Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/06 maq. 14-17
  • Bophelo Phuleng ea Lefu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo Phuleng ea Lefu
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebaka se Nang le Maemo a Feteletseng
  • Phula ea Lefu e Tletse ka Lintho Tse Phelang
  • Ha Lithunthung li Apesa Lehoatata
  • Lula Phuleng ea Jehova ea Tšireletso
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Phula ea Ela—Moo Davida a Neng a Bolaele Senatla Teng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lula Phuleng ea Jehova ea Tšireletso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Tsoha!—2006
g 11/06 maq. 14-17

Bophelo Phuleng ea Lefu

KA 1848, ho ile ha sibolloa khauta haufi le Sacramento, California, U.S.A. Selemong se latelang, batho ba ka bang 80 000 ba itekang lehlohonolo ba ile ba tla sebakeng sena ka tšepo ea hore ba tla phakisa ba rua. Ka la 25 December, 1849, sehlopha se seng, seo e neng e le karolo ea mokoloko oa likariki tse ka bang 100 tse neng li leba bophirimela li tsoa Motseng oa Salt Lake, se ile sa kena sebakeng seo kajeno se tsejoang e le Phula ea Lefu (Death Valley). Se ne se tšepile hore phula ena e haufi le moeli oa California le Nevada e ne e tla ba tsela e khaoletsang.

Phula e ne e pholile nakong eo ea selemo, empa sebaka seo se ne se le sebe. Sehlopha seo se ile sa aroha lihlotšoana tse ’maloa, sehlopha ka seng sa nka tsela ea sona. Sehlopha se seng se neng se e-na le basali le bana, se ile sa leka ho tsoa phuleng eo le lithabeng tse ka bophirimela, empa sa hlōleha. Se khathetse ’me lijo li se li haella, se ile sa hloma kampo selibeng se haufi le moo kajeno ho bitsoang Molatsoana oa Furnace, ’me sa fallela haufi le seliba seo hamorao se ileng sa rehoa Seliba sa Bennett. Ha se le moo, William Manly le John Rogers, bao ka bobeli ba neng ba le lilemo li 20, ba ile ba ea batla thuso. Ba bang bohle ba ile ba sala.

Manly le Rogers ba ne ba tšepile hore ba tla fihla motseng oa Los Angeles ka mor’a matsatsi a ’maloa. Ba ne ba sa tsebe hore o ne o le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 300 ka boroa-bophirimela. Ka mor’a libeke tse ka bang peli ba tsamaea ka maoto, ba ile ba fihla Phuleng ea San Fernando e ka leboea ho motse oo. Teng ba ile ba fumana lijo le lintho tse ling tsa bohlokoa ’me hang-hang ba menahana le mehlala.

Ha ba fihla kampong ka mor’a matsatsi a 25 ba tlohile, ho ne ho sa bonahale motho le ea mong. Manly o ile a thunya, ’me ha hlaha monna e mong ka tlas’a kariki. Hamorao Manly o ile a ngola: “O ile a phahamisa matsoho ’me a hoeletsa—‘Ba fihlile bashanyana! Ba fihlile bashanyana!’” Ba bang le bona ba ile ba hlaha, le bona ba thabile hoo ba neng ba sa tsebe hore na ba re’ng. Ka lebaka la Manly le Rogers, bohle ba ile ba pholoha ntle le monna a le mong—ea ileng a batla ho tsoa phuleng eo eaba o tloha kampong a le mong. Ha sehlopha seo se tloha phuleng eo, ho tlalehoa hore mosali e mong o ile a hetla ’me a re, ‘Sala hantle, Phula ea Lefu!’ Eaba e se e e-ba lebitso la eona.

Sebaka se Nang le Maemo a Feteletseng

Phula ea Lefu—e ka bang bolelele ba lik’hilomithara tse 225 ’me ea e-ba bophara ba lik’hilomithara tse pakeng tsa tse 8 le tse 24—ke sebaka se ommeng ka ho fetisisa, se tlaase ka ho fetisisa le se chesang ka ho fetisisa Amerika Leboea. Ho tlalehoa hore mocheso oa moea Molatsoaneng oa Furnace e ’nile ea e-ba likhato tse 57 tsa Celsius, ha mocheso oa fatše oona e ’nile ea e-ba lebatama la likhato tse 94 tsa Celsius—e leng likhato tse haellang ka tse tšeletseng ho tse belisang metsi sebakeng se bophahamong bo lekanang le ba leoatle!a

Ka kakaretso, ka selemo ho na pula ea botebo ba lisenthimithara tse hlano, ’me ka lilemo tse ling pula ha e ne ho hang. Sebaka se tlaase ka ho fetisisa Karolong ea Lefatše e ka Bophirimela—ka limithara tse 86 tlas’a bophahamo ba leoatle—se fumanoa phuleng ena haufi le letamo la letsoai le Badwater. Lik’hilomithara tse 140 feela ho tloha moo ke Thaba ea Whitney e bolelele ba limithara tse 4 418—e leng sebaka se phahameng ka ho fetisisa United States, se seng Alaska.

Ka 1850, ho ne ho sibolotsoe khauta e seng kae phuleng ea Salt Spring. Ba batlang lirafshoa ba ile ba boela ba fumana silevera, koporo le loto. Hohle phuleng ena ho ile ha runya metse ea merafo e nang le mabitso a mefuta-futa a kang Bullfrog, Greenwater, Rhyolite le Skidoo. Empa ha lirafshoa li fela, metse eo ea khoebo e neng e e-na le baahi ba bangata e ile ea fetoha lithako. Leha ho le joalo, ka 1880 ho ile ha sibolloa sota Phuleng ea Lefu—e leng motsoako o lithollo tse se nang ’mala o sebelisoang ha ho etsoa sesepa le lintho tse ling—’me e ile ea etsa hore ho be le katleho e khōlōhali historing ea merafo phuleng ena. Ho fihlela ka 1888, lipane tsa limmoulo tse 18 le lipere tse peli li ne li hula likariki tse peli tse bolelele ba limithara tse hlano, tse neng li laetse sota ’me li tsamaea leeto le boima la lik’hilomithara tse 270 ho ea motseng oa Mojave. Empa ka June ho ea ho September, ho ne ho sa be le maeto a joalo hobane ho ne ho chesa habohloko bakeng sa batho le tsona liphoofolo.

Ka 1933 Phula ea Lefu e ile ea khethoa e le sefika sa naha. Butle-butle meeli ea sebaka sena e ile ea eketsoa ho fihlela se le boholo ba lihekthere tse limilione tse 1,3. Ka 1994, sebaka sena se ile sa tsejoa e le Death Valley National Park—’me ke sona sebaka sa sechaba sa lintho tse hlaha, se seholo ka ho fetisisa United States.

Phula ea Lefu e Tletse ka Lintho Tse Phelang

Hoa utloahala hore motho e mong a ka ’na a nahana hore ha ho na lintho tse phelang Phuleng ea Lefu. Leha ho le joalo, liphoofolo tse makholo tsa mefuta-futa li etela sebaka sena kapa li phela ho sona, ’me boholo ba tsona li hlahella bosiu ka lebaka la mocheso. Lianyesi tse khōlō ka ho fetisisa ke linku tsa thaba tsa lehoatateng, tseo nako le nako li tlang phuleng ena li tsoa lithabeng tse haufi. Liphoofolo tse ling li akarelletsa lipela, bo-’mankhane, liqoabi, makanyane, liphokojoe, likhoto tse qothomang joaloka kangaroo, litau tsa thaba, linōko, mebutlanyana, linakeli, liesele tse hlaha, mekholutsoane, linoha le likolopata tsa lehoatateng. Linonyana li akarelletsa mehetle, liphakoe, likokolofitoe, likoekoe, makhoaba, likoekoe-lemao, manong le mefuta e meng e makholo.

Likhoto tsena tse qothomang ke tsona tse mamellang maemo a thata ka ho fetisisa har’a liphoofolo tse ling. Li ka qeta bophelo bohle ba tsona li sa noe metsi! Makasine e ’ngoe e re: “E le hore li ’ne li phele ’mele oa tsona o khona ho hlahisa metsi ao li a hlokang ka setache le mafura a lithotseng tse ommeng tseo li li jang.” ’Me liphio tsa tsona li ka monya metsi moseseng ka makhetlo a mahlano ho feta liphio tsa motho. Likhoto tsena tse nyenyane tse lulang mekoting li qoba lebatama motšehare ka ho sela lijo bosiu.

Ho tlokoma limela tse fetang sekete phuleng ena. Mashoshone, e leng Maindia a phetseng moo ka lilemo tse fetang sekete, a sela lijo moo le ho batla thepa eo ba etsang lijana ka eona. A re haeba u tseba hore na u batla’ng, u ka fumana lijo tse ngata Phuleng ea Lefu.

Ha Lithunthung li Apesa Lehoatata

Nako le nako, Phula ea Lefu e khaba ka lithunthung tsa naha. Tsona li hlahisoa ke peō e neng e ntse e ituletse feela mobung—ka linako tse ling e qetile lilemo tse mashome—e emetse hore ho be le pula le mocheso o lekaneng hore e mele. Tim Croissant, setsebi sa limela Lefapheng la Tlhokomelo ea National Park, o re: “Re qeta lilemo-lemo re sa bone lithunthung ho hang.”

Empa mariheng a 2004/2005, ho nele pula e ngata haholo Phuleng ea Lefu eo ho seng e tšoanang le eona—e bile ngata ho feta mehleng ka makhetlo a mararo. Phello e bile ho ropoha ha mefuta e fetang 50 ea lithunthung tsa naha, ho kopanyelletsa le li-larkspur, li-lilac, li-orchid, li-poppie, li-primrose, sonobolomo le li-verbena. Moeti e mong o ile a re phula e ne e tletse monko o kang oa lebenkele le rekisang lipalesa. Ho hlakile hore lithunthung li bitsa linotši le likokoanyana tse ling. Ka hona, nakong eo Phula ea Lefu e tletseng lithunthung ka eona, ho boetse ho tlala molumo oa likokoanyana.

Haeba ka le leng u ka rera ho etela phuleng ena e nang le maemo a feteletseng, etsa bonnete ba hore u tla ka koloi e phetseng ’me u nke metsi a mangata. ’Me haeba u tla nakong eo linotši le tsona li e homelang, joale ho tla ba molemo ho nka k’hamera ea hao. Ha u khutlela hae, ba lelapa le metsoalle ba tla hlolloa ha ba bona hore na ke lintho tse ngata hakaakang tse phelang Phuleng ea Lefu.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mocheso o phahameng ka ho fetisisa o kileng oa tlalehoa lefatšeng ke oa likhato tse 58 tsa Celsius o bileng Libya ka 1922. Leha ho le joalo, ka kakaretso, ho bonahala mocheso o Phuleng ea Lefu nakong ea lehlabula e le oona o phahameng ka ho fetisisa lefatšeng.

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Sebaka se ommeng ka ho fetisisa, se tlaase ka ho fetisisa le se chesang ka ho fetisisa Amerika Leboea

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Litlhapi Lehoatateng!

Ho na le mefuta e mene ea litlhapi tse hlollang tse bitsoang desert pupfish Phuleng ea Lefu. Ha e le mariha, litlhapi tsena tse bolelele ba lisenthimithara tse tšeletseng, tse ’mala oa silevera, li robala tlaase seretseng se melatsoaneng le matangoaneng. Joale nakong ea selemo ha letsatsi le futhumatsa metsi, lia tsoha ’me li qala ho ikatisa. Tse tona li fetola ’mala ho ba o boputsoa bo feto-fetohang ’me li loana ea khumamela ho sireletsa sebaka sa tsona hore tse ling tse tona li se kene. Empa lehlabula mocheso o matla oa letsatsi o pshesa metsi kapele libakeng tse ngata, ’me litlhapi tsena li shoa ka bongata. Tse pholohang li tlameha ho phela metsing a bang letsoai haholo a ka ’nang a chesa ho fihlela likhatong tse 44 tsa Celsius.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Top fish: © Neil Mishalov—www.mishalov.com; bottom fish: Donald W. Sada, Desert Research Institute

[Limmapa tse leqepheng la 14]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

United States of America

California

Death Valley National Park

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]

Mules: Courtesy of The Bancroft Library/University of California, Berkeley

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 16]

Burros: ©Joseph C. Dovala/age fotostock; top panorama: © Neil Mishalov--www.mishalov.com; flowers: Photo by David McNew/Getty Images

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela