“Mohiri ea Itlhommeng Pele Lefatšeng”
Selemo se seng le se seng, batho ba fetang limilione tse 600 ba etela linaheng tse ling. Ba bang ba limilione tse makholo ba etela libakeng tse ling ka har’a linaha tsa habo bona, ba etsa joalo ka mosebetsi le bakeng sa boikhathollo. Ka lebaka leo, indasteri ea bohahlauli—ho akarelletsa lihotele, libaka tsa phomolo, tsamaiso ea lifofane, liofisi tse hlophisang maeto le likhoebo tse ling tse thusang batsamai—e hlalosoa e le “mohiri ea itlhommeng pele lefatšeng.”
LEFATŠENG ka bophara, bohahlauli bo etsa chelete e hakanyetsoang ho liranta tse libilione li 24 ka selemo. Bahahlauli ka bomong ba ka ’na ba se ke ba inka e le karolo ea mokhatlo oa lefatše lohle oa khotso, empa ke kamoo Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Bohahlauli ba Lefatše o hlalosang indasteri ena kateng. Ka 2004, Francesco Frangialli, mongoli e moholo oa mokhatlo oo, o ile a bolella ba neng ba le sebokeng se neng se hlophisitsoe ke ofisi ea bopresidente Bochabela bo Hare: “Bohahlauli le khotso ke liea-thoteng li bapile. Tšusumetso ea bohahlauli e matla hoo e ka fetolang maemo a neng a bonahala a ke ke a fetoha le ho tlisa poelano moo ho neng ho bonahala eka e ke ke ea e-ba teng le ka mohla.”
Tšimoloho ea indasteri ee e matla ke efe? Na ruri bohahlauli bo na le tšusumetso e ntle? Hona na ‘tšusumetso ea bohahlauli’ e ka hla ea tlisa khotso?
Mehla ea Katleho e Khōlō ea Bohahlauli
Indasteri ea kajeno ea bohahlauli linaheng tsa Bophirimela ha e le hantle e qalile lekholong la bo19 la lilemo. Ha phetoho e khōlō indastering e eketsa palo ea batho ba neng ba le maemong a bohareng a bophelo Europe le United States, batho ba bangata ba ile ba iphumana ba e-na le chelete le nako ea ho etela libaka.
Ho phaella moo, ntlafatso e khōlō e ile ea etsoa mekhoeng ea lipalangoang tse tsamaisang batho ba bangata. Literene tse matla li ile tsa isa baeti metseng e meholo, ’me likepe tse khōlō tse beseletsoang ka mashala tsa ba isa lik’honthinenteng tse ling. E le ho hlokomela batho ba neng ba eta ka bongata, ho ile ha runya lihotele tse khōlō haufi le liteishene tsa literene le boema-kepe.
Ka 1841, Thomas Cook oa Lenyesemane ea neng a sa tsoa qala khoebo o ile a bona menyetla tabeng ea ho kopanya lintho tsena. Ke eena oa pele oa ho kopanya leetong le le leng mokhoa oa lipalangoang, bolulo le ho etela libaka tse thabisang. William Gladstone, setsebi sa Lebrithani litabeng tsa ’muso o ile a re ka bo-1860: “Ka lebaka la mokhoa ona o thehiloeng ke Monghali Cook, ka lekhetlo la pele batho ba maemo ’ohle ba ne ba se ba ka tsamaea habonolo ho ea linaheng tse ling ’me ba tloaelana le linaha tsena, tseo ba qetellang ba li rata ho e-na le ho li nyatsa.”
Keketseho e Khōlō ea Lekholong la Bo20 la Lilemo
Ka masoabi, ho tloaelana ho neng ho eketseha le batho ba linaha tse ling ho bakiloeng ke bohahlauli ha hoa ka ha thibela ho qhoma ha lintoa tse peli tsa lefatše karolong e qalang ea lekholo la bo20 la lilemo. Leha ho le joalo, ho e-na le ho senya bohahlauli, liphetoho tse ileng tsa e-ba teng maemong a bophelo le ntlafatso ho tsa theknoloji ka lebaka la lintoa tseo ha e le hantle li ile tsa hōlisa indasteri ena le ho feta.
Maeto a lifofane a ile a nka nako e khutšoanyane ’me a se ke a hlola a bitsa chelete e ngata haholo, litsela tse khōlō tsa fapakana lik’honthinenteng ’me le likoloi tsa eketseha. Bohareng ba lekholo la bo20 la lilemo, ho ea phomolong le ho nka maeto a bohahlauli e ne e se e le karolo e tloaelehileng ea bophelo ba linaheng tsa Bophirimela ’me ho ne ho etsoa ke batho ba maemo ’ohle bophelong. Ho phaella moo, malapa a limilione a ile a ba le lithelevishene ’me a hlolloa ke libaka tse thahasellisang tseo a neng a li bona, ’me seo sa fehla moea oa ho eta.
Mathoasong a bo-1960, palo ea batho ba etelang linaheng tse ling e ile ea fihla ho limilione tse 70 ka selemo. Bohareng ba bo-1990, palo eo e ile ea hōla ka potlako ho ba limilione tse 500! Lefatšeng ka bophara, libaka tsa phomolo bakeng sa bahahlauli li ile tsa runya bakeng sa ho hlokomela baeti ba tsoang linaheng tse ling, esita le bona ba hae. Liindasteri tse ling tse sa amaneng ka ho toba le bohahlauli li ile tsa una molemo, kaha bahahlauli ba ja lijo tse ngata le ho noa lino tse ngata, ’me ba sebelisa chelete ho reka lintho tse ling tse ngata le ho lefella litšebeletso tse ling.
Kajeno bohahlauli ke ba bohlokoa moruong oa linaha tse fetang tse 125. Ha e totobatsa melemo e ka tlisoang ke bohahlauli, tlaleho ea litaba ea Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Bohahlauli ba Lefatše ka 2004 e ile ea hlalosa hore bohahlauli bo ka fokotsa bofutsana ka ho thehoa ha likhoebo tse nyenyane le tse itekanetseng tse amanang le bohahlauli. Ha bo hlahisa mesebetsi e mecha, bo ka “etsa hore batho ba hlokomele maemo a tikoloho, a setso le a kahisano.”
Empa u ka ’na ua botsa: ‘Bohahlauli bo ka etsa seo joang? Hona bo ka tsoela tikoloho molemo joang?’
Ho Lefisa ho Bona Tlhaho Molemong oa ho e Sireletsa
Mathoasong a bo-1980, bo-rasaense ba bang le baetsi ba lifilimi ba ile ba e-ba le thahasello ea ho sireletsa meru eo ho nang pula e ngata ho eona, mepopotlo ea likorale tsa leoatle hammoho le lintho tse phelang ho tsona. Litlaleho tse ileng tsa latela le mananeo a libaesekopo le thelevishene a fanang ka boitsebiso ka lintho tsa tlhaho a ile a tsosa thahasello ea sechaba ea ho etela libaka tsena tse hlollang tsa tlhaho. Likhoebo tse nyenyane tse ileng tsa hlaha molemong oa ho thusa bo-rasaense le baetsi ba lifilimi ka lintho tsohle tseo ba li hlokang li ile tsa hōla bakeng sa ho hlokomela bongata ba bahahlauli ba neng ba thahasella libaka tsa tlhaho le lintho tse phelang ho tsona.
Maeto a ho etela libakeng tsena tsa tlhaho a eketsehile ka potlako, a etsa hore bohahlauli ba libaka tsa tlhaho e be karolo e hōlang ka potlako indastering ena ea bohahlauli. Ruri ho khothalletsa batho ho thahasella libaka tsa tlhaho ho bile le melemo e meholo. Moqolotsi oa litaba, Martha S. Honey o ile a hlalosa: “Linaheng tse ’maloa, ho etela libaka tsa tlhaho ho hōla ka potlako hoo e seng e le hona ho kenyang chelete e ngata ho feta e kenngoang ke libanana Costa Rica, le e kenngoang ke kofi Tanzania le Kenya, le e kenngoang ke masela le mabenyane India, e tsoa linaheng tse ling.”
Ka hona, bohahlauli e bile tšusumetso ea bohlokoa e kenyang chelete bakeng sa ho sireletsa limela le liphoofolo. Honey o boletse hore “ho hakanngoa hore Kenya, tau e le ’ngoe ka selemo e kenya chelete e kaalo ka $7 000 [R42 000] ea bohahlauli, ha mohlape oa litlou ’ona o kenya $610 000 [liranta tse limilione tse 3,7] ka selemo.” Ho hakantsoe hore mepopotlo ea likorale tsa leoatle Hawaii e kenya lidolara tse limilione tse 360 (liranta tse limilione tse likete tse 2,2) selemo le selemo ka lebaka la bahahlauli ba thahasellang libaka tsa tlhaho!
Ho Khetholla Bohahlauli ba Sebele ba Libaka Tsa Tlhaho
Tlaleho ea Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng, Ecotourism: Principles, Practices and Policies for Sustainability, e re: “Likhoebo tse ngata tsa maeto le bohahlauli li ’nile tsa sebelisa polelo ‘bohahlauli ba libaka tsa tlhaho’ libukeng tsa tsona, ’me mebuso e ’nile ea e sebelisa ho buella libaka tsa eona, empa kaofela li sa latele melao ea motheo [ea bohahlauli ba libaka tsa tlhaho].” U ka tseba joang hore leeto leo u nahanang ho le nka ehlile le latela melao ea ho sireletsa libaka tsa tlhaho tsa bohahlauli?
Megan Epler Wood, ea ngotseng tlaleho e ka holimo, o hlalosa leeto la sebele la libaka tsa tlhaho e le le nang le lintho tse latelang: Pele leeto le qala, ho fanoa ka boitsebiso ka mokhoa oa bophelo le tikoloho e tla eteloa hammoho le tataiso mabapi le moaparo le boitšoaro tse loketseng; ho fanoa ka boitsebiso bo akaretsang ba bohlokoa mabapi le ba nang le seabo litabeng tsa sebōpeho sa sebaka, maemo a batho ba phelang moo le boemo ba lipolotiki, hammoho le menyetla ea ho kopana le baahi ba moo ntle le libakeng tsa khoebo; ho etsoa bonnete ba hore ho lefshoa chelete ea ho kena lirapeng tsohle tsa boikhathollo; hape ho fanoa ka bolulo bo sa tlatsetseng tšenyong ea libaka tsena tsa tlhaho.
Se Finyeletsoeng ke Bohahlauli ba Libaka Tsa Tlhaho
Hangata bohahlauli libakeng tsa tlhaho hase feela leeto le hlophisitsoeng ho ea bona libaka tse nang le lintho tsa tlhaho. Bo ’nile ba hlalosoa e le “ho etela libakeng tsa tlhaho ka morero oa ho utloisisa mokhoa oa moo oa bophelo le histori ea limela le liphoofolo tse phelang tikolohong eo, ho etsa bonnete ba hore ha ho fetoloe letho mokhoeng oa bophelo oa lintho tsena tsa tlhaho, ha ka nako e tšoanang ho etsoa hore ho be le chelete e kenang bakeng sa ho sireletsa matlotlo ana a tlhaho ao e leng a bohlokoa ho batho ba sebaka seo.”
Na bohahlauli ba libaka tsa tlhaho bo latetse likhopolo tseo tsa bohlokoa? Martin Wikelski, oa Univesithi ea Princeton, o re: “Bohahlauli ba libaka tsa tlhaho ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tse bolokileng [Lihlekehleke tsa] Galapagos li sireletsehile.” Naheng ea Rwanda e Afrika, ho khothalletsa ho etela libaka tsa tlhaho ho atlehile ho sireletsa likorilla tsa lithabeng kaha ho fa batho ba moo menyetla ea ho etsa chelete ka litsela tse ling ho e-na le ho bolaea liphoofolo tseo. Linaheng tse ling tsa Afrika, libaka tsa polokelo ea liphoofolo li tšehelitsoe ke chelete ea bahahlauli.
Lefatšeng ka bophara, ho etela libaka tsa tlhaho ho tlatselitse ntlafatsong ea tikoloho le ea maemo a bophelo, ’me ha ho pelaelo hore indasteri ea bohahlauli e tlisitse melemo e mengata moruong. Empa na indasteri ee e tlisa melemo feela? Se ka ’nang sa etsahala ka moso ke sefe bakeng sa bohahlauli ba lefatše?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ho Fana ka Maele ho ba Nkang Maeto a ho ea Linaheng Tse Linga
Pele u tsamaea
1. Etsa lethathamo la lintho tsa bohlokoa—boitsebiso ba phasepoto, linomoro tsa karete ea ho reka ka sekoloto, linomoro tsa tekete ea sefofane le boitsebiso bo bong bo amanang le li-traveler’s check. Tsamaea le boitsebiso bona, ’me u siee kopi ea bona lapeng.
2. Etsa bonnete ba hore phasepoto ea hao le visa ha lia felloa ke nako; lokisetsa ho fumana ente leha e le efe e ka hlokahalang.
3. Etsa bonnete ba hore u na le inshorense e lekaneng ea ha u ka kula, kaha phekolo ea tšohanyetso kapa ho khutlisetsoa hae u le mose ho ka u ja liranta tse likete-kete. Haeba u na le bokuli bo itseng, tsamaea le lengolo la ngaka ea hao le hlalosang boemo ba hao le meriana leha e le efe eo u e sebelisang. (Hlokomela: E ka ’na ea e-ba tlōlo ea molao linaheng tse ling ho kena ka meriana e itseng. Botsa liofising tse haufi tsa boemeli ba naha eo u rerang ho e etela bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng.)
Ha u le leetong
1. U se ke ua tsamaea le ntho leha e le efe eo u tla pulufalloa ha e ka lahleha.
2. Beha phasepoto le lintho tse ling tsa bohlokoa ho uena, u se ke ua li tšela ka mokotleng kapa ua li kenya ka pokothong e hlaheletseng ka ntle. Litokomane tsohle li se ke tsa nkuoa ke setho se le seng sa lelapa.
3. Haeba u kentse sepache ka pokothong, ho se tlama ka lirekere ho ka ’na ha thatafalletsa bakhocheli hore ba se hule u sa utloe.
4. Ela hloko hore na u se u rekile hakae ka karete ea sekoloto, ’me u se ke ua feta meeli eo u ipehetseng eona. Haeba u ka sebelisa chelete e fetang eo u lumeletsoeng ho e sebelisa, linaheng tse ling u ka ’na ua tšoaroa.
5. E-ba hlokolosi hore u se ke ua nka linepe tsa lebotho kapa tsa mehaho ea sesole, mehaho ea liindasteri, e kang koung ea likepe, seporo kapa mehaho ea boema-fofane. Linaha tse ling li ka nka sena e le ho sokela tšireletseho ea naha.
6. U se ke ua isetsa batho bao u sa ba tsebeng hantle liphasele.
Ha u reka lintho tse tla u hopotsa sebaka
1. Hopola, linaha tse ngata li thibetse ho kenngoa ha lenaka la tlou, khaketla ea sekolopata, limela, boea le lintho tse ling ka har’a naha, esita le haeba e le lintho tse nyenyane tseo motho a neng a tla hopola sebaka seo a tsoang ho sona ka tsona.
2. U be hlokolosi ha u reka lintho tsa letsopa tse pentiloeng ka pente e benyang, kaha tse ling tsa lintho tsena li ka ntša chefo ea loto ha li sa etsoa ka nepo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boitsebiso bona bo nkiloe ho Department of State Publication 10542.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ho etela libaka tsa tlhaho e se e le ntho e ratoang haholo