Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/09 maq. 11-13
  • Kamoo U ka Khannang ka Mokhoa o Sireletsehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Khannang ka Mokhoa o Sireletsehileng
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ✔Itlhahlobe
  • ✔Hlahloba Tsela eo U Khannang ka Eona
  • ✔Hlahloba Koloi ea Hao
  • Lehae le Hloekileng—Tema eo Kaofela re e Khathang
    Tsoha!—2005
  • Hlaolela Mekhoa ea ho Khanna ka Polokeho
    Tsoha!—1988
  • Na ke se ke Loketse ho Khanna?
    Tsoha!—1989
  • Mokhoa oa ho Thibela Likotsi Tsa Likoloi
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 7/09 maq. 11-13

Kamoo U ka Khannang ka Mokhoa o Sireletsehileng

LE HOJA batho ba limilione kajeno ba nka hore ho hlokahlala hore ba tsebe ho khanna, ho khanna ho na le mathata a hona. Ho hakanngoa hore ka selemo batho ba fetang 1 200 000 ba shoa likotsing tsa ’mileng! Kahoo, na ha ho molemo hore re ithute ho khanna ka tsela e sireletsehileng? A re hlahlobeng mehato e meng e ka re thusang.

✔Itlhahlobe

Koranta e bitsoang Australian Journal of Social Issues e tlaleha hore mohato o mong oa bohlokoa oo mokhanni a ka o nkang ho fokotsa monyetla oa ho hlaheloa ke likotsi ke ka ho ntlafatsa tsela eo a khannang ka eona. Kahoo, pele mokhanni a nka leeto, a ka ’na a ipotsa, ‘Na ke loketse ho khanna, hona na ke moeeng oa ho khanna?’ Mokhathala o ka thethefatsa motho ’me oa etsa hore a liehe ho nka khato e hlokahalang. Ofisi ea Philippines ea Lipalangoang e thathamisa ho halefa, ho tšoenyeha le ho thaba e le tse ling tsa lintho tse amang tsela eo batho ba khannang ka eona le tse ka etsang hore ba etse liqeto tse booatla esita le hore ba be mabifi ha ba le tseleng.

Motho o boetse o lokela ho nahana ka tsela eo a ikutloang ka eona ’meleng, kaha maloetse a itseng kapa ho lemala ho ka ’na ha mo sitisa ho khanna ka tsela e sireletsehileng. Mokhanni ea hlomphang bophelo ba bang ha a na ho ba beha kotsing ka hore a khanne a noele. Lithethefatsi le meriana e itseng le tsona li ka ’na tsa ama tsela eo mokhanni a etsang lintho ka eona. Maemo a mang, e ka ’na ea e-ba bohlale hore motho a tlohele ho nka leeto kapa a kōpe e mong hore a khanne.

✔Hlahloba Tsela eo U Khannang ka Eona

Ha likoloi li ntse li eketseha, haholo-holo linaheng tse tsoelang pele, seo se bolela hore le bakhanni ba se nang phihlelo baa eketseha. Kahoo, ke habohlokoa ho nahana ka lintho tse peli tseo mokhanni a ka li etsang e le hore a qobe likotsi.

Khanna ka kelo-hloko! Lula u falimehile, u shebe lintho tse ka pele le tse ka morao tse ka ’nang tsa baka kotsi, ’me u nahane ka seo bakhanni ba bang ba ka ’nang ba se etsa—ho akarelletsa lintho tse fosahetseng. Kaha likoloi li atisa ho thulana hobane e ’ngoe e pepile ka mor’a e ’ngoe, mokhanni ea masene o tla siea sebaka se lekaneng pakeng tsa hae le likoloi tse ling.

Ela hloko se etsahalang ka mahlakoreng le lintho tse ka u sitisang. Sheba ka mahlakoreng u bone se etsahalang, u se ke ua itšetleha ka liipone feela. Qoba lintho tse ka u sitisang ha u khanna. U se ke ua etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe—lintho tse kang ho bua fonong kapa ho tšoara-tšoara lisebelisoa tse ling ho ka baka tšitiso.

Haeba u tsamaea ka sethuthuthu: Ba bang ba boholong ba hakanya hore k’hilomithareng ka ’ngoe eo motho a e tsamaeang ka sethuthuthu, ho na le menyetla e 37 ea hore a ka shoa ha kotsi e hlaha ho feta motho ea tsamaeang ka koloi. U ka itšireletsa joang? Mehato e ’meli e hlalositsoeng ka holimo ea sebetsa le ho batho ba tsamaeang ka lithuthuthu. Ho feta moo, Mokhatlo oa United States o Sireletsang Bakhanni ba Lithuthuthu, o re: “Etsa hore bakhanni ba bang ba u bone.” Netefatsa hore baa u bona. Lula u khantšitse mabone. U se ke ua tsamaella moo bakhanni ba bang ba ke keng ba u bona. “Apara ka tsela e sireletsehileng.” Roala helmete, ’me u apare liphahlo tse khanyang, tse boima tse tla u sireletsa. “Khanna ka hloko haholo.” Nka hore ba bang ha ba u bone, ’me u khanne ka hloko.

✔Hlahloba Koloi ea Hao

Mokhanni o lokela ho ameha ka polokeho ’me koloi ea hae e be boemong bo botle. Mariki a lokela ho sebetsa hantle, hammoho le likarolo tse ling tsohle tsa koloi. Lithaere li lokela ho ba boemong bo botle e le hore koloi e se ke ea chipiritsa kapa ea thella ha ho le metsi. Mabili a nang le moea o lekaneng a tla u thusa ho laola koloi le ho e khina. Likoloi tse ngata kajeno li na le mabanta a pholoho. Empa ha a na thuso haeba a sa sebelisoe.

Khanna ho latela maemo. Ha tsela e le metsi, haholo-holo ha lehloa le khethehile, seo se ama sebaka seo koloi e se nkang pele e ema le tsela eo mabili a sothehang ka eona. Ha u khanna bosiu, mabone a koloi a lokela ho sebetsa hantle ’me maemong a mangata u lokela ho fokotsa lebelo. Kaha bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang hore re sireletse bophelo ba rōna, re be re ithute ho khanna ka mokhoa o sireletsehileng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 13]

BABALLA MAFURA HA U KHANNA

◼ Khanna u iketlile: Ho jaha koloi le ho e khina khafetsa ho senya mafura.

◼ Tima koloi ha e eme: Likoloi tse ngata kajeno ha li hloke ho futhumatsoa pele li tsamaea. Haeba ho feta halofo ea motsotso koloi e sa tsamaee, e time.

◼ Tšela mabili moea o lekaneng: Mabili a nang le moea o lekaneng a tsamaisa koloi hantle, kahoo ha e sebelise mafura a mangata.

◼ Fokotsa lebelo: Ho khanna ka lebelo le holimo ho ka ba kotsi ’me ha ja mafura a mangata.

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 11]

❏ Lula u falimehile

❏ Fasa lebanta la pholoho

❏ U se ke ua etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe

❏ Qoba lintho tse ka u sitisang

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 12]

❏ Ela hloko se etsahalang ka mahlakoreng

❏ Mariki a sebetsa hantle

❏ Mabili a na le moea o lekaneng

❏ Lithaere li boemong bo botle

❏ Siea sebaka se lekaneng lipakeng

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 13]

❏ “Apara ka tsela e sireletsehileng”

❏ “Etsa hore bakhanni ba bang ba u bone”

❏ Hlahloba mabone

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela