Lekhalo le Pakeng Tsa Barui le Mafutsana
HO SA tsotellehe mantsoe a sebelisoang ha li hlalosoa, lichaba tse tsoetseng pele haholo liindastering le moruong li phela bophelo bo holimo, ha tse sa tsoelang pele indastering, e leng tse sa ruang, tsona li phela maemong a tlaase. Ho joalokaha eka ba bang le ba bang ba iphelela lefatšeng la bona.
Ke ’nete hore, esita le sechabeng se le seng boemo bona e ka ba bo tšoanang. Nahana ka linaha tse batlang li ruile tse boletsoeng sehloohong se ka pele ho sena. Le tsona li na le barui le mafutsana. Ka mohlala, United States, liphesente tse 30 tsa chelete e kenang ea sechaba li ea malapeng a batho ba maemong a phahameng a etsang liphesente tse 10. Ka nako e tšoanang, malapa a boemong bo tlaase a etsang liphesente tse 20 ’ona a tlameha ho phela ka chelete e etsang liphesente tse hlano tsa chelete eo eohle e kenang. Boemo bona kapa bo tšoanang le bona bo ka ’na ba e-ba teng naheng eo u phelang ho eona, haholo-holo haeba ba boemong bo mahareng ba fokola ka palo. Empa esita le eona mebuso ea linaheng tse batlang li e-na le palo e ngata ea baahi ba boemong bo mahareng, ho fihlela joale ha e e-s’o ka e finyella ho koala lekhalo le teng pakeng tsa ba nang le hona le ba se nang hona.
Ha ho Sechaba se Molemo ho Feta se Seng
Ha ho sechaba se ka ikotlang sefuba hore sona se phethahetse. Nahana ka mathata a totobetseng a ba phelang linaheng tse futsanehileng. Tlhokomelo ea tsa kalafo e haella haholo. Ha linaheng tse robong tse ruileng ka ho fetisisa tse boletsoeng lebokoseng le leqepheng lona lena li e-na le ngaka e le ’ngoe bakeng sa baahi ba bang le ba bang ba 242 ho ea ho ba 539, linaheng tse 18 tse futsanehileng ka ho fetisisa teng ha ho joalo, ngaka e le ’ngoe e shebana le batho ba bang le ba bang ba 3 707 ho ea ho ba 49 118. Ka hona, linaheng tse ruileng haholoanyane, hoa utloahala hore ebe motho o lebeletsoe hore a phele bonyane lilemo tse 73 kapa ho feta, athe linaheng tse fetang halofo ea tse futsanehileng, ho lebeletsoe hore batho ba phele lilemo tse ka tlaase ho 50.
Linaheng tse futsanehileng menyetla ea thuto e haella haholo hoo bana ba qetellang ba tlameha ho phela bofutsaneng. Ho haella hona ha thuto ho bonahala palong ea ba tsebang ho bala le ho ngola. Le hoja linaheng tse supileng ho tse robong tse ruileng ka ho fetisisa baahi ba teng kaofela ba tseba ho bala le ho ngola (tse ling tse peli li na le batho ba etsang liphesente tse 96 le 97 tsa ba tsebang ho bala le ho ngola), linaha tse 18 tse futsanehileng ka ho fetisisa li na le palo ea ba etsang liphesente tse 81 ho ea ho tse tlaase ba tse 16, ’me tse leshome tsa linaha tseo li na le palo ea ba etsang liphesente tse 50 tsa ba tsebang ho bala le ho ngola.
Empa baahi ba lichaba tse ruileng le bona ba na le mathata a itseng. Le hoja ba linaheng tse futsanehileng ba ka ’na ba hlokofatsoa ke khaello ea lijo, ba phelang khoreng bona ba tsoela pele ho bolaoa ke ho ja ho tlōla. Buka e reng Food Fight e bolela hore “ho ja ho tlōla ho nketse khaello ea phepo e nepahetseng sebaka, e se e le bona bothata bo ka sehloohong lefatšeng bo amanang le lijo.” Makasine ea The Atlantic Monthly e re: “Maamerika a limilione li robong hona joale a ‘matenya hoo a kulang,’ ho bolelang hore a feta boima bo loketseng ba ’mele ka lik’hilograma tse 45 kapa ho feta, ’me batho ba ka bang 300 000 ba shoang pele ho nako selemo le selemo naheng ena ke ka lebaka la mafu a amanang le ho ba motenya ho feta boima bo loketseng ba ’mele.” Sona sehlooho seo se bolela hore “haufinyane ho ba motenya e ka ’na ea e-ba bothata bo tebileng ka ho fetisisa lefatšeng ho feta ba tlala le mafu a tšoaetsanoang.”a
Ke ’nete hore baahi ba linaheng tse ruileng ba phela bophelo bo phahameng, empa ka nako e tšoanang, ba ka ’na ba nka lintho tseo ba nang le tsona e le tsa bohlokoa ho feta ho ba le kamano e ntle le batho ba bang, ka hona, ba beha pelo ea bona tabeng ea ho ba le lintho ’me ba se ke ba tsotella bophelo ka bo bona. Ebe joale, ho e-na le hore ba shebe hore na motho o na le tsebo, bohlale, bokhoni linthong tse itseng, kapa o na le botho, ba kala bohlokoa ba hae ho latela hore na o sebetsa’ng, o amohela bokae, kapa o na le eng.
Ha se hatisa hore bophelo bo itekanetseng ke bona bo tlisang thabo, sehlooho se seng koranteng ea Jeremane ea beke le beke ea Focus se ile sa botsa: “Na ha ho Molemo ho se be le Lintho Tse Ngata?” Sehlooho seo se itse: “Baahi ba bangata ba linaheng tsa Bophirimela ha ba sa thabile joaloka lilemong tse mashome tse fetileng, ho sa tsotellehe katleho e khōlō moruong. . . . Motho leha e le ofe ea behang pelo eohle ea hae linthong tse bonahalang a ka qetella a sa thaba.”
Ho Finyella Botsitso ka ho Phethahetseng
E, linnete li paka hore le hoja mafatše a ruileng le a futsanehileng a e-na le lintho tse ratehang, a boetse a na le mathata a ’ona. Le hoja lefatše la mafutsana le ka ba bohloking bo otlang pelo, lefatše la barui lona le ka ba mathateng a rarahaneng le ho feta. Ho ne ho ka ba molemo hakaakang haeba lefatše le leng le ne le ka ithuta ho itseng ho le leng! Empa na hoa utloahala ho nahana hore teka-tekano e joalo e ka finyelloa?
Ponong ea batho, u ka ’na ua ba le maikutlo a hore pakane ena, le hoja e lakatseha, e ke ke ea finyelloa ke motho. Etsoe u tšehetsoa ke se ’nileng sa etsahala historing. Leha ho le joalo, tšepo e teng bakeng sa boemo bona. E ka ’na eaba ha ua nahana ka tharollo ea sebele e ka sebetsang boemong bona. Ebe e ka ba efe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Haufinyane ho ba motenya e ka ’na ea e-ba bothata bo tebileng ka ho fetisisa lefatšeng ho feta tlala le mafu a tšoaetsanoang.”—The Atlantic Monthly
[Krafo e leqepheng la 5]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Linaha li latellana ho ea ka tlhahlamano ea alfabeta
Linaha Tse Robong Tse Ruileng ka ho Fetisisa
Banna ba ka Phela (lilemo) Ba Tsebang ho Bala le ho Ngola (%)
Belgium
75.1 100
Canada
76.4 96.6
Denmark
74.9 100
Iceland
78.4 100
Japane
78.4 100
Luxembourg
74.9 100
Norway
76.5 100
Switzerland
77.7 100
United States
74.4 95.5
Linaha Tse Leshome le Metso e Robeli Tse Futsanehileng ka ho Fetisisa
Banna ba ka Phela (lilemo) Ba Tsebang ho Bala le ho Ngola (%)
Benin
50.4 37.5
Burkina Faso
43 23
Burundi
42.5 48.1
Chad
47 53.6
Congo, Rep. of
49 80.7
Ethiopia
47.3 38.7
Guinea-Bissau
45.1 36.8
Madagascar
53.8 80.2
Malawi
37.6 60.3
Mali
44.7 40.3
Mozambique
38.9 43.8
Niger
42.3 15.7
Nigeria
50.9 64.1
Rwanda
45.3 67
Sierra Leone
40.3 36.3
Tanzania
43.3 75.2
Yemen
59.2 46.4
Zambia
35.3 78
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mohloli: 2005 Britannica Book of the Year.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
© Mark Henley/Panos Pictures