Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 8/8 maq. 21-25
  • Likoluoa tsa Tlhaho le Seabo sa Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likoluoa tsa Tlhaho le Seabo sa Batho
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhoa ea ho Fapanyetsana Meea e Chesang ea Polanete
  • Ho Phahama ha Boemo ba Leoatle le ho Senngoa ha Meru
  • Ha Lefatše le Reketla
  • Ho Foqoha ha Seretse se Chesang ke Mahlopha a Senya
  • Na Likoluoa Tsa Tlhaho li Tla Eketseha?
  • Likoluoa tsa Tlhaho—Na Molimo oa Ikarabella?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Lefatše le Kotsing?
    Tsoha!—2008
  • Likoluoa Tsa Tlhaho—Ke Hobane’ng ha li le Ngata Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Molimo oa Ikarabella?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 8/8 maq. 21-25

Likoluoa tsa Tlhaho le Seabo sa Batho

HA KOLOI e hlokometsoe hantle, e ka tsamaisa batho ba sireletsehile. Empa eona koloi eo ha e sebelisoa hampe ’me e hlokomolohiloe e ka ba kotsi. Ho ka buuoa se tšoanang le ka Lefatše.

Ho ea ka maikutlo a bo-rasaense ba bangata, liphetoho tse entsoeng ke batho tikolohong ea lefatše le maoatleng li entse hore polanete ea rōna e be sebaka se kotsi ka ho tlatsetsa likoluoeng tsa tlhaho tse etsahalang hangata le tse sehlōhō haholo. ’Me bokamoso bo bonahala bo le lerootho. Sehlooho sa baphatlalatsi se buang ka phetoho ea tlelaemete makasineng ea Science, se itse: “Re ka har’a morearea polaneteng ena eo e leng eona feela eo re nang le eona.”

E le hore re ka utloisisa haholoanyane kamoo mesebetsi ea batho e ka amang hore na likoluoa tsa tlhaho li ngata hakae le hore li kotsi hakae, ho hlokahala hore re utloisise haholoanyane ka liketsahalo tsena tsa tlhaho. Ka mohlala, ke eng e bakang lifefo tse matla tse kang maholiotsoana?

Mekhoa ea ho Fapanyetsana Meea e Chesang ea Polanete

Tlelaemete ea lefatše e ’nile ea tšoantšoa le mochine o fetolang mahlaseli a letsatsi matla le ho a aba. Kaha Litropike li fumana mocheso o mongata haholo oa letsatsi, ho se leka-lekane ho bang teng ha thempereichara ho etsa hore moea o sepakapakeng o tsamaee.a Ho potoloha ha lefatše, letsatsi le letsatsi, ho etsa hore moea ona o ntseng o tsamaea o mongobo, o etse setsokotsane se senyenyane, o mong o oa sibathela. ’Me ho sibathela hona ho ka ’na ha qetella ho fetohile lifefo.

Haeba u hlokomela tsela e tloaelehileng ea lifefo tsa litropike, u tla hlokomela hore e batla e sekamela ho tloha equator—ebang ke ka leboea kapa ka boroa—ho ea libakeng tse batang. Ka ho etsa joalo, lifefo li boetse li etsa hore ho be le phapanyetsano ea mocheso o matla, e thusang ho etsa hore tlelaemete e be e itekanetseng. Empa ha thempereichara karolong e ka holimo ea leoatle—e leng se joaloka ‘tanka e bolokang metsi a chesang’ ea mochine oa tlelaemete—e feta mocheso oa likhato tse 27 tsa Celsius, lifefo tsa litropike li ka ’na tsa fumana matla a lekaneng hore e be maholiotsoana maoatleng a sa tšoaneng—e leng liketsahalo tse rehelloang ho latela hore na a etsahala sebakeng sefe.

Likoluoeng tsa tlhaho tseo ho tsona batho ba ileng ba lahleheloa ke bophelo, e tšabehang ka ho fetisisa historing ea United State e bile e bakiloeng ke leholiotsoana le ileng la otla motse o sehlekehlekeng sa Galveston, Texas, ka la 8 September, 1900. Maqhubu a leoatle a ile a bolaea batho ba pakeng tsa 6 000 le 8 000 motseng oo, le ba 4 000 libakeng tse haufi le moo ’me a senya matlo a ka bang 3 600. Ha e le hantle, ha ho mohaho le o mong Galveston o ileng oa sala o sa ameha.

Joalokaha ho boletsoe sehloohong se ka pele, ho ’nile ha e-ba le lifefo tse matla tse ngata lilemong tsa morao tjena. Litsebi tsa saense li ntse li batlisisa hore na sena se amana le ho futhumala ha lefatše kapa che, e leng se ka ’nang sa eketsa matla a ho ba teng ha lifefo. Leha ho le joalo, ho fetoha ha boemo ba leholimo, e ka ’na ea e-ba letšoao le le leng feela la ho futhumala ha lefatše. Phello e ’ngoe e ka ’nang ea e-ba kotsi e ka ’na eaba e se e ntse e bonahala.

Ho Phahama ha Boemo ba Leoatle le ho Senngoa ha Meru

Ho latela sehlooho sa mohlophisi koranteng ea Science, “boemo ba leoatle bo phahame ka lisenthimithara tse 10 ho ea ho tse 20 lilemong tse lekholo tse fetileng ’me re ka lebella ho eketsehileng.” See se ka amana joang le ho futhumala ha lefatše? Bafuputsi ba supa litsela tse ka ’nang tsa e-ba peli. E ’ngoe ke ho qhibiliha ho ka ’nang ha etsahala libakeng tse leqhoa le ho qhibiliha ha pokello ea leqhoa, e leng ho ka eketsang metsi maoatleng. E ’ngoe ke ho eketseha ha metsi ka lebaka la mofuthu—ha maoatle a ntse a futhumala, metsi a ’ona aa eketseha.

Lihlekehleke tse nyenyane tsa Pacific tsa Tuvalu, e ka ’na eaba li se li ntse li angoa ke ho phahama hona ha boemo ba leoatle. Makasine ea Smithsonian e bolela hore boitsebiso bo bokeletsoeng sehlekehlekaneng sa Funafuti bo bontša hore boemo ba leoatle moo bo phahame “ka karolelano ea limilimithara tse 5,6 ka selemo lilemong tse leshome tse fetileng.”

Likarolong tse ngata tsa lefatše, keketseho ea baahi e bolela ho eketseha ha libaka tsa litoropong, mek’huk’hu e eketsehileng le ho senyeha ha tikoloho ka ho eketsehileng. Liphetoho tsena li ka ’na tsa hōlisa sehlōhō sa likoluoa tsa tlhaho. Nahana ka mehlala e meng.

Haiti ke sehlekehleke se nang le baahi ba bangata, se boetse se na le histori ea ho senngoa ha meru. Tlaleho ea litaba ea morao tjena e boletse hore, le hoja mathata a moruo, a lipolotiki le a sechaba sa Haiti a le mabe, ha ho letho le sokelang boteng ba naha eo joaloka ho senngoa ha meru. Tšokelo ena e ile ea totobala haholo ka 2004 ha lipula tsa litloebelele li ne li baka ho ritsa ha seretse ho ileng ha bolaea batho ba likete.

Time ea Asia e supa “ho futhumala ha lefatše, matamo le ho senngoa ha meru hammoho le ho rengoa le ho chesoa ha meru bakeng sa temo,” e le lisosa tse mpefatsang likoluoa tsa tlhaho tse hlasetseng Asia Boroa. Ka lehlakoreng le leng, ho senngoa ha meru ho ka mpefatsa komello ka ho etsa hore mobu o omelle ka potlako. Lilemong tsa morao tjena, komello Indonesia le Brazil e bakile ho qhoma ha mello eo ho seng e kileng ea lekana le eona merung eo ka tloaelo e leng metsi haholo hore e ka cha. Leha ho le joalo, boemo ba leholimo bo feteletseng hase bona feela sesosa sa likoluoa tsa tlhaho. Linaha tse ngata li hlasetsoe ke likoluoa tse fehlehileng tlaase mpeng ea lefatše.

Ha Lefatše le Reketla

Bokaholimo ba lefatše bo entsoe ka likarolo tsa boholo bo sa tšoaneng tse sisinyehang li itšetlehile ka tse ling. Ka sebele, bokaholimo bona ba lefatše bo sisinyeha hangata hoo bo ka bakang litšisinyeho tsa lefatše tse limilione tse ’maloa selemo le selemo. Ke ’nete hore tse ngata tsa tsona ha li utluoe.

Ho boleloa hore hoo e ka bang liphesente tse 90 tsa litšisinyeho tsa lefatše li etsahala mateanong a likarolo tsena tsa lefatše. Le hoja ho etsahala seoelo, ka linako tse ling litšisinyeho tse senyang haholo li boetse li etsahala hona likarolong tsena ka botsona. Ho latela likhakanyo, tšisinyeho e kileng ea bolaea batho ba bangata ka ho fetisisa historing e ile ea otla liprofensi tse tharo Chaena ka selemo sa 1556. E ka ’na eaba e bolaile batho ba ka bang 830 000!

Litšisinyeho li ka boetse tsa e-ba le liphello tse bolaeang. Ka mohlala, ka la 1 November, 1755, tšisinyeho e ile ea ripitla motse oa Lisbon, Portugal, o neng o e-na le baahi ba 275 000. Empa masetla-pelo ao a ne a sa felle moo. Tšisinyeho eo e ile ea baka mello le maqhubu a leoatle a ka bang bophahamo ba limithara tse 15, a ileng a phalla ka lebelo le tšabehang a tsoa leoatleng le haufi la Atlantic. Ka kakaretso batho ba shoeleng ba ne ba feta 60 000.

Leha ho le joalo, le mona boholo ba likoluoa tse joalo bo batla bo angoa ke liketso tsa batho. Ntlha e ’ngoe ke tšubuhlellano ea baahi libakeng tse kotsi haholo. Mongoli Andrew Robinson, o re: “Hoo e ka bang halofo ea metse e meholo ea lefatše e libakeng tseo ho reketla ha lefatše ho ka etsahalang ho tsona.” Ntlha e ’ngoe ke mehaho—thepa e sebelisitsoeng le boleng ba mehaho. Polelo e reng “Litšisinyeho tsa lefatše ha li bolaee batho; mehaho ke eona e ba bolaeang” hangata e ipakile e le ’nete. Empa batho ba na le boikhethelo bofe ha ba futsanehile hoo ba ke keng ba haha matlo a ke keng a angoa ke tšisinyeho ea lefatše?

Ho Foqoha ha Seretse se Chesang ke Mahlopha a Senya

Tlaleho ea Smithsonian Institute United States e re: “Nakong eo u balang mantsoe ana mohlomong ho tla be ho foqoha seretse se chesang bonyane libakeng tse 20.” Ka kakaretso, khopolo ea hore likarolo tsa lefatše li ea ritsa e bolela hore litšisinyeho tsa lefatše le ho foqoha ha seretse se chesang li tla ba teng libakeng tse tšoanang—mapatsong, haholo-holo mapatsong a teng leoatleng; karolong e ka holimo ea lefatše, moo seretse se chesang se nyolohang ka tlaase ’me se phunyeletse le mapatsong; le moo likarolo tsa lefatše li fapanang teng.

Moo likarolo tsa lefatše li kopanang teng ke tšokelo e khōlōhali ho batho ka lebaka la ho foqoha ha seretse hangata ho hlokometsoeng le ho etsahala ha hona haufi le libaka tse nang le batho ba bangata. Linaha tse pota-potileng Pacific, li na le libaka tse joalo tse makholo tse foqohang seretse se chesang. Tse ’maloa tsa tsona li boetse li fumanoa hōle le meeli ea likarolo tsa lefatše. Lihlekehleke tsa Hawaii, tsa Azores le tsa Galápagos, hammoho le tsa Society, ho bonahala kaofela li bile teng ka lebaka la ho foqoha ha seretse se chesang.

Ha e le hantle, ho foqoha ha seretse se chesang ho bile le seabo se seholo historing ea lefatše. Ho latela Mocha oa Boitsebiso oa Inthanete oa univesithi e ’ngoe, hoo e ka bang “liphesente tse 90 tsa lik’honthinente tsohle le maoatle ke liphello tsa ho foqoha ha seretse se chesang.” Empa ke eng e etsang hore ho foqoha ho hong ha seretse se chesang e be ho matla haholo?

Ho foqoha ha seretse ho qala ha seretse se chesang se nyoloha tlaase-tlaase mpeng ea lefatše moo ho chesang. Libaka tse ling li tsoa seretse se chesang butle, hoo e leng ka seoelo se ka tsamaeang ka potlako hoo se ka tšohanyetsang batho. Empa tse ling li phatloha ka matla ho feta bomo ea nyutlelie! Mabaka a ka sehloohong a akarelletsa hore na motsoako oa seretse ke oa mofuta ofe le hore na se thata hakae le hore na ke likhase tse kae le metsi a chesang tse tsoakaneng le seretse seo. Ha seretse sena se chesang se le haufi le ho tsoa, metsi le likhase tse bokellaneng li tlallana ka potlako. Ha motsoako oa seretse se chesang o kopane hantle, phello e batla e tšoana le ea ha ho buloa lekotikoti la seno-mapholi.

Ka lehlohonolo, hangata libaka tsena tse foqohang seretse se chesang li fana ka temoso pele li phatloha. Ho bile joalo ka Thaba ea Pelée sehlekehlekeng sa Caribbean sa Martinique ka 1902. Likhetho li ne li atametse St. Pierre e haufi le moo, ’me bo-ralipolotiki ba ile ba khothalletsa batho hore ba se ke ba tsamaea, ho sa tsotellehe molora, ho kula le tšabo tse neng li se li aparetse motse. Ha e le hantle, e ne e se e le matsatsi joale mabenkele a mangata a koetse!

La 8 May e ne e le Letsatsi la Nyolohelo, ’me batho ba bangata ba ne ba ile kerekeng ea K’hatholike ho ea rapella ho pholosoa seretseng seo se chesang. Hoseng hoo, pejana feela ho hora ea borobeli, Thaba ea Pelée e ile ea phatloha ea ntša foqofoqo ea seretse se chesang—molora, mashala a cheleng, lejoe le thata ba morema-phofu, le kang lefufuru le khase e chesang ka ho fetisisa—se likhato tse tlohang ho 200-500 tsa Celsius. Le hahabela fatše, leru le letšo le tšabehang le ile la theoha thabeng, la koahela motse, la bolaea batho ba ka bang 30 000, la qhibilihisa tšepe ea kereke, ’me la chesa likepe tse koung ea likepe. E bile ho phatloha ho ileng ha bolaea batho ba bangata ka ho fetisisa lekholong la bo20 la lilemo. Empa ho ka be ho sa ka ha e-ba joalo hoja batho ba ile ba ela litemoso hloko.

Na Likoluoa Tsa Tlhaho li Tla Eketseha?

Tlalehong ea 2004 ea Likoluoa Tsa Lefatše, Mokhatlo oa International Federation of Red Cross le oa Red Crescent e bolela hore lilemong tse leshome tse fetileng, likoluoa tse amanang le kaheho ea lefatše le boemo ba leholimo li eketsehile ka liphesente tse fetang 60. Tlaleho e ileng ea phatlalatsoa pele ho koluoa ea tsunami ea la 26 December Leoatleng la India, e re: “Sena se bontša liphetoho tsa nako e telele.” Kantle ho pelaelo, haeba palo ea baahi libakeng tse kotsing haholo e tsoela pele ho phahama, le meru e tsoela pele ho fokotseha, ha ho na mabaka a ho ba le tšepo.

Ho phaella moo, linaha tse ngata tse tsoetseng pele moruong li ntse li tsoela pele ho ntšetsa likhase tse kotsi sepakapakeng. Ho latela sehlooho sa baphatlalatsi koranteng ea Science, ho ’na ho chechisoa taba ea ho fokotsa mesi e kotsi “ho tšoana le ho hana meriana bakeng sa tšoaetso e ntseng e tsoela pele: Ho tiisa hore litšenyehelo tse tla lefshoa li tla ba khōloanyane hamorao.” Ha e supa litšenyehelo tseo, tlaleho ea Canada e buang ka ho fokotsa likoluoa e itse: “Ho fetoha ha tlelaemete ho ka boleloa hore ke bothata bo atileng ka ho fetisisa le bo sabaletseng haholo ba tikoloho boo linaha tsa machaba li kileng tsa sebetsana le bona.”

Leha ho le joalo, hona joale linaha tsa machaba li sitoa le ho lumellana ka hore liketso tsa batho lia tlatsetsa ho futhumaleng ha lefatše, ho se ho sa thoe letho ka ho ho laola. Boemo bona bo re hopotsa ’nete ea Bibele e reng: “Ha ho matleng a motho . . . hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Empa joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, hase hore ha ho sa na tšepo. Ha e le hantle, bomalimabe bo teng hona joale, ho akarelletsa maemo a ferekaneng a batho, a phaella bopaking ba hore topollo e haufi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho se leka-lekane ha mocheso oa letsatsi le hona ho ka baka maqhubu a leoatle hore a fetole le ho isa matla ana libakeng tse batang.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

HA HO HONG HOO E SENG POONE HO HŌLA MASIMONG

KA 1943 molemi e mong oa poone, Mexico, o ile a bona ho hong hoo e seng poone ho hōla polasing ea hae. Ha a ntse a tsamaea moo masimong, o ile a bona mapatso, kapa matlere, a ntse a taboha fatše. Letsatsing le hlahlamang, matlere ana a ne a tsoa seretse se chesang hanyenyane. Bekeng e latelang, seretse se ne se le bophahamo ba limithara tse 150, ’me selemo hamorao, e ne e se e le tututsoana ea limithara tse 360. Qetellong, tututsoana ena e ile ea e-ba bophahamo ba limithara tse 430, e leng bophahamo ba limithara tse 2 775 ka holim’a bophahamo ba leoatle. Thajana ena e bitsoang Paricutín, ka tšohanyetso e ile ea emisa ho foqoha seretse ka 1952.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U. S. Geological Survey/Photo by R. E. Wilcox

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

HA MOLIMO A NE A PHOLOSA LICHABA KOLUOENG

TLALA EA SEKOBOTO ke koluoa ea tlhaho ea mofuta o mong. Ke e ’ngoe ea litlala tsa pele e kileng ea tlalehoa e bileng teng Egepeta ea boholo-holo mehleng ea Josefa, mora oa Jakobo, kapa, Iseraele. Tlala eo e ile ea nka lilemo tse supileng ’me ea ama Egepeta, Kanana le linaha tse ling. Empa ha ea ka ea e-ba tlala e bolaeang batho ba bangata haholo hobane Jehova a ile a e tlaleha lilemo tse supileng esale pele. O ile a ba a bolela hore lilemo tseo tse supileng tsa pele ho tlala e ne e tla ba tsa khora e khōlō Egepeta. Kaha Josefa ea tšabang Molimo e ne e le eena ea ikarabellang, e le tona-khōlō ebile e le eena molaoli oa lijo ka hobane a khethiloe ke Molimo, Baegepeta ba ile ba bokella lijo-thollo tse ngata hoo ba ileng ba ba “ba tlohela ho li bala.” Ka tsela e joalo, Egepeta e bile boemong bo botle ba ho iphepa eona le “batho ba lefatše lohle,” esita le ba lelapa labo Josefa.—Genese 41:49, 57; 47:11, 12.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

HAITI 2004 Bashanyana ba nkile metsi a nooang, ba tsamaea literateng tse tletseng metsi. Ho rengoa ha meru haholo ho tlatselitse ho ritseng ho hoholo ha seretse

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Background: Sophia Pris/EPA/Sipa Press; inset: Carl Juste/Miami Herald/Sipa Press

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Lichaba tse ngata li tsoela pele ho ntšetsa likhase tse kotsi sepakapakeng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Mark Henley/Panos Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela