Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/06 maq. 3-4
  • TV—Na ke Lesholu la Nako?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • TV—Na ke Lesholu la Nako?
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litsela Tsa ho e Laola
    Tsoha!—2006
  • Na Thelevishene e U Fetotse?
    Tsoha!—1991
  • Ho Sebelisa Thelevishene ka Bohlale
    Tsoha!—2000
  • Na ke Shebella TV Haholo?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 10/06 maq. 3-4

TV—Na ke Lesholu la Nako?

HA MOTHO e mong a ka re o tla u fa liranta tse milione ha u ka khaotsa ho shebella thelevishene bophelo bohle ba hao, na u ka khaotsa ho e shebella? Phuputsong e ileng ea etsoa lilemong tse seng kae tse fetileng, motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bane ba Amerika o ile a re eena a ke ke a khaotsa ho e shebella. Phuputsong e ’ngoe banna ba ile ba botsoa hore na ke’ng eo ba e batlang ka ho fetisisa. Ba bangata ba ile ba re ba batla ho phela ka khotso le ho thaba. Empa ntlha ena e hlahile e le ea bobeli lethathamong la lintho tseo ba li batlang. Ntho ea pele eo ba e batlang bophelong e ne e le ho ba le thelevishene e khōlō!

Thelevishene ea lefatšeng ho pota. Morao koana ka 1931, ha thelevishene e ne e sa qala, molula-setulo oa Radio Corporation of America o ile a re: “Ha thelevishene e se e hatetse pele hantle, ke ho utloahalang ho lebella hore e tla shebelloa ke batho bohle lefatšeng.” E ka ’na eaba seo se ile sa utloahala eka ke ho feteletsa taba mehleng eo, empa ke ’nete kajeno. Ho hakanngoa hore lefatšeng ka bophara ho na le lithelevishene tse ka bang limilione tse likete tse 1,5, tse shebelloang ke batho ba bangata ho feta moo. Ebang batho baa e rata kapa ba e hloile, thelevishene e na le tšusumetso e matla bophelong ba batho.

Nako eo batho ba bangata ba e qetang ba shebeletse thelevishene ea hlolla. Phuputso e sa tsoa etsoa lefatšeng ka bophara e bontša hore ka karolelano batho ba qeta lihora tse fetang tse tharo ka letsatsi ba shebeletse TV. Batho ba phelang karolong e ka leboea ea Amerika ba qeta lihora tse ’nè le halofo ba e shebeletse letsatsi ka leng, ha Majapane ’ona a ipetsa pele ka ho qeta lihora tse hlano ka letsatsi. Lihora tseo ha li kopana li etsa nako e ngata. Haeba re e shebella lihora tse ’nè ka letsatsi, seo se bolela hore ha re le lilemo li 60 re tla be re qetile lilemo tse leshome re shebeletse eona feela. Ha ho le ea mong oa rōna ea batlang hore lebitleng la hae ho ngoloe mantsoe a reng: “Mona ho robetse motsoalle oa rōna ea ratehang, eo bophelong ba hae a qetileng nako e ngata haholo a shebeletse TV.”

Na batho ba qeta lihora ba shebeletse thelevishene hobane ba thabela ho e shebella? Eseng hakaalo. Ba bangata ba lumela hore ba senya nako e ngata ba shebeletse TV ’me ba ikutloa ba le molato ka hore ha baa sebelisa nako ea bona hantle. Ba bang ba re ba “lemaletse TV.” Ke ’nete hore u ke ke ua lemalla TV ho tšoana le motho ea lemaletseng lithethefatsi, le hoja ho e-na le ho tšoana ho itseng. Batho ba lemaletseng lithethefatsi ba qeta nako e ngata ba li sebelisa. Le hoja ba batla ho fokotsa nako eo ba e qetang ba li sebelisa kapa hona ho li tlohela, ha ba khone. Ba tela botsoalle ba bohlokoa le metsoalle le ba lelapa e le hore ba sebelise lithethefatsi, ’me ba ba le matšoao a itseng a seng monate ha ba khaotsa ho li sebelisa. Matšoao ana kaofela a ka bonahala le ho batho ba qetang nako e ngata haholo ba shebeletse TV.

Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Ho ja mahe a linotši a mangata haholo hase ntho e ntle.” (Liproverbia 25:27) Molao-motheo ona oa sebetsa le tabeng ea ho shebella TV. Le hoja thelevishene e fana ka boitsebiso bo bongata bo molemo, ho qeta nako e ngata haholo motho a e shebeletse ho ka ja nako ea lelapa, ha sitisa bana ho bala ha ba ha etsa hore ba se ke ba ithuta hantle sekolong, ’me ho ka etsa hore motho a none. Haeba u qeta boholo ba nako u shebeletse TV, u lokela ho ipotsa hore na u rua molemo ofe. Nako ke ea bohlokoa haholo hore re ka e senya. Hape ke habohlokoa ho nahana ka seo re se shebellang. Re tla tšohla ntlha ena sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela