Ho Sebetsana ka Katleho le Kankere ea Letlalo
JEREMIAH ea lilemo li mashome a mahlano a motso o mong ke Moaustralia oa lesika la Ireland, ea nang le moriri o mofubelu tlere! le letlalo le lesoeu toa! leo ba bang ba reng ke “thohako ea Macelte.” Oa pheta: “Joaloka batho ba bangata ba Australia, lelapa leso le ne le e-ba ka ntle hangata, haholo-holo mafelong a beke le matsatsing a phomolo a lehlabula. Joaloka ngoana ke ne ke ee ke sese letamong le ka mor’a ntlo lihora-hora kapa ke e’o bapalla maqhubung a leoatle kapa ke bapale krikete mabōpong a Gold Coast, ka boroa ho Brisbane. Hangata, ke ne ke tena feela marikhoe a makhutšoanyane a ho sesa.”
Jeremiah o tsoela pele: “Ho fihlela ke le lilemong tse qalang tsa bocha, ho ne ho se na litlolo tse sireletsang letlalo letsatsing. Mehleng eno tsa papatso li ne li khothalletsa batho haholo hore ba sebelise oli ea kokonate e fifatsang letlalo hore motho a tšoane le mopholosi oa leoatleng ea mosootho oa Moaustralia. Ka nako eo ho hang re ne re se na kutloisiso ka tšenyo eo letsatsi le e etsang letlalong. E bile feela ka mor’a hore ke utloe bohloko ba ho chesoa ke letsatsi ka makhetlo moo ke ileng ka qala ho itšireletsa ka ho qoba maemo a ho chesoa ke letsatsi haholo.” Empa tšenyo e ne e se e etsahetse. “Lilemo tseo kaofela ke li qetileng ke tsamaea mahetla le lifuba li le ka ntle li ile tsa fella ka ho ba le maqoqomete a mangata, a neng a qala ho ntšofala le ho ba matenya, haholo-holo sefubeng.”
Ho tloha ka nako eo Jeremiah o se a buuoe ka makhetlo a mararo ho tlosoa kankere ea letlalo ea melanoma hammoho le kankere ea basal carcinoma. Ka lebaka lena o fetotse tloaelo ea hae. O re: “Letsatsi le leng le le leng, pele ke tsoela ka ntle, ke itlotsa ka setlolo se ngobetsang letlalo. Ka holim’a sona ebe ke itlotsa ka se sireletsang letlalo letsatsing. Hona joale ke roala katiba kapa kepisi matsatsi a mangata hlabula ho tloha ka hora ea 9:00 hoseng ho fihlela ka 4:00 thapama.” O boetse o hlahlojoa ke ngaka ea letlalo ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tharo.
Jeremiah o hlalosa se mo thusitseng hore a sebetsane ka katleho le phihlelo ea hae e bohloko: “Jehova Molimo o mphile kholiseho e tiileng ea ho lebella ho hlaphoheloa ha ba bang ba nahanne hore nka ’na ka shoa selemong sefe kapa sefe. Ho itšetlehiloe ka lilemo tseo batho ba bangata ba nang le kankere ea letlalo ba li phetseng lilemong tse ka bang 20 tse fetileng, ba bang ba ’nile ba nkuka ke le motho ea shoeleng a ntse a tsamaea. Ka bonna ke latsoitse se boleloang ke mantsoe a Morena Davida: ‘Jehova o tla ntšehetsa holim’a setulo sa ka se kang moalo sa ho kula; ka sebele u tla fetola liphate tsohle tsa ka nakong ea boloetse ba ka.’”—Pesaleme ea 41:3.
E mong ea bileng le mathata ka kankere ea letlalo ke Maxine. Bocheng ba hae Maxine ea mosoeu o ile a romeloa naheng ea Litropike e le moromuoa, o ile a romeloa Dominican Republic pele ’me hamorao a ea Puerto Rico. Ka lilemo tse 20 mosebetsi oa hae oa boromuoa o ne o akarelletsa ho ea ka ntlo le ntlo tšebeletsong letsatsing hoo e ka bang letsatsi lohle. Ho phaella moo, o ne a thabela ho ora letsatsi ha a phomotse. Joale, ka 1971 ho ile ha fumanoa kankere ea letlalo ea basal cell carcinoma sefahlehong. O ile a phekoloa ka mahlaseli eaba oa buuoa, ’me ka mor’a moo ha pechoa letlalo ho lokisa le senyehileng. Leha ho le joalo, lisele tse nang le kankere li ile tsa tsoela pele ho hlaha.
Maxine oa hlalosa: “Bothata e ne e le hore lisele tse nang le kankere li ne li sa lemohuoe, kahoo li ne li ntse li hōla. E bile nako e telele le e sithabetsang—lilemo tse ka bang 30 ke etela lingaka, litleliniki le lipetlele. Bonyane ke builoe ka makhetlo a leshome sefahlehong, ho phaella ho ea tleliniking ka makhetlo a ’maloa ho ea phekola kankere ka mekhoa e meng.” Hona joale, Maxine ea lilemo li 80 o sa tsoa phekoloa ka mokhoa oa ho buuoa o bitsoang Mohs, o ’nileng oa atleha ho felisa lisele tse nang le kankere ka ho feletseng.
Ka lebaka la ho ’na kankere ea letlalo e hlaha hape, Maxine o ile a tlameha o etsa liphetoho mokhoeng oa hae oa tšebeletso ea boromuoa, e leng ho etsa tšebeletso ea hae ea phatlalatsa mantsiboea e le hore a ka qoba letsatsi. Maxine o thusitsoe ke eng ho sebetsana le boemo boo ka katleho? “Ntho e ’ngoe ke ho ba le boikutlo bo nepahetseng. Kea tseba hore lisele tse nang le kankere li tla tsoela pele li hlaha le hore ke tla tlameha ho ea ngakeng hape. Ke ho amohetse. Ke leka hore ke se ke ka ikutloela bohloko kapa ho tletleba ka liteko tsa ka. Ha li nkamohe thabo ea ka tšebeletsong. Ke ntse ke bua le bang ka ’Muso oa Jehova. ’Me ke na le tšepo ea phekolo ea ka ho sa feleng haufinyane lefatšeng le lecha. Joale ke tla ba le sefahleho se secha, se phethahetseng.”
E, batho ba tšoeroeng ke kankere ea letlalo le liphofu tsa mafu a mang ba ka lebella letsatsi leo mantsoe a tlalehiloeng bukeng ea Jobo a phethahalang ka lona: “Nama ea hae e ke e nchafale ho feta bocheng; a ke a khutlele matsatsing a mahlahahlaha a hae a bocha.” (Jobo 33:25) Ho fihlela nako eo e fihla, a re hlokomeleng kotsi e bang teng ka ho ba letsatsing nako e telele ’me re etse boiteko bo tiileng ba ho sireletsa matlalo a rōna.
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Jeremiah o buuoe ka makhetlo a ’maloa ho tlosoa mefuta ea kankere ea letlalo ho akarelletsa le “melanoma” ka makhetlo a mararo. Leha ho le joalo, u ntse a e-na le boikutlo bo nepahetseng le tšepo
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
“Lefatšeng le lecha . . . ke tla ba le sefahleho se secha, se phethahetseng.”—Maxine