Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 11/8 maq. 7-10
  • Ho Koala Lekhalo—Tharollo ea Sebele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Koala Lekhalo—Tharollo ea Sebele
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Hlonngoe ’me o se o Ntse o Busa!
  • Bokreste Tšebetsong—Har’a Moferefere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Kaho ea Liholo Tsa ’Muso Linaheng Tse Ling Tsa Europe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Borapeli ba ’Nete Boa Atoloha Europe Bochabela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Ho Hōla Hammoho Leratong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 11/8 maq. 7-10

Ho Koala Lekhalo—Tharollo ea Sebele

BATHO ba limilione tse makholo lefatšeng ka bophara ba etsa makhobonthithi a hore ba tsoele pele ba phela letsatsi le leng le le leng ho sa tsotellehe bofutsana bo otlang pelo boo ba leng ka har’a bona. Ho hlakile hore moloko oa batho o hloka ’muso o lokileng le o se nang bobolu oo takatso ea oona ea sebele e leng ho felisa ho hloka toka ho teng. ’Muso o joalo o boetse o lokela ho ba matla ka ho lekaneng hore o khone ho finyella sepheo sa oona se setle. Na re ka lebella hore batho e be bona ba tlisang ’muso o joalo?

Histori e supa ’nete ea temoso e fanoeng ka Bibeleng: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.” (Pesaleme ea 146:3) Na u hlokometse hore ho tšepa mebuso ea batho kapa baeta-pele hangata ho lebisitse masoabing? Leha ho le joalo, re ka retelehela ho mang?

Ha e le hantle, batho ba limilione ba ’nile ba rapella hore ho tle ’muso o lokileng o tla fetola maemo a hlokang toka. Mohlomong le uena u ’nile ua rapela thapelo ea mohlala eo Jesu a ileng a e ruta: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong. Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena; ’me u re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna. U se ke ua re kenya molekong, empa u re lopolle ho ea khopo.”—Matheu 6:9-13.

Na ’Muso oo ke oona oo re o hlokang? Na o lokile ebile ha o na bobolu? Na o matla ka ho lekaneng hore o khone ho finyella sepheo sa oona se setle? Ka sebele ho joalo! Molimo ea hlomang ’muso ona, “Ntat’a rōna ea maholimong,” ke “Molimo ea lokileng le Mopholosi,” “o lokile mesebetsing eohle ea hae.” (Esaia 45:21; Daniele 9:14) Ho boletsoe tjena ka eena: “Mahlo a hao a hloekile haholo hore u ka talima se sebe,” ka hona, re ka kholiseha hore ’muso oa hae le ka mohla o ke ke oa e-ba le bobolu. (Habakuke 1:13) Hape, kaha “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena,” rea tseba hore o thahasella ka ho hloka leeme boiketlo ba motho e mong le e mong lefatšeng.—Liketso 10:34, 35; Baroma 2:11.

O Hlonngoe ’me o se o Ntse o Busa!

Le hoja ’Muso oa Molimo e le ’muso oa leholimo, o tla tsamaisa lintho ka ho toba lefatšeng ho phethahatsa merero ea Molimo. Sena se akarelletsa ho hloma ’muso o phethahetseng oa Molimo sebakeng sa ’muso o sa phethahalang oa batho. Ho fanoe ka tšepiso ena ho Daniele 2:44: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”

Tlas’a tataiso ea ’Muso ona, thato ea Molimo e tla qetella e phethiloe leholimong le lefatšeng. Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore ’muso oo o tla khona ho felisa mesaletsa eohle ea ho se lekane hoo nakong e fetileng ho ’nileng ha etsa hore ho be le batho ba ruileng ho tlōla tekano le ba futsanehileng ka ho feteletseng! Ho ke ke ha hlola ho e-ba le ba itseng ba nang le hona le ba bangata ba se nang hona.

Ho thabisa hakaakang ho tseba hore ’muso oa Molimo oa leholimo o se o ntse o hlonngoe bakeng sa ho tla rarolla mathata aa ka ho sa feleng! Liketsahalo tse thathamisitsoeng ka Bibeleng le liketsahalo tsa lefatše li bontša ka ho hlaka hore selemo sa 1914 e bile nako eo ’muso oa Molimo o neng o hlongoa ka sona leholimong.a Ka hona, ka nako e ka etsang lilemo tse lekholo, o ’nile oa tšoareha ho lokiseng motheo oa lefatše le lecha la ho loka.

Ba seng ba lemohile ho hlongoa ha ’Muso ona ’me ba se ba ntse ba mamela tataiso ea oona ha ba na leeme. Lipaki Tsa Jehova li phetha mosebetsi oa ho bolela hoo e batlang e le naheng e ’ngoe le e ’ngoe. Baahi ba linaha tsena, ho sa tsotellehe hore na ba ruile kapa baa hloka, ba fuoa monyetla oa ho tseba hore na ba ka fumana bophelo bo sa feleng joang. (Johanne 17:3) Lipaki ha li lumelle ho se tšoane ha maemo a lichelete hore ho laole maemo a batho kapa bohlokoa ba bona ka liphuthehong tsa bona. Batho ha ba kaloe ka seo ba nang le sona. Ho e-na le hoo, ba hlomphuoa ho latela seo ba leng sona. Ho hatisoa bohlokoa ba lintho tsa moea eseng tse bonahalang.

Na u ka rata ho tseba hore na u ka phela tlas’a ’muso oo o lokileng joang? Joale qala ho etsa lipatlisiso kajeno. Ithute kamoo u ka lebellang ho ba le thabo ea ho phela lefatšeng le seng le sa arohanngoa ke maruo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona leqephe la 95-107 bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Ebang ke Barui Kapa Mafutsana, Kaofela ke Bara ba Motho

◼ Qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki tse ngata Tsa Jehova Europe le Linaheng Tsa Bochabela li ne li hloka lijo, liaparo le bolulo. Lipaki tsa linaheng tse ling li ile tsa romela lithane tsa liaparo le lijo ho bara babo tsona ba moea ba Europe, Philippines le Japane. Lipaki tsa United States le tsa Canada li ile tsa nehelana ka liphallelo tse eang Austria, Belgium, Czechoslovakia (eo hona joale e leng Czech Republic le Slovakia), Engelane, Finland, Fora, Greece, Holland, Hungary, Italy, Jeremane, Poland, le Romania.

[Litšoantšo]

United States

Switzerland

Jeremane

◼ Haufinyane tjena, lehlabuleng la 1994, sehlopha sa baithaopi ba Lipaki tse tsoang Europe se ile sa phallela ho ea thusa bara le barali babo tsona ba Bakreste Afrika. Likampo tse hlophisitsoeng hantle le libaka tsa kalafo li ile tsa hlongoa bakeng sa baphaphathehi ba Rwanda. Thepa e ngata ea liaparo, likobo, lijo le lingoliloeng tsa Bibele e ile ea romeloa ho ea thusa batho ba fetang 7 000 ba neng ba amehile—palo e neng e ka mena ea Lipaki Tsa Jehova tsa Rwanda ka makhetlo a mararo nakong eo.

◼ Lilemo tse peli hamorao, ka 1996, ntoa e ile ea qhoma karolong e ka bochabela ea Democratic Republic of Congo. Lijalo li ile tsa senngoa, ha hlaseloa libaka tsa polokelo ea lijo ’me ha ikhapeloa lijo, ’me mokhoa oa hore lintho tsa bohlokoa li fihle bathong oa khinoa. Batho ba ne ba khona ho ja hanngoe feela ka letsatsi, e leng boemo bo ileng ba baka khaello ea phepo e nepahetseng le mafu. Lipaki Tsa Jehova tsa Europe li ile tsa nka khato ka potlako. Sehlopha se phallelang sa bathusi ba Lipaki, se neng se kopanyelletsa lingaka, se ile sa ea moo ka sefofane se nkile meriana le chelete. Ka June 1997, Lipaki tsa Belgium, Fora le Switzerland li ne li nehetse ka meriana e boima ba lik’hilograma tse 500, lithane tse 10 tsa libiskiti tse nang le protheine e ngata haholo, lithane tse 20 tsa lijo tse ling, lithane tse 90 tsa liaparo, lipara tsa lieta tse 18 500 le likobo tse 1 000—tseo litjeho tsa tsona e ka bang liranta tse limilione tse 6,7.

◼ Ntle le ho thusa ka lintho tse hlokahalang, Lipaki Tsa Jehova li thahasella haholoanyane ho thusa batho moeeng. Sena ke sona se etsang hore li rate ho haha Liholo Tsa ’Muso hore li sebelisoe bakeng sa ho ruta batho moeeng. Ka 1997 ho ile ha tlalehoa: “Ka thuso ea barab’abo rōna ba linaheng tse ling, Mokhatlo [oa Watch Tower] o thusitse hore ho hahoe Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse 413 le ho nchafatsa tse 727 nakong ea likhoeli tse ’nè feela linaheng tse 75.” Ka 2003, tlaleho e ’ngoe e ile ea etsoa: “Linaheng tsa Europe tse ruang molemo tokisetsong ena ea thuso ea ho haheloa Liholo Tsa ’Muso linaheng tse se nang hona, Romania ke e ’ngoe ea tsona, moo ho seng ho hahiloe Liholo Tsa ’Muso tse 124 ho tloha ka July 2000. E sebelisa polane e le ’ngoe bakeng sa hoo e ka bang Liholo tsohle tsa ’Muso, Ukraine e ile ea haha tse 61 selemong sa 2001 ’me ka 2002 ea haha tse eketsehileng tse 76. Ka thuso ea chelete e neheloang Letlōleng la Liholo Tsa ’Muso, ho ’nile ha hahoa Liholo Tsa ’Muso tse makholo Bulgaria, Croatia, Macedonia, Moldova, Montenegro, Russia le Serbia.”

[Litšoantšo]

Croatia

Bulgaria

Romania

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Moithaopi o hlokomela likhutsana tse peli tsa baphaphathehi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Liba Taylor/Panos Pictures

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Lipaki Tsa Jehova li phatlalatsa molaetsa o fanang ka tšepo

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

’Muso oa Molimo o tla felisa bofutsana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela