Tsa Mona le Mane
◼ “Hoo e ka bang halofo ea banyalani bohle baa lumela hore ‘ha ba tšepahale litabeng tsa lichelete’—ba thetsa balekane ba bona ka chelete eo ba e sebelisitseng.”—THE WALL STREET JOURNAL, U.S.A.
◼ “Karolo e khōlō ea naha ea Greece e etsang 84 lekholong e kotsing ea ho ba lehoatata ha karolo ea 8 lekholong eona e se e ntse e le sebataolo.”—KATHIMERINI (KHATISO EA SENYESEMANE), GREECE.
◼ Motsana oa Lateu, o Sehlekehlekeng sa Tegua, se Vanuatu, Oceania, e ka ’na eaba ke oona motsana oa pele oa hore baahi ba o siee—kapa ha e le hantle ba falle ho oona—ka lebaka la tlelaemete e fetohang. Ka makhetlo-khetlo matlo a ’nile a “fefoloa ke lifefo tse matla le maqhubu a befileng.”—VANUATU NEWS, VANUATU.
Batho ba Phetseng Lilemo Tse Lekholo Baa Eketseha
Makasine ea New Scientist e re matsatsing ana ha e sa le ntho e makatsang hakaalo ha motho a phetse lilemo tse 100. Hona joale lefatšeng ka bophara ho na le batho ba ka bang 200 000 ba seng ba qetile lilemo tse lekholo. Ho feta moo, makasine eo e bontša hore ba 66 ba bona ba qetile lilemo tse 110 ba phela, e leng ho bolelang hore bona ke mekaubere ea sebele. New Scientist e re ka linako tse ling ho thata ho netefatsa nako eo motho a reng o e phetse, ’me “ho ba sieo ha litlaleho tse tšepahalang ho boetse ho bolela hore ha e le hantle e ka ’na eaba palo ea mekaubere ea sebele ke 450.”
Ho Utulloa ’Molai ea Neng a sa Tsejoe
Makasine ea Canada e bitsoang Maclean’s, e re: “DNA e nkiloeng menong a fumanoeng lebitleng la boholo-holo Athene e thusitse hore ho fumanoe” ’molai oa boholo-holo. Bukeng ea hae e reng History of the Peloponnesian War, mongoli oa Mogerike ea bitsoang Thucydides o bua ka lefu la seoa le ileng la aparela Athene hoo e ka bang ka 430 B.C.E. ’me la etsa hore Sparta e neng e loantšana le Athene e e imele ntoeng. Tsela eo Thucydides a hlalositseng lefu leo la seoa ka eona e ne e sa qaqa ka ho lekaneng ho bontša hore na lefu leo ke lefe. Empa hona joale ho tlalehoa hore ho hlahlobisisoa ha moko oa meno a fumanoeng moo, o ka bolokang likokoana-hloko ka lilemo tse makholo, ho nolofalelitse bafuputsi ho utulla hore ’molai eo ea neng a sa tsejoe ke feberu ea mala.
Liroboto Tse Palamang Likamele
Mojaho oa likamele o ratoang haholo linaheng tse Koung ea Persia, o ne o ka ’na oa khaotsa ho ba teng ha lihlopha tse loanelang litokelo tsa botho li ne li loantša taba ea hore li palangoe ke bana. Empa e le hore likamele li khone ho matha hantle, litsebi li re li lokela ho palangoa ke batho ba boima bo ka tlaase ho lik’hilograma tse 27, e leng ho neng ho bolela hore esita le bana ba lilemo li 13 ho isa ho 19 ha ba tšoanelehe. Tharollo e bile efe? E bile hore li palangoe ke liroboto. Baqapi ba Switzerland ba qapile roboto e laoloang ke motho a le fatše e boima ba lik’hilograma tse 26, e ka tlamelloang saleng e khethehileng ea kamele. E le hore roboto ena e se ke ea tšosa kamele, ho entsoe hore e tšoane le motho e be e bue joaloka eena. E boetse e khona ho sekama, ho tsitsa, ho tsoka sephali le ho tsamaisa litomo. Beng ba likamele ba chesehela ho e sebelisa.
Peō e Mela ka Mor’a Lilemo Tse 2 000
Masole a bolumeli a Mehleng e Bohareng a ile a senya lifate tsa palema tsa Judea ea boholo-holo, tse nkoang e le tsa bohlokoa haholo ka lebaka la botle ba tsona, moriti le melemo ea ho phekola. The New York Times, e tlaleha hore hona joale “lingaka le litsebi tsa saense tsa Iseraele li atlehile ho melisa peō e qetileng lilemo tse ka bang 2 000. Peō eo, e rehiloeng lebitso la bosoasoi la Methusela, e fumanoe ha ho ne ho epolloa Masada,” e leng qhobosheane e selomong eo Baroma ba neng ba e hape ka 73 C.E. Setsebi sa temo libakeng tse omeletseng, Dr. Elaine Solowey, ea melisitseng peō eo, o re ho tla nka lilemo pele sefate seo se senyenyane se beha litholoana, le hona haeba ke se setšehali. O re: “Haeba ke se setona, e se e tla ba feela hore batho ba ’ne ba se bohe.”