Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/06 maq. 28-29
  • Na ho Ratana ho Lokafatsa ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Ratana ho Lokafatsa ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo?
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kopanela Liphate ke Mpho e Tsoang ho Molimo
  • Ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo ho Bontša ho Hloka Lerato
  • Lerato la Sebele ha le na Boithati
  • Na ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo
    Tsoha!—2013
  • Phoso ke Efe ka ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo?
    Tsoha!—2004
  • Pono ea Hao ka Botona kapa Botšehali—E Etsa Phapang ea Eng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Ho Tšepahala Lenyalong—Ha e le Hantle ho Bolela’ng?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 11/06 maq. 28-29

Pono ea Bibele

Na ho Ratana ho Lokafatsa ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo?

PHUPUTSONG e ’ngoe e entsoeng, hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea bacha ba nang le lilemo tse ka tlaase ho 20 ba ileng ba botsoa lipotso, ba bontšitse hore ha ba bone letho le phoso ka ho kopanela liphate pele ho lenyalo hafeela batho ba babeli ba ratana. Litsi tsa phatlalatso li bonahatsa ’ona maikutlo ana ’me hangata li bile li a chaela monoana. Hangata thelevishene le lifilimi li bontša e le ho tloaelehileng hore ha batho ba kopantsoe ke maikutlo a matla a lerato ba qetelle ka ho kopanela liphate.

Leha ho le joalo, ba batlang ho thabisa Molimo ha ba batle tataiso lefatšeng, kaha baa hlokomela hore le bonahatsa monahano oa ’musi oa lona, Diabolose. (1 Johanne 5:19) Hape ba hlokolosi hore ba se ke ba laoloa ke maikutlo a bona feela, kaha baa tseba hore “pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” (Jeremia 17:9) Ho e-na le hoo, ba hlileng ba leng bohlale ba batla tataiso ho ’Mōpi le Lentsoeng la hae le bululetsoeng.—Liproverbia 3:5, 6; 2 Timothea 3:16.

Ho Kopanela Liphate ke Mpho e Tsoang ho Molimo

Jakobo 1:17 e re: “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.” Ha batho ba nyalaneng ba thabela setsoalle se haufi-ufi ka ho kopanela liphate, hoo ke e ’ngoe ea limpho tseo tsa bohlokoa. (Ruthe 1:9; 1 Bakorinthe 7:2, 7) Hoo ho etsa hore batho ba be le bana, ho boetse ho thusa monna le mosali hore ba tlamahane nameng esita le maikutlong ka tsela e mofuthu le e nyakallisang. Morena Solomone oa boholo-holo o ile a ngola tjena: “U thabe le mosali oa bocha ba hao . . . Matsoele a hae a ke a u tahe ka linako tsohle.”—Liproverbia 5:18, 19.

Ha ho pelaelo hore Jehova o batla hore re rue molemo re be re thabele limpho tsa hae. Ka lebaka leo, o boetse o re file melao e molemo ka ho fetisisa le melao-motheo eo re ka e latelang bophelong. (Pesaleme ea 19:7, 8) Jehova ke eena “Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:17) Na Ntate oa rōna oa leholimo—eo e leng mohlala o ka sehloohong oa lerato—a ka re thibela ho fumana ntho e hlileng e leng molemo?—Pesaleme ea 34:10; 37:4; 84:11; 1 Johanne 4:8.

Ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo ho Bontša ho Hloka Lerato

Ha monna le mosali ba kopana ka lenyalo, re ka bolela hore e ba “nama e le ’ngoe.” Ha batho ba babeli ba sa nyalanang ba kopanela liphate, e leng se bitsoang bohlola, le bona e ba “’mele o le mong”—empa o sa hloekang mahlong a Molimo.a Ho feta moo, kopano ea mofuta oo e bontša ho hloka lerato. Ka tsela efe?—Mareka 10:7-9; 1 Bakorinthe 6:9, 10, 16.

Lebaka le leng ke hore, bohlola ke ho kopanela liphate ho se boitlamo ba letho. Ntle le hore ho bontša ho se itlhomphe, ho ka baka mafu, ho ima ho sa batleheng esita le ho utloa bohloko maikutlong. Ka holimo ho tsohle, ke ho se natse melao-motheo e lokileng ea Molimo. Ka lebaka leo, bohlola ke sesupo sa hore motho o khella fatše boiketlo le thabo ea motho e mong ea hona joale esita le ea ka moso kapa hore ha a e tsotelle ho hang.

Ho Mokreste, bohlola ke ho nyonyobela litokelo tsa mora kapa morali oabo oa moea. (1 Bathesalonika 4:3-6) Ho tea mohlala, ba ipolelang hore ke bahlanka ba Molimo empa ba kopanela liphate ka ntle ho lenyalo ba silafatsa phutheho ea Bokreste. (Baheberu 12:15, 16) Ba boetse ba thibela bao ba etsang bohlola le bona ho hloeka boitšoarong ’me haeba batho bao ba etsang bohlola le bona e le masoha, ba ba thibela hore haeba ba kena lenyalong ka moso ba kene lenyalong leo ba hloekile boitšoarong. Ba boetse ba silafatsa tlaleho e ntle ea malapa abo bona ebile ba siteloa malapa abo batho bana bao ba kopanelang liphate le bona. Qetellong, ha ba hlomphe Molimo eo ba mo utloisitseng bohloko ka ho tlōla melao le melao-motheo ea hae e lokileng. (Pesaleme ea 78:40, 41) Jehova le eena o tla ‘fana ka kotlo’ bakeng sa liketso tseo tsohle tse mpe tse etsoang ke batho ba sa bakeng. (1 Bathesalonika 4:6) Na joale hase ho utloahalang ha Bibele e re bolella hore re ‘balehele bohlola’?—1 Bakorinthe 6:18.

Na ho na le motho eo u ratanang le eena eo u rerileng ho nyalana le eena? Joale ke hobane’ng ha u sa sebelise nako ea ho ratana ha lōna ho haha motheo o tiileng oa ho tšepana le ho hlomphana? Nahana ka sena: Mosali a ka tšepa monna ea bontšitseng hore o sitoa ho itšoara joang? Na ho ka ba bonolo hore monna a baballe le ho hlompha mosali ea hlomphollang molao oa Molimo e le hore a khotsofatse maikutlo a hae a lerato kapa e le hore a thabise monna?

Hopola hape hore ba hanang melao-motheo ea Molimo e lerato ba kotula seo ba se jalang. (Bagalata 6:7) Bibele e re: “Ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakorinthe 6:18; Liproverbia 7:5-27) Ke ’nete hore haeba batho ba babeli ba ileng ba kopanela liphate pele ho lenyalo ba baka e le kannete, ’me ba sebetsa ka thata ho khutlisetsa kamano ea bona le Molimo malulong, ba bile ba matlafatsa ho tšepana ha bona, maikutlo a ho ba molato le ho se tšepane a ka ’na a qetella a ile ka thekō. Leha ho le joalo, hangata boitšoaro ba bona bo fetileng bo tla ’ne bo siee leqeba. Banyalani ba bang ba bacha ba ikoahlaea haholo ka hore ebe ba ile ba oela bohloleng. Ka linako tse ling monna o ee a ipotse: ‘Na ebe mohlomong ho se utloane ha rōna ho bakoa ke motheo oo o litšila?’

Lerato la Sebele ha le na Boithati

Le hoja le ka tsamaisana le maikutlo a matla a lerato, lerato la sebele “ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng” kapa ha “le batle lithahasello tsa lona.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Ho e-na le hoo, le phahamisa boiketlo ba motho e mong le thabo ea hae ea ka ho sa feleng. Lerato la mofuta oo le susumelletsa monna le mosali hore ba hlomphane ’me ba behe katamelano e mofuthu ea ho kopanela liphate sebakeng sa eona se loketseng se fanoeng ke Molimo—e leng liphate tsa lenyalo.—Baheberu 13:4.

Maikutlo a ho tšepana le ho sireletseha a etsang hore lenyalo e be le thabileng e le kannete ke a bohlokoa haholo nakong ea ha bana ba hlaha, kaha Molimo o ne a rerile hore bana ba hōlele tikolohong e nang le lerato, e tsitsitseng le e sireletsehileng. (Baefese 6:1-4) Ke lenyalong feela moo batho ba babeli ba ka itlamang e le kannete e mong ka e mong. Ka lipelong tsa bona esita le hangata ha ba bua, ba itlama ho hlokomelana le ho tšehetsana linakong tse monate le linakong tse thata bophelo bohle ba bona.—Baroma 7:2, 3.

Ha monna le mosali ba kopanela liphate hoo ho matlafatsa tlamahano ea bona. Lenyalong le thabileng balekane ba fumana ho kopanela liphate e le ntho e thabisang haholo le e nang le morero—empa hoo ho sa tlose lenyalo seriti, ho sa khathatse letsoalo la motho kapa ho sa etse hore motho a se mamele ’Mōpi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bohlola” le bolela mekhoa eohle ea ho kopanela liphate le motho e mong ka ntle ho lenyalo, e akarelletsang ho sebelisa litho tsa botona le tsa botšehali, ’me sena se kopanyelletsa ho nyanyana litho tsa botona le tsa botšehali.—Bona Tsoha! ea August 8, 2004, leqepheng la 12 le Molula-Qhooa oa February 15, 2004, leqepheng la 13, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Maikutlo a Molimo ke afe ka ho kopanela liphate pele ho lenyalo?—1 Bakorinthe 6:9, 10.

◼ Ke hobane’ng ha bohlola bo le kotsi?—1 Bakorinthe 6:18.

◼ Batho ba babeli ba ratanang ba ka bontšana lerato la sebele joang?—1 Bakorinthe 13:4, 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela