Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/07 maq. 15-17
  • Ak’u Tl’o Roba Monakeli Vanuatu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ak’u Tl’o Roba Monakeli Vanuatu
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Malimo le Maquloana a Bolumeli a Lumelang Hore a Tla Tlisetsoa Thepa
  • Litso Tse sa Tšoaneng
  • Batho ba Paradeiseng Ena
  • Makhoba a Lebetsoeng a Pacific Boroa
    Tsoha!—2009
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2006
  • Lihlekehleke Tsa Faeroe—Li Hokahane ka Tsela e Ikhethang
    Tsoha!—2010
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 9/07 maq. 15-17

Ak’u Tl’o Roba Monakeli Vanuatu

KA MONGOLI OA TSOHA! NEW CALEDONIA

Na u imetsoe kelellong? U hloka ho hahloa ke moea? Joale ak’u ipone u se u robile monakeli sehlekehlekeng sa tropike seo letsatsi le chabelang hamonate ho sona. Ipone u sesa metsing a boputsoa bo botalana, u tsamaea ka boiketlo har’a meru e tlokomang eo pula e nang haholo ho eona, kapa u thabela botsoalle le batho ba moo ba litso tse fapaneng. Na ho ntse ho e-na le paradeise e joalo lefatšeng? Ka sebele ho joalo! E fumaneha lihlekehlekeng tse ka thōko tsa Vanuatu.

VANUATU, e batlang e le bohareng ba Australia le Fiji, e bōpehile joaloka tlhaku ea Y ’me ke mokoloko oa lihlekehleke tse nyenyane tse ka bang 80 ka boroa-bophirimela, Pacific. Ho latela litsebi tsa jeoloji, lipoleiti tse khōlō tse ka tlas’a lefatše li ile tsa thulana sebakeng sena eaba li hlahisa lithaba tse phahameng tseo boholo ba tsona li leng ka tlas’a metsi. Litlhōrō tsa lithaba tse phahameng ka ho fetisisa ho tsena li ile tsa hlahella ka holim’a metsi a leoatle, ’me ka tsela eo ha hlaha lithaba tse matsoelintsoeke tsa lihlekehleke tsa Vanuatu. Kajeno, moo lipoleiti tsena li kopanang teng ebe e ’ngoe e fetela ka tlas’a e ’ngoe, ho ba le letoto la litšisinyeho tse nyenyane tsa lefatše tse etsang hore libaka tse robong tsa moo li foqole seretse se chesang. Bashebelli ba sebete ba ka ba ba shebela haufi seretse se chesang se ntseng se tsoa butle.

Meru e tlokomang eo pula e nang haholo ho eona e mengata lihlekehlekeng tsena. Lifate tse fumanehang ka bongata sebakeng sena ke tsa banyan, e leng sefate se makhasi-khasi se qhalaneng haholo. Mefuta e fetang 150 ea limela tsa ’mametsana le mefuta e 250 ea ’mamauoaneng e khabisitse fatše merung ena e teteaneng. Mabōpo a leoatle a matle le mafika a matsutla a pota-potile metsi a hloekileng ao ho ’ona ho nyeunyang litlhapi tse mebala-bala le likorale. Bahahlauli ba etelang libaka tsa tlhaho ba tloha libakeng tsohle lefatšeng ho tla sesa le li-dugong tse bonolo le tse ratang ho bapala Sehlekehlekeng sa Epi.a

Malimo le Maquloana a Bolumeli a Lumelang Hore a Tla Tlisetsoa Thepa

Bafuputsi ba Maeurope ba ile ba fihla ka lekhetlo la pele Vanuatu ka 1606.b Ho ne ho phela meloko e mabifi lihlekehlekeng tseo, ’me malimo a ne a atile hohle. Nakong eo, naha e ne e apere meru ea lifate tsa sandalwood, e leng lehong le monko o monate le neng le nkoa e le la bohlokoa haholo Asia. Ba nkhella chelete, bahoebi ba Maeurope ba ile ba rema lifate tsena ka tsela e hlophisitsoeng. Joale ka mor’a moo ba qala khoebo ea makhoba.

Khoebo ea makhoba e ne e akarelletsa ho thaotha baahi ba lihlekehleke tseo hore ba e’o sebetsa masimong a tsoekere le a k’hothone a Samoa, Fiji le Australia. E ne e hlahisoa joalokaha eka basebetsi ba ingolisitse ka boithatelo hore ba tla sebetsa lilemo tse tharo. Empa bonneteng, boholo ba bona bo ne bo koeteloa. Nakong eo khoebo ena e leng matla haholo, ho ella mafelong a lilemo tsa bo-1800, palo e fetang halofo ea banna ba lihlekehlekeng tsa Vanuatu e ne e sebetsa mose. Boholo ba bona ha boa ka ba hlola bo khutla. Baahi ba Lihlekehleke Tsa Pacific ba ka bang 10 000 ba ile ba shoella Australia, boholo ba bona e le ka lebaka la ho kula.

Maloetse a Europe le ’ona a ile a baka mofela lihlekehlekeng tsa Vanuatu. ’Mele ea baahi ba lihlekehlekeng tseo e ne e se na matla a ho loantša mafu a kang maselese, k’holera, sekholopane le a mang. Buka e ’ngoe e re: “Sefuba se tloaelehileng se ne se ka fiela baahi bohle.”

Baromuoa ba linaha tse ipolelang hore ke tsa Bokreste ba ile ba fihla Vanuatu ka 1839 ’me ka potlako ba memeloa lijong tsa mantsiboea—moo ho ea ka tlaleho, e bileng bona lijo tsa mantsiboea! Ba bangata ba ileng ba ba latela le bona ba ile ba jeoa ka tsela e tšoanang. Leha ho le joalo, ka mor’a nako kereke ea Maprostanta le ea Mak’hatholike li ile tsa itsetsepela ho pholletsa le lihlekehleke tsena. Kajeno, baahi ba Vanuatu ba fetang liphesente tse 80 ba ipolela hore ba kena kereke. Leha ho le joalo, mongoli e mong ea bitsoang Paul Raffaele, o re: “Baahi ba bangata ba ntse ba hlompha baloi ba motseng, ba sebelisang majoe a nang le bodemona mekhoeng e itseng ea boselamose e sebelisoang ho hohela moratuoa e mocha, ho nontša kolobe kapa ho bolaea sera.”

Vanuatu ke moo hape ho nang le maquloana a lumelang hore ka le leng a tla tlisetsoa thepa, maquloana a mamellang ka ho fetisisa ho a teng lefatšeng. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, masole a fetang halofo ea milione a United States a ile a feta le Vanuatu ha a ne a ea ntoeng, Pacific. Baahi ba lihlekehlekeng tsena ba ile ba hlolloa ke letlotlo la masole ana, kapa “thepa” eo a neng a tlile le eona. Ha ntoa e lala, Maamerika a ile a tloha sebakeng seo. A ile a lahlela ka leoatleng thepa e neng e setse e neng e ja liranta tse limilione. Lihlopha tsa bolumeli, tse neng li bitsoa maquloana a lumelang hore ka le leng a tla tlisetsoa thepa, li ile tsa haha libaka tseo likepe li emang ho tsona le libaka tseo lifofane li ka lulang ho tsona ’me tsa macha li nkile lintho tse kang thepa ea masole e le hore li hohele baeti bao hore ba khutle. Esita le kajeno, baahi ba makholo ba Sehlekehleke sa Tanna ba ntse ba rapela John Frum—“mesia oa Leamerika ea inahaneloang” eo ho ea ka bona, ka le leng la matsatsi a tla khutla, a ba tlisetse moqeqeko oa thepa ea bohlokoahali.

Litso Tse sa Tšoaneng

Lipuo le meetlo ea sechaba sehlekehlekeng sena e fapane ka tsela e hlollang. Buka e ’ngoe e fanang ka tataiso, e re: “Vanuatu e na le lipuo tse ngata tse fapaneng ka ho fetisisa baahing ba eona ho feta naha leha e le efe e ’ngoe lefatšeng.” Bonyane ho buuoa lipuo tse ka bang 105 le tse ling tse nyenyane ho pholletsa le sehlopha sena sa lihlekehleke. Sebislama—e leng puo e tloaelehileng e kopanyang mefuta e sa tšoaneng—Senyesemane hammoho le Sefora kaofela ke lipuo tse buuoang haholo.

Leha ho le joalo, ho pholletsa le lihlekehleke tsena ho na le ntho e le ’ngoe e tšoanang: Meetlo e laola karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo. Moetlo oa boholo-holo oa ho hlahisa chai Sehlekehlekeng sa Pentecost o ile oa ba oa etsa hore lefatšeng ho pota ho be le papali e hlanyetsoang haholo ea bungee jumping. Kotulong ea yam ea selemo le selemo, banna le bashanyana ba itahlela fatše ho tloha holimo litoreng tse entsoeng ka lehong tse bolelele ba limithara tse 20 ho ea ho tse 30. Lithapo tse telele tsa sefate tseo ba tlangoang ka tsona maqaqailaneng ke tsona tse ba pholosang lefung. Batho bana ba itahlelang fatše ba tšepa hore ha ba thetsa fatše ka hlooho, ba etsa hore lefatše le tle le be le “chai” selemong se latelang.

Ke lilemong tsa morao tjena Sehlekehlekeng sa Malekula moo baahi ba bang ba qalileng ho sebelisana le batho ba libakeng tse ling. Mona ho lula batho ba merabe e bitsoang Manamba a Maholo le Manamba a Manyenyane. Ho boleloa hore pele e ne e le malimo a bohale-hale ao ho thoeng a ile a ja motho oa ho qetela ka 1974. Ka ho tšoanang, mokhoa oa bona oa ho thatela lihlooho tsa masea a bashanyana ka thata hore li “bohehe li le ntle” ka ho ba motopo, o ile oa khaotsa lilemong tsa khajana. Kajeno, Manamba ke batho ba botsoalle ’me ba thabela ho bolella baeti ka nalane ea setso sa bona.

Batho ba Paradeiseng Ena

Baeti ba bangata ba tla Vanuatu ho tla phomola ho se hokae. Empa Lipaki Tsa Jehova li tlile mona lilemong tse ka bang 70 tse fetileng ho tla thusa batho moeeng. Boiteko ba Lipaki ba ho tla ‘karolong ena e hōle-hōle ea lefatše’ bo bile le litholoana tse ntle. (Liketso 1:8) (Bona lebokose le reng “O Tlohela ho ba Lekhoba la Kava ’me e ba Mokreste.”) Ka 2006, liphutheho tse hlano tsa Lipaki naheng eo li ile tsa qeta lihora tse fetang 80 000 li bolella ba bang molaetsa oa Bibele oa paradeise e tlang lefatšeng. (Esaia 65:17-25) Hoa thabisa hore Paradeise eo e tlang e tla imolla batho mathateng le matšoenyehong a teng bophelong ba kajeno!—Tšenolo 21:4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Li-dugong ke liphoofolo tse anyesang tse jang limela tsa metsing tse ka hōlang ho fihlela li le bolelele ba limithara tse 3,4 le boima bo fetang lik’hilograma tse 400.

b Vanuatu e ne e bitsoa New Hebrides pele e fumana boipuso ka 1980.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 17]

LIHLEKEHLEKE TSE NYENYANE TSE THABILENG

Ka 2006, Vanuatu e ile ea itlhoma pele Lethathamong la Linaha Tse Thabileng Lefatšeng. Lethathamong lena le etsoang ke New Economics Foundation, e leng mokhatlo oa lipatlisiso oa Mabrithani, ho ile ha khethoa linaha tse 178 e le tseo sechaba sa tsona e leng se thabileng, se phelang nako e telele ’me se hlokometse tikoloho ea sona. Koranta ea Vanuatu Daily Post e ile ea re: “[Vanuatu] e bile [ka] holimo-limo lethathamong hobane batho ba teng ke ba thabileng, ba phela lilemo tse ka bang 70 ’me ha ba senye tikoloho.”

[Setšoantšo]

Moaparo oa setso

Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Kirklandphotos.com

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 17]

O TLOHELA HO BA LEKHOBA LA KAVA ’ME E BA MOKRESTE

Willie, letsoalloa la Sehlekehlekeng sa Pentecost, o ne a e-noa kava haholo ho tloha ha e sa le mocha. Seno seo se tahang se riteloa ka metso e tutsoeng ea sehlahla sa pepere. Bosiu bo bong le bo bong o ne a thekesella ha hae a tsoa bareng ea kava a re fehle! Likoloto li ile tsa mo hloa setha. Hangata o ne a e-ba mabifi ’me a teteka mosali oa hae, Ida. Joale ka le leng mosebetsi-’moho le eena, eo e leng Paki ea Jehova o ile a khothalletsa Willie hore a ithute Bibele. Willie o ile a lumela. Empa qalong Ida o ile a ba khahlanong le sena. Empa ha boitšoaro ba monna oa hae bo ntlafala, o ile a fetola maikutlo ’me le eena a qala ho ithuta. Bobeli ba bona ba ile ba hatela pele hantle moeeng. Ka mor’a nako Willie o ile a hlōla mokhoa oo oa hae. Eena le Ida ba ile ba kolobetsoa e le Lipaki Tsa Jehova ka 1999.

[’Mapa o leqepheng la 15]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

NEW ZEALAND

AUSTRALIA

LEOATLE LA PACIFIC

FIJI

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ba itahlelang fatše ka tsela ena e behang bophelo kotsing ba etsa sena e le tšebeletso ea ho rapella chai

Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Kirklandphotos.com

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 15]

© Kirklandphotos.com

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 15]

© Kirklandphotos.com

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 16]

© Kirklandphotos.com

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela