Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/06 maq. 13-15
  • Sekepe sa Galilea—Letlotlo la Mehleng ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sekepe sa Galilea—Letlotlo la Mehleng ea Bibele
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Hlahisitsoe ke Komello
  • Batšoasi ba Litlhapi Leoatleng la Galilea
  • Mosebetsi oa Tsosoloso
  • Leoatleng la Galilea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ba Robeheloa ke Sekepe Sehlekehlekeng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Motšoasi oa Litlhapi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jesu a ka re Sireletsa
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 8/06 maq. 13-15

Sekepe sa Galilea—Letlotlo la Mehleng ea Bibele

KA MONGOLI OA TSOHA! ISERAELE

HO BILE le liketsahalo tse thahasellisang ka ho fetisisa Leoatleng la Galilea nakong ea tšebeletso ea Jesu. Ke letšeng lena kapa mabōpong a lona moo Mora oa Molimo ka seqo a ileng a tsamaea holim’a metsi, a khutsisa maqhubu a bohale, a fepa ba likete ka mohlolo a ba a folisa ba kulang.

Ka 1986, ho ile a sibolloa ntho e hlollang tlaase leoatleng, haufi le Kapernauma ea boholo-holo. E ne e le sekepe se neng se ile sa tsamaea leoatleng lena khale mehleng ea Jesu. Se fumanoe joang? Hona re ka e ithuta eng ho sona?

Se Hlahisitsoe ke Komello

Lilemo tseo pula e neng e sa ne joaloka mehleng, tse ileng tsa lateloa ke lehlabula le chesang haholo la 1985, li ile tsa ama Leoatle la Galilea hampe, ’me metsi a letša leo a ne a boetse a sebelisetsoa ho nosetsa lijalo. Metsi a ne a se a theohile hoo seretse se neng se se se bonahala. Banna ba bang ba babeli bao e leng bana ba motho ba tsoang polasing e haufi ba ile ba nka sena e le monyetla o motle oa ho epolla lintho tsa khale tsa bohlokoa. Ha ba ntse ba qhefetsa seretseng moo, ba ile ba bona lichelete tsa tšepe le lipekere tse ’maloa tsa khale. Joale ba ile ba se bona—ho ne ho e-na le ntho e motopo ka tlas’a seretse, e bontšang moo sekepe seo sa boholo-holo se neng se le hona teng. Ka sebele ba ne ba fumane letlotlo!

Baepolli ba lintho tsa khale ba ne ba sa nahane hore ba ka fumana sekepe se qetileng lilemo tse 2 000 Leoatleng la Galilea. Ba ne ba nahana hore e tla ba ke khale lehong le sentsoe ke likokoanyana tse nyenyane. Leha ho le joalo, ha litsebi li hlahloba hore na sekepe se sibolotsoeng le lichelete tsa tšepe tse fumanoeng moo ke tsa khale hakae, li ile tsa fihlela qeto ea hore ke sa lekholong la pele la lilemo B.C.E kapa lekholong la pele la lilemo C.E. Sekepe seo se ne se bolokehile ka tsela e tsotehang. Ebe see se entsoe ke eng?

Ho bonahala eka sekepe seo se ne se le sebakeng se ka thōko moo ho sa phetheseleng, e leng se ileng sa etsa hore karolo e ka tlaase ea sona e koaheloe ke seretse sa lehlabathe le lesesaane. Ka mor’a nako, seretse seo se ile sa tiea. Ka lebaka leo, sekepe sena sa bohlokoa historing se ile sa lula se sireletsehile lilemo tse ka bang 2 000!

Ha litaba tsa ho sibolloa ha sekepe sena li phatlalla, se ile sa rehoa lebitso la bosoasoi la hore ke Sekepe sa Jesu. Ho hlakile hore ho ne ho se motho ea tiisang hore joang kapa joang sekepe sena ke sona se neng se sebelisoa ke Jesu kapa ke barutuoa ba hae. Leha ho le joalo, nako eo se entsoeng ka eona le tsela eo se tšoanang le likepe tse hlalositsoeng Kosepeleng ka eona e etsa hore bo-rahistori le litsebi tsa Bibele ba se thahaselle.

Sekepe seo se bolelele ba limithara tse 8,2 le bophara ba limithara tse 2,3. Motho ea se hahileng o qalile ka ’mele oa sona. Ka mantsoe a mang, ho e-na le hore a kopanye mapolanka ho etsa foreime, o ile a a kokotella ka ho toba mokokotlong oa sekepe eaba o se a haha karolo e ka mahlakoreng ho etsa ’mele. Mokhoa ona o ne o tloaelehile ha ho hahoa likepe tse neng li etselitsoe ho tsamaea Leoatleng la Mediterranean. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba sekepe seo sa Galilea se ne se tloaetse ho tsamaea letšeng lena.

Kamoo ho bonahalang kateng, pele sekepe sena se ne se sebelisa seile e le ’ngoe e sekoere. Masokoana a sona a mane a bontša hore ho ne ho hlokahala bonyane batho ba bahlano sekepeng—ba bane e le ba sokang ’me a le mong e le ea se tsamaisang. Leha ho le joalo, sekepe seo se ne se ka nka palo e menang eo habeli. Ho bonolo ho nahana ka sekepe se boholo bo bokaalo ha re bala ka barutuoa ba supileng ba neng ba ntse ba tšoasa litlhapi ha ba tla bona Jesu ka mor’a hore a tsosoe bafung.—Johanne 21:2-8.

Ha ho pelaelo hore sekepe sa Galilea se ne se e-na le karolo e ka morao eo ho eona ho neng ho bolokoa matlooa a maholo a ho tšoasa litlhapi. Ka tlas’a mapolanka a karolo eo ho ne ho e-na le sebaka se poteletseng seo batšoasi ba litlhapi ba neng ba ka phomola ho sona ha ba khathetse. Ho ka etsahala hore nakong ea sefefo se matla, Jesu o ne a le moo, “karolong e ka morao ea sekepe, a robetse mosamong.” (Mareka 4:38) Ho ’nile ha boleloa hore ‘mosamo’ oo e ka ’na eaba e ne e le mokotla oa lehlabathe o neng o sebelisetsoa ho eketsa boima ba sekepe e le hore se ka tsitsa.a

Batšoasi ba Litlhapi Leoatleng la Galilea

Nka hore u e mong oa ba palameng sekepe se kang sena lekholong leo la pele la lilemo. Ha se ntse se tsamaea Leoatleng la Galilea, ke eng seo u ka se bonang? Ho na le batšoasi ba litlhapi, ba bang ba ka likepeng tse nyenyane ’me ba bang ba ka har’a metsi moo ho sa tebang, ba akhela matlooa a bona. Ka tsebo e tsotehang, ba sebelisa letsoho le le leng ho akhela matlooa ana a chitja a nang le litšepe ka mathōko, a bophara ba limithara tse 6 le tse 8. Ha matlooa a phutholoha ka holim’a metsi, a tebela tlaase ’me a tšoase litlhapi. Batšoasi ba litlhapi ba fumana seo ba se tšoasitseng ka ho hulela matlooa lebōpong kapa mohlomong ba qoele ho ea nyolla letlooa le litlhapi. Bibele e bua ka Simone le Andrease ba “akhela” matlooa a bona, mohlomong ka tsela e tšoanang le ena.—Mareka 1:16.

U ka ’na ua bona sehlopha sa batšoasi ba litlhapi ba qoqang hamonate ha ba ntse ba lokisa letlooa le huloang. Letlooa lena le ka ’na la e-ba bolelele ba limithara tse 300, ’me la tebela tlaase ka limithara tse 8 le otlolohile, le e-na le marapo a le hulang ntlheng ka ’ngoe. Batšoasi ba litlhapi ba khetha hore na ba batla ho tšoasa hokae, ebe halofo ea bona e ea lebōpong e tšoere le leng la marapo a hulang. Sekepe se kenella hare letšeng se lopaletse, se otlolla letlooa lena ka ho feletseng; ebe sea khutla, se ntse se hula letlooa lena butle ho le etsa selikalikoe ha se leba lebōpong. Ka mor’a mona batšoasi ba litlhapi ba ka sekepeng baa theoha ho tla hula lerapo la bobeli le hulang. Ha lihlopha tsena tse peli tsa batšoasi ba litlhapi li ntse li atamelana, li hula litlhapi tse tšoasitsoeng.—Matheu 13:47, 48.

Hōjana mane u bona motšoasi e mong oa litlhapi a sebelisa khoele e nang le sekhoketsane ea ho tšoasa litlhapi. Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a bolella Petrose hore a lahlele selope leoatleng lona lena. Joale u bona ka leihlo la moea Petrose a maketse ha a tšoasa tlhapi ’me a fumana ka lehanong la eona chelete ea tšepe ea silevera—e lekaneng hantle ho lefa lekhetho.—Matheu 17:27.

Ha shoalane e tšoara, hoa khutsa letšeng lena. Ka tšohanyetso khutso eo e senngoa ke batšoasi ba litlhapi ba tilang ka maoto likepeng ’me ba qaphatsa metsi ka masokoana ho etsa lerata ka hohle kamoo ba ka khonang. Hobane’ng? Ba chehile lifi ka metsing ka letlooa le entsoeng ka a mararo, e le hore ha litlhapi li utloa lerata ’me li tšoha, li lebe ka ho toba sefing. Letlooa lena le otlolohileng ka tlas’a metsi, ha le bonahale ha ho le lefifi, ’me le entsoe ka tsela eo ho leng bonolo ho qabella litlhapi ka har’a lona. Matlooa ana a theoleloa tlaase metsing ka makhetlo bosiu. Hoseng, aa hlatsuoa ’me a anehoe hore a ome. Ua ipotsa, ‘Ebe ho ne ho sebelisoa matlooa a mofuta oo ha ho ne ho etsahala mohlolo oa ho tšoasa litlhapi o boletsoeng ho Luka 5:1-7?’

Mosebetsi oa Tsosoloso

A re khutleleng mehleng ea kajeno. Ho etsahetse’ng ka sekepe se epolotsoeng? Le hoja se ne se feletse, se ne se ka senyeha habonolo joaloka k’hateboto e metsi. Ho se fatolla seretseng moo ho ne ho ke ke ha loka. E ka be e bile koluoa e kaakang haeba sekepe seo se ne se ka senyeha nakong eo se epolloang, ka mor’a ho bolokeha lilemo tse ngata hakaalo! Ho ile ha hahoa lebota ho potoloha sekepe seo ho se sireletsa haeba metsi a ka boela a e-ba mangata letšeng leo. Ho ile ha hahoa litonnoro ka tlas’a sekepe seo e le hore se tšehetsoe ka fiberglass. Joale seretse se ile sa tlosoa ka hloko, sekepe sa fafatsoa ka hare le ka ntle ka lekoeba le entsoeng ka polasetiki ho se phuthela hantle.

Phephetso e latelang e bile ea ho tsamaisa sephutheloana sena sa bohlokoa ho se isa moo se neng se tla sebeletsoa teng, limithara tse 300 ho tloha moo se neng se le hona teng. Polasetiki e se phuthetseng e ne e le thata, empa ha se ne se ka sisinyeha hampe, ho ne ho ka etsahala hore mapolanka a sa tieang a be litsekana. Sehlopha sa baepolli se ile sa khetha mokhoa o mong o bohlale. Se ile sa bulela metsi hore a kene. Ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse makholo, sekepe seo se neng se phuthetsoe ka mokhoa oa sejoale-joale, se ile sa phaphamala ka metsing Leoatleng la Galilea.

Ho ile ha hahoa tanka ea konkereiti hore sekepe sena se lule ka hare nakong eo se ntseng se sebetsoa, e leng mosebetsi o nkileng lilemo tse 14. Bothata bo ile ba hlaha ha tanka ena e hlaseloa ke popane ea monoang, e etsa hore ho be thata ho kena ka har’a metsi ho tla sebetsa sekepeng. Leha ho le joalo, sehlopha seo sa ba bolokang lintho tsa khale se ile sa fumana tharollo ea boholo-holo. Se ile sa sebelisa litlhapi tse ngata tsa St. Peter’s, tse ileng tsa ja popane eo le ho hloekisa metsi.

Ka mor’a nakoana ho ile ha fihla nako ea ho omisa sekepe. Se ne se ntse se ka senyeha ha se ka tlohelloa hore se ome ka bosona. Metsi a neng a thophothetse mapolankeng a ne a lokela ho nkeloa sebaka ke ho hong. Sehlopha se ile sa sebelisa boka ba maiketsetso bo qhibilihang ka metsing ho ntša metsi ao, ’me bona bo etsa hore mapolanka a ome a sa fetola sebōpeho.

Ka mor’a hore mosebetsi oa ho se baballa o fele, sekepe seo sa boemo bo tlaase se ile sa bontšoa batho. Se ne se entsoe ka mapolanka a mefuta e 12 e sa tšoaneng. Hobane’ng? E ka ’na eaba mehleng eo patsi e ne e fumaneha ka thata. Kapa e ka ’na eaba mong’a sona o ne a futsanehile. Sekepe seo se ne se lokisitsoe hangata-ngata pele se qetella se lahliloe kherehloa letšeng leo.

Sekepe seo sa Galilea e ka ’na eaba ha ho moo se amanang le Jesu teng. Leha ho le joalo, ba bangata ba se nka e le letlotlo. Se etsa hore batho ba nahane ka lilemong tsa khale le hore na ebe bophelo bo ne bo le joang Leoatleng la Galilea matsatsing a bohlokoa a tšebeletso ea Jesu lefatšeng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Leoatleng la Galilea” makasineng ea Molula-Qhooa oa August 15, 2005, leqepheng la 8, eo le eona e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Basebetsi ba ne ba le hlokolosi ha ba ntša seretse ka har’a sekepe

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Sekepe sa Galilea ha mosebetsi oa ho se baballa o se o phethiloe

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ha se phuthetsoe ka lekoeba la polasetiki

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ka mor’a lilemo tse ka bang 2 000, sekepe sena se ile sa phaphamala ka metsing hape

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Tsela eo e 0ka ’nang eaba sekepe seo se ne se shebahala ka eona lekholong la pele la lilemo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]

All photos except model and sea: Israel Antiquities Authority-The Yigal Allon Center, Ginosar

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela