Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/09 maq. 18-20
  • Nka Tsoela Pele Joang ka Bophelo ka Mor’a Hore re Arohane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Tsoela Pele Joang ka Bophelo ka Mor’a Hore re Arohane?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho Utloisa Bohloko
  • Ho Itsoella Pele ka Bophelo
  • Talima Pele
  • Nka Tsoela Pele Joang ka Bophelo ka Mor’a Hore re Arohane?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ha U Arohana le Motho eo U Ratanang le Eena
    Tsoha!—2015
  • O Ile a Rata Seo a Ithutileng Sona
    Tsoha!—2006
  • Nka Mamella Maikutlo a Lerato le Felileng Joang?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 2/09 maq. 18-20

Bacha Baa Botsa

Nka Tsoela Pele Joang ka Bophelo ka Mor’a Hore re Arohane?

“’Na le mohlankana oa ka re ne re bile metsoalle ka lilemo tse hlano ’me re se re e-na le likhoeli tse tšeletseng re intša. Ha a ne a batla ho arohana le ’na, o ne a bile a sitoa ho mpolella. O ile a khaotsa ho mpuisa. Ke ne ke khathetse matla ebile ke soetsehile haholo. ’Me ka lula ke ipotsa hore, ‘Ebe ke entse’ng?’”—Rachel.a

KAROHANO e ka u amoha thabo, ea etsa hore u lule u lla ke ho nyahama. Nahana ka Jeff le Susan, ba rataneng ka lilemo tse peli. Nakong eo, ba ile ba tiisa maqhama a bona. Jeff o ne a qeta letsatsi kaofela a romella Susan melaetsa e bontšang lerato ka fono. O ne a mo fa limpho nako le nako, e le ho bontša hore oa mo hopola. Susan o re: “Jeff o ne a leka ka matla ho mamela seo ke se buang le ho se utloisisa. O ne a nketsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa.”

Ka mor’a nakoana, Jeff le Susan ba ile ba qala ho buisana ka lenyalo le hore na ba tla lula hokae ha ba se ba nyalane. Jeff o ne a bile a batla ho rekela Susan reng. Empa, ka tšohanyetso Jeff o ile a lahla Susan! Susan o ile a ferekana. O ne a phetha mesebetsi ea hae ea letsatsi le letsatsi, empa o ne a ferekane hoo a sitoang ho nahana hantle. O re: “Ke ne ke imetsoe kelellong ’me ke khathetse ’meleng.”b

Ke Hobane’ng ha ho Utloisa Bohloko

Haeba u kile ua ba boemong bo tšoanang le ba Susan, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na lintho li tla ke li khutlele setloaeling?’ (Pesaleme ea 38:6) Ke ho utloahalang hore ebe u sithabetse. Karohano e ka ’na ea e-ba e ’ngoe ea lintho tse bohloko ka ho fetisisa tse kileng tsa u hlahela. Ha e le hantle, ba bang ba re karohano e tšoana leha eka karolo e ’ngoe ea hao e shoele. U ka ba ua tleloa ke maikutlo a kang ana, mohlomong le a mang ao ka tloaelo batho ba shoetsoeng ba bang le ’ona:

Ho latola boemo. ‘Ho ke ke ha etsahala hore ebe ho felile. O tla inahana hape ka mor’a letsatsi kapa a mabeli.’

Ho halefa. ‘A ka etsa ntho e tjee joang? Ha ke mo batle le moo a hatileng teng!’

Ho sithabela maikutlo. ‘Ha ke ratehe. Ha ho motho ea tla ke a nthate.’

Ho amohela boemo. ‘Ho tla loka. Karohano e bohloko, empa bohloko boo bo tla feta.’

Ho thabisang ke hore u ka khona ho amohela boemo boo. Empa hore na u tla nka nako e kae hore u bo amohele, ho itšetlehile ka mabaka a ’maloa, a akarelletsang hore na ke khale hakae le ratana le hore na le ne le se le le bohōleng bofe. Empa u ka etsa’ng ho kokobetsa bohloko boo u bo utloang?

Ho Itsoella Pele ka Bophelo

Mohlomong u kile ua utloa batho ba re, Nako e folisa tsohle. Ha le qeta ho arohana, mantsoe ao a ka ’na a se ke a u tšelisa. Lebaka ke hore nako e ka thusa ka tsela e itseng. Ka mohlala: Ha u tsoile leqeba, le tla fola ha nako e ntse e ea empa hona joale ua opeloa. Ho hlokahala hore u thibe mali hore a se ke a tsoa ’me u kokobetse bohloko. Hape u lokela ho le sireletsa hore le se ke la petla. Hoa tšoana le ha u utloile bohloko maikutlong. Hona joale ho bohloko. Empa ho na le lintho tseo u ka li etsang ho kokobetsa bohloko e le hore u se ke ua lula u hloname. Nako e tla u thusa ho ea bohōleng bo itseng, empa ke’ng seo uena u ka se etsang? Leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang.

◼ Iphe nako ea ho sareloa. Ha ho phoso ho lla ha u utloile bohloko. Etsoe Bibele e re ho na le “nako ea ho lla” ebile ho na le “nako ea ho bokolla.” (Moeklesia 3:1, 4) Ho ntša meokho ha ho bolele hore ua fokola. Esita le Davida—eo e neng e le mohlabani ea sebete—ha a ne a utloile bohloko, o ile a lumela, a re: “Bosiu bohle ke etsa hore bethe ea ka e re te! ke metsi; ke etsa hore setulo sa ka se kang moalo se tlale ka meokho ea ka.”—Pesaleme ea 6:6.

◼ Itlhokomele ’meleng. Ho ikoetlisa ’meleng le ho ja lijo tse nang le phepo e ntle ho tla u thusa hore u boele u be le matla ka mor’a bohloko ba karohano. Bibele e re: “Koetliso ea ’mele e na le molemo.”—1 Timothea 4:8.

Ke lintlha life tseo ho ka ’nang ha hlokahala hore u li ele hloko ’meleng oa hao?

․․․․․

◼ Lula u le maphathaphathe. U se ke ua tlohela ho etsa lintho tseo u li ratang. Ena hase nako ea hore u itšehle thajana. (Liproverbia 18:1) Ho qeta nako u e-na le batho ba u tsotellang ho tla u thusa ho tsepamisa kelello linthong tse nepahetseng.

Ke lipakane life tseo u ka ipehelang tsona e le hore u lule u le maphathaphathe?

․․․․․

◼ Rapela Molimo, u mo bolelle maikutlo a hao. Hoo ho ka ’na ha e-ba boima. Ka mor’a ho arohana, ba bang ba nka hore Molimo le eena o ba soetsitsoe. Ba re ‘ke rapetse ka makhetlo hore ke fumane motho, ’me bona hore na joale ho etsahetse’ng!’ (Pesaleme ea 10:1) Empa na re lokela ho nka hore Molimo ke eena ea batlelang batho balekane? Che, ebile hase eena ea ikarabellang ha motho e mong a se a sa batle ho tsoela pele ka kamano eo. Seo re se tsebang ka Jehova ke hore: “Oa [u] tsotella.” (1 Petrose 5:7) Kahoo mo bolelle maikutlo a hao ka thapelo. Bibele e re: “Likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 4:6, 7.

Ke lintho life tseo ka ho toba u ka rapelang Jehova ka tsona ha u ntse u sebetsana le bohloko ba karohano?

․․․․․

Talima Pele

Ha bohloko bo se bo kokobetse, u ka ’na ua rata ho nahanisisa ka se etsahetseng pakeng tsa hao le motho eo u arohaneng le eena. Ha u se u loketse ho etsa seo, u ka ’na ua fumana hore ho ngola likarabo tsa lipotso tsena tse latelang ho tla u thusa.

◼ Na o u boleletse hore ke hobane’ng ha a batla hore le arohane? Haeba a u boleletse lebaka, le ngole meleng ena e ka tlaase, ho sa tsotellehe hore na lea utloahala kapa che.

․․․․․

◼ U nahana hore e ka ’na eaba mabaka a mang ke afe?

․․․․․

◼ Ha u talima morao, na ho na le ntho eo u ka beng u e entse ho fetola se etsahetseng? Haeba e teng, ke’ng?

․․․․․

◼ Na se u etsahaletseng se u bontšitse lintlha tseo u ka ratang ho ntlafatsa ho tsona moeeng kapa maikutlong?

․․․․․

◼ Haeba ho na le ntho leha e le efe eo u ka e fetolang, u ka etsa’ng nakong e tlang ha u e-ba le mohlankana?

․․․․․

Ke ’nete hore lintho ha lia tsamaea kamoo u neng u nahanne kateng. Empa hopola hore: Ha motho a le har’a sefefo, ho bonolo hore a nahane feela ka maru a matšo le ka pula e ntseng e tšoloha. Leha ho le joalo, qetellong pula ea emisa ’me maru aa apoha. Ha nako e ntse e ea, bacha ba qotsitsoeng qalong ea sehlooho sena ba ile ba hlokomela hore ba ka khona ho itsoella pele ka bophelo. Tiiseha hore seo se ka etsahala le ho uena!

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

b Le hoja sehloohong sena batho ba qotsitsoeng e le baroetsana, melao-motheo e ho sona e sebetsa le ho bahlankana.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ U ithutile’ng ka uena kamanong eo u bileng ho eona nakong e fetileng?

◼ U ithutile’ng ka batho ba bong bo fapaneng?

◼ U ka buisana le mang haeba u ikutloa u sithabetse ka lebaka la karohano?

[Lebokose le leqepheng la 20]

TLHAHISO

Susan, eo ho builoeng ka eena pejana, o ile a thathamisa litemana ’me a li boloka haufi le eena e le hore a ka li bala ha a ikutloa a sithabetse. Mohlomong le uena u ka etsa se tšoanang ka litemana tse sehloohong sena.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Karohano e tšoana le leqeba—e bohloko hona joale, empa ha nako e ntse e ea bohloko boo bo tla fola

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela