Ba se Nang Matlo Bothata ba Lefatše
EMPA bothata ba khaello ea matlo ha bo tsebe mekoallo ea bochaba; ha bo felle linaheng tsa mafutsana feela. Metse e meholo ea lefatše le e tsoetseng pele e na le mekhoro. Haufi le mehaho e meholo e hloellaneng holimo ea mehleng ena, ho na le metse ea mekhoro. Bophelo bo joang metseng e joalo?
Ha makasine Science o hlalosa ka phuputso e entsoeng Chicago, o tlalehile hore ba se nang matlo “ba khathatsoa ke bofuma ba bo-ja-likata le ho itšehla thajana le lefu la hlooho. Ba bane ho ba bahlano ba ile ba ea chankaneng, lipetleleng tsa mafu a hlooho, kapa ha hlokahala hore ba ntšoe tahi maling.”
Metse e mengata ea U.S. e na le libaka tsa sechaba ho thusa ba se nang matlo. Ka mohlala, Motseng oa New York, masoha a se nang matlo a robatsoa matlong a sechaba ’me malapa a robatsoa lihoteleng tse fanang ka thuso ea sechaba. Ho ne ho lebelletsoe hore ha mariha a fihla, masoha a 12 200 le litho tsa malapa tse 20 500 li ne li tla hloka thuso ea mofuta ona, ’me ba boholong ba ne ba tšepa hore ho ne ho tla ba le sebaka se lekaneng sa ho ba robatsa.
Hore na bophelo bo joang libakeng tse joalo ke taba e ’ngoe e fapaneng. Libaka tsa sechaba tseo ho robatsoang batho ho tsona New York pele e ne e le libaka tsa boikoetliso. Batho ba bangata ba robala libetheng tse beiloeng ka mola sebakeng se seholo se bulehileng. Batho ba bang ba robalang mathōkong a tsela ba hana ho tla libakeng tsena. E mong ea malimabe joalo o itse: “Libaka tsena ha li ea sireletseha, ’me hangata ho na le litšitšili kapa linta. U robala u butse mahlo.” Bophelo bo thata haholo-holo bakeng sa bana. Daily News ea New York e tlalehile: “Libakeng tsena tse kang likampo tsa masole le lihoteleng tse petetsaneng tseo ba boholong ba motse ba ba romelang ho tsona, bana ba pepeselitsoe mathateng a mangata a sehlōhō—mafu, lefu la hlooho, lithethefatsi, botlokotsebe ba bana le ho felloa ke tšepo. Bana ba kotsing ea ho fetoha moloko o lahlehileng.”
Ka baka la ho lelera ha batho bana ba se nang matlo, ho thata ho fumana lipalo-palo tsa bona ka nepo. Lekhotla la Sechaba la Ba se Nang Matlo le bontša hore ho ka etsahala hore batho ba se nang matlo United States ba pakeng tsa limillione tse peli le tse tharo. Athe peho ea Lefapha la Matlo le Ntšetso-pele U.S. le tlaleha hore “ho ea ka lipalo-palo tse fumanehang, batho ba se nang matlo ba ka fihla ho 250 000 ho ea ho 350 000.” Ho sa tsotellehe lenane la ba se nang matlo ka bolona, e mong le e mong oa lumela hore lenane ke le eketsehang.
“Kotlo ea Mehleng ea Rōna”
Linaha tsa Europa le tsona li talimane le bothata bo tebileng ba khaello ea matlo. The Times ea London e tlaleha hore United Kingdom “lenane la batho ba hlokang matlo le eketsehile ho tloha ho ba 49 000 ho ea ho ba 160 000 ka 1979-84, lekhotla la motse le na le batho ba etsang millione le kotara ba ngolisitseng matlo ’me matlo a millione a hlalositsoe ke ba ’muso e le a sa lokelang bolulo.”
Ho tšela Kanale ea Manyesemane, “Paris, mekhatlo eo e seng ea ’muso e tlaleha hore bonyane batho ba 10 000 ba robala literateng,” ho ea ka sehlooho ho The New York Times se reng “Ba se Nang Matlo Europa: Kotlo ea Mehleng ea Rōna.” ’Muso oa Itali o lekanyetsa hore banyalani ba bacha ba etsang karolo ea 20 lekholong “ha ba na khetho e ’ngoe ha e se ho lula le beng ka bona, esita le kamor’a ho fumana ngoana oa bona oa letsibolo.” Har’a batho ba lekanyetsoang ho ba 20 000 ba se nang matlo Denmark, “lenane la batho ba se nang matlo ba ka tlase ho lilemo tse 30 le eketsehile haholo ho tloha ka 1980.”
Ho makatsang ke hore sena sohle se etsahala nakong eo, ho ea ka Peter Sutherland, Mookameli oa Lefapha la Liphuputso Litabeng tsa Kahisano Europa, lichaba tsena “li neng li qala ho lumela hore li se li bona ho felisoa ho feletseng ha kotlo e hlahisitsoeng ke bofuma le ho hloka matlo.”
Tšekamelo e Tšosang
Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, ba boholong ba sebetsanang le ba hlokang matlo ba hlokometse tšekamelo e ncha. The New York Times e qotsitse setho sa Lekhotla la ba se Nang Matlo Chicago se re: “Re bona tšekamelo e fetohileng haholo ea ‘bofuma’ bo nanarelang ‘barui ka potlako.’ Ba lahleheloa ke mesebetsi ea bona, likarete tsa ho reka ka mokitlane le matlo ao ba a rekileng. Ha e sa le taba ea matahoa a fumanoang a robetse literateng.”
Ka ho tšoanang, motsamaisi oa lefapha la sechaba Connecticut o hlokometse: “Ka bomalimabe, ho na le maikutlo a fosahetseng ka hore na batho ba se nang matlo ke bafe. Ha e sa le mokopa-kopa ea tlohang motseng ona a fetela ho o mong. Empa ke malapa a hlōlehang ho hira ntlo ka baka la ho phahama ha rente, khaello ea mesebetsi, litlhalano.” Ho ea ka peho e ntšitsoeng ke Lekhotla la Bo-rametse ba U.S. ka Motšeanong selemong se fetileng, phuputso metseng e meholo e 29 e senotse hore malapa a se nang matlo, a nang le bana a etsa karolo ea boraro ’me palo eo e ne e emela keketseho ea 31 lekholong ho feta ngoahola-kola.
Lipotso tse Qakang
Le hoja botebo ba khaello ea matlo bo fapana ho ea ka linaha le libaka, ho ka boleloa hore ke batho ba ’maloa haholo kajeno ba sa tsebeng ho hang ka bothata bona kapa ba sa angoeng ka ho feletseng ke bona. Taba e tsielehisang ka ho fetisisa ke hore ho sa tsotellehe boiteko le lichelete tse sebelisoang ke mebuso, ha ho na tlhase ea tšepo e bontšang hore bothata bo tla hlōloa. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Batho bana bohle ba se nang matlo ba tsoa hokae? ’Me ho phaella moo, ke tšepo efe e teng ea ho rarolloa ha bothata ba matlo?