Ho Tsoteha ho Hlollang ha Lisele Tse Khubelu Tsa Mali
KA MONGOLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA
Sele e tloaelehileng haholo e fumanoang maling a hao ke e a fang ’mala, ka hona e bitsoa sele e khubelu ea mali. Lerotholi le le leng la mali le na le lisele tseo tse limilione tse makholo. Ha li hlahlojoa ka mochine o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo, li shebahala joaloka lidonate tse bothetseng hare ho e-na le ho ba le lesoba. Sele e ’ngoe le e ’ngoe e tletse limolek’hule tse limilione tse makholo tsa hemoglobin. Molek’hule e ’ngoe le e ’ngoe ea hemoglobin eona e sebōpeho se setle se sechitja ’me e entsoe ka metsoako e ka bang 10 000 ea haedrojene, k’habone, naetrojene, oksijene le liathomo tsa sulfur, hammoho le liathomo tse ’nè tse boima haholoanyane tsa tšepe, tse nolofalletsang mali hore a tsamaise oksijene. Hemoglobin e thusa ho tsamaisa carbon dioxide ho tloha sehlopheng sa lisele ho e isa matšoafong, moo e ntšoang teng ’meleng ka ho phefumoloha.
Karolo e ’ngoe ea bohlokoa liseleng tse khubelu ke letlalo la tsona, le bitsoang lera. Lera lena le tsotehang le lumella lisele tsena hore li sarolohe li be tšesaane e le hore li ka feta methapong e mesesaane ka ho fetisisa ea mali ’me li khone ho thusa karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele oa hao.
Lisele tse khubelu tsa mali li etsoa mokong oa lesapo. Ka mor’a hore sele e ncha e kene maling, e ka ’na ea potoloha pelo le ’mele kaofela ka makhetlo a fetang a 100 000. Ho fapana le lisele tse ling, lisele tse khubelu tsa mali ha li na khubu. Sena se etsa hore li be le sebaka se sengata bakeng sa oksijene hape se etsa hore li be bobebe, e leng ho thusang pelo hore e pompe litrilione tse ngata tsa lisele tse khubelu tsa mali ho li isa likarolong tsohle tsa ’mele. Leha ho le joalo, kaha ha li na khubu, li sitoa ho inchafatsa. Ka hona, ka mor’a matsatsi a 120, lisele tse khubelu tsa mali li qala ho fokola ’me li sitoa ho saroloha. Lisele tse khōlō tse tšoeu tsa mali tse bitsoang li-phagocyte li ja lisele tsena tse khathetseng ’me li ntše liathomo tsa tšepe. Liathomo tsena tsa tšepe li khomarela limolek’huleng tse mathang maling ebe li ea mokong oa masapo ho ea sebelisoa ho etsa lisele tse ncha tse khubelu tsa mali. Motsotsoana o mong le o mong, moko oa masapo o fepela mali ka lisele tse ncha tse khubelu tse limilione tse peli ho ea ho tse tharo!
Haeba ka tšohanyetso lisele tse khubelu tsa mali tse litrilione li ne li ka khaotsa ho sebetsa, motho o ne a ka shoa nakong ea metsotso e se mekae feela. Re lokela ho leboha Jehova Molimo hakaakang bakeng sa tokisetso ee e babatsehang pōpong ea hae, e re thusang hore re tsoele pele re phela le ho thabela bophelo! Ha ho pelaelo hore u lumellana le mopesaleme ea ileng a re: “Jehova, u ntlhahlobisisitse ka hohle, ’me ua ntseba. Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea hlolla, joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.”—Pesaleme ea 139:1, 14.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lisele tse khubelu tsa mali
Lera
Hemoglobin (e hōlisitsoeng)
Oksijene