Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/06 maq. 24-25
  • Ho Batla Mouflon

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Mouflon
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho li Bona ka Lekhetlo la Pele
  • Ramo Hlatheng!
  • Ho Senngoa ha Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
    Tsoha!—1997
  • “Lifate Tsa Jehova li Khotsofetse”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 3/06 maq. 24-25

Ho Batla Mouflon

Re hlometse ka limmapa, lik’hamera, likatiba le lieta tse thata tseo leoto le khohlelang kaofela, re ile ra palama koloi ea moetso o ka ngoangoarelang leha e le kae ’me ra tloha esale hoseng letsatsing le hlakileng la nako ea selemo. Moo re lebileng teng ke Morung oa Paphos o holimo mokolokong oa lithaba tsa Troodos, sehlekehlekeng sa Cyprus, moo re nang le tšepo ea hore re tla bona mouflon e bonoang ngope-setšoha. Phoofolo ee ke efe?

LI-MOUFLON ke mofuta oa linku tsa naha tse ka fumanoang ho pholletsa le setereke sa Mediterranean. Empa phoofolo e hlileng e leolitseng takatso ea rōna hore re e bone ke mofuta o fumanehang Cyprus ’me ho boleloa hore o kopantse botle ba khama le matjato a pōli. E ka fumanoa feela libakeng tse hōle tse lithaba.

Re tlohela ’mila o moholo ’me re sika le thaba, re tsamaea ka har’a phula e ntle. Ho na le metse matsoapong ’me masimo a lifate tsa litholoana a lenngoe ho sika le phula ena. Leha ho le joalo, ka tšohanyetso tsela e qala ho ba mpe, ’me libakeng tse ling koloi eo re e palameng e okamela selomo ka tsela e sa jeseng litheohelang. Qetellong re fihla moo re eang—setsing sa litšebeletso sa moru ona. Re ka hare-hare Morung oa Paphos o nang le lifate tsa phaene le tsa kedare tse koahetseng sebaka se boholo ba lihekthere tse 60 000. Re reka kofi ’me re qoqa le Andreas, setsebi sa moru ona se apereng junifomo e tala, se buang ka cheseho ha se qoqa ka li-mouflon.

O re mouflon ke phoofolo e anyesang e khōlō ka ho fetisisa Cyprus. Mehleng ea khale li ne li itsamaela kamoo li ratang kateng ka bongata sehlekehlekeng sena. Bongata ba litšoantšo tsa Bagerike le Baroma tse entsoeng ka likotoana tse mebala-bala tsa majoe kapa tsa khalase li bontša nku ena ea naha, ’me lingoliloeng tsa mehla e bohareng li hlalosa kamoo batho ba phahameng sechabeng ba neng ba thabela ho ea li tsoma kateng Morung oa Paphos.

A re lebisa moo li kampetsoeng teng, Andreas o re bolella ho eketsehileng ka pale ea linku tsena. Ka mohlala, re ithuta hore li se li fokotsehile haholo ka lebaka la batho ba li tsomang ka lithunya. Ke feela ka 1938 moo molao oa ho tsoma Cyprus o ileng oa shejoa bocha e le ho sireletsa liphoofolo tsena. Litsebi tsa meru le sepolesa ba ile ba sebelisana ho thibela bosholu ba tsona. Selemong se latelang ho ile ha phatlalatsoa hore litsomi ha lia lumelloa morung oo. Liphetoho tsena, hammoho le mehato e meng e ileng ea nkoa ho tloha lilemong tsa bo-1960, li entse hore linku tsena li ate hape.

Ho li Bona ka Lekhetlo la Pele

Re latela Andreas ho leba sebakeng se kampetsoeng ’me re nyarela pakeng tsa lihlahla le lifate. A re etsetsa pontšo ea hore re thōle, Andreas o re hloesa moepa o mokhutšoanyane. Ha re le moo re bona linku tse tharo tse tšehali le likonyana tse peli tse sa tsoa tsoaloa li ntse li fula sebakeng se bulehileng moo letsatsi le chabetseng teng hamonate. Tse khōlō li bophahamo ba lisenthimithara tse 90 ’me li boea bo bosootho bo sa loeang, e be bo ba thothofa ho elella mpeng.

Limela tsa naha tse fuloang li ngata nakong ena ea selemo, ’me tse khōlō li phathahane hoo le ho re natsa li sa re natseng. Leha ho le joalo, likonyana tsona li khaotsa ho thala ’me li nka mehato e seng mekae ho tlelella ho rōna empa li qoaile. Re thabile haholo! Empa joale ha k’hamera e etsa molumo ha e nka foto, sena sea li tšosa ’me ka ho panya ha leihlo mohlape ’ohle o nyamela lifateng.

Re thabisitsoe ke seo re se boneng, re rera ho hlahloba moru ona ka maoto ka tšepo ea hore re tla bona linku tsena hlatheng. Andreas o etsa tlhahiso ea hore re leke seo ha mafube a hlahla, nakong eo liphoofolo tsena li nang le ho iteta sefuba ho tlelella moo moru o fellang ho ea batla lijo. Kaha morero oa rōna ke ho hloma tente phuleng bosiung bona, thaba e okametseng phula ena e ka ’na ea e-ba sona sebaka se loketseng ho ea li sheba ho sona. Re bolelloa hore linku tsena li atisa ho ea matsoapong a holimo likhoeling tseo ho futhumetseng ka tsona, empa mariha nakong eo tlhōrō ea thaba e apesitsoeng ke lehloa, li batla seo li ka se jang libakeng tse tlaase, li be li itete sefuba ho ea ka ntle ho moru.

Liphoofolo tsena li tlōlelana nakong ea hoetla. Mariha linku tsena li tsamaea ka mehlape ea tse ka bang 10 ho ea ho tse 20. Nakong eo likonyana li hlahang mathoasong a April kapa May, mehlape ea arohana ho etsa lihlopha tse nyenyane, tse kang seo re se boneng sebakeng sane se kampetsoeng. Ka tloaelo tse tona li tsamaea li le ling ha li il’o fula.

Ramo Hlatheng!

Ka meso letsatsing le hlahlamang, re boetse re hloa leralla ka koloi, re e paka sebakeng se bulehileng ’me re kena ka morung pele letsatsi le phahama. Ho sa ntse ho khutsitse hamonate ka morung, ’me ho moholi. Moo re emang ho thabela khutso ena, rea e bona—ramo e botle bo hlollang, e tiileng e ntseng e sola. Qoqotho e koahetsoe ke boea bo fifetseng. E kebisitse hlooho ka makōkō ’ohle, e re hlaba ka mahlo ka lintši tse ntšo ’me e fofonela monko oa rōna. Bonyane manaka a eona a ikharileng a ka ba bolelele ba lisenthimithara tse 40 le le leng! E khōlō ho feta tsane tse tšehali tseo re ileng ra li bona maobane ’me e tlameha e le boima ba lik’hilograma tse ka bang 35.

Re shashabana habohloko, re tšaba le ho hema. Leha ho le joalo, phoofolo ena e hlokolosi ho bonahala e utloile monko oa rōna kaha ke eo e keta hlooho ’me e matha. Ka sebele re hloletsoe ke seo re se boneng le seo re ithutileng sona ka matsatsi ana a mabeli. Kananelo ea rōna ka ’Mōpi e eketsehile, ea ileng a re: “Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hlaha ea moru ke ea ka, liphoofolo tse holim’a lithaba tse sekete.”—Pesaleme ea 50:10.

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

“Mouflon” ea Cyprus (ka morao) le “mouflon” ea Europe

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 25]

Top right: Oxford Scientific/photolibrary/Niall Benvie; European Mouflon: Oxford Scientific/photolibrary

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela