‘Ke Batla ho Sebeletsa Molimo Pele ke E-shoa’
PALE EA MAMIE FREE
HO ILE ha qhoma ntoa ea lehae Liberia ka 1990. Ha ntoa e kupa e se e tiile, Mamie, ngoananyana ea lilemo li 12 oa Mokrahn, hammoho le ba lelapa labo ba ile ba qabelleha lehaeng la bona le motse-moholo, Monrovia. Mamie o re: “Re ile ra utloa ho phatloha ho hoholo ntlong e bapileng le ea rōna. Misaele e ne e otlile ntlo ea moahelani ’me ea hotela. Malakabe a ile a tlōlela ntlong ea lapeng ’me le eona ea cha.” Har’a ntoa eo e mahlo-mafubelu, Mamie, ’mè oa hae le malome oa hae ba ile ba baleha.
Mamie oa hopola: “Ho ile ha e-ba le ntho e nkotlang ke sa lebella.”
“Joale ’Mè o ile a mpotsa: ‘Molato ke’ng?’”
Ke ile ka araba: “Ho na le ntho e nkotlileng! Ke nahana hore ke kulo.”
Mamie o ile a oela fatše a opeloa habohloko ’me a rapela: “Molimo ke kōpa u utloe thapelo ea ka. Ke nahana hore nka ’na ka shoa, empa ke batla ho u sebeletsa pele ke e-shoa.” Ka mor’a moo o ile a ilibana.
Baahelani ba ile ba batla ho pata Mamie lebōpong le haufi la leoatle kaha ba ne ba nahana hore o shoele. Leha ho le joalo, ’mè oa hae o ile a tsitlella hore a isoe sepetlele se haufi. Ka masoabi, sepetlele seo se ne se haelloa bakeng sa ho thusa palo e ngata-ngata ea banna, basali le bana ba kenang ba lemetse. Malome oa Mamie eo le eena a neng a lemetse, o ile a shoa bosiung boo, empa Mamie o ile a pholoha, le hoja a ne a holofetse ho tloha thekeng ho ea tlaase.
Mali a ile a ’na a lutlela ka hare ’me o ile a ba le mahlaba a bohloko. Qetellong, ka mor’a likhoeli tse ’nè, lingaka li ile tsa mo isa seiponeng ho bona hore na kulo e parakile hokae. E ne e parakile pakeng tsa pelo le matšoafo. Ho mo buoa ho ne ho tla ba kotsi haholo, ka hona ’mè oa Mamie o ile a mo isa ngakeng e phekolang ka litlama. Mamie oa hopola: “E ile ea nlibolotsa ka lehare, ka mor’a moo ea moma leqeba leo ’me ea leka ho hula kulo. Eaba e re: ‘Hase moo!’ e cho joalo e tšoela kulo. Re ile ra e lefa ’me ra tsamaea.”
Empa monna eo o ne a buile leshano. Ha Mamie a ntse a e-ea seiponeng ho ile ha fumanoa hore kulo e ntse e le teng. Kahoo, Mamie le ’mè oa hae ba ile ba khutlela ngakeng ea litlama, e ileng ea ba kholisa hore ho tla nka likhoeli tse robong pele seipone se ka bona hore kulo e tsoile. Ba ile ba khutlela hae ’me ba leta ka mamello. Ka nako eo, Mamie o ne a ntse a e-noa meriana e fapa-fapaneng ho mo thusa ho kokobetsa mahlaba. Ka mor’a likhoeli tse robong o ile a boela a ea seiponeng. Kulo e ne e ntse e le teng. Ngaka eane e ile ea ipha limenyane.
Joale e ne e se e le likhoeli tse 18 kulo e le ’meleng oa Mamie. E mong oa seng o ile a mo isa ho ngakana-ntšonyana e ’ngoe ea mosali. Ho e-na le hore e thuse, e ile ea re, ka letsatsi la ho re, ebang ho sa shoe Mamie ho tla shoa ’mè oa hae. Ka nako eo, Mamie o ne a se a le lilemo li 13. Mamie o re: “Ke ile ka se hlabela hloohong. Empa ha letsatsi la teng le fihla, ha ho ea ileng a shoa.”
Joale malome e mong oa Mamie o ile a mo nka a mo isa ho moeta-pele e mong oa kereke ea neng a boletse hore o bile le pono e mo bontšang hore ho holofala ha Mamie ho ne ho sa bakoa ke kulo, o ne a louoe. O ile a tšepisa hore haeba Mamie a ka latela litaelo tsa hae hantle, beke e ne e tla fela a tsamaea. Mamie oa hlalosa: “Ke ile ka tola ka makhetlo-khetlo ka metsi a leoatle ao ho neng ho thoe a ntša senyama, ka itima lijo, ka pitika fatše bosiu bo bong le bo bong ka khitla, ’me e tlameha ebe ke entse seo ka lihora tse ngata haholo. Empa boiteko bona bohle e bile ba lefeela, ’me boemo ba ka ha boa ka ba fetoha.”
Leha ho le joalo, ka mor’a nako ho ile ha buloa lipetlele tse eketsehileng ’me kulo e ho Mamie ea qetella e ntšitsoe. O ne a ile a mamella mahlaba a sa khaotseng ka lilemo tse peli. Oa hopola: “Ka mor’a ho etsoa opereishene, ho ile ha re kokololo! mahlabeng ao ke neng ke e-na le ’ona, ’me ka qala ho hema habobebe. Le hoja ke ntse ke holofetse, ke ne nka khona ho ema ka lithupa tse thusang ba holofetseng.”
Mamie o Kopana le Lipaki Tsa Jehova
Beke ka mor’a ho etsoa opereishene, ’mè oa Mamie o ile a kopana le Lipaki tse peli tsa Jehova. Kaha o ne a tseba hore morali oa hae o rata ho bala Bibele, o ile a memela Lipaki lapeng. Hang-hang Mamie o ile a amohela ho rutoa Bibele. Leha ho le joalo, ka mor’a likhoeli tse ’maloa o ile a khutlela sepetlele ’me a se ke a hlola a kopana le Lipaki.
Ho sa tsotellehe seo, lenyora la Mamie la ho tseba Bibele le ne le ntse le le teng. Ka hona, ha moeta-pele e mong oa kereke a re a ka mo thusa, Mamie o ile a lumela. Ha a le tlelaseng ea Sontaha, seithuti se seng se ile sa botsa tichere, “Na Jesu o lekana le Molimo?”
Tichere e ile ea re: “E, baa lekana. Empa Jesu ha a lekane hantle le Molimo.”
Mamie o ile a thuisa: ‘Baa lekana empa eseng hantle? Sena ha se na kelello. Ho na le ho phoso mona.’ Kaha o ne a sa khotsofala hore o ithuta ’nete ea Bibele, Mamie o ile a qetella a khaolitse ho ea kerekeng eo.
Ka 1996 pefo e ile ea boela ea qhoma Monrovia. Mamie o ile a lahleheloa ke litho tse peli hape tsa lelapa labo ’me lehae labo la chesoa khetlo la bobeli. Likhoeli tse ’maloa hamorao, Lipaki tse ling tse peli li ile tsa kopana le Mamie ha li ntse li le tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Mamie o ile a boela a ithuta Bibele. Ha a le libokeng ka lekhetlo la pele, o ile a makala ha a bona motho e mong le e mong—ho kopanyelletsa le baholo ba phutheho—ba thusa ho hloekiseng Holo ea ’Muso. Hamorao selemong sona seo, o ile a thabela ho ba ho e ’ngoe ea Likopano Tsa Setereke tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo,” e leng seboka sa Lipaki Tsa Jehova se seholo seo a neng a qala ho ea ho sona.
Mamie o re: “Ruri ke ne ke hloletsoe. Lipaki li ne li ratana e le kannete, le hoja e ne e le tsa merabe e sa tšoaneng. Hape ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e hlophisehile hantle.”
Ho Phethahatsa Takatso ea Hae ea ho Sebeletsa Molimo
Ntoa e ileng ea boea sekoele ka 1998, e ile ea qobella Mamie le ’mè oa hae hore ba balehele naheng ea boahelani, Côte d’Ivoire, moo bona le Maliberia a ka bang 6 000 ba ileng ba fumana bolulo Kampong ea Baphaphathehi ea Peace Town. Mamie o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele le Lipaki ’me a hatela pele ka potlako. Ka mor’a nakoana, o ile a rata ho bolella ba bang ka tumelo ea hae. E le hore a kopanele mosebetsing oa ho bolela, bara le barali babo rōna ba moea ba ile ba thusa ho mo qhoba ka setulo sa hae sa likooa. Ka tsela ena Mamie o ile a khona ho fana ka bopaki bo botle ho baphaphathehi ba bang ba bangata.
Le hoja boemo ba bophelo ba hae bo mo thatafaletsa ho ea Holong ea ’Muso, e leng bohōle ba lik’hilomithara tse tšeletseng ho tloha moo a lulang, Mamie o ba teng libokeng tsohle. Ka la 14 May, 2000, o ile a tsamaea lik’hilomithara tse fetang 190 ho ea kopanong e khethehileng ea letsatsi le le leng ’me a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Molimo ka kolobetso ea metsing. (Matheu 28:19, 20) Ka pel’a bongata bo neng ba tletse likeleli ka mahlong, Mamie o ile a nkeloa ka molatsoaneng oo a ileng a kolobetsoa ho oona. Ha a tsoa ka metsing sefahleho sa hae se ne se khanya khotso.
Hona joale Mamie o kampong ea baphaphathehi Ghana, ’me pakane ea hae ke ho ba pula-maliboho oa kamehla, kapa ’moleli oa nako eohle. ’Mè oa hae le eena o qalile ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me hona joale o se a bolella ba bang seo a ithutileng sona. Ka bobeli ba labalabela ka cheseho nako e tšepisitsoeng ka Lentsoeng la Molimo eo ka eona ‘ea holofetseng a tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.’—Esaia 35:5-7.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Kulo e ileng ea ntšoa ho Mamie
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ha Mamie a nkeloa molatsoaneng ho ea kolobetsoa
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
O khannela ’mè oa hae Emma, thuto ea Bibele