Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/06 maq. 13-15
  • Hlobo—Ke Motsoalle Ebile ke Sera!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlobo—Ke Motsoalle Ebile ke Sera!
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlobo ke Eng?
  • Melemo ea Hlobo
  • Ha Hlobo e Fetoha Sera
  • Hlobo Mehahong
  • Jehova ke Sebōpi sa Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Na U Lumella Jehova Hore a U Bōpe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lumella Jehova Hore a Bope Monahano oa Hao le Boitšoaro ba Hao
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Ke Mang ea Bōpang Monahano oa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 1/06 maq. 13-15

Hlobo—Ke Motsoalle Ebile ke Sera!

KA MONGOLI OA TSOHA! SWEDEN

Mefuta e meng ea hlobo e pholosa bophelo; e meng eona ea bo timetsa. Mefuta e meng e fa chisi le veine tatso; ha e meng e fetoha chefo lijong. Mefuta e meng e mela likutung tsa lifate tse remiloeng; ha e meng e momela liphaposing tsa ho hlapela le ka libukeng. Ha e le hantle, hlobo e hohle—e ka ’na eaba ha u ntse u bala mola ona tjena u ntse u e hema.

HAEBA ha u lumele hore hlobo e teng hohle, ak’u tlohele leqhetsoana la bohobe leha e le kae, esita le ka sehatsetsing. E se khale, le tla be le se le apesitsoe ke kobo e bonojoana e boea—e leng hlobo!

Hlobo ke Eng?

Hlobo ke mofuta oa li-fungus, tse nang le mefuta e fetang e 100 000, ho akarelletsa boroku, khoaeane, phori le tomoso. Ke mefuta e 100 feela e tsejoang e kulisa batho le liphoofolo. E meng eona ke ea bohlokoahali lijong tsa lintho tse ling—e bolisa lintho tse shoeleng e le hore li ka hlahisa metsoako ea bohlokoa eo limela li ka e sebelisang. E meng eona e sebelisana le limela, e li thusa hore li monye limatlafatsi mobung. Athe e meng eona e iphelisa ka lintho tse ling.

Hlobo e qala e le sele ea baktheria e nyenyane hoo e ke keng ea bonoa ka mahlo ’me e fofa moeeng. Haeba e ka oela nthong eo e ka bang lijo tsa eona, ’me le har’a lintho eaba e fumana mofuthu o lekaneng le mongobo, e ea mela, e hlahise likhoelenyana tse ntšo tse bitsoang hyphae. Ha e se e ikatisitse, ho ba le boeanyana bo ririellaneng bo bitsoang mycelium, e leng hlobo e seng e bonahala. Hlobo e ka boela ea tšoana le matheba kapa litšila tse bang pakeng tsa lithaele ka kamoreng ea ho hlapela.

Tabeng ea ho ikatisa, hlobo ke ’mampoli. Hlobong e tloaelehileng ea bohobe, mathebanyana a manyenyane a matšo, ke ’ona ao e leng lisele tsa baktheria. Lethebanyana le le leng feela le na le lisele tse ka holimo ho 50 000, tse ka tsoalang lisele tse ncha tse limilione tse likete ka matsatsi a seng makae feela! Ha e le sebakeng se nepahetseng hantle, hlobo e ka hlaha le ka har’a libuka, ka har’a libutsi, kapa pampiring e khomaretsoang leboteng hammoho le likoqong tse merung.

Hlobo “e ja” joang? Ho fapana le batho le liphoofolo, ba jang pele ebe hamorao ke hona ’mele o monyang lijo ha li ntse li sileha, hlobo eona hangata e etsa ho fapaneng. Ha ntho e le khōlō haholo kapa e le thata hore hlobo e ka e ja, butle-butle e ntša maro a potlakisang tšebetso ea lik’hemik’hale e le hore a arole ntho ena likotoana tseo e ka khonang ho li ja. Hape kaha hlobo e sitoa ho tsamaea e ipatlela lijo, e tlameha ho phela ka har’a lijo tsa eona.

Hlobo e ka ntša chefo e bitsoang mycotoxin, e ka bang kotsi bathong le liphoofolong. Motho a ka e fumana ha a hema, a e-ja, kapa ha e ka thetsa letlalo. Empa hase ka linako tsohle hlobo e leng kotsi, ho ntse ho e-na le moo e leng molemo teng.

Melemo ea Hlobo

Ka 1928, rasaense ea bitsoang Alexander Fleming, o ile a sibolla a sa lebella hore hlobo e tala e na le matla a ho bolaea likokoana-hloko. Hlobo ena eo hamorao e ileng ea tsebahala e le Penicillium notatum, ho ile ha fumaneha hore e bolaea baktheria empa ha e kotsi ho batho le liphoofolo. Sena se sibolotsoeng se ile sa etsa hore ho hlahisoe penicillin, e ileng ea bitsoa “moriana o pholosang bophelo ba batho ba bangata ka ho fetisisa tsebong ea kajeno ea bongaka.” Ka 1945, Fleming le bafuputsi-’moho le eena Howard Florey le Ernst Chain, ba ile ba hapa Khau ea Nobel lefapheng la bongaka ka lebaka la mosebetsi oa bona. Haesale ho tloha ka nako eo, hlobo e ’nile ea sebelisoa le metsoakong e meng ea meriana, ho kopanyelletsa le meriana e sebelisoang ho hlapolla mali hore a se ke a etsa mahloele, ho alafa hlooho ea migraine le bakeng sa lefu la Parkinson.

Mahalapa le ’ona a thabela litatso tse sa tšoaneng ka lebaka la hlobo. Ka mohlala, nahana ka chisi. Na u ne u tseba hore chisi ea Brie, Camembert, Danish blue, Gorgonzola, Roquefort, Stilton, kaofela li fumana tatso ea tsona e ikhethang mofuteng o itseng oa hlobo ea Penicillium? Ka ho tšoanang, salami, soy sauce le biri li fumana tatso ea tsona ka thuso ea hlobo.

Ho joalo le ka veine. Ha mofuta o itseng oa morara o kotuloa ka nako e loketseng ’me hlobo e mometse ka ho lekaneng lesihleng ka leng, ho ka etsoa veine e tsoekere e monate bo tsoang ka litsebe, eo ho theosetsoang lijo ka eona. Hlobo ea mofuta oa Botrytis cinerea e eketsa tsoekere morareng, e natefise tatso. Phaposing ea polokelo ea veine, hlobo ea mofuta oa Cladosporium cellare, e thusa ho natefisa veine le ho feta nakong eo e ntseng e ratholeha. Ha maele a lihoai tsa morara oa veine tsa Hungary a hlalosoa ka mantsoe a mang, ho ka thoe: ‘Lekunutu la veine e monate ke hlobo e nepahetseng.’

Ha Hlobo e Fetoha Sera

Mefuta e meng e kotsi ea hlobo ke khale e le teng. Lekholong la bo tšelela la lilemo B.C.E., Baassyria ba ile ba sebelisa hlobo ea Claviceps purpurea e le chefo ’me ba e tšela ka lilibeng tsa ba lireng—e leng libetsa tsa boholo-holo tsa likokoana-hloko. Mehleng e Bohareng, mofuta ona oa hlobo, oo ka linako tse ling o neng o hlaha rogong, o ile oa tšoarisa batho ba bangata sethoathoa, oa etsa hore letlalo le choachoasele habohloko joalokaha eka le chele, oa baka mofetše ’me oa etsa hore ba bang ba bone lipono. Hona joale boloetse bona bo tsejoa e le boloetse bo bakoang ke chefo e fumanoang lijo-thollong, ’me bo ile ba rehoa ho chesehela Mohalaleli Anthony, kaha bakuli ba bangata ba ile ba nka leeto ho ea Fora sebakeng se halalelang sa Mohalaleli Anthony ka tšepo ea hore ba tla phekoloa ka mohlolo.

Mohloli o moholo o bakelang batho kankere ke chefo e bitsoang aflatoxin, e bakoang ke hlobo. Naheng e ’ngoe ea Asia, ho shoa batho ba 20 000 ka selemo ka lebaka la chefo ena. Motsoako ona o bolaeang o ’nile oa sebelisoa libetseng tsa kajeno tsa likokoana-hloko.

Leha ho le joalo, bophelong ba letsatsi le letsatsi, matšoao a tšoaetso ea hlobo e tloaelehileng hangata ha a kotsi, a mpa feela a tšoenya. UC Berkeley Wellness Letter, e re: “Mefuta e mengata ea hlobo ha e kotsi, esita leha u ka e hema.” Hangata batho ba atisang ho ba bothateng ba akarelletsa ba nang le mafu a matšoafo a kang la asma; ba kulisoang ke lintho tse itseng, ba hanoang ke lik’hemik’hale, kapa bao matla a ’mele ea bona a ho itšireletsa mafung a fokolang; basebetsi ba polasing bao e ka ’nang eaba ba pepesehetse hlobo e ngata. Masea le maqheku le ’ona a ka ’na a angoa habonolo ke hlobo.

Ho ea ka Lefapha la Litšebeletso Tsa Bophelo bo Botle la California, United States, hlobo e ka etsa hore motho a be le matšoao ana: ‘Mathata a amanang le ho hema, a kang sefuba se letsang lesiba, ho phefumoloha ka thata le letšoea; ho kibana linko le mahanana; ho hlohlona ha mahlo (a lomang, a tsoang likeleli, kapa a tlerefalang); ho hohlola habohloko ke sefuba se ommeng; ho hlohloneloa ke linko kapa ho hoaeahoaea ’metsong; ho tsoa lekhopho kapa ho choachoasela ha letlalo.’

Hlobo Mehahong

Linaheng tse ling ke ntho e tloaelehileng ho utloa ka ho koaloa ha likolo kapa ho ntšoa ha batho matlong kapa liofising e le hore ho ka hloekisoa hlobo e hahetseng le ho ntlafatsa maemo e le hore e se hlole e e-ba teng hape. Mathoasong a selemo sa 2002, mehaho e neng e sa tsoa buloa ea Museum of Modern Arts, Stockholm, Sweden, e ile ea tlameha ho koaloa ka lebaka la hlobo. Ho hloekisa le ho ntlafatsa mehaho eo ho ile ha ja chelete e kaalo ka liranta tse limilione tse 32! Ke hobane’ng ha bothata boo bo ata haholoanyane morao tjee?

Sena se bakoa ke lintho tse peli tse ka sehloohong: thepa ea ho haha le moralo. Lilemong tsa morao tjena thepa ea ho haha e etsoa ka lihlahisoa tseo hlobo e li hlaselang habonolo. Mohlala ke mabota a liboto, tseo hangata e bang mealo e ’maloa ea lipampiri e kopanngoang ka samente ebe ea oma e ba thata. Liboto tsena li tšoara mongobo. Joale ha li ka tšoara mongobo nako e teletsana, hlobo e ka qala ho hahela ’me ea ata, ea iphepa ka mealo ea pampiri.

Meralo ea mehaho le eona e fetohile. Pejana ho lilemo tsa bo-1970, mehaho e mengata United States le linaheng tse ling tse ’maloa e ne e sireletsoa ho se hokaalo mochesong, mohatseleng hammoho le moeeng ha ho bapisoa le mehaho ea kajeno. Ho entsoe liphetoho tsena e le hore mehaho e se sebelise motlakase o mongata ka ho e haha ka tsela e tla fokotsa ho lahleheloa kapa ho eketseha ha mocheso le ka ho fokotsa moea o kenang le o tsoang. Ka lebaka leo ha metsi a kena, mohaho o fupa mongobo nako e telele, ebe ho ba bonolo hore hlobo e hahele. Na ho na le tharollo bothateng boo?

Mokhoa o sebetsang oa ho rarolla, kapa bonyane ho fokotsa bothata bona ba hlobo ke oa ho boloka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka hare e hloekile ’me e omme, hammoho le ho etsa hore ho se be le mongobo o mongata ka hare. Haeba ho bonahala mongobo kae-kae, omisa sebaka seo ka potlako ’me u etse liphetoho tse itseng kapa u lokise sebaka seo e le hore metsi a se ke a kena hape. Ka mohlala, boloka marulelo le moo a khakeletsang metsi teng ho hloekile ’me a le boemong bo botle ka linako tsohle. Etsa bonnete ba hore moralo oa mohaho o phahame hanyenyane e le hore metsi a se ke a ema ho o potoloha. Haeba u na le tsamaiso ea ho fehla moea o pholileng, boloka lipane tseo metsi a rothelang ho tsona li hloekile ’me ho se be letho le kibang litselana tsa metsi.

Setsebi se seng se ile sa re: “Ho laola mongobo ke tsela e molemohali ea ho thibela hlobo.” Mehato e bonolo e ka sireletsa uena le ba lelapa la hao hore le se tobane le boemo bo sa thabiseng ba hlobo. Ka lehlakoreng le leng, hlobo e tšoana le mollo. E ka baka likotsi, empa hape e ka ba molemo haholo. Ho itšetlehile haholo ka hore na u e sebelisa joang le hona ho e laola. Ke ’nete hore ho sa na le ho hongata hoo re lokelang ho ithuta hona ka hlobo. Empa ho ba le tsebo ka pōpo e hlollang ea Molimo ho molemong oa rōna.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]

HO THOE’NG KA HLOBO MEHLENG EA BIBELE?

Bibele e bua ka “lefu la lepera ntlong,” ho bolelang mohahong ka booona. (Levitike 14:34-48) Ho ’nile ha boleloa hore e ka ’na eaba boemo bona, boo ka linako tse ling bo neng bo bitsoa “lepera le bolaeang,” e ne e le mofuta oa hlobo, empa le teng ha ho ea tiisehang hore ho fela ho le joalo. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Molao oa Molimo o ne o laela beng ba matlo hore ba tlose majoe a amehileng, ba fefe ntlo eohle ka hare, ’me lintho tsohle tse belaetsang ba li lahlele ka ntle ho motse “sebakeng se sa hloekang.” Haeba lefu leo le ne le khutla, ntlo eohle e ne e nkoa e sa hloeka, ’me e ne e heletsoa ka ho feletseng. Tataiso e hlakileng ea Jehova e bontša lerato la hae le tebileng ho batho ba hae le bakeng sa boiketlo ba bona.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Meriana e entsoeng ka hlobo e pholositse ba bangata

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Mabota a liboto le a koahetsoeng ka tapeiti a ka tšoara mongobo, oo hamorao o bakang hlobo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela