Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 8/15 leq. 8
  • Leoatleng la Galilea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leoatleng la Galilea
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sekepe sa Galilea—Letlotlo la Mehleng ea Bibele
    Tsoha!—2006
  • Jesu a ka re Sireletsa
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Ba Robeheloa ke Sekepe Sehlekehlekeng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Jesu o Khutsisa Sefefo Leoatleng
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 8/15 leq. 8

Leoatleng la Galilea

TLALEHO e ngotsoeng ho Mareka 4:35-41 e bolela hore Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba tsamaea ka sekepe hore ba tšele Leoatle la Galilea. Tlaleho eo e baleha tjena: “Joale ha tsoha sefefo se seholo se matla, ’me maqhubu a ’na a khahlellana ka sekepeng, hoo sekepe se neng se le haufi le ho tlala. Empa [Jesu] o ne a le karolong e ka morao ea sekepe, a robetse mosamong.”

Lentsoe la Segerike le bolelang “mosamo” le hlaha hona mona feela ka Bibeleng. Kahoo litsebi ha li tsebe hore na hantle-ntle lentsoe le sebelisitsoeng mona le bolela’ng. Libibele tse ngata li fetolela lentsoe lena e le “mosamo.” Empa o ne o le joang? Ka puo eo Mareka a ileng a ngola ka eona, lentsoe mosamo le sebelisitsoe ka tsela e bontšang hore e ne e le karolo ea thepa ea sekepe. Sekepe se ileng sa fumanoa pel’a Leoatle la Galilea ka 1986 se ile sa senola hore na mohlomong lentsoe la Segerike leo Mareka a le sebelisitseng le ka utloisisoa joang.

Phuputso e entsoeng sekepeng sena se limithara li robeli, e bontša hore se ne se sesisoa ka liseile le ka masokoana ao ho khannoang likepe ka ’ona. Se ne se sebelisetsoa ho tšoasa litlhapi ’me se ne se e-na le mokato o ka tlaase karolong e ka morao moo ho neng ho behoa letlooa le leholo le le boima. Ho lumeloa hore sekepe sena se ne se sebelisoa ho tloha lilemong tsa bo-100 B.C.E. ho ea ho 70 C.E., ’me mohlomong se bontša hore na Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba sebelisa sekepe sa mofuta ofe. Shelley Wachsmann, ea neng a le teng ha ho epolloa sekepe seo, o ile a ngola buka e bitsoang The Sea of Galilee Boat—An Extraordinary 2000 Year Old Discovery. O re e tlameha ebe “mosamo” oo Jesu a neng a o samme e ne e le mokotla oa lehlabathe o neng o sebelisetsoa ho eketsa boima ba sekepe e le hore se ka tsitsa. Motšoasi oa khale oa litlhapi oa Jaffa ea nang le boiphihlelo litabeng tse amanang le matlooa a maholo a ho tšoasa litlhapi o itse: “Ha ke sa le monyenyane, likepe tseo ke neng ke sebetsa ho tsona [Leoatleng la] Mediterranean, kamehla li ne li laela mokotla o le mong kapa e ’meli e tšetseng lehlabathe. . . . Mekotla ena e ne e behoa ka sekepeng e le hore e tsitsise sekepe. Empa e ne e sa sebelisoe, e ne e behoa ka mokatong o ka tlaase karolong e ka morao ea sekepe. Joale, haeba motho a ne a khathetse, o ne a tsamaea butle ho ea mokatong oo o ka tlaase, ’me a same mokotla ona oa lehlabathe ebe oa robala.”

Litsebi tse ngata li lumela hore tlhaloso ea Mareka e bolela hore Jesu o ne a robetse mokotleng oo oa lehlabathe o tsitsisang sekepe o neng o le ka mokatong oo o ka tlaase, e leng karolo e sireletsehileng ka ho fetisisa ea sekepe ha ho e-na le sefefo. Ho sa tsotellehe hore na mosamo oo o ne o le joang, ntlha ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore na ho etsahetse’ng ka mor’a moo. Ka thuso le matla a Molimo, Jesu o ile a khutsisa sefefo se akhotsang metsi a leoatle. Esita le barutuoa ba ile ba botsa: “Ha e le hantle enoa ke mang, hobane esita le moea le leoatle lia mo mamela?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela