Ho Hloka Bolulo—Ho Bakoa ke Eng?
TLALEHO ea Machaba a Kopaneng e re: “Lefatšeng ka Bophara ho na le batho ba hlokang bolulo ba fetang limilione tse 100.” Haeba palo eo e nepahetse, joale hoo e ka bang motho a le mong ho ba bang le ba bang ba 60 ha a na bolulo bo loketseng! Ho ntse ho le joalo, ho thata ho fumana hore na hantle-ntle bothata bo hlile bo hokae. Hobane’ng?
Tlhaloso ea hore na batho ba hlokang bolulo ke ba boemong bofe e fapana ho ea ka libaka lefatšeng. Mekhoa le sepheo sa ba batlisisang ka bothata bona e susumetsa tsela eo ba bo hlalosang ka eona. Ka hona, tlhaloso ea bona e ama lipalo-palo tseo ba li phatlalatsang. Kahoo, ho thata, kapa ho hang hase ntho e ke keng ea etsahala ho fumana pono e nepahetseng ea bothata bona.
Buka e reng Strategies to Combat Homelessness, e hatisitsoeng ke Setsi sa Machaba a Kopaneng Bakeng sa Bolulo ba Batho, e hlalosa ho hloka ha batho bolulo e le boemo ba “ho se be le matlo a boemo bo loketseng bo amohelehang. Bo ne bo tla akarelletsa maemo ’ohle a tlaase a nkoang a sa amohelehe” sechabeng ao batho ba hlokang bolulo ba lulang ho ’ona. Ba bang ba ka ’na ba lula seterateng kapa mehahong e sohlokehileng kapa lithakong, ha ba bang ba ka ’na ba fumana bolulo lihosteleng. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba fumana bolulo ba nakoana ho metsoalle. Ho sa tsotellehe hore na maemo ke afe, phuputso eo e re: “Ho beha motho sehlopheng sa ba hlokang bolulo ho bolela hore ‘ho lokela ho etsoe ho itseng’ ka motho ea boemong bo joalo.”
Ho hakanngoa hore Poland, naha e nang le baahi ba ka bang limilione tse 40, ho na le batho ba hlokang matlo ba ka bang 300 000. Ha ho motho ea hlileng a tsebang hore na ba bakae, kaha ha ho sebaka se itseng seo ba ngolisoang ho sona ’me ba ntse ba tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Ba bang ba lumela hore palo ea sebele e ka ba halofo ea milione!
Kaha ho hloka bolulo ho atile hohle, e ka ’na eaba ho na le motho eo u mo tsebang ea anngoeng ke boemo boo. Mahlomola a ba se nang bolulo a hlahisa lipotso tse ’maloa. Ho tlile joang hore batho baa ba hloke mahae a tšoanelehang? Ba phela joang? Ba thusoa ke mang? Hona batho ba hlokang bolulo ba na le bokamoso bofe?
Ho Hloka Bolulo ho sa Khaotseng
Sabrinaa ke ’mè ea se nang molekane oa tikolohong e futsanehileng Harlem, karolong e ’ngoe ea New York City. O ile a tlohela ka lehare sekolong se phahameng ha a qeta sehlopheng sa leshome. Sabrina o lula le bana ba hae ba bararo ba banyenyane lehaeng le tsamaisoang ke ’masepala bakeng sa batho ba hlokang bolulo. O robala ka kamoreng e le ’ngoe le bara ba hae ba bararo—ea likhoeli li leshome, ea lilemo li tharo le ea lilemo li leshome. ’Masepala o etsa litokisetso tse joalo bakeng sa batho bao ba se nang sebaka se sireletsehileng seo ba ka lulang ho sona.
Sabrina o ile a tsoa foleteng ea ’mè oa hae lilemong tse leshome tse fetileng. Haesale ho tloha ka nako eo o ne a lula le mohlankana oa hae, a lule le metsoalle ea hae le beng ka eena, ’me ha lintho li mpefala le ho feta o ile a ea batla bolulo ha ’masepala. Sabrina o re: “Ke ne ke sebetsa ka linako tse ling, haholo-holo ke ne ke loha batho moriri, empa ka kakaretso ke ne ke thusoa ke ’muso.”
Ntho e makatsang ke hore mathata a Sabrina, joalokaha a phetiloe makasineng ea Parents, a qalile ha a ne a fumana mosebetsi o motle e le mohlokomeli hoteleng e ’ngoe. Ha a ntse a sebetsa moo, o ne a amohela chelete e ngata bakeng sa hore a ka tšoanelehela chelete ea lithuso tsa sechaba empa le teng e se ngata ka ho lekaneng hore e ka koahela litšenyehelo tsa hae, ho akarelletsa ntlo, lijo, liaparo, lipalangoang le ho hlokomela bana. Kahoo, o ile a thatafalloa ke ho lefa rente ’me mong’a ntlo o ile a leka ho mo leleka. Qetellong, Sabrina o ile a tlohela mosebetsi ’me a ea batla thuso ea bolulo ba nakoana ba maemo a tšohanyetso ho fihlela ho e-ba le sebaka moo a lulang teng hona joale.
Sabrina o re: “Bana ba ka ba hula ka thata. Mora oa ka e moholo o se a bile likolong tse tharo tse sa tšoaneng. O ne a lokela hore ebe o sehlopheng sa bohlano, empa o ile a tlameha ho pheta sehlopha se seng . . . Re ne re tlameha ho falla hangata.” Sabrina o ntse a le lethathamong la ba letetseng ntlo eo ’muso o thusang ka chelete.
Ho batho bao ho hang ba se nang moo ba ka eang teng, Sabrina a ka ’na a bonahala a le lehlohonolo. Leha ho le joalo, ho phela lehaeng leha e le lefe hase tharollo bakeng sa bohle ba hlokang bolulo. Ho latela Polish Community Help Committee, ba bang “ba tšaba khalemelo le melao ea mahaeng ana” ’me ba hana thuso eo ba e fuoang. Ka mohlala, ba lulang lihosteleng tsa ba se nang matlo ba lebeletsoe ho sebetsa le ho tela joala le lithethefatsi. Hase e mong le e mong ea utloisisang ho mamela molao oo. Kahoo, ho itšetlehile ka nako ea selemo, batho ba se nang matlo ba ka ’na ba fumanoa ba robetse liteisheneng tsa literene, litepising, le liphaposing tse ka tlas’a mehaho, hammoho le libencheng tsa lirapa tsa boikhathollo, tlas’a marokho le lifemeng. Maemo a tšoanang a teng lefatšeng ka bophara.
Buka e ’ngoe e buang ka taba ena e thathamisa mabaka a mangata a tlatsetsang hore batho ba hloke bolulo Poland. A akarelletsa ho lahleheloa ke mosebetsi, likoloto le mathata a malapa. Matlo aa haella bakeng sa batho ba hōlileng, ba holofetseng le ba tšoaelitsoeng ke HIV. Batho ba bangata ba hlokang bolulo ba na le mathata kelellong le ’meleng kapa ke makhoba, haholo-holo a joala. Boholo ba basali ba se nang bolulo ba tlohile—kapa ba balehile—banneng ba bona, kapa ba lelekiloe malapeng a bona, kapa e ne le matekatse. Ho bonahala motho e mong le e mong ea se nang bolulo a na le pale e bohloko.
Liphofu ka Lebaka la Maemo
Stanisława Golinowska, setsebi sa maemo a moruo sechabeng, o re: “Mona [Poland] ha ho na motho ea hlokang bolulo hobane a ikhethetse. . . . Ho e-na le hoo, ke ka mabaka a sa tšoaneng a ho hlōleha bophelong, a lebisitseng ho senyeheng le ho lahleheloeng ke takatso ea ho phela.” Ho hloka bolulo ho bonahala ho oela batho bao, ka mabaka a sa tšoaneng ba ikutloang ba sa khone ho sebetsana le mathata a bona. Ka mohlala, ba bang ba ’nile ba lokolloa teronkong, ’me ba fumane matlo a bona a sentsoe. Ba bang ba ’nile ba ntšoa matlong a bona. Ba bangata ba lahlehetsoe ke matlo a bona ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho.b
Phuputso e ’ngoe e fumane hore hoo e ka bang halofo ea batho ba hlokang mahae bao ho buisanoeng le bona Poland e ne e kile ea e-ba litho tsa lelapa ’me ba phela le balekane ba bona, le hoja hangata lelapa le ne le e-na le mathata. Boholo ba ile ba lelekoa mahaeng a bona kapa ba ikutloa ba qobelleha ho tsamaea ka lebaka la mathata a feteletseng. Ke liphesente tse 14 feela tse ileng tsa iketsetsa qeto ea ho itsamaela.
Ka mor’a ho qeta nako ba le setšabelong, ba bang ba khona ho itlhokomela hape ’me ba iphumanele bolulo. Ho ba bang, ho thata haholoanyane ho rarolla bothata bona. Ba bang ka lebaka la ho kula kelellong le ’meleng, ho sebelisa lithethefatsi hampe, ho se be le ntho e ba susumetsang hore ba sebetse, ho ba le mekhoa e mebe ea ho sebetsa, ho haelloa ke thuto e lekaneng, kapa mabaka ana a kopane, ba hloka bolulo ho ea ho ile. United States, batho ba ka etsang karolo ea 30 lekholong ea ba se nang matlo ba tsoa le ho kena ho seo mokhatlo o mong o sa etseng phaello o se bitsang “tsamaiso ea ba hlokang bolulo”—tsamaiso e akarelletsang mahae, lipetlele, ka masoabi le literonko. Ho boleloa hore ba phelisoang ke tsamaiso ena ho ea ho ile ba sebelisa karolo ea 90 lekholong ea matlotlo a sechaba a lebisitsoeng bothateng bona.
Na Batho ba Hlokang Bolulo ba ka Thusoa?
Mahae a mang a fana ka litšebeletso tse reretsoeng ho thusa batho hore ba lokolohe bophelong ba ho hloka bolulo. Batho ka bomong ba ka ’na ba thusoa ho fumana liphallelo tsa ’muso, thuso ea lichelete e tsoang mehloling e meng, thuso ea molao, le hore lelapa le boele le boelane, kapa monyetla oa ho ithuta tsebo ea motheo ea ntho e itseng. Litsi tsa bacha London li fana ka keletso ka lijo, ho pheha, mekhoa ea ho phela hantle le tsela ea ho fumana mosebetsi. Sepheo sa ho fana ka keletso ke ho etsa hore batho ba be le boitlhompho bo eketsehileng le tšusumetso e khōloanyane le ho ba thusa hore ba be le tokoloho e khōloanyane e le hore ba ka fumana le ho ba le mahae a bona. Litokisetso tse joalo ka sebele ke tsa bohlokoa.
Leha ho le joalo, hase kamehla mahae ana a batho ba hlokang bolulo a fanang ka thuso eo ba e hlokang. Jacek, motho ea se nang bolulo Warsaw, o hlalosa hore bophelo mahaeng ao a ba hlokang bolulo ha bo ba hlomelle hore ba sebetsane ka katleho le bophelo bo tloaelehileng ba ka ntle. O na le maikutlo a hore baahi ba moo ba qetella ba e-na le “tsela e sothehileng ea ho nahana” kaha ba tloaetse ho qoqa ba le bang. O re: “Lehae le joalo le re arolang bophelong bo tloaelehileng ba ka ntle le tšoana le lehae la bana bakeng sa batho ba baholo.” Ho ea ka eena, baahi ba bangata ba na le “likelello tse sa sebetseng hantle.”
Ho latela phuputso e ’ngoe ea Poland, bolutu ke boikutlo bo bohloko ka ho fetisisa boo batho ba se nang bolulo ba bang le bona. Ka lebaka la mathata a lichelete le boemo bo tlaase sechabeng, batho ba se nang bolulo ba qetella ba inka ba se na thuso. Ba bang ba qetella ba inehetse joaleng. Jacek o re: “Kaha ha re bone eka ho na le tšepo ea hore lintho li tla ke li fetohe, bongata ba rōna butle-butle re felloa ke tšepo ea hore ho na le seo re ka se etsang ho ntlafatsa maemo a rōna a thata.” Ba hlajoa ke lihlong ka tsela eo ba shebahalang ka eona, ka bofutsana ba bona le boikutlo ba ho hloka thuso, le eona taba ea hore ha ba na bolulo.
Francis Jegede, setsebi sa litaba tsa baahi, o re: “Hore na re bua ka batho ba lulang ka thōko ho tsela Bombay [Mumbai] le Calcutta, kapa makhomosha a lulang literateng tsa London, kapa Bana ba Literateng Brazil, boemo ba ho hloka bolulo bo tebile haholo ebile hoa soabisa ho nahana ka bona, ho se ho sa thoe letho ka ho ba ho bona.” Joale oa phaella: “Ho sa tsotellehe hore na sesosa sa ketsahalo ena ke sefe, potso eo batho ba lulang ba ipotsa eona ke hore na ke hobane’ng ha lefatše, ka maruo a lona, bohlale le tsebo ea lona ea theknoloji, ho bonahala le sa khone ho sebetsana le mathata a ho hloka bolulo?”
Ho hlakile hore batho bohle ba hlokang matlo ba hloka thuso—eseng feela thuso ea nama empa le ea mofuta o ka ba thobang lipelo le ho ba hlasimolla moeeng. Thuso e joalo e ka matlafatsa batho hore ba tobane le ho hlōla mathata a mangata a tlatsetsang hore ba hloke bolulo. Empa batho ba se nang bolulo ba ka fumana thuso e joalo hokae? Hona ho na le tšepo efe hore tlokotsi ee ea ho hloka bolulo e tla ke e felisoe ka ho feletseng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a A mang a mabitso lihloohong tsena a fetotsoe.
b Batho ba limilione lefatšeng ka bophara le bona ba qobelleha ho baleha mahaeng a bona ka lebaka la ho se tsitse ho itseng ha lipolotiki le lintoa. Mabapi le ho hlahloba mahlomola a bona, ka kōpo bona letoto la lihlooho tse reng “Baphaphathehi—Na ba Tla ke ba be le Mahae a Bona?” le hatisitsoeng tokollong ea Tsoha! ea February 8, 2002.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Liphello Tsa Bofutsana bo Otlang Pelo
Batho ba likete tse makholo ba phela literateng tsa metse ea India. Likhakanyo tsa nako e fetileng li fumane batho ba ka bang 250 000 ba lulang ka thōko ho tsela Mumbai feela. Bolulo ba bona e ka ba feela seile e fasitsoeng pakeng tsa lipalo le mehaho e haufi. Ke hobane’ng ha ba lula moo ho e-na le ho lula matlong a batlang a itekanetse a thōkoana le toropo? Hobane ba sebetsa ho ella bohareng ba toropo e le bo-rakhoebo ba banyenyane, barekisi ba seterateng, bo-richa, kapa ba bokellang litšepe tsa khale. Strategies to Combat Homelessness e re: “Ha ba na boikhethelo. Ba mpa ba qobelloa ke bofutsana hore ba se ke ba sebelisa chelete e neng e ka sebelisetsoa ho reka lijo ho lefa rente.”
Banna, basali le bana ba ka bang 2 300 ba lula Park Station, Johannesburg, Afrika Boroa. Ba robala lipolatefomong liteisheneng, ba ala matairi, kapa ba iketsetse mek’huk’hoana ea lik’hateboto. Ba bangata ha ba na mosebetsi ’me ba feletsoe ke tšepo ea hore ba tla ke ba o fumane. Ba likete ba phela ka tsela e tšoanang ho pholletsa le toropo. Ha ba na metsi, matloana le motlakase. Maemong a joalo mafu a ata ka potlako.
Lebaka leo lihlopha tsena tse peli li hlokang bolulo ka lona le tse ling tse ngata tse tšoanang le tsona, le bonolo—bofutsana bo otlang pelo.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ho Hlōleha ha Sechaba sa Kajeno
Buka ea Strategies to Combat Homelessness, e hatisitsoeng ke Setsi sa Machaba a Kopaneng Bakeng sa Bolulo ba Batho, e tšoaea mefokolo e ’maloa ea tsamaiso ea hona joale ea sechaba, lipolotiki le moruo ha ho tluoa tabeng ea ho fana ka matlo bakeng sa bohle. Ho akarellelitsoe tse latelang:
● “Taba e ka sehloohong mabapi le ho hloka bolulo ha batho e sa ntse e le ho hlōleha ha mebuso ho fana ka chelete e lekaneng bakeng sa hore ho be le matlo a loketseng bakeng sa bohle.”
● “Melao e teng e sa lokelang le tsamaiso e sa reroang hantle e ka . . . baka tšenyo tabeng ea hore boholo ba batho ba futsanehileng ba fuoe matlo.”
● “Ho hloka bolulo ke letšoao la ho hloka toka tabeng ea ho abjoa ha lichelete tsa matlo le litšebeletso tsa bohlokoa tse fumanoang ke sechaba.”
● “Tlokotsi ea ho hloka bolulo ke litholoana tsa maano a ileng a hlokomoloha kapa a khella fatše liphello tse bohloko tsa liphetoho moruong, ho haella ha matlo ao batho ba ka a khonang, ho eketseha ha tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le mathata a mang a bophelo bo botle ’meleng le kelellong a ba hlaselehang habonolo . . . sechabeng.”
● “Ho na le tlhokahalo e khōlō ea ho ntlafatsa koetliso ea litsebi tse sebetsanang le batho ba hlaselehang habonolo. Batho ba se nang bolulo, haholo-holo bana ba lulang literateng, ba lokela ho nkoa e le batho ba ka tsoelang sechaba molemo ho e-na le ho nkoa e le moroalo sechabeng.”
[Setšoantšo]
’Mè le barali ba hae ba babeli ke mekōpa-kōpa Mexico
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Mark Henley/ Panos Pictures
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Sebaka seo e kileng ea e-ba seteishene sa literene se ile sa fetoloa hostele bakeng sa batho ba hlokang bolulo Pretoria, Afrika Boroa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Dieter Telemans/Panos Pictures
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 4]
Left: © Gerd Ludwig/Visum/Panos Pictures; inset: © Mikkel Ostergaard/Panos Pictures; right: © Mark Henley/Panos Pictures