U Tla Araba Joang?
BA TŠOANA KA ENG?
1. Liketsahalong tse thathamisitsoeng mona, tšoaea tse etsahetseng ho Moshe hammoho le ho Jesu ka ho etsa selikalikoe.
O ile a bitsoa Egepeta
O ile a pholoha ho bolaoa e sa le lesea
O ile a ntša metsi lefikeng
O ile a itima lijo ka matsatsi a 40
O ile a tsosa bafu
O ile a fanyehoa thupeng
Jehova o ile a hleka setopo sa hae
◆ Moshe o ile a hlaha ponong neng a eme pel’a Jesu?
․․․․․
◆ Ke mang e mong ea ileng a hlaha le eena?
․․․․․
◼ Se ka Tšohloang: Ke ka litsela life tse ling Jesu e neng e le moprofeta joaloka Moshe?—Liketso 3:22.
E ETSAHETSE NENG HISTORING?
Thala mola o tlohang ketsahalong ka ’ngoe o eang selemong seo e etsahetseng ka sona.
1077 B.C.E. Hoo e ka bang ka 940 Ho tloha ka 778 Hoo e ka bang ka 844 Ho tloha ka 322
2. Esaia 1:1
KE ’NA MANG?
5. Morali oa ka o ile a bolaea beng ka eena ’me a ikhapela borena Juda. Empa joaloka ’na, e bile mofumahali ea qetelletseng hampe.
KE ’NA MANG?
6. Ke ile ka bolela esale pele sebaka seo Mesia a neng a tla tsoalloa ho sona.
TSE HLAHANG MAKASINENG ENA
Araba lipotso tsena, ’me u fane ka (li)temana tsa Bibele tse sieo.
Leqephe 11 Ke hobane’ng ha Molimo a nka mali a halalela? (Genese 9:____)
Leqephe 13 Sekepe sa lekholong la pele la lilemo sa batšoasi ba litlhapi Galilea se ne se ka nka batho ba bakae? (Johanne 21:____)
Leqephe 24 Ho etsahala’ng ha re beha lithahasello tsa ba bang ka pel’a tsa rōna? (Liproverbia 11:____)
Leqephe 29 Re tseba joang hore bafu ha ba phele e le mangeloi leholimong? (Moeklesia 9:____)
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa se etsahalang setšoantšong ka seng ka mantsoe a hao.
(Likarabo li leqepheng la 27)
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31
1. O ile a bitsoa Egepeta. O ile a pholoha ho bolaoa e sa le lesea. O ile a itima lijo matsatsi a 40. Jehova o ile a hleka setopo sa hae.
◆ Nakong ea pono ea ho fetoha sebōpeho.—Matheu 17:1-3.
◆ Elia.
2. Ho tloha ka 778 B.C.E.
3. Hoo e ka bang ka 844 B.C.E.
4. Hoo e ka bang ka 940 B.C.E.
5. Jezebele.
6. Mikea.—Mikea 5:2.