Lehae le Hloekileng—Tema eo Kaofela re e Khathang
Ka Mongoli oa Tsoha! Mexico
KE NTHO e thabisang hakaakang ho phela tikolohong e hloekileng le e sa silafatsoang! Leha ho le joalo, ka lebaka la ho eketseha ha litšila le lithōle metseng e meholo, ho ntse ho e-ba thata haholoanyane ho boloka tikoloho ea rōna e hloekile ebile e laolehile.
Mebuso ea libaka e loanela ho boloka literata li hloekile ka ho lokisetsa hore ho be le tsamaiso ea ho bokella litšila, empa ho sa tsotellehe sena, lithōle li ntse li bokellana libakeng tse ling, moo li sa shebahaleng hantle li bile li sokela bophelo bo botle ba sechaba. Litšila tse bokellaneng li ka baka keketseho ea litoeba, maphele le likokoanyana tse ling tse bakang mafu. Na ho na le seo u ka se etsang ka boemo boo? E, boloka lehae la hao le tikoloho li hloekile li bile li le makhethe.
Boikutlo bo Nepahetseng ba Kelello
Batho ba bang ba nahana hore tikoloho e litšila kapa mahae a litšila ke lia thoteng li bapile le bofutsana. Leha ho le joalo, ha hoa lokela ho ba joalo. Ke ’nete hore ho haelloa ke chelete ho ka thatafatsa lintho haholoanyane mabapi le ho boloka tikoloho e hloekile. Empa joalokaha maele a Sepanishe a bolela, “bofutsana le bohloeki ha li loantšane.” Ka lehlakoreng le leng, ’nete ea hore motho e mong o na le lintho tse bonahalang tse lekaneng hase tiiso ea hore o tla boloka tikoloho eo a leng ho eona e hloekile.
Bohloeki lapeng ka ntle le ka hare bo itšetlehile ka boikutlo ba kelello bo susumelletsang batho hore ba nke khato. Ha e le hantle, ho ea bohōleng bo itseng ho boloka lehae le hloekile ho itšetlehile ka boikutlo ba kelello ba lelapa kaofela. Ka lebaka leo ho hotle ho hlahloba seo kaofela ha rōna re ka se etsang ho tlatsetsa bohloeking ba mahae a rōna, ho akarelletsa le tikoloho eo re phelang ho eona.
Lenaneo la ho Hloekisa
Ho bonahala mosebetsi oa ka tlung oa ’mè o sa fele. Kantle le ho pheha lijo le ho lokisetsa bana ho ea sekolong, o boetse o tlameha ho sebetsa ho boloka lehae le tikoloho ea lona e hloekile. Na u hlokometse hore hangata ke ’mè ea phuthang liphahlo tse litšila le lintho tseo bana ba hae ba li siileng ka likamoreng tsa bona? Lenaneo le hlophisitsoeng hantle la ho hloekisa le akarelletsang lelapa kaofela le ka thusa ho bebofatsa mojaro oa ’mè.
Basali ba bang ba etsa qeto ea hore ho na le lintho tse hlokang tlhokomelo le ho hloekisoa letsatsi le leng le le leng, ha libaka tse ling tsa ntlo li ka hloekisoa hang ka beke, tse ling tsona e ka ba hang ka khoeli. Ha e le hantle, ho na le lintho tse ling tseo ho ka lokisetsoang hore li hloekisoe hang ka selemo. Ka mohlala, Mahaeng a Bethele, mehahong ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova naheng e ’ngoe le e ’ngoe, ho hloekisoa ka tsela e kenelletseng hang ka selemo. Eo ke nako ea ho lahla lintho tse sa sebelisoeng le ho beha lintho ka mahlofo. Ho boetse ho na le lenaneo la kamehla la ho hloekisa mabota.
Ho na le libaka tseo ka lapeng bohloeki e leng ba bohlokoa bakeng sa bophelo bo botle, tse kang ka ntloaneng. Le hoja ho lokela hore ho hloekisoe hanyenyane letsatsi le leng le le leng, ho hlokahala tlhoekiso e kenelletseng, bonyane hang ka beke, ho thibela baktheria hore e se ke ea bokellana. Ba bang ba nahana hore litšila tse bokellanang ka ntloaneng ka boeona li ke ke tsa qojoa le hore ho ke ke ha etsahala hore li tlosoe. Leha ho le joalo, u tla fumana mahae ao ho ’ona matloana a lulang a hloekile ka ho feletseng a bile a benya. Empa e le taba ea ho a hloekisa nako le nako le ho sebelisa lisepa tse loketseng.
Kichine le eona e hloka ho hloekisoa ka hloko. Le hoja u hlatsoa lijana le ho hloekisa setofo le holim’a liraka letsatsi le leng le le leng, ho hlokahala hore ka linako tse ling—mohlomong hang ka khoeli bonyane—ho hloekisoe ka ho keneletseng, libakeng tse kang ka mor’a litofo le lihatsetsi le tlas’a sinki. Ho hloekisa phaposi ea polokelo ea lijo kapa liraka khafetsa ho tla thibela hore maphele le likokoanyana tse ling tse kotsi li se ke tsa hahela moo.
Tšebelisano ea Lelapa
Batsoali ba bang ba etsetsa bana ba bona melao ’me ba ba koetlisitse hore ha ba tsoa ka kamoreng ea bona hoseng ba ea sekolong, ba siee ba alotse libethe, liaparo tsa bona tse litšila li le sebakeng se loketseng le lintho tsa bona li behiloe hantle. Molao o sebetsang ho e mong le e mong ke o reng, “Sebaka se teng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe le hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona.”
Hape, litho tse ling tsa lelapa li ka abeloa mesebetsi e tobileng kapa karolo e itseng ka tlung hore li e hloekise. Ka mohlala, na ntate o khona ho hloekisa le ho hlophisa lintho ka karajeng bonyane hang ka selemo? Na e mong oa bana a ka mo thusa ntlheng ee? Ke mang ea ikarabellang ho tlosa lehola ka pel’a ntlo kapa ho kuta mohloa? See se lokela ho etsoa hangata hakae e le hore bokantle ba ntlo bo ka ba le ponahalo e hlomphehang? Na ho na le setoro ka tlung seo ho hlokahalang hore se hlahlojoe e le hore ho tlosoe bohlasoa bo sa hlokahaleng ’me ho bolokoe sebaka seo se le makhethe? Haeba se teng, ke mang ea tla se hloekisa? Batsoali ba bang ba abela bana mesebetsi e joalo, ba etsa hore ba chenchane ka eona.
Ka hona, etsa lenaneo le letle la ho boloka lehae la hao le hloekile. Ebang ke uena ea itlhoekisetsang kapa u hloekisa le lelapa la hao kapa ho hlokahala hore u hire motho e mong ho u thusa, hoa hlokahala hore u be le lenaneo le hlophisehileng hantle. ’Mè e mong ea bolokang lehae la hae le le makhethe o re bolella kamoo lelapa lohle le sebelisanang hantle kateng ho le boloka le hloekile: “’Na le barali ba ka ba bararo re arolelana mosebetsi. Norma Adriana o hloekisa kamore ea ho phomola, likamore tse peli tseo ho robaloang ho tsona, foranteng le lebaleng. Ana Joaquina o hlokomela kichine. ’Na kea hlatsoa le ho hlokomela lintho tse ling ha María del Carmen eena a hlatsoa lijana.”
Ponahalo e Ntle ka Ntle
Ho thoe’ng ka bokantle ba ntlo? Ebang u phela ntlong e khōlō kapa lehaeng le itekanetseng, ho hlokahala lenaneo la ho hloekisa le ho hlokomela sebaka ka ntle. Ka mohlala, keite terateng e ka ’na ea robeha sehokelo se seng. Ua tseba hore keite e tla shebahala hampe joang haeba e tloheloa e sa lokisoe ho fihlela e oela fatše. Ho joalo le ka lithōle tse tloheloang hore li bokellane monyako oa ntlo kapa pel’a tselana e haufi ea maoto. Hape, makotikoti, lithulusi le lintho tse ling ka linako tse ling li tloheloa hore li bokellane ka ntle ho ntlo ka tsela e bohlasoa, ’me sena e ka ba sebaka seo likokoanyana li ipatang ho sona.
Malapa a mang a entse qeto ea ho fiela le ho hloekisa ho pota-pota ntlo, ho akarelletsa le pel’a tsela esita le seterateng ka pel’a ntlo, hang ka letsatsi kapa beke e ’ngoe le e ’ngoe, ho ea ka hore na ho hlokahala eng. Ke ’nete hore libakeng tse ling ’muso o na le tsamaiso e ntle haholo ea ho boloka tikoloho e hloekile, empa libakeng tse ling ha ho na lenaneo la ’muso. Kantle ho pelaelo, tikoloho eo re lulang ho eona e tla shebahala e le ntle haholoanyane ebile e ke ke ea kulisa haeba kaofela ha rōna re kenya letsoho ho e bolokeng e hloekile.
Malapa a mang hase feela hore a na le lenaneo le akarelletsang mesebetsi e boletsoeng ka holimo empa a boetse a le ngotse fatše ’me a le maneha moo lelapa le ka le bonang le ho le latela. Sena se ka ba le liphello tse ntle haholo. Ke ’nete hore ha rea akarelletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u lokelang ho e tseba ka ho hloekisa. Ka mohlala, ho hlokahala u etse qeto ea hore na u sebelisa lisepa life tse loketseng haholo tikolohong ea lōna le hore na ke lithulusi life tseo u ka li fumanang ho latela seo u tla se khona.
Litlhahiso tsena tse khutšoanyane ha ho pelaelo hore li tla etsa hore lelapa lohle le hlokomele hore ho hlokahala le boloke lehae le tikoloho ea lona e hloekile. Hopola, ho boloka lehae le tikoloho ea lona e hloekile ho itšetlehile ka boikutlo ba hao ba kelello eseng seo u nang le sona.
[Lebokose le leqepheng la 16, 17]
Lenaneo le Sebetsang la ho Hloekisa Ntlo
Sebelisa sebaka se eketsehileng ho eketsa lintlha tsa hao lethathamong
Tlhokomeliso ea bohlokoa: Ho tsoaka lisepa tsa ho hloekisa ho ka ba kotsi haholo. Ka ho khetheha qoba ho tsoaka lisoeufatsi le ammonia
✔ Letsatsi le letsatsi
❏ Kamore ea ho robala: Alola libethe le ho beha lintho hantle ka mahlofo
❏ Kichine: Hlatsoa lijana le sinki. Tlosa bohlasoa holim’a liraka le litafole. Fiela kapa u korope fatše haeba ho hlokahala
❏ Kamore ea ho hlapela: Hlatsoa sinki le ntloana. Beha lintho ka makhethe
❏ Kamore ea ho phomola le likamore tse ling: Beha lintho ka makhethe. Hloekisa fenishara hanyenyane. Fiela ka lefielo, koropa kapa u fiele ka mochine haeba ho hlokahala
❏ Ntlo kaofela: Qhala lithōle ka tsela e nepahetseng
✔ Beke le beke
❏ Kamore ea ho robala: Chencha lilakane. Fiela kapa u korope fatše ha ho hlokahala. Tlosa lerole fenishareng
❏ Kichine: Hlatsoa setofo, lisebelisoa tseo u li behileng holim’a liraka le thepa ea sinki. Koropa fatše
❏ Kamore ea ho hlapela: Hlatsoa mabota a shaoara le thepa eohle ea eona. Hloekisa ntloana, k’habote le libaka tse ling ka sesepa se thibelang mafu. Chencha lithaole. Fiela kapa u korope fatše
✔ Khoeli le khoeli
❏ Kamore ea ho hlapela: Hlatsoa mabota ’ohle hantle
❏ Ntlo kaofela: Hloekisa liforeime tsa mamati. Fiela kapa u hloekise litulo hantle
❏ Jarete, lebala, karaje: Fiela ’me u hloekise haeba ho hlokahala. Qoba ho bokellana ha lithōle kapa lintho tse sa hlokahaleng
✔ Likhoeli Tse Ling le Tse Ling Tse Tšeletseng
❏ Kamore ea ho robala: Hlatsoa lintho tse koahelang bethe ho latela litaelo tsa baetsi ba tsona
❏ Kichine: Ntša ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka sehatsetsing ’me u se hloekise hantle
❏ Kamore ea ho hlapela: Ntša ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lishelefong le ka litorooareng. Lahla lintho tse seng li sa hlokahale kapa tse feletsoeng ke nako
❏ Ntlo kaofela: Hloekisa mabone, lifehla-moea le lintho tse ling tse amanang le mabone. Hloekisa mamati. Hlatsoa linete tsa lifensetere, lifensetere le liforeime tsa lifensetere
✔ Selemo le Selemo
❏ Kamore ea ho robala: Ntša ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me u hloekise liotoropo hantle. Lahla lintho tse sa hlokahaleng. Hlatsoa likobo. Fiela le ho hlohlora materase ka ho feletseng. Hlatsoa mesamo ho latela litaelo tsa baetsi ba eona
❏ Kichine: Ntša ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me u hloekise lishelefo, lik’habote le litorooara ka ho feletseng. Lahla lintho tse sa hlokahaleng. Suthisa thepa e kang litofo le lihatsetsi e le hore u ka hloekisa kamorao le moo li lutseng
❏ Ntlo kaofela: Hlatsoa mabota kaofela. Hlatsoa litulo le likharetene ho latela litaelo tsa baetsi ba tsona
❏ Karaje kapa setoro: Fiela ka ho feletseng. Hlophisa kapa u lahle lintho tse sa hlokahaleng
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
“Sebaka se teng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe le hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona”
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Ho ka ’na ha thusa ho lahla lintho tseo u seng u sa li hloke