Bacha Baa Botsa . . .
Nka Etsa’ng ho Sebelisa Chelete Hantle?
“Ke iphumana hangata ke se ke batla ho reka ntho e itseng eo ke hlileng ke sa e hlokeng, eo ke bileng nke keng ka e khona, hobane feela theko ea eona e nyehlisitsoe.”—Anna,a Brazil.
“Ka linako tse ling metsoalle ea ka e ’memela hore re e’o ithabisa ka lintho tse bitsang chelete e ngata. Ke rata ho ba le metsoalle ea ka le ho ithabisa. Ho thata ho re, ‘Ke masoabi, nke ke ka khona.’”—Joan, Australia.
NA HO bonahala eka ha ho mohla u nang le chelete e lekaneng? Ekare chelete eo u e fuoang e ka eketsoa hanyane feela, u tle u tsebe ho reka ntho e itseng ea ho bapala eo u e batlang. Ekare u ka ekeletsoa moputso ho se hokae feela, e le hore u tle u khone ho reka lieta tsela tseo u “li hlokang.” Empa ho e-na le ho ingamangama ka chelete eo u se nang eona, ke hobane’ng ha u sa ithute ho sebelisa eo u nang le eona hantle?
Haeba u mocha ea ntseng a lula le batsoali, u ne u ka ’na ua emela hore u tlohe lapeng pele u ithuta ho sebelisa chelete hantle. Empa ho etsa joalo ho tla be ho tšoana le ho itsubeletsa sefofaneng u e-s’o ithute ho fofa ka pharachuti. Ke ’nete hore motho a ka ’na a khona ho bona seo a lokelang ho se etsa a le moeeng a tsubella fatše. Leha ho le joalo, ho ka ba molemo hore a ithute lintho tse itseng tsa motheo pele a tsubella!
Ka ho tšoanang, nako e molemohali ea ho ithuta ho sebelisa chelete ke pele u tobana le linnete tse bohloko tsa bophelo tabeng ea lichelete. Morena Solomone o ile a ngola a re: ‘Chelete ke tšireletso.’ (Moeklesia 7:12) Empa e tla u sireletsa hafeela u ithuta ho sebelisa chelete hantle. Ha u etsa joalo u tla ba le seriti le batsoali ba hao ba tla u hlompha haholoanyane.
Ithute Linnete Tsa Motheo
Na u kile ua kōpa batsoali ba hao hore ba u hlalosetse hore na ho ameha eng ho hlokomela lelapa? Ka mohlala, na ua tseba hore na ke bokae khoeli le khoeli ho lefella motlakase, ho futhumatsa ntlo, metsi, ho sebelisa koloi, ho reka lijo le ho lefa rente kapa ho lefella ntlo? U ka ’na ua nka hore boitsebiso boo ha bo thahasellise. Empa u lokela ho hopola hore u kenya letsoho ho bakeng litšenyehelo tseo. Ho feta moo, mohla u tlohang lapeng, u tl’o qalella ho lefella litšenyehelo tseo. Kahoo u lokela ho qala esale joale ho tseba ka tsona. Kōpa batsoali ba hao hore ba u bontše tse ling tsa litšenyehelo tseo ba li lefellang, ’me u mamelisise ha ba u hlalosetsa seo ba se etsang ho rala chelete ea ho li lefella.
Maele a Bibele a re: “Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng, ’me motho ea nang le kutloisiso ke ea fumanang tataiso e bohlale.” (Liproverbia 1:5) Anna, eo ho buuoeng ka eena pejana, o re, “Ntate o ile a mpontša hore na ke rale seo ke tla se etsa ka chelete joang, a ba a mpontša le bohlokoa ba ho ba ea hlophisehileng ha ke sebelisa lichelete tsa lelapa.” Ka nako e tšoanang, ’mè oa Anna le eena o ile a mo ruta litsela tse ling tse sebetsang. Anna o re: “O ile a mpontša bohlokoa ba ho bapisa lintho pele ke reka,” ’me o phaella ka ho re, “’Mè o khona ho etsa lintho tse ngata ka chelete e seng kae feela.” Anna o ruile molemo ofe ho seo? O re: “Hona joale ke khona ho hlokomela litaba tsa ka tsa lichelete. Ke sebelisa chelete ka hloko, kahoo ke na le bolokolohi le khotso ea kelello e tlisoang ke ho qoba likoloto tse sa hlokahaleng.”
Lemoha Litšitiso
Ke ’nete hore ho bonolo ho bua ka ho sebelisa chelete hantle ho fapana le hore u hle u e sebelise hantle, haholo haeba u ntse u le lapeng u fuoa chelete kapa u sebetsa u fumana moputso. Hobane’ng? Hobane e ka ’na eaba batsoali ba hao ke bona ba lefellang boholo ba litšenyehelo. Kahoo chelete ea hao boholo u e sebelisetsa mabaka a hao. Ho sebelisa chelete e ka ba monyaka. Mohlankana e mong oa India ea bitsoang Paresh o re: “Ha ke na bothata le bo bonyenyane ba ho sebelisa chelete, ebile kea ho thabela.” Sarah, oa Australia, le eena o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Ho reka hoa nthabisa.”
Ho phaella moo, lithaka tsa hao li ka ’na tsa u susumetsa hore u sebelise chelete e fetang eo u lokelang ho e sebelisa. Ellena, ea lilemo li 21, o re: “Lithakeng tsa ka, ho reka ke eona tsela e ka sehloohong ea ho ithabisa. Ha ke intšitse le tsona, ekare ke molao ho sebelisa chelete hore motho a thabe.”
Ke ha tlhaho ho batla ho tšoana le metsoalle ea hao. Empa ak’u ipotse, ‘Na ha ke e-na le metsoalle ke sebelisa chelete hobane ke khona kapa hobane ke ikutloa ke tlamehile?’ Batho ba bangata ba leka ho iketsetsa botumo metsoalleng ea bona le bathong bao ba ba tloaetseng ka ho sebelisa chelete. Ho tloaela ho etsa seo ho ka u bakela mathata a tebileng a lichelete, haholo haeba u e-na le karete ea ho reka ka mokitlane. Suze Orman ea fanang ka keletso litabeng tsa lichelete, o lemosa ka ho re: “Haeba u batla ho khahla batho ka seo u nang le sona ho fapana le seo u leng sona, u kotsing e khōlō ea ho sebelisa karete ea ho reka ka mokitlane hampe.”
Ho e-na le ho sebelisa chelete eohle eo karete ea ho reka ka mokitlane e u lumellang hore u e sebelise kapa ho sebelisa chelete eohle ea hao ea moputso ka bosiu bo le bong feela, ke hobane’ng ha u sa leke ho sebetsa lintho joaloka Ellena? O re: “Ha ke intša le metsoalle, ke rera esale pele ebe ke lekanyetsa hore na ke tla sebelisa bokae. Moputso oa ka o kena ka ho toba ak’haonteng ea ka ea banka, ’me ke ntša feela chelete eo ke e hlokang ka nako eo. Ke boetse ke fumana ho le molemo ho ea mabenkeleng le metsoalle e hlokolosi ka chelete, e bileng e nkhothalletsang ho bapisa lintho pele ke reka le hore ke se ke ka reka ntho ea pele eo ke e bonang.”—Liproverbia 13:20.
Ithute ha Batsoali ba re Che
Esita le haeba ha u fuoe chelete kapa moputso, u ntse u ka ithuta thuto ea bohlokoa ka chelete ha u ntse u le lapeng. Ka mohlala, batsoali ba hao ba ka ’na ba hana ha u kōpa chelete kapa u kōpa hore ba u rekele ntho e itseng. Hobane’ng? Mohlomong hobane seo u se kōpang se hloka chelete e ngata eo lelapa le ke keng la e khona. Ha batsoali ba hao ba hana ho etsa seo u se kōpang—le hoja mohlomong ba ne ba ka ’na ba rata ho u etsetsa sona—ba u behela mohlala o motle oa ho sebelisa boitšoaro. Boitšoaro ke ba bohlokoa tšebelisong e ntle ea chelete.
A re nke hore batsoali ba hao ba ka khona ho u etsetsa seo u se kōpang. Leha ho le joalo, ba ka ’na ba hana ho u etsetsa sona. U ka ’na ua nahana hore ba mpa ba u etsetsa lonya feela. Empa ak’u nahane: E ka ’na eaba ba leka ho u ruta thuto ea bohlokoa ea hore ho thaba ha hao ha hoa itšetleha ka ho fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang. Ntlheng ena Bibele e re: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.”—Moeklesia 5:10.
’Nete ea mantsoe ana e tšehetsoa ke liphihlelo tsa bacha ba bangata bao batsoali ba bona ba ba rekelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang. Ha nako e ntse e ea bacha bao baa elelloa hore ha e le hantle ha baa khotsofala. Ho sa tsotellehe hore na ba na le lintho tse ngata hakae, ba ikutloa ba ntse ba batla ho reka ho hong ho itseng. Ka mor’a nako, bacha ba tloaetseng ho fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e kōpang ba ka ’na ba hōla ba fetoha batho ba baholo ba se nang teboho. Solomone o ile a lemosa: “Haeba motho a bokotsa mohlanka [kapa ngoana] oa hae ho tloha bocheng ho ea pele, bophelong ba hae hamorao o tla fetoha ea se nang teboho.”—Liproverbia 29:21.
Chelete ke Nako
Lipuong tse ling ho na le maele a reng, Nako ke chelete. Maele ana a totobatsa hore batho ba nka nako ho fumana chelete le hore ho senya nako ke ho senya chelete. Maele ao ke ’nete le ha re a phethola—chelete ke nako. Ha u senya chelete, ha e le hantle u senya nako e sebelisitsoeng ho fumana chelete eo. Ithute ho sebelisa chelete hantle kahoo u tla ithuta ho sebelisa nako ea hao hantle. Joang?
Nahana ka se buuoang ke Ellena. O re: “Ha ke laola chelete eo ke e sebelisang, ke laola nako eo ke e sebetsang ho e fumana. Ha ke rala ka tsela e utloahalang seo ke tla se etsa ka chelete ’me ke khomarela moralo oo, ha ho hlokahale hore ke sebetse lihora tse ngata e le hore ke lefelle likoloto tsa chelete e ngata. Ke khona ho laola nako ea ka le bophelo ba ka.” Na le uena u ka rata ho laola lintho bophelong ba hao ka tsela eo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Na u thatafalloa ho sebelisa chelete hantle? Hobane’ng?
◼ Ke hobane’ng ha u lokela ho qoba lerato la chelete?—1 Timothea 6:9, 10.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]
NA CHELETE E EKETSEHILENG KE THAROLLO?
Na ho ba le chelete e eketsehileng e ne e sa tl’o ba eona tharollo ea mathata a hao a lichelete? Suze Orman ea fanang ka likeletso litabeng tsa lichelete o re: “Kaofela ha rōna re nahana hore moputso oa chelete e ngata ke oona o ka rarollang mathata a rōna a lichelete, empa ke ka seoelo o a rarollang.”
Ka mohlala: Haeba u sa khone ho laola koloi ha u khanna kapa u tloaetse ho sotha lebili u koetse mahlo, na ho tšela peterole e eketsehileng ho tla etsa hore u ikutloe u phutholohile haholoanyane? Na seo se tla eketsa monyetla oa hore u fihle moo u eang teng u sireletsehile? Ka ho tšoanang, haeba u sa ithute ho laola tsela eo u sebelisang chelete ka eona, chelete e eketsehileng ha e na ho ntlafatsa boemo ba hao.
[Lebokose/Chate e leqepheng la 13]
LAOLA LINTHO
U sebelisitse chelete e kae khoeling e fetileng? U entse’ng ka eona? Na ua tseba? Haeba u batla ho laola tsela eo u sebelisang chelete ka eona, pele e u laola, latela mokhoa ona.
◼ Boloka tlaleho. Bonyane qeta khoeli, u tlaleha chelete eo u e fumanang le letsatsi leo u e fumaneng ka lona. Ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e rekang le hore na ke bokae. Qetellong ea khoeli, kopanya chelete eo u e fumaneng le eo u e sebelisitseng.
◼ Rala seo u tla se etsa ka chelete. Seha mela e meraro leqepheng le se nang letho. Moleng o qalang, thathamisa chelete eohle eo u lebeletseng ho e fumana khoeling eo. Moleng oa bobeli, thathamisa lintho tsohle tseo u rerang ho li etsa ka chelete eo; u sebelise lethathamo leo u le entseng ho u tataisa. Ha khoeli e ntse e ea, ngola chelete eo u e lefileng nthong ka ’ngoe eo u neng u e rerile moleng oa boraro. Ngola le chelete eohle eo u entseng lintho tseo u neng u sa li rera ka eona.
◼ Fetola moralo oa hao. Haeba u sebelisa chelete e ngata ho feta kamoo u neng u nahanne kateng linthong tse itseng ’me sekoloto sa hao se ntse se eketseha, fetola moralo oa hao. Lefa likoloto. Lula u laola lintho.
[Chate]
E sehe ’me u e sebelise!
Seo ke se Etsang ka Chelete Khoeli le Khoeli
Chelete e kenang Chelete ea Chelete elitšenyehelo
sebelisitsoeng
chelete eo ke e fuoang lijo
mosebetsi oa nakoana liaparo
tse ling fono
boithabiso
monehelo
e bolokoang
tse ling
Kakaretso Kakaretso Kakaretso
R R R
[Setšoantšo]
Hopola hore ha u senya chelete, u senya nako e sebelisitsoeng ho e fumana
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ke hobane’ng ha u sa kōpe batsoali ba hao hore ba u bontše hore na ho etsoa joang ha motho a rala seo a tla se etsa ka chelete?