Ho Lokoloha Tšabong—Na ke Ntho e ka Etsahalang?
NA HO na le motho leha e le ofe ea phelang lefatšeng la kajeno le kotsi ea ka lulang a sa tšoha leha e le hanyenyane? Le letho. Esita le batho ba lumelang ho Molimo ba tobana le likotsi tse ba bakelang matšoenyeho. Ka mohlala, lekholong la pele la lilemo C.E., moapostola Pauluse ea neng a tsamaea maeto a mangata o ile a bolela hore o ile a tobana le ho robeheloa ke sekepe, likotsi linōkeng, likotsi tsa masholu a litseleng le likotsi tsa motseng. (2 Bakorinthe 11:25-28) Ka ho tšoanang le kajeno, boholo ba rōna re iphumana re lokela ho tobana le maemo a kotsi.
Leha ho le joalo, re ka latela temoso e bohlale, ’me ha re fokotsa likotsi tse ka re hlahelang, re ka fokotsa matšoenyeho a rōna. Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” (Liproverbia 22:3) Ke mehato efe e meng ea bohlokoa eo re ka e nkang?
Ho ba Hlokolosi
Hoa thahasellisa hore ebe le hoja Bibele e ngotsoe khale hakana, e na le melao-motheo e mengata e ntseng e sebetsa le kajeno mabapi le ho qoba likotsi. Ka mohlala, e re: “Ha e le mang kapa mang ea bohlale, mahlo a hae a hloohong; empa ea hlokang kelello o ntse a tsamaea lefifing le fetisisang.” (Moeklesia 2:14) Ke ntho e bohlale ho lemoha hore na u pota-potiloe ke bo-mang le ho qoba libaka tse lefifi ha ho khoneha. Mohlomong u ka tsamaea literateng tse bonesitsoeng hantle ha u ea hae haeba mokhoa o le teng, esita le haeba seo se bolela ho tsamaea ka tsela e potolohang. Bibele e boetse e re: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong . . . Haeba e mong a ne a ka hlōla a le mong feela ka matla, ba babeli ba leng hammoho ba ne ba ka ema khahlanong le eena.” (Moeklesia 4:9, 12) Haeba u phela sebakeng se kotsi, na u ka lokisetsa hore u tsamaee le motho e mong ha u ea hae?
Haeba mokhocheli a u hlasela, ke bohlale ho hopola hore bophelo ke ba bohlokoa ho feta lintho tseo u nang le tsona. (Matheu 16:26) Hape ke habohlokoa ho hopola hore ha batho ba bokana hammoho ho bontša khalefo, ba kotsi ’me ba ka etsa leha e le eng e sa lebelloang.—Exoda 23:2.
Haeba motho a u hlekefetsa ka liketso tsa boitšoaro bo bobe, a u bolella mesoaso e litšila kapa a leka ho u tšoara-tšoara, ho molemo ho hanela seo ka tieo. U ka ’na ua tlameha ho tsamaea, joalokaha Josefa a ile a etsa ha mosali ea boitšoaro bo bobe a ne a mo tšoara. O ile a “baleha a tsoela ka ntle.” (Genese 39:12) Haeba ho se mokhoa oa ho tsamaea, u ka ’na ua re: “U se ke be ua leka le ho leka!” kapa “U se ke be ua leka ho ntšoara!” kapa “Ha ke rate lipuo tsa mofuta oo.” Haeba u ka khona, qoba libaka tseo batho ba tloaetseng ho hlekefetsoa ho tsona.
Ho Sebetsana le Tšabo ea Lapeng
U ka etsa eng haeba u tšaba monna ea mabifi? E ka ’na ea e-ba bohlale ho ba le leano la ho pholoha haeba ka tšohanyetso boitšoaro ba monna oa hao bo ka beha bophelo ba hao kotsing, kapa ba bana ba hao.a Bibele e pheta kamoo ka kelo-hloko Jakobo a ileng a iketsetsa leano la ho pholoha haeba moholoane oa hae Esau a ne a ka ba mabifi. Le hoja leano leo le sa ka la hlokahala, e ne e bile ketso e bohlale ka ho ba hlokolosi. (Genese 32:6-8) Leano la ho pholoha le ka ’na la akarelletsa ho fumana motho eo u tla balehela ho eena boemong ba tšohanyetso. U ka tšohla le motho eo esale pele hore na litlhoko tsa hao e ka ’na ea e-ba life. E ka ’na ea e-ba bohlale ho beha litokomane tsa bohlokoa le lintho tse ling tsa bohlokoa moo u tla li fumana habonolo.
Khetho e ’ngoe e ka ’na ea e-ba ho tlaleha tlhekefetso ea monna oa hao ho ba boholong le ho batla tšireletso ea bona.b Bibele e ruta hore bohle ba lokela ho tobana le liphello tsa liketso tsa bona. (Bagalata 6:7) Ka ba boholong ’musong, Bibele e re: ‘Etsoe ke basebeletsi ba Molimo ho uena molemong oa hao. Empa haeba u etsa se sebe, u be tšabong.’ (Baroma 13:4) Ho hlekefetsoa lapeng ke tlōlo ea molao joalokaha motho a hlekefetsoa seterateng. Ho salama motho le hona ke tlōlo ea molao linaheng tse ngata.
Ho latela mehato eo re e tšohlileng ho ka ’na ha fokotsa tšabo ho isa bohōleng bo itseng. Empa Bibele ha e fane feela ka keletso e sebetsang. Hase buka e fanang feela ka litataiso. Ke buka ea boprofeta bo phethahalang e senolang seo Molimo a se etsang hona joale le seo a tla se etsa nakong e tlang. Bibele e fana ka tšepo efe bakeng sa batho bao hona joale ba tlamehang ho phela tšabong?
Se Boleloang ke Moea o Renang oa Tšabo
Ka ho utloahalang, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, . . . ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo.” (2 Timothea 3:1-3) Ke mantsoe a hlalosang mehla e tšosang hakaakang!
Ha Jesu a ne a bua ka “qetello ea tsamaiso ea lintho,” o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla, le ’muso o tla tsohela ’muso matla; ’me ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, le mafu a seoa le likhaello tsa lijo sebakeng se seng ka mor’a se seng; ’me ho tla ba le lipono tse tšabehang le lipontšo tse khōlō tse tsoang leholimong.” (Matheu 24:3, 7, 8; Luka 21:10, 11) Ka hona “lipono tse tšabehang” tseo re li boneng le tse tlatsetsang moeeng o renang kajeno oa tšabo ha lia lokela ho re makatsa. Empa li bolela eng?
Jesu o ile a re: “Ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:31) Mehleng ea rōna, re ka lebella hore ’Muso oa Molimo o buse moloko ’ohle oa batho o le leholimong. (Daniele 2:44) Bophelo bo tla ba joang ka nako eo?
Ho Lokoloha Tšabong!
Bibele e hlalosa nako e tlang ea khotso eo ho eona lintoa li tla khaotsa, baetsi ba bobe ba be sieo ’me lefatše le tlale ka batho ba ratang Molimo. Petrose, moapostola oa Jesu, o ile a ngola ka nako e tlang ea ‘letsatsi la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.’ Ha ho sa tla ba le ea khopo ea tšajoang hobane “ho loka ho tla aha” lefatšeng. (2 Petrose 3:7, 9, 13) Nahana khatholoho ea ho phela har’a batho ba tšepahalang ba ratanang e le kannete! Tebello ena e re thusa hore re shebe mehla ea hona joale e kotsi ka tsela e fapaneng. E ke ke ea tsoela pele e le teng ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 37:9-11.
Bakeng sa ba tšoenyehileng, moprofeta oa Jehova o ile a bolelloa: ‘E-re ho ba lipelo li tšoenyehileng: “E-bang matla. Le se ke la tšoha. Bonang! Molimo oa lōna o tla tla ka phetetso, Molimo a tle ka puseletso. O tla tla ’me a le pholose.”’ (Esaia 35:4) Ka hona, bahlanka ba Jehova ba ka lebella bokamoso ka tšepo. (Bafilipi 4:6, 7) Bakeng sa batho ba ileng ba tlameha ho phela tšabong, ho khothatsa haholo ho tseba hore Jehova ha aa lahla morero oa hae oa tšimolohong oa hore lefatše le tlale ka batho ba mo tsebang le ba bonahatsang litšoaneleho tsa hae tse lerato.—Genese 1:26-28; Esaia 11:9.
Rea tseba hore ha ho letho le ka thibelang Jehova hore a phethahatse litšepiso tsa hae tse lerato ho moloko oa batho. (Esaia 55:10, 11; Baroma 8:35-39) Haeba re utloisisa sena, mantsoe a pesaleme e tsebahalang haholo a tla ba le moelelo o khethehileng. Teng rea bala: “Jehova ke Molisa oa ka. . . . O khatholla moea oa ka. O ntsamaisa litseleng tsa ho loka ka lebaka la lebitso la hae. Esita le haeba ke tsamaea phuleng ea moriti o lefifi, ha ke tšabe letho le lebe, kaha u na le ’na.” (Pesaleme ea 23:1-4) Le hoja mehla e tšosang e ka ’na ea mpefala, lefatše leo ho lona tšabo e tla ba sieo le haufi ’me joang kapa joang le tla tla.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le maemo ao motho a ka arohanang le molekane oa hae oa lenyalo tumellanong le melao-motheo ea Bibele, bona Tsoha! ea February 8, 2002, leqepheng la 27.
b Mabapi le ba nang le bothata ba pefo ea lapeng, bona Tsoha! ea November 8, 2001, leqepheng la 3-12, le Tsoha! ea February 8, 1993, leqepheng la 3-14.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8-10]
Haufinyane Molimo o tla tlisa lefatše le se nang tšabo