Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/14 leq. 3
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Spain
  • Chaena
  • Japane
  • Mauritania
  • Lefatše
  • Bokamoso ba Bohahlauli
    Tsoha!—2005
  • “Mohiri ea Itlhommeng Pele Lefatšeng”
    Tsoha!—2005
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2011
  • Ho Lebeletsoe Litšisinyeho Tse Eketsehileng Tsa Lefatše Tse Khōlō
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 3/14 leq. 3

TSA MONA LE MANE

Spain

Basebetsi ba pholoso ba shebile mehaho e sentsoeng ke tšisinyeho ea lefatše

Bo-rasaense ba lumela hore e ka ’na eaba mesebetsi eo batho ba e etsang e bakile tšisinyeho ea lefatše e ileng ea ba teng ka 2011 Lorca, e ka boroa ho Spain, e bolaileng batho ba robong le ho ntša ba bangata likotsi. Litsebi tsa jeoloji li fumane hore ho na le kamano pakeng tsa tšisinyeho eo e matla le libaka tseo ho tsona ho huloang metsi a mangata ka tlas’a lefatše bakeng sa ho nosetsa.

Chaena

Bahahlauli ba Machaena

Bahahlauli ba tsoang Chaena ba ile ba sebelisa liranta tse libilione tse 918 ha ba ne ba etetse linaheng tse ling ka 2012. Ho ea ka Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Bohahlauli ba Lefatše, sena se entse hore ka lekhetlo la pele Chaena e be eona e sebelisang chelete e ngata ka ho fetisisa bohahlauling ba machaba ho feta Jeremane le United States. Bahahlauli ba machaba ba tsoang linaheng tsena tse peli ba ile ba sebelisa liranta tse libilione tse ka bang 756.

Japane

Mosali ea tsubang

Koranta ea BMJ, e leng koranta ea Brithani ea litaba tsa bongaka, e tlaleha phuputso e ileng ea etsoa ho batho ba ka bang 68 000 ba Japane ka lilemo tse ka bang 23. Bafuputsi ba ile ba fumana hore basali ba hlahileng ka bo-1920 ho fihlela ka bo-1945, ba ileng ba qala ho tsuba pele ba e-ba lilemo li 20, bophelo ba bona bo fokotseha ka lilemo tse leshome ha bo bapisoa le ba basali ba sa kang ba tsuba, ’me ba banna bona bo fokotseha ka lilemo tse robeli.

Mauritania

Polasetiki e ka leoatleng

Ho ile ha thibeloa ho kenngoa ha lipolasetiki, ho etsoa ha tsona le ho sebelisoa ha tsona e le hore ho ka sireletsoa liphoofolo tse phelang ka metsing le tse phelang lefatšeng, tse ka shoang ha li ka li ja. ’Muso o khothalletsa batho ho sebelisa lintho tse ling tse bolang habonolo.

Lefatše

Lik’hamphani tsa inshorense li lefa batho chelete e ka bang liranta tse libilione tse 450 ka selemo, ka lebaka la likoluoa tse bakoang ke maemo a leholimo a mabe. Tahlehelo e joalo e ’nile ea imena habeli ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse leshome ho tloha ka bo-1980, ha ho kenyelletsoa ho nyoloha ha theko ea lintho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela