokho. Le ne le bolela hore malapa a Lipaki a ile a futuheloa ’me a fuoa lihora tse peli feela hore a be a tlohile sebakeng seo, joalokaha Molula-Qhooa o qotsitsoeng qalong o boletse.

Ho Kopana le Lelapa la ka Hape

Ke ile ka lokolloa ka December 1952, ka mor’a ho qeta lilemo tse peli ho tse ’nè tseo ke neng ke li ahloletsoe. Ke ile ka kopana le ba lelapa la ka motsaneng oa Gadaley, haufi le Tulun, Siberia, moo ba neng ba isitsoe teng. Ho hlakile hore ho ne ho thabisa haholo ho ba le bona hape—mora oa ka Ivan o ne a le haufi le ho tšoara selemo sa boraro, ’me morali oa ka Anna a le haufi le ho tšoara sa bobeli. Leha ho le joalo, tokoloho ea ka e ne e lekanyelitsoe. Ba boholong sebakeng seo ba ne ba nkamohile phasepoto ’me ke ne ke behiloe leihlo. Ke ne ke sa lumelloa ho tsamaea lik’hilomithara tse fetang tse tharo ho tloha ha ka. Ha nako e ntse e feta, ke ile ka lumelloa ho palama pere ho ea ’marakeng o Tulun. Ke le hlokolosi haholo, ke ile ka kopana le Lipaki tse ling moo.

Ka nako eo, re ne re e-na le banana ba babeli, Anna le Nadia, ’me re e-na le bashemane ba babeli, Ivan le Kolya. Ka 1958 re ile ra ba le mora e mong, Volodya. ’Me hamorao, ka 1961, ra ba le morali e mong, Galia.

Ba mokhatlo oa KGB (eo e neng e le mokhatlo oa tšireletso ea naha) ba ne ba nkemisa khafetsa ’me ba ntlhoma lipotso. Morero oa bona e ne e se feela hore ke ba fe boitsebiso ka phutheho empa e ne e boetse e le hore ba kenye pelaelo ea hore ke sebelisana le bona. Ka lebaka leo, ba ne ba nkisa libakeng tsa ho jela tsa maemo ’me ba leke ho nkuka lifoto tsa moo ke bososelang ’me ke thabile hammoho le bona. Empa ke ile ka lemoha morero oo oa bona ’me ka leka ka matla hore ke lule ke sosobantse sefahleho. Nako le nako ha ke ne ke ile ka emisoa, ke ne ke bolella barab’eso hore na hantle-ntle ho etsahetse eng. Ka hona, ha ho mohla ba ileng ba belaella botšepehi ba ka.

Ho Ikopanya le ba Leng Likampong

Ho theosa le lilemo, Lipaki tse makholo li ’nile tsa kenngoa likampong tsa chankana. Linakong tseo, re ne re lula re ikopanya le barab’abo rōna ba hlahletsoeng chankaneng, re ba fa lingoliloeng. See se ne se etsoa joang? Ha bara kapa baralib’abo rōna ba lokolloa kampong, ba ne ba re ruta mekhoa eo lingoliloeng li ka kenang ka eona ka lekunutu ho sa tsotellehe thibelo e matla. Ka lilemo tse ka bang leshome, re ile ra khona ho fa barab’abo rōna ba likampong tsena likopi tsa limakasine le libuka tseo re neng re li fumana Poland le linaheng tse ling.

Baralib’abo rōna ba bangata ba Bakreste ba ne ba qeta lihora tse ngata ba etsa mosebetsi o khathatsang oa ho kopitsa lingoliloeng ka mongolo o monyenyane hoo makasine eohle e neng e ka patoa ka nthong e bonyenyane ba lebokose la mollo! Ka 1991 ha re ne re se re se tlas’a thibelo ’me re fumana limakasine tse ntle tse mebala e mene, morali’abo rōna e mong o ile a re: “Joale re tla lebaloa.” O ne a fositse. Le hoja batho bona ba ka ’na ba lebala, le ka mohla Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oa batho ba tšepahalang joalo!—Baheberu 6:10.

Ho ea Sebakeng se Seng le Liketsahalo Tse Bohloko

Ho ea mafelong a 1967, ntlo ea moena oa ka e Irkutsk e ile ea phenyekolloa. Ho ile ha fumanoa lifilimi le likopi tsa lingoliloeng tsa Bibele. O ile a fumanoa a le molato ’me a ahloleloa lilemo tse tharo chankaneng. Leha ho le joalo, ha ho phenyekolloa ntlo ea rōna ha hoa ka ha fumanoa letho. Ho ntse ho le joalo, ba boholong ba ne ba kholisehile hore rea ameha, kahoo lelapa la ka le ile la tlameha ho tloha sebakeng seo. Re ile ra fallela motseng oa Nevinnomyssk, o Caucasus, lik’hilomithara tse ka bang 5 000 ka bophirimela. Moo, re ile ra tšoareha ka ho etsa bopaki bo sa reroang.

Ketsahalo e bohloko e ile ea etsahala letsatsing la pele la phomolo ea sekolo ka June 1969. Ha Kolya, mora oa rōna ea neng a le lilemo li 12 a leka ho ntša bolo haufi le mehala e fepelang motlakase o matla haholo, o ile oa mo chouka habohloko. Karolo e ka holimo ho 70 lekholong ea ’mele oa hae e ile ea cha. Ha a le sepetlele, o ile a retelehela ho ’na ’me a mpotsa: “Na re tla khona ho ea hape sehlekehlekeng sela?” (O ne a bua ka sehlekehleke seo re neng re rata ho se etela.) Ke ile ka re: “E, Kolya, re tla ea sehlekehlekeng seo hape. Ha Jesu Kreste a u tsosa bafung, joang kapa joang re tla ea sehlekehlekeng seo.” A sa ikutloe, o ile a tsoela pele ho bina e ’ngoe ea lipina tsa ’Muso tseo a neng a li rata ka ho fetisisa, eo a neng a rata ho e letsa ka terompeta ea hae ’minong oa liletsa oa phutheho. O ile a hlokahala matsatsi a mararo hamorao, a kholisehile ka tšepo ea tsoho.

Selemo se hlahlamang seo, Ivan, mora oa rōna ea lilemo li 20, o ile a bitsetsoa tšebeletsong ea sesole. Ha a hana ho kenela sesole, o ile a tšoaroa ’me a qeta lilemo tse tharo a le chankaneng. Ka 1971, ke ile ka bitsetsoa sesoleng hape ’me ka boela ka tšosoa ka hore ke tla kengoa chankaneng haeba ke sa kenele sesole. Nyeoe ea ka e ile ea nka likhoeli. Nakong eona eo, mosali oa ka o ile a hatelloa ke kankere ’me a hloka tlhokomelo e matla. Ka lebaka leo, ba ile ba qhala nyeoe ea ka. Maria o ile a hlokahala ka 1972. E bile molekane ea tšepahalang, ea ileng a tšepahala ka ho sa sekisetseng ho Jehova ho fihlela lefung.

Lelapa la Rōna le Qhalanela Mose

Ka 1973 ke ile ka nyala Nina. Ntat’ae o ne a ile a mo leleka lapeng ka 1960 ka lebaka la ho ba Paki. E ne e le mosebeletsi ea chesehang ea neng a bile har’a baralib’abo rōna ba neng ba sebetsa ka thata ho kopitsa limakasine bakeng sa ba likampong. Bana ba ka ba ile ba mo rata le bona.

Ba boholong ba ile ba tenoa ke mosebetsi oa rōna Nevinnomyssk ’me ba re hatella hore re tsamaee. Ka lebaka leo, ka 1975 ’na, mosali oa ka le barali ba rōna re ile ra fallela sebakeng se ka boroa sa Caucasus, Georgia. Ka nako e tšoanang, bara ba ka Ivan le Volodya ba ile ba fallela Dzhambul, ka boroa ho moeli oa Kazakstan.

Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova e ne e le hona o qalang Georgia. Re ile ra etsa bopaki bo sa reroang Gagra le mathokong a eona, le Sukhumi e Lebōpong la Leoatle le Letšo, ’me ka mor’a selemo ho ile ha kolobetsoa Lipaki tse ncha tse leshome nōkeng e thabeng. Ho e-s’o ee kae, ba boholong ba ile ba tsitlella hore re tlohe sebakeng seo, ’me re ile ra fallela Georgia bochabela. Moo re ile ra matlafatsa boiteko ba rōna ba ho fumana batho ba kang linku, ’me Jehova o ile a re hlohonolofatsa.

Re ne re kopana hammoho ka lihlopha tse nyenyane. Re ne re e-na le bothata ba puo kaha re ne re sa tsebe Segeorgia ’me batho ba bang ba Georgia ba sa tsebe ho bua Serussia hantle. Qalong, re ne re ithuta le Marussia feela. Leha ho le joalo, ho bolela le ho ruta ka Segeorgia ho ile ha hatela pele ka potlako ’me hona joale ho na le baboleli ba ’Muso ba likete Georgia.

Ka 1979, a le tlas’a khatello ea KGB, mohiri oa ka o ile a mpolella hore ha ke sa amoheloa naheng ea habo. Ke nakong eona eo morali oa ka Nadia a ileng a ba kotsing ea koloi ’me eena le morali oa hae e monyenyane ba hlokahala. ’Mè o ne a hlokahetse selemo se ka pele ho seo, a ntse a tšepahala ho Jehova a le Nevinnomyssk, a siea Ntate le moen’aka. Ka hona, re ile ra etsa qeto ea ho khutlela teng.

Litlhohonolofatso Tsa ho Mamella

Ha re le Nevinnomyssk, re ile ra tsoela pele ho etsa lingoliloeng tsa Bibele ka sekhukhu. Ka lekhetlo le leng ha ke ne ke bitsitsoe ke ba boholong lilemong tse bohareng tsa bo-1980, ke ile ka ba bolella hore ke lorile ke patile limakasine tsa rōna. Ba ile ba tšeha. Ha ke tsamaea, e mong oa bona o ile a re: “Ha e mpe ebe ha u sa tla hlola u lora kamoo u patang lingoliloeng tsa lōna kateng.” O ile a qetella ka ho re: “Haufinyane u tla be u behile lingoliloeng tseo lishelefong tsa hao, ’me u tla be u tšoarane le mosali oa hao ka letsoho ha le e-ea libokeng ’me u tšoere Bibele ka letsoho.”

Ka 1989, re ile ra sareloa ha morali oa ka Anna a bolaoa ke aneurysm ea boko. O ne a le lilemo li 38 feela. Ka August selemong sona seo, Lipaki tsa Nevinnomyssk li ile tsa hira terene ’me tsa ea Warsaw, Poland, ho ea ba teng kopanong ea machaba. Ho ne ho e-na le batho ba 60 366, ho kopanyelletsa ba likete ba tsoang Soviet Union. Ka sebele re ne re utloa eka rea lora! Lilemo tse katlaase ho tse peli hamorao, ka la 27 March, 1991, ke ile ka fuoa tokelo ea ho ba e mong oa baholo ba bahlano ba nako e telele phuthehong ba Soviet Union ba ho tekenela tokomane ea bohlokoa Moscow, e neng e fana ka tumello ea molao bakeng sa mokhatlo oa bolumeli oa Lipaki tsa Jehova!

Ke thabisoa ke hore bana ba ka ba ntseng ba phela ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. ’Me ka cheseho ke lebeletse lefatše le lecha la Molimo leo ho lona ke tla bona Anna hape, Nadia le morali oa hae, hammoho le Kolya. Ha a tsoha bafung, ke tla boloka tšepiso eane ea ka ea hore ke tla mo isa sehlekehlekeng seo re neng re se thabela hammoho lilemong tse ngata tse fetileng.

Ho sa le joalo, e bile thabo e kaakang ho bona khōlo e potlakileng ea ’nete ea Bibele naheng ee e khōlōhali! Ka sebele ke thabisoa ke lintho tse etsahetseng bophelong ba ka ’me ke leboha Jehova ka hore ebe o ntumeletse ho ba e mong oa Lipaki tsa hae. Ke kholisehile hore Pesaleme ea 34:8 ke ’nete: “Latsoang, le bone hoba Jehova o molemo! Ho lehlohonolo motho ea tšabelang ho eena!”

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Selemo seo ke ileng ka kopana le lelapa la ka hape ka sona Tulun

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Ka holimo: Ntate le bana ba ka ka ntle ho ntlo ea rōna e Tulun, Siberia

Ka holimo ho le letona: Morali oa ka Nadia le morali oa hae, bao ka bobeli ba ileng ba hlokahala kotsing ea koloi

Ka ho le letona: Setšoantšo sa lelapa ka 1968

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela