Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 1/8 maq. 19-21
  • Nka Hlokomela Chelete ea ka Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Hlokomela Chelete ea ka Joang?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Chelete—Lebaka Leo ka Lona e Leng Bohlokoa
  • Bohlokoa ba ho Lekanyetsa Chelete
  • Ho ba Masene ka Molato
  • ‘Peni e Bolokiloe . . . ’
  • Nka Etsa’ng ho Sebelisa Chelete Hantle?
    Tsoha!—2006
  • Kamoo U ka Sebelisang Chelete Kateng
    Tsoha!—2011
  • Nka Eetsa’ng Hore ke Sebelise Chelete Hantle?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Sebelisa Chelete ka Bohlale
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 1/8 maq. 19-21

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Hlokomela Chelete ea ka Joang?

U IKUTLOA joang ka chelete? Na ke ntho eo u ka e sebelisang kamoo u ratang kateng? Na ke ntho e ka bolokoang kapa hona ho patoa? Bacha ba bangata, ka ho tšepa hore batsoali ba bona ba teng ho ba lokisetsa, ka ho hlakileng, ba nahana hanyenyane ka chelete—ba nahana haholo ka hore na ba ka e sebelisa joang.

Leha ho le joalo, hase ka mehla u ka bang le batsoali ba tla sebeletsa e le tširelo. Ho feta moo, taba ea hore u na le mosebetsi ka mor’a sekolo kapa chelete e lekaneng ha e bolele hore u ka sebelisa chelete ka ho se tsotelle. Bibele ea lemosa: “U talimela’ng leruo, ha e le moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele holimo joaloka ntsu.” (Liproverbia 23:5) U ka thibela chelete ea hao joang hore e se ke ea ‘rurela holimo’? Pele, u tlameha ho ananela seo chelete e leng sona.

Chelete—Lebaka Leo ka Lona e Leng Bohlokoa

Chelete ke mokhoa oa phapanyetsano—le hona o matla. Encyclopædia Britannica e re “chelete ke eona ntho feela e ka rekang ntho e ’ngoe le e ’ngoe habonolo.” Ka mohlala, seea-le-moea sa hao, se ka ’na sa nkoa e le ntho e ’ngoe ea bohlokoa. Empa nahana u leka ho hoeba ka sona kapa ho fapanyetsana ka sona bakeng sa lofo ea bohobe. Seea-le-moea se ka ’na sa feta lofo eo ka theko. Empa haeba mong’a lebenkele la bohobe a sa batle seea-le-moea sa hao, ho ka ’na ha etsahala hore a se ke a u neha lofo ea bohobe bakeng sa sona. Kahoo seea-le-moea sa hao se fetoha ntho e se nang thuso! Leha ho le joalo, chelete e batla e hlomphuoa hohle.a Ka baka leo ho ka fapanyetsanoa ka eona ka potlako le habobebe bakeng sa liphahlo life kapa life kapa litšebeletso tseo u li batlang.

Joale, ke ka bohlale Salomone ho Moeklesia 7:12 a itseng ‘chelete ke tširelo.’ Kahoo chelete ke senotlolo sa ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong le lintho tse ngata tse thabisang bophelong. Ho joalokaha Salomone a boletse hape hore: “Tafole e na le menate ea eona, ’me veine e etsa bophelo bo thabileng; ’me chelete e ka mor’a tsohle.”—Moeklesia 10:19, The New English Bible.

Empa, kamehla ha ho bonolo ho fumana chelete. Batsoali ba bangata ha ba na chelete e sa feleng; ’me ba tlameha ho sebetsa ka thata ho fumana seo ba se arolelanang le uena. Salomone o ile a botsa: “Motho o ruoa’ng ka mokhathala ’ohle oa hae?” (Moeklesia 2:22) Batsoali ba hao ba ka ’na ba fumana khotsofalo e fokolang—le moputso o monyenyane—bakeng sa mosebetsi oa bona o boima. Batsoali ba bangata ba sebetsa ho tloha hoseng ho fihlela bosiu hore feela ba hlokomele malapa a bona ka lintho tse hlokahalang haholo!

Kahoo, chelete ha e-ea lokela ho nkoa ha bobebe. E lokela ho talingoa ka tlhompho le ho tšoaroa ka bohlale. Tsela e ’ngoe ea ho etsa joalo ke ho ithuta ho sebelisa chelete ea hao ka ho e lekanyetsa.

Bohlokoa ba ho Lekanyetsa Chelete

Ho lekanyetsa chelete e mpa e le tsebo ea ho e sebelisa le ho e boloka. Makasine ea ‘Teen oa Motšeanong 1985 o hlokometse: “Ho fumana moo lidolara tsa hao kaofela ‘li fellang’ teng ke mohato oa pele oa ho fumana ho laola chelete ea hao le ho ipea boemong ba ho lekanyetsa chelete bo tla u sebeletsa.” Kahoo qala ka ho etsa lethathamo la litšenyehelo tsa hao tseo u li lebelletseng—lijo tsa motšehare, lipalangoang, boithabiso, joalo-joalo. Hape, boloka tlaleho ea litšenyehelo tsa hao bakeng sa khoeli eo. Joale u boemong ba ho e sebelisa ka mokhoa o utloahalang le oa sebele le lipakane tsa ho e boloka.

Hang ha u li fihletse, u ka ’na oa leka ho batla liemfolopo ’me u li ngole ho latela hore na e ’ngoe le e ’ngoe u tla e sebelisetsa eng. Ka mohlala, emfolopo e ’ngoe e ka ’na ea ngoloa “Chelete ea Lijo tsa Motšehare,” ha e ’ngoe e ka ’na ea ngoloa bakeng sa ho reka lintho nakong e tlang, tse kang “Bolauso bo Bocha” kapa “Hempe e Ncha.” Ha u fumana chelete kapa moputso oa hao, arola chelete eo ka liemfolopo ho latela lipakane tseo u ipeetseng tsona. Ha litšenyehelo li hlaha, li lefe ho ea ka liemfolopo tse loketseng.b

Na u kile ua leka ho latela mokhoa oa ho lekanyetsa chelete ’me ua hloleha? Ha se uena feela. Leah, mosetsana ea hōlileng, o itse: “Ke lekile ho lekanyetsa chelete ea ka ka makhetlo a ’maloa, empa ha ke khomarele tekanyetso eo hantle.” Leha ho le joalo, oa lumela: “Ha ke lekanyetsa chelete ea ka, ke e boloka hamolemo. Ha ke reke lintho tseo ke sa li hlokeng.” Senotlolo sa katleho? Ho itaea. Iketsetse qeto ’me u e khomarele! Hape ikutloe u lokolohile ho rapela Jehova hore a u thuse ho laola litloaelo leha e le life tsa ho sebelisa chelete hampe.—Luka 11:13.

Ho thahasellisang ke hore moapostola Pauluse o ile a etsa tlhahiso ea hore Bakreste Korinthe ba “lekanyetse” chelete e ’ngoe ea bona, a re: “Ka tsatsi le qalang veke, e mong le e mong ho lōna a bee ka thōko ha hae see a ka se bokellang.” (1 Ba-Korinthe 16:1, 2) Joale chelete e ne e nehelanoa letlōleng le khethehileng bakeng sa Bakreste ba hlokang. Ha ho pelaelo hore ho ne ho hloka ho itaea ho Bakreste bao ba Korinthe hore ba latele tlhahiso ea Pauluse, empa tlhohonolofatso eo ba neng ba e amohela ea etsa hore boiteko bo joalo e be bo tšoanelehang!

Ha ho pelaelo hore le uena u tla rua molemo ka ho khomarela ho lekanyetsa chelete. Mocha ea bitsoang Avian o re: “Ke ne ke tšoana le motho ea boletsoeng ho Liproverbia 21:5, ‘ea potlakang’ le ‘ea oelang bofumeng’ pele ho letsatsi le latelang la ho amohela moputso. Ho lekanyetsa chelete ha nketsa ea nang le boikarabelo haholoanyane.”

Ho ba Masene ka Molato

Bahoebi ba bangata ba khothalletsa ho “reka hona joale, ’me u lefe hamorao!” Haeba ho nka lintho ka molato ho sebelisoa ka bohlale ho na le sebaka sa hona. Leha ho le joalo ha ho sebelisoa ka bohlasoa, ho ka fetoha seo mocha ea bitsoang Kevin a se bitsitseng “mokhoa oa bokhoba.”—Bapisa Liproverbia 22:7.

Ho bacha ba bang, ho nka lintho ka molato ho ba nolofalletsa haholo ho reka lintho tseo ba sa li hlokeng kapa ba ke keng ba li khona. ’Me haeba u sa lefe chelete e setseng mafelong a khoeli, u lefisoa phaello holim’a seo u se kolotang. Ha u nka nako e telele ho lefa, thepa eo e qetella e u hloka chelete e ngata haholoanyane. Ka lebaka leo, ho molemo ho bolokela seo u se batlang ’me u se lefe hang-hang.

‘Peni e Bolokiloe . . . ’

Mosali e monyenyane ea bitsoang Phyllis o hlokometse: “Ha ho mohla re kileng ra tseba hore mathata a ka ’na a re oela holimo neng ’me re lokela ho boloka chelete.” (Bapisa Moeklesia 9:11.) E, u ka ’na ua kula ’me ua hloleha ho sebetsa. Le batsoali ba hao ba ka ’na ba oeloa ke linako tse thata ’me kahoo ba hloleha ho u fa chelete. Kahoo ke ntho e molemo ho boloka chelete e itseng bakeng sa morero oo nakong eo u lekanyetsang tšebeliso ea chelete ea hao. Hona ho ka u thusa ho jara bothata ba chelete ka katleho.

Lekotikoti kapa lebokose la lieta le ka ’na la bonahala e le sebaka se setle sa ho boloka chelete ea hao. Leha ho le joalo, Jesu o buile ka ho bea chelete bankeng moo e ka fumanang phaello ’me ea e-ba ngata. (Mattheu 25:27) Ke hobane’ng ha u sa buisane le batsoali ba hao ka bohlale ho bula bukana ea polokelo bankeng? Ha ho hlokahale hore u be le chelete e ngata hore bukana ea polokelo e sebetse, le hoja libakeng tse ling ho hlokahala chelete e lekaneng ho qoba ho lefisoa chelete ea tšebeletso. Senotlolo sa ho atleha ke ho eketsa polokelong ea hao ka mehla.

Ho thoe’ng haeba lelapa leno le futsanehile kapa u phela naheng e futsanehileng moruong moo e leng ka seoelo bacha ba nang le chelete eo ba ka e bolokang? Leha ho le joalo, lelapa leno le ntse le ena le lintho tse ling tsa bohlokoa, le hoja li ka ’na tsa bonahala li le nyenyane. Empa haeba boikutlo ba hao ka thepa ea lelapa e le ba hore ‘ke e fumane habonolo ’me nka e qeta kapele,’ u sebetsa khahlanong le lithahasello tsa hao le tsa lelapa leno. Ka sebele u ne u ke ke ua rata ho ipaka u le ea ‘se nang teboho’ ha ho tluoa linthong tseo batsoali ba hao ba li sebeletsang ka thata.—Liproverbia 29:21.

Kahoo bontša boikutlo bo nang le boikarabelo ka chelete—esita leha u ena le e nyenyane kapa u se na eona. Ka mohlala, u ka qoba ho senya lintho, tse kang lijo. (Bona Johanne 6:12, 13.) Baballa lintho tseo ho leng thata ho li lokisa le tse theko e boima, tse kang ligalase tsa mahlo le lintho tsa sekolo. Ha ho pelaelo hore batsoali ba hao ba tla ananela haholo ho ba hlokolosi ha hao tabeng ena.

Liproverbia 11:28 e ea re hopotsa: “Ea itšepisang maruo a hae o tla oa, empa ea lokileng o tla hōla joaloka lekala le mahlaku.” Chelete e lokela ho sebeletsoa ho hlokomela seo re se hlokang. Empa Mokreste haa lokela ho tšoareha haholo ka ho fumana leruo. Joalokaha mocha ea bitsoang Matheu a hlalosa: “Chelete e na le sebaka sa eona, empa ha se ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Ha e le hantle ke kofuto feela, e, “tširelo.” (Moeklesia 7:12) Ithute ho e sebelisa ka bohlale, le ka masene. Sehlooho se latelang se tla bontša kamoo u ka sebelisang chelete ea hao ka bohlale ho hlokomela boikarabelo ba hao le ba lelapa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mokhelo feela ho sena e tla ba linaheng tseo ho tsona ho phahama ha theko ea lintho ho entseng hore boleng ba chelete ea sebaka seo e be bo se nang thuso.

b Bona sehlooho “Budget Your Money—The Easy Way” se hlahang tokollong ea Awake! ea April 22, 1985.

[Lipotso tsa sehlooho se ithutoang leqepheng la 20]

“Ha ke lekanyetsa chelete, ke e boloka hamolemo. Ha ke reke lintho tseo ke sa li hlokeng”

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Bacha ba nang le boikarabelo ba boloka chelete ea bona ka bohlale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela