Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/06 maq. 15-17
  • Borokho bo Nang le Litora—Khoro e Kenang London

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Borokho bo Nang le Litora—Khoro e Kenang London
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Polane e Ikhethang
  • Matla a Likarolo Tse Bulehang
  • Ho Etela Borokho bo Nang le Litora Kajeno
  • Borokho bo Ileng ba Lula bo Tsosolosoa
    Tsoha!—2008
  • “Ntate-moholo Thames”—Lefa la Bohlokoahali la Engelane
    Tsoha!—2006
  • Sebaka Sena se Tla u Rorisa
    Binelang Jehova le Thabile
  • Pont du Gard e Mamella Teko ea Nako
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 10/06 maq. 15-17

Borokho bo Nang le Litora—Khoro e Kenang London

KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI

BATHO ba linaha tse ling ba e-song ho ka ba etela Engelane baa bo hlokomela. Bahahlauli ba likete ba bo etela selemo le selemo. Baahi ba London ba bo tšela letsatsi le chabang le le likelang, mohlomong ba bile ba sa nahane le ka hore na bo qalile joang. Borokho bo Nang le Litora ke se seng sa lifika tse tsebahalang ka ho fetisisa London.

Borokho bo Nang le Litora ha boa lokela ho ferekanngoa le bo haufi le bona e leng Borokho ba London, ’me bo matahanngoa le Tora ea London e haufi le bona. Morao koana ka 1872, Paramente ea Engelane e ile ea sekaseka tšisinyo e ngotsoeng fatše e buellang hore ho hahoe borokho Nōkeng ea Thames. Le hoja ’musisi oa Tora ea London a ne a hanyetsa seo, Paramente e ile ea khetha ho ntšetsa pele morero oo oa ho haha borokho bo bong, haeba feela bo hahoa ka tsela e tšoanang le Tora ea London. Borokho ba kajeno bo Nang le Litora bo entsoe ho latela tšisinyo ena ea ba boholong.

Lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo, har’a marokho a mangata a neng a kopanya mabōpo a Nōka ea Thames, bo neng bo tumme ka ho fetisisa ke Borokho ba Khale ba London. Ka 1750 borokho boo bo ne bo se bo sa tsitsa bo bile bo petetsane ’me bo baka tšubuhlellano. Ka tlas’a bona likepe tse tsoang likarolong tsohle tsa lefatše li ne li sututsana li batla sebaka boema-kepeng bo pepetehang. Mehleng ea khale ho ne ho ema likepe tse ngata hoo ho neng ho thoe motho a ka tsamaea lik’hilomithara tse ngata ka maoto ho tloha moo likepe tse emisitseng boema-kepe li qalang teng ho ea moo li fellang teng.

A kōpiloe ke Lekhotla la Motse oa London, Horace Jones eo e neng e le setsebi sa meralo ea ho haha metse o ile a etsa tlhahiso ea hore ho hahoe borokho bo bulehang, bo hahoa ho latela tsela eo ho neng ho hahoa ka eona Fora lilemong tsa bo-1100 ho isa ho tsa bo-1500, ’me bo hahoe ho theosa le nōka ho tloha Borokhong ba London. Bo ne bo tla nolofalletsa likepe tse nyolosang Nōkeng ea Thames tse il’o emisa ka bophirimela hore li fete ka bolokolohi. Ba bangata ba nahana hore polane ena e ne e qala ho etsoa.

Polane e Ikhethang

Jones o ne a etetse libakeng tse ngata, ’me marokho a manyenyane a bulehang a neng a feta ka holim’a likotopo tsa Netherlands a ile a etsa hore a be le khopolo ea ho etsa borokho bo nang le likarolo tse phahamang. Borokho bona bo Nang le Litora bo tummeng bo hahuoe ho itšetlehuoe ka polane e entsoeng ke thimi ea hae, ’me bo hahuoe ka mekhoa ea sejoale-joale ho sebelisoa foreimi ea tšepe e haheletsoeng ka majoe ka ntle.

Borokho bo Nang le Litora bo na le litora tse peli tse hokahantsoeng ke litselana tse peli tsa maoto tse phahametseng tsela ea likoloi ka limithara tse 34 ’me li phahametse metsi a nōka ka limithara tse ka bang 42. Tsela ea likoloi ho tloha lebōpong le leng ho ea ho le leng e fella karolong ea borokho e bulehang. Likarolo tsena tsa litonanahali tsa borokho li boima ba lithane tse ka bang 1 200 karolo ka ’ngoe ’me lia arohana le ho phahama ka likhato tse 86. Likepe tse nkileng thepa ea boima ba lithane tse 10 000 li ka feta ka tlaase li sireletsehile.

Matla a Likarolo Tse Bulehang

Likarolo tsa borokho li ne li phahamisoa ke matla a fehloang ka metsi, a nyolla lilefti tse nkang baeti ho tloha tseleng ea likoloi ho ea litselaneng tsa maoto, a bile a tsamaisa matšoao a laolang sephethephethe. Borokho boo bo ne bo tsamaisoa ke matla a fehloang ka metsi! ’Me ho ne ho fehloa matla a mangata—a kopolang habeli a hlokahalang.

Ho ne ho kentsoe litanka tse ’nè tse belisang metsi ka mashala ntlheng e ka boroa ea borokho, ’me li ntša mouoane oa lik’hilograma tse hlano ho isa ho tse tšeletseng sekoere-senthimithareng, e leng ho neng ho hlahisa matla a tsamaisang lipompo tse peli tse khōlō. Lipompo tsena tsona li ne li pompa metsi a lik’hilograma tse 60 sekoere-senthimithareng. E le hore ho lule ho e-na le matla a hlokahalang ho phahamisa likarolo tsa borokho, metsi a tsoang ka sefutho a ne a bolokoa ka litankeng tse tšeletseng tse khōlō. Li ne li fepela lienjine tse robeli tse neng li tsamaisa likarolo tsa borokho. Hang ha matla a lokolloa, likarolo tsa borokho li ne li phahama li fihla li tsitsa holim’a litšiea tse bophara ba lisenthimithara tse 50. Ho ne ho nka motsotso feela hore li nyolohele bophahamong ba tsona bo feletseng.

Ho Etela Borokho bo Nang le Litora Kajeno

Mehleng ena ha ho sa sebelisoa matla a mouoane, ho se ho sebelisoa a motlakase. Empa joaloka mehleng ea pele, ha Borokho bo Nang le Litora bo buloa, sephethephethe sea ema. Baeti ba tsamaeang ka maoto, bahahlauli le ba bang ba tsota tsela eo borokho bona bo sebetsang ka eona.

Ho letsoa alamo, ho koaloe tsela, ’me ha koloi ea ho qetela e se e fetile, batsamaisi ba borokho ba fana ka pontšo ea hore tsohle li lokile. Liboutu tse ’nè tse kopanyang likarolo tsa borokho li aroha li khutsitse ’me likarolo tsa borokho li ea phahama. Joale mahlo a leba nōkeng. Ebang ho feta sekepe se hulang tse ling, kapa se nkileng batho ba boikhathollong, kapa sekepe se tloaelehileng feela, mahlo a hanella tseleng eo li fetang ho eona. Ka mor’a metsotso e itseng ho letsoa alamo hape. Likarolo tsa borokho lia theoha, ’me ho buloa tsela. Ba libaesekele ba tšela pele ho ba likoloi. Ka mor’a metsotsoana, Borokho bo Nang le Litora bo malulong a bona ho fihlela ha bo boetse bo phahamisoa.

Moeti ea hlileng a thahasellang ho bona ha a shebelle feela sena se lulang se etsahala khafetsa. O kena le ba bang lefting e nyolohelang toreng e ka leboea ho ea boha pale ea borokho bona, e qapollisang “Histori ea Borokho bo Nang le Litora” e sebelisa lipopi tsa motlakase. Ho pentiloe litšoantšo maseleng tse bontšang makhabane a boenjiniere le mokete oa semetletsa oa ha ho ne ho buloa borokho boo, ’me lifoto tse ’mala o mosootho tse kang li entsoe ka lithollo le litšoantšo tse ling li manehiloe lematjaneng ho bontša tsela e hlollang eo Borokho bo Nang le Litora bo entsoeng ka eona.

Litselana tsa maoto tse phahameng li lumella moeti ho lekola mehaho le libaka tse ntle tsa London. Ka bophirimela, ho hlahella St. Paul’s Cathedral le mehaho ea banka e setsing sa tsamaiso ea lichelete, ’me hōjana mola ho hlahella mohaho o molelele oa Poso. Ka bochabela motho a ka lebella ho bona moo ho laolloang thepa teng, empa hona joale e se e laolleloa tlaase nōkeng hōjana le motse-moholo oa kajeno. Moo ho neng ho laolloa thepa teng e se e le toropo e ntlafalitsoeng ea Docklands, e nang le mehaho ea sejoale-joale. Ho hotle, hoa hlolla, ho hapa mahlo—e, tsena kaofela ke litsela tseo batho ba hlalosang ka ho loketseng seo ba se bonang ha ba le sefikeng sena se tummeng sa London.

Mohla u etelang London, u ke u iphe nako ea ho shebisisa mohaho ona oa khale. Ka ho etela sebakeng sena, u tla khahloa ke boenjiniere bo khabane bo sebelisitsoeng moo.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

E ’ngoe ea lipompo tse peli tse neng li fepela lienjine

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Copyright Tower Bridge Exhibition

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Likarolo tse peli tsa borokho li phahama ka ho feletseng ka nako e ka tlaase ho motsotso

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

©Alan Copson/Agency Jon Arnold Images/age fotostock

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]

© Brian Lawrence/SuperStock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela