O Ile a Rata Seo a Ithutileng Sona
HAUFINYANE tjena ho ile ha fumanoa lengolo le ngotsoeng ke mosali e mong nakoana pele a bolaoa ke kankere ka May 2004. O ne a sa qeta lengolo leo, kamoo ho bonahalang kateng ekare ho kula ho ile ha mo totela ka sekhahla. Leha ho le joalo, bao hamorao ba ileng ba bala lengolo leo le neng le sa ka la posoa ba ile ba sekisa meokho, ’me tumelo ea bona ho Molimo ea matlafatsoa.
Lengolong leo, Susan, mong’a lona, o hlalosa hore o ne a sa tsoa kena lilemong tsa bocha ha a qala ho founela moholo e mong oa Mokreste oa phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e Connecticut, U.S.A. O tsoela pele ho hlalosa boemo boo a neng a tobane le bona lilemong tseo tsa bocha. ’Mè oa Susan o ile a fumana lengolo leo le amang maikutlo selemong se fetileng ho elella qetellong ea sona eaba o romela kopi ea lona ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e New York.
Susan o ngotse hore ka 1973 o ile a fumana nomoro ea fono ea moholo e mong ea leng Connecticut bukeng ea linomoro tsa thelefono. O re: “Selemong seo, ha ke ne ke le lilemo li 14, ke ile ka etsa qeto ea hore e tlameha ebe seo ke se balileng Molula-Qhooeng le Tsoheng! ke ’nete. Kaha ke ne ke e-s’o ka ke kopana le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka li sheba bukeng ea linomoro tsa thelefono ’me ka khetha nomoro ea sebaka e tšoanang le ea moo ke lulang. Ha Mor’abo rōna Genrich a araba, o ile a makala ha a utloa hore ha ke e-s’o ka ke kopana le Paki.”a
Bothata bo Boholo
Lengolong la hae, Susan o hlalosa hore ha a le lilemo li leshome, o ile a isoa ha ’mangoan’ae, Connecticut. Susan o ne a chakile feela, empa ka mor’a nakoana o ile a bolella ’mè oa hae, ea neng a lula a le mong Florida, hore eena o se a batla ho lula le ’mangoan’ae. Lengolong la hae, Susan o re o ne a e-na le bothata bo tšoanang le ba “se bitsoang boloetse ba Stockholm, bo etsang hore motho a thehe maqhama le bahatelli ba hae.”b O ne a tšoeroe hampe haholo.
Susan o re: “’Mangoane le monna eo a neng a lula le eena ba ne ba ntlhekefetsa ka sehlōhō. Ho feta moo, lelapa leo le ne le eteloa ke batho ba seng bakae feela. Mohla ke neng ke lumelloa ho ea sekolong, ke ne ke sa fuoe lijo tsa motšehare kapa tsona liaparo tse loketseng, le hoja ’Mè a ne a romela chelete e ngata ea ho mphelisa. Ke ne ke e-na le seaparo se le seng feela sa ka hare, le hoja barali ba babeli ba ’Mangoane, ba neng ba le banyenyane ho ’na ka lilemo tse seng kae feela, bona ba ne ba e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” O hlalositse sena ho hlakisa taba ea hore na ke hobane’ng ha a ne a tseba hore o tla kena khathatsong ha ’mangoan’ae a ka ba a tseba hore o thahasella ho ithuta Bibele ka ho eketsehileng.
Kamoo Susan a Ileng a Hōla Tsebong ea Bibele Kateng
Susan o re lengolong la hae: “Mor’abo rōna Genrich o ile a nteanya le morali’abo rōna e mong oa Mokreste ea hōlileng tsebong ea bitsoang Laura, ea ileng a qeta nako e ngata a araba lipotso tsa ka tse ngata tsa Bibele, ’me re ne re atisa ho kopana sebakeng seo batho ba hlatsoetsang liaparo ho sona.” Susan o re ho ne ho se mohla a kileng a iketsetsa qeto ka ntho leha e le efe empa ka mor’a ho buisana le morali eo oabo rōna le ho bala lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse kang buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, o ile a etsa qeto.
Ha a tsoela pele, Susan o ile a re: “E ne e le Labohlano ka shoalane, ha ke bolella ’Mangoane hore ke ’nile ka buisana le Lipaki. O ile a nqobella hore ke sese bosiu ke eme ka kichineng. Ka mor’a moo, ke ile ka tiea le ho feta boikemisetsong ba ka ba ho ba Paki.”
Ho tloha ka nako eo, Mor’abo rōna Genrich o ile a lula a fa Susan lingoliloeng ho mo thusa hore a utloisise Bibele. Lengolong la hae Susan o re: “Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1974 ha e tsoe kelellong ea ka, kaha e ne e pheta kamoo Lipaki li ileng tsa hlorisoa kateng Jeremane ea Bonazi pele ho Ntoa ea II ea Lefatše le ka mor’a eona. . . . Ke nakong eo ke ileng ka kōpa moholo e mong hore a ntheipele lipina tsa ’Muso hore ke ithute tsona. Le pele selemo se fela ke ne ke se ke khona ho bina lipina tsohle tse 119 ka tatellano tse bukeng ea lipina ea 1966 [ea Senyesemane], e reng ‘Binang ’me Luluetse ka Lipelong tsa Lōna.’”
“Nakong eona eo, Mor’abo rōna Genrich le eena o ne a ntšiela litheipi tsa lipuo tsa Bibele, litšoantšiso le lipuo tsa kopano. O ne a li siea pel’a palo e ’ngoe ea fono e seterateng sa Route 10, ebe ke li lata moo. . . . Joale ke ile ka qala ho ferekanngoa ke boemo boo ke neng ke le ho bona kaha ke ne ke hatetse pele hantle ka hohle kamoo ho ka khonehang empa ke sa ee sebokeng leha e le sefe. Kahoo ke nahana hore ke ile ka khathalloa ke pere.”
Susan o re lintho li ile tsa mo thatafalla haholo lilemong tse seng kae tse latelang. O ne a khaolitse ho kopana le Lipaki tse peli tseo e neng e le tsona feela tseo a neng a li tseba. Empa o re “lipina tsohle tseo ke neng ke ithutile tsona li ne li ‘sa ntjese litheohelang.’” Hobane’ng? “Hobane o ne a hopola mantsoe a kang a pina e reng ‘Masole a Jah se keng la batla bophelo ba boiketlo.’ Ke ne ke tseba hore mantsoe ao a ngotsoe ke Paki e neng e le kampong ea mahloriso Jeremane nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ’me seo se ile sa ntšulafalletsa bophelo le ho feta. Ke ne ke ikutloa eka ke lekoala ke bile ke nahana hore Jehova o se a tetse ka ’na.”c
Tokoloho Qetellong
“Boemo bo ile ba fetoha ha ke le lilemo li 18. Ho ne ho fetile lilemo ho se Paki e tlang lapeng kaha re ne re le lethathamong la ‘malapa a sa eteloeng.’ Empa letsatsing leo Paki e ’ngoe e tsoang phuthehong e ’ngoe e ile ea etela lapeng, ’me ka khona ho buisana le eona kaha ke ne ke setse ke le mong feela. Ke hopola eka leo e ne e le lekhetlo la pele ke sala ke le mong hae ka Moqebelo. Ke ile ka nka seo e le bopaki ba hore Jehova ha aa ntahla. Kahoo ke ile ka founela Mor’abo rōna Genrich, eena eo ke mo letselitseng qalong, ka mo bolella hore ke se ke batla ho tloha lapeng, ’me ka mo botsa hore na a ka nkeletsa hore ke etse’ng. Qetellong, ke ile ka thusoa ho tloha moo.”
Susan o ile a fallela sebakeng se seng ka April 1977. Lengolo la hae ha le tsoela pele le re: “Selemong se latelang seo, ke ile ka khona ho ea libokeng le likopanong tsohle, ’me ka qala ho kopanela tšebeletsong. Ke ile ka boela ka ikopanya le ’Mè. O ne a sa tsebe hore ke qetile lilemo tseo kaofela ke tšoeroe hampe joalo ’me o ile a utloa bohloko ka ho tebileng. O ile a nthusa hang-hang ’me a etsa bonnete ba hore ke na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e hlokang. ’Mè o ne a falletse Alaska lilemong tse seng kae pejana ho moo. Kaha o ne a bontšitse hore o hlile o thahasella linnete tsa Bibele, ke ile ka fallela Alaska ka 1978 ho ea lula le eena. O ile a qetella e le Paki ’me o ntse a tšepahala le kajeno.
“Ha ke se ke qalile ho ea libokeng, Mor’abo rōna Genrich o ile a hlophisa batho ba itseng ho etela ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, ’me a ’mema hore ke tsamaee le bona. Eo e bile e ’ngoe ea limpho tse tšoarellang ka ho fetisisa tseo nkileng ka li fuoa, kaha e ile ea etsa hore ke ananele mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng bophelo bohle ba ka. Che, ho hakaalo. Ke otlile litaba mabalankoe feela hobane ke batla ho qeta lengolo lena ka nako.”
Lipolelo tse ka holimo ha e le hantle li qotsitsoe lengolong la maqephe a tšeletseng le halofo. Ho elella qetellong ea lengolo, Susan o re: “Ho kula ho ntotetse khoeling e fetileng ha ke le sepetlele hoo ke ileng ka bona hantle hore ke makhatheng a lefu. . . . Ke ile ka rapela Jehova hore ha nka qeta libeke tse ling tse peli feela ke ikutloa ke phetse, nka lakatsa ho qetela lintho tse itseng. . . . Ha ke lumele hore ke sa saletsoe ke nako e kaalo, empa seo ke ratang ho se bua ke hore ka sebele lilemo tsena tseo ke li qetileng ke le ’neteng e bile tse babatsehang haholo, tse khotsofatsang ka ho fetisisa tseo motho a ka lakatsang ho li phela.”
Ho ne ho sa ngoloa mantsoe a phethang lengolo kapa hona ho le saena, ebile le sa posoa. Batho ba le fumaneng ha ba tsebe hore na le ne le lokela ho romeloa mang. Empa joalokaha ho boletsoe pejana, lengolo leo le ile la qetella le rometsoe ’mè oa Susan.
Ho Ithuta ho Eketsehileng ka Susan
Ka mor’a hore Susan a kolobetsoe ka la 14 April, 1979, ’mè oa hae o ile a khutlela Florida. Susan eena o ile a sala Alaska, kaha o ne a se a thehile maqhama a matla le ba Phuthehong ea North Pole. Nakoana ka mor’a moo o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng e le pula-maliboho. Qetellong, o ile a fallela Florida, ’me ka 1991, a nyalana le moholo e mong oa Mokreste eo le eena e neng e le pula-maliboho, eena o hlokahetse nakoana ka mor’a hore Susan a hlokahale.
Susan le monna oa hae ba ne ba ratoa ke batho haholo ’me ba bile tšebeletsong ea nako e tletseng ho fihlela ba sitisoa ke ho kula ha Susan. Ka kakaretso, o qetile lilemo tse fetang 20 a le tšebeletsong ea nako e tletseng. Phutheho ea North Pole e ne e hoketsoe ka mohala ho mamela tšebeletso ea hae ea lepato e neng e tšoaretsoe Florida.
Lengolo la Susan le re thusa ho ananela ka ho eketsehileng litlhohonolofatso tsa moea tse thabeloang ke ba sebeletsang Jehova ba bileng ba nang le tšepo e babatsehang ea tsoho. (Liketso 24:15) Phihlelo ena ea Susan e boetse e hlakisa ’nete ea hore Molimo o haufi le bohle ba mo atamelang!—Jakobo 4:7, 8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mor’abo rōna Genrich le mosali oa hae ba hlokahetse kotsing ka sehlōhō ka 1993.
c Bukeng ea Binelang Jehova Lithoriso, ke Pina ea 29, e reng “Tsoelang Pele, Lōna Lipaki!”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
“Lilemo tsena tseo ke li qetileng ke le ’neteng e bile tse babatsehang haholo, tse khotsofatsang ka ho fetisisa tseo motho a ka lakatsang ho li phela”
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ha Susan a ne a le lilemo li leshome
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Susan le monna oa hae, James Seymour