Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 6/8 maq. 4-8
  • Sireletsa Letlalo la Hao!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sireletsa Letlalo la Hao!
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kankere ea Letlalo—Seoa sa Mehla ea Kajeno
  • Kankere ea Letlalo—Kotsi ea Sebele
  • Phekolo ea Kankere ea Letlalo
  • Ithute Hore na U ka Itšireletsa Joang Letsatsing
  • Na U Lokela ho Tšoenyeha ka ho Qeta Nako e Ngata U le Letsatsing?
    Tsoha!—2009
  • Morati oa Letsatsi—Sireletsa Letlalo la Hao!
    Tsoha!—1999
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Kankere ea Letlalo
    Tsoha!—2005
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 6/8 maq. 4-8

Sireletsa Letlalo la Hao!

“Batho ha ba hlokomele kotsi ea sebele e ka bakoang ke letsatsi . . . le tšenyo eo le ka e bakang ho DNA ea letlalo. Ha tšenyo ena e ntse e tsoelapele, hamorao e ka bakela motho kankere ea letlalo.”—Dr. Mark Birch-Machin, setsebi sa kankere ea letlalo.

LETLALO ke karolo e khōlōhali ea ’mele, le ka ba boholo ba lisekoere-mithara tse 1,8 ho monna ea itekanetseng le tse 1,6 ho mosali ea itekanetseng. Le na le lisele tse arabelang ha le utloa bohloko, ha le thetsoa le ha le utloa mocheso. Letlalo ke ntho e ka sehloohong e sireletsang ’mele mochesong, serameng le boemong bo sithabetsang ba tšohanyetso, hammoho le linthong tse chefo, lik’hemik’haleng le linthong tse silafatsang. Le thibela metsi ho kena ’meleng le thibela maro a ’mele ho tsoa. Leha ho le joalo, letlalo le na le sera—letsatsi. Empa na letsatsi hase la bohlokoa bophelong?

E, ho joalo. Limela, tseo re itšetlehileng ka tsona, li hloka letsatsi hore li hōle. Ntle ho moo, khanya e nyenyane ea letsatsi e etsa hore ’mele o hlahise vithamine D, e sebelisang k’halsiamo, e matlafatsang masapo. Empa sena ha se bolele hore haeba e nyenyane e le molemo, e eketsehileng e molemo haholoanyane. Letsatsi le hlahisa mahlaseli a kotsi, a ka bakang tšenyo e ke keng ea etsolloa letlalong. Phello e ’ngoe ke ea ho soebana ha letlalo pele ho nako.

Buka e reng Saving Your Skin e lemosa ka kotsi e bileng e leng khōloanyane: “Mahlaseli a kotsi a senya DNA [liphatsa tsa lefutso tse laolang ho sebetsa ha lisele, joaloka ho arohana ha lisele], a etsa hore ’mele o sitoe ho itšireletsa maloetseng ’me a ka ’na a susumetsa lik’hemik’hale tse ’meleng hore li sebetse ka tsela e ka qetellang e baketse motho kankere.” Lentsoe “kankere” ka bolona lea tšosa. Empa kankere ea letlalo e atile hakae? Na ho na lebaka la hore batho ba tšoenyehe?

Kankere ea Letlalo—Seoa sa Mehla ea Kajeno

The Merck Manual e bolela hore ona ke mofuta o tloaelehileng haholo oa kankere lefatšeng. United States, ho batho ba bang le ba bang ba tšeletseng ho ea ho ba supileng, motho a le mong o ba le mofuta o itseng oa kankere ea letlalo. Empa lipalo li ea eketseha. Ho ea ka Dr. I. William Lane bukeng e reng The Skin Cancer Answer, “hona joale ho hakanngoa hore batho ba etsang liphesente tse 50 ba bang le lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano ba tla ba le mofuta o mong oa kankere ea letlalo. Kankere ea letlalo e kotsi ka ho fetisisa, e bolaea batho ba 7 500 selemo le selemo naheng eo ’me e ntse e eketseha ho ea ka American Academy of Dermatology. Hase batho ba bangata ba lebala le lesootho ba tšoaroang ke kankere ea letlalo, empa le bona ba ntse ba le kotsing.

Ke hobane’ng ha kankere ea letlalo e fetohile seoa se sekaale? Le hoja ho ka ’na ha e-ba le mabaka a mangata, a kang bophahamo ba sebaka, hore na sebaka se hōle kapa se haufi hakae le equator, hore na ke sebaka seo ho lulang ho thibile maru kapa che, le hore na boemo ba lera la ozone bo joang, sesosa se seholo e ka ’na ea e-ba ho ba letsatsing haholo. Mekhoa ea bophelo e fetohile. Nako ea phomolo lebōpong la leoatle le boikhathollo ba ka ntle bo kang ho hloa lithaba le ho thelelisa lehloeng e se e le lintho tse ratoang haholo ’me ho batho ba sebetsang mesebetsi ea ka hare, ho bonolo ho ea ho tsona. Lifeshene li fetohile. Le hoja boitlhompho bo ’nile ba etsa hore banna le basali ba apare liaparo tse telele tsa ho sesa, tsa morao tjena e ntse e e-ba tse khutšoanyane le ho feta, tse sieang boholo ba ’mele bo le ka ntle. Kahoo, kankere ea letlalo le eona e se e eketsehile. Na ebe baahi ba mahoatateng, ba kang Babedouin, ba aparang liaparo tse telele tse habuhabu, le ho roala lituku tse khōlō, ba tseba ho hong hoo e ka ’nang eaba re ho hlokomolohile?

Kankere ea Letlalo—Kotsi ea Sebele

Mefuta e meraro e tloaelehileng haholo ea kankere ea letlalo ke basal cell carcinoma, squamous cell le malignant melanoma. Basal cell carcinoma le squamous cell carcinoma li qala lereng le ka holimo la letlalo, le ka bang bosesaane ba karolo ea 1/25 ea milimithara e le ’ngoe ka karolelano. Kankere ena eo e seng melanoma ho bonahala e hlaha ka lebaka la ho ba letsatsing nako e telele, joaloka bathong ba sebetsang ka ntle, ’me ka ho khetheha e hlaha likarolong tsa ’mele tse bang letsatsing, tse kang sefahleho le matsoho.a Mefuta ena ea kankere ea carcinoma e qala e le maqhutsu kapa leqeba letlalong, a ntseng a hōla, hangata a tsoa mali ’me ha a fole ka ho feletseng. A ka ’na a tlala sebakeng seo a leng ho sona, a hlasela le likarolo tse ling tse haufi. Hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea kankere ea letlalo ke mofuta oa basal cell carcinoma. Le hoja mofuta oa squamous cell carcinoma o sa ata hakaalo, ho ka ’na ha etsahala hore o kekele kapa o namele likarolong tse ling tsa ’mele. Ke habohlokoa ho fumana mofuta ona oa kankere ea letlalo o sa qala, hobane le hoja e le o ka phekolehang, o ka qetella o bolaile haeba o sa phekoloe.

Malignant melanoma, e etsang karolo ea 5 feela lekholong ea kankere eohle ea letlalo, le eona e qala lereng le ka ntle la letlalo. Le leng la mabaka a ka sehloohong la ho tšoaroa ke melanoma ho bonahala e le ho pepesehela letsatsing le chesang haholo, le hoja e se kamehla, joaloka batho ba sebetsang ka hare ha ba ile nakong ea phomolo. Hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea malignant melanoma e hlaha maqhutsung a bang letlalong, haholo-holo mahetleng le litlhafung.

Mofuta ona oa kankere ea letlalo ke o bolaeang haholo, hobane haeba o sa phekoloe qalong, o ka hlasela letlalo ka hare, moo ho nang le methapo ea mali le lero le nang le lisele tse tšoeu. Ho tloha moo o ka tlala ’mele ka potlako. Setsebi sa saense se ithutetseng kankere, Dr. Larry Nathanson, se re: “Ntho e qakang ea melanoma ke hore ke lefu le phekolehang haholo ha le ka tšoaroa qalong. Ka lehlakoreng le leng, hang ha le se le itjalile le se le batla le le manganga ha le phekoloa ka meriana kapa ka mahlaseli.” Ha e le hantle, ke liphesente tse peli kapa tse tharo feela tsa bakuli ba melanoma e seng e namme ’meleng, ba phelang lilemo tse hlano. (Bona lebokose le leqepheng la 7 bakeng sa matšoao a pele a lemosang a melanoma.)

Ke bo-mang ba kotsing ea ho tšoaroa ke kankere ea letlalo? Ho phaella ho batho ba bileng letsatsing nako e telele kapa haholo leha e le ka seoelo, ba kotsing haholo-holo ke ba letlalo le lesoeu, ba moriri le mahlo a ’mala o khanyang, ba maqhutsu le marose, le ba nang le histori ea lelapa ea lefu lena. Kankere ea letlalo e fokola haholo har’a batho ba letlalo le lesootho. Na hoo ho bolela hore ha lebala la hao le fifetse haholoanyane, ha u kotsing ea kankere ea letlalo? Che, hobane le hoja ho fifala ha letlalo e le kahobane le itšireletsa mahlaseling a kotsi, letlalo le se le utloile bohloko nakong eo le fifalang, ’me ha tšenyo e ntse e eketseha, monyetla oa ho tšoaroa ke kankere oa eketseha.

Phekolo ea Kankere ea Letlalo

Ho itšetlehile ka hore na ke hlahala ea mofuta ofe, e hokae le hona e khōlō hakae, le phekolo ea pele ho moo, ho na le mekhoa e ’maloa ea phekolo: ho buuoa, ho fefa karolo e nang le kankere, ho e chesa ka motlakase, ho e hoamisa le ho e phekola ka mahlaseli. Mosebetsi o thata ke ho tlosa lisele tsohle tse nang le kankere. Mokhoa oa ho buuoa o bitsoang Mohs, ka ho sebelisa microscope, o atleha ho tlosa basal cell carcinoma le squamous cell carcinoma (ka liphesente tse 95 ho ea ho tse 99), ha ka nako e tšoanang o boloka sehlopha sa lisele tse phetseng hantle ’me ho sa sale metoa e bonahalang. Ho sa tsotellehe hore na ho sebelisitsoe phekolo efe, ho ka ’na ha hlokahala hore sehlopha sa lisele se hahoe bocha.

United States National Institute on Aging e re: “Mefuta eohle ea kankere ea letlalo e ka phekoleha haeba e fumanoa kapele le hona e phekoloa ke ngaka pele e e-ba le monyetla oa ho nama.” Kahoo, ke habohlokoa hore e fumanoe qalong. Empa ho ka etsoa eng ho thibela kankere ea letlalo?

Ithute Hore na U ka Itšireletsa Joang Letsatsing

Ho tseba mekhoa ea ho itšireletsa letsatsing ke habohlokoa ho tloha bongoaneng. Ho latela Mokhatlo oa Kankere ea Letlalo, ‘liphesente tse 80 tseo batho ba li qetileng ba le letsatsing bophelong ke pele ba e-ba lilemo li 18. Ha motho a ka becholoa ke letsatsi hantle bongoaneng, leha e ka ba hanngoe, ho hakanngoa hore seo se ka eketsa menyetla ea hore a tšoaroe ke melanoma ka makhetlo a imenneng habeli hamorao bophelong.’ Lebaka ke hobane kankere ea letlalo e ka nka lilemo tse 20 kapa ho feta hore e itlhahise. (Bona lebokose leqepheng la 8 bakeng sa litlhahiso tse ntle mabapi le mekhoa ea ho itšireletsa letsatsing.)

Australia e na le palo e phahameng ea batho ba tšoeroeng ke kankere ea letlalo—haholo-holo, melanoma.b Lebaka ke hobane batho ba bangata naheng ena ke ba basoeu ba ileng ba falla ka Leboea ho Europe, bao boholo ba bona bo phelang haufi le lebōpo moo letsatsi le lulang le chabile. Se fumanoeng ha ho etsoa patlisiso ho bafalli bana, se bontša hore ho fihla ha bona ba sa le banyenyane Australia, ho ba beha kotsing haholoanyane ea ho tšoaroa ke melanoma, e leng se bontšang hore ho hlokahala hore ba rutoe ka mekhoa ea ho itšireletsa letsatsing ho tloha ha ba sa le banyenyane lilemong. ’Muso oa Australia o qalile letšolo le leholo la ho ruta batho ka likotsi tsa letsatsi, le buella hore batho ba tene sekipa, ba roale likatiba le ho sebelisa litlolo tse sireletsang letlalo letsatsing. Liphetoho tsena tse seng kae tseleng eo batho ba phelang ka eona li entse hore palo ea bacha ba tšoaroang ke melanoma naheng eo e fokotsehe.

Mabapi le litlolo tse sireletsang letlalo letsatsing, ke bohlale ho sebelisa tse thibelang mahlaseli a kotsi a UVA le UVB. Sena ke sa bohlokoa esita leha maru a thibile kaha mahlaseli a etsang liphesente tse 85 tsa mahlaseli a kotsi a phunyeletsa maru. Mahlaseli ao a ka boetse a phunyeletsa le metsing a hloekileng. Litsebi tse ling li buella setlolo se sireletsang letlalo letsatsing se nang le bonyane tekanyo ea 15 ea SPF. Ho fumana hore na se na le matla a makae a ho sireletsa letlalo, atisa palo ea metsotso eo hangata u orang letsatsi ka eona ka 15. Setlolo se sireletsang letlalo letsatsing se lokela ho boela se tlotsoa bonyane ka mor’a lihora tse ling le tse ling tse peli, empa sena ha se eketse nako ea tšireletso.

Ho feta moo, The Skin Cancer Answer e lemosa hore ha ua lokela ho ea le khongoana holimo hobane feela u sebelisitse setlolo se sireletsang letlalo letsatsing. Ha ho setlolo se sireletsang letlalo letsatsing se sebetsang ka ho feletseng khahlanong le ho chesoa ke letsatsi, leha e le hore se thibela kankere ea letlalo. Ha e le hantle, ho sebelisa setlolo se sireletsang letlalo letsatsing ho ka eketsa ka tsela e sa tobang kotsi ea kankere ea letlalo—haeba ho se sebelisa ho etsa hore u lule letsatsing nako e telele. Buka eo e re: “Ha ho na se ka nkelang mekhoa e metle ea ho itšireletsa letsatsing sebaka. Ho apara liaparo tse koahelang ’mele le ho lula ka tlung nakong eo letsatsi le chesang haholo ho nkoa e le libetsa tse ‘sebetsang’ ho qoba kankere ea letlalo.”

Ho thoe’ng ka ho fifatsa lebala u le ka tlung, ka mabone le libethe tse ntšang mahlaseli a kang a letsatsi? Ho hakanngoa hore metsotso e 20 feela motho a orile letsatsi leo la maiketsetso libakeng tsa oona ho lekana le ho ora letsatsi la sebele lihora tse ’nè. Ho ne ho nahanoa hore ho fifatsa lebala motho a le ka tlung ho sireletsehile hobane ho sebelisoa mahlaseli a UVA haholo, ao ho neng ho sa bonahale a chesa. Empa The Skin Cancer Answer e re: “Hona joale hoa tsebahala hore UVA e phunyelletsa haholoanyane letlalong ho feta UVB, e ka baka kankere ea letlalo, hape e ka thibela le tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ho sebetsa.” Phuputso e ’ngoe e tlalehiloeng khatisong ea machaba ea The Miami Herald e fumane hore basali ba ileng ba ea libakeng tseo ho fifatsoang lebala ho tsona hang ka khoeli kapa ho feta, “ba ekelitse menyetla ea ho tšoaroa ke melanoma ka liphesente tse 55.”

Kahoo, ke habohlokoa ho nahana ka ho teba ka mekhoa e nepahetseng ea ho itšireletsa letsatsing. Hopola, ho chesoa ke letsatsi kajeno ho ka u bakela kankere ea letlalo lilemong tse 20 kapa ho feta tse tlang. Ba bang ba ’nile ba sebetsana joang le kankere ea letlalo, hona ba thusitsoe ke eng?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mahlaseli a kotsi a ka boetse a senya lisele tsa Langerhans tse lereng le ka ntle la letlalo, tse phethang karolo ea bohlokoa ho itšireletseng mafung. Buka ea The Skin Cancer Answer e re: “Ka hona, litsebi tse ling tsa saense li lumela hore ho senyeha ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ho tlatsetsa ho tšoaroeng ke kankere ea letlalo.”

b Ho ea ka Lekhotla la Kankere la New South Wales, “Moaustralia a le mong ho ba babeli o tla ba le mofuta o mong oa kankere ea letlalo bophelong ba hae.” Queensland, Australia, monyetla oa hore motho a be le melanoma o ne o le mong ho e 15 ka 1998.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

MATŠOAO A KA SEHLOOHONG A LEMOSANG KA MALIGNANT MELANOMA

1. MAHLAKORE A SA LEKANENG. Matšoao a qalang a melanoma a etsa maqhutsu a nang le mahlakore a sa lekaneng. Maqhutsu a itlhahelang feela a tloaelehileng hangata a machitja a bile a lekana ka hohle.

2. MAQOQOMETE. Maqhutsu a melanoma ha e qala hangata ha a lekane e bile ka mathōko a lintlhana. Maqhutsu a tloaelehileng a bataletse, a batla a lekana ka hohle.

3. MEBALA E SA TŠOANENG. Hangata letšoao la pele la melanoma e ba maqhutsu a nang le mebala e sa tšoaneng e mesootho, kapa e metšo. Ha melanoma e tsoela pele, ’mala o ka ’na oa e-ba mofubelu, mosoeu le o moputsoa. Maqhutsu a tloaelehileng hangata a ba le ’mala o le mong o mosootho.

4. BOHOLO. Maqhutsu a melanoma e qalang a ka hōla ho feta maqhutsu a tloaelehileng, ho fihlela a e-ba limilimithara tse tšeletseng.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Mohloli: The Skin Cancer Foundation

Skin samples: Images courtesy of the Skin Cancer Foundation, New York, NY, www.skincancer.org

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8]

LITLHAHISO TSE NTLE HO SIRELETSENG LETLALO LA HAO

1. Qoba ho ba letsatsing nako e telele, haholo-holo pakeng tsa hora ea leshome hoseng le hora ea bone thapama, e leng lihora tseo mahlaseli a kotsi a letsatsi a leng matla haholo.

2. Hlahloba letlalo la hao bonyane likhoeling tse ling le tse ling tse tharo ho tloha hloohong ho ea leotong.

3. Ha u le ka ntle, sebelisa setlolo se sireletsang letlalo letsatsing se nang le tekanyo ea 15 ea SPF kapa ho feta. U hle u se nyete, halofo ea hora pele u hlahella letsatsing ’me u se phete lihoreng tse ling le tse ling tse peli. (Bana ba ka tlaase ho likhoeli tse tšeletseng ba se ke ba tloloa ka setlolo sena.)

4. Ruta bana ba hao ba sa le banyenyane mekhoa e metle ea ho itšireletsa letsatsing, kaha kotsi e bakang kankere ea letlalo ho batho ba baholo e qala bongoaneng.

5. Apara liaparo tse u sireletsang tse kang marikhoe a malelele, lihempe tsa matsoho a malelele, likatiba tse lephephe le leholo le likhalase tsa letsatsi tse thibelang mahlaseli a kotsi a letsatsi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela