Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/07 maq. 12-14
  • Morena o Fuputsa Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Morena o Fuputsa Bohlale
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sehlopha sa Bafetoleli
  • Bibele ea Alfonso
  • Lefa le Siiloeng ke Alfonso
  • Ho Tsebahatsa Lentsoe la Molimo Spain ea Boholo-holo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Toledo—Litso Tse Tsoakaneng ka ho Hlollang Tsa Mehla e Bohareng
    Tsoha!—2007
  • Botšepehi ke Tsela e Molemo ka ho Fetisisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lebitso la Molimo le Tabatabelo ea Alfonso de Zamora ea Mangolo a Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 1/07 maq. 12-14

Morena o Fuputsa Bohlale

KA MONGOLI OA TSOHA! SPAIN

LEKHOLO la bo13 la lilemo e ne e le nako ea lintoa tse mabifi le lehloeo le tebileng. Lekhotla le tummeng hampe le Otlang Bakhelohi le Lintoa Tsa Bolumeli tse bolaeang li ne li hlokisa Europe botsitso. Empa nakong ena e neng e tletse tšollo ea mali, morena e mong oa Spain o ile a leka ho susumetsa batho hore ba nahane ka tsela e nang le kelello. Lebitso la hae e ne e le Alfonso X, eo hape a bitsoang Alfonso ea Bohlale.

Morena enoa o tlotloa ka hore o tlisitse tlhaboloho eo ka linako tse ling e bitsoang mehla ea tsosoloso ea lekholong la bo13 la lilemo. O ile a etsa hore tsebo ea linaheng tse ling e fihle Spain. O ne a thahasella ka ho khetha bonono, histori, molao le saense. Sena se ile sa tlatsetsa haholo ntlafatsong ea meetlo ea Spain le linaheng tse ling tsa Europe. Empa ho ikhethang le ho feta ke hore letšolo leo la hae le ile la etsa hore a buelle Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang.

Alfonso o ile a phetha karolo ea bohlokoa ho thehoeng ha setsi seo Bajuda, Mamosleme le “Bakreste” ba rutehileng ba neng ba ka sebelisana hammoho ho sona. Ho ba nolofalletsa mosebetsi, morena o ile a theha e ’ngoe ea lilaebrari tsa pele tsa ’Muso lefatšeng a ba a e tšehetsa ka lichelete.

Alfonso ka boeena o ile a kenya letsoho ho ngoleng le ho hlophiseng libuka tse sa tšoaneng tse tšohlang molao, saense le histori. O ile a khothalletsa hore ho ngoloe libuka le lithoko, e leng seo a neng a ipabola ho sona, joalokaha ho bontšoa ke li-cantiga tsa hae tse tummeng.a Li ne li ngotsoe ka Segallego (Segalicia), e leng puo e neng e sebelisoa ka nako eo ha ho ngola lithoko.

Sehlopha sa Bafetoleli

Alfonso o ile a tšehetsa Sehlopha sa Bafetoleli se Toledo ka lichelete. Buka ea La Escuela de Traductores de Toledo (Sehlopha sa Bafetoleli se Toledo), e re: “Mosebetsi oa morena e ne e le ho khetha bafetoleli le libuka tse lokelang ho fetoleloa. O ile a ntlafatsa phetolelo e entsoeng, a khothalletsa batho hore ba buisane ba fapanyetsane mahlale, a ba a tšehetsa ho ngoloa ha libuka tse ncha ka lichelete.”

Bafetoleli ba Toledo ba ile ba qala ka ho fetolela libuka tse ngata tse neng li ngotsoe ka Searabia. Bafetoleli ba Mamosleme ba ne ba se ba fetoletse ka Searabia libuka tsa bohlokoa tse buang ka tsoelo-pele ea Greece, India, Persia le Syria. Tsebo eo bafetoleli ba Mamosleme ba ileng ba e bokella moo e ile ea ba thusa haholo hore ba ntlafatse ho ea pele thuto ea lipalo, tsebo ea linaleli, ea histori le ea jeokrafi. Kahoo, bafetoleli ba Toledo ba ile ba leka ho sebelisa letlotlo lena la tsebo. Joang? Ka ho fetolela libuka tsa bohlokoa tsa Searabia Selatineng le Sepanisheng.

Litaba tsa se finyeletsoeng ke bafetoleli ba Toledo li ile tsa fihla linaheng tse ling. Lirutehi tse tsoang liunivesithing tse karolong e ka leboea ea Europe li ile tsa tšolohela Toledo ka bongata. Sena sohle se ile sa phetha karolo ea bohlokoa tsoelo-peleng ea saense le bongoli ba libuka linaheng tsa Bophirimela. Ha e le hantle, se finyeletsoeng ke mosebetsi ona o moholo oa phetolelo se ile sa tlatsetsa tsoelo-peleng ea Mehla ea Tsosoloso.

Mosebetsi oa bafetoleli ba Toledo o ile oa nolofalletsa lingaka ho bala libuka tsa bongaka tse ngotsoeng ke Galen, Hippocrates le Avicenna, bao buka ea bona ea Canon of Medicine e bileng buka e ka sehloohong ea bongaka e ileng ea sebelisoa liunivesithing tsa Bophirimela ho fihlela lekholong la bo17 la lilemo. Litsebi tsa linaleli li ile tsa khona ho bala libuka tsa Ptolemy ’me tsa rua molemo lethathamong la Maarabia la lipalo le bontšang motsamao oa lipolanete la al-Khwārizmī.b

Alfonso o ne a batla hore batho bohle ba utloisise liphetolelo tseo. Sena se ile sa etsa hore Sepanishe e be eona puo e sebelisoang ha ho hlalosoa likhopolo tsa saense le ha ho ngoloa. Mosebetsi oo Alfonso a ileng a o qala o ile oa thusa ho fetola maikutlo a neng a atile a hore Selatine e ne e le puo ea tsoelo-pele.

Bibele ea Alfonso

Phihlelo eo bafetoleli ba Toledo ba ileng ba e fumana ha ba ntse ba fetolela boitsebiso boo bo bongata e tlameha ebe e ile ea thusa haholo ha Alfonso a laela hore ho fetoleloe likarolo tse itseng tsa Bibele ka Sepanishe. Ho latela rahistori oa Lesepanishe ea bitsoang Juan de Mariana, morena o ile a tšehetsa ka lichelete hore Bibele ena e fetoleloe a tšepile hore ka eona, Sepanishe se tla ntlafatsoa le ho ekeletsoa mantsoe. Ke ’nete hore phetolelo eo ea khale ea Bibele e ile ea fela ea tlatsetsa ho ntlafatseng puo ea Sepanishe.

Morena o ne a nka Bibele e le ea bohlokoa bakeng sa ho rupela batho. O ile a re selelekeleng sa Crónica de España: “Haeba re hlahloba molemo o tlisoang ke Mangolo a Halalelang, rea bona hore a re ruta ka pōpo ea lefatše, ho tla ha bapatriareka, . . . ho tla ho tšepisitsoeng ha Morena oa rōna Jesu Kreste le mahlomola ao a bileng ho ’ona bosiung ba lefu la hae, ho tsoha ha hae bafung le ho nyolohela ha hae leholimong.”

Hape o ile a etella pele mosebetsi o seng bonolo oa ho ngola patanta eo a ileng a e bitsa General Estoria. E ne e akarelletsa likarolo tsa Mangolo a Seheberu a fetoletsoeng ka Sepanishe. (Hamorao ho ile ha kenyelletsoa likarolo tsa Mangolo a Segerike.) Patanta ena, e tsebahalang ka hore ke Bibele ea Alfonso (Biblia Alfonsina), e ne e le eona e khōlō ka ho fetisisa ho tse kileng tsa hlahisoa Mehleng e Bohareng. E ile ea kopitsoa ka makhetlo ’me likarolo tse ling tsa eona tsa fetoleloa ka Sepotoketsi le ka Secatalonia.

Lefa le Siiloeng ke Alfonso

Libuka tsa mehleng e bohareng tsa Alfonso li ile tsa boloka tsebo ea Mangolo e phela nakong eo ea lefifi la moea. Ka lebaka la liphetolelo tsena, batho ba ile ba thahasella ho ba le Libibele ka lipuo tsa habo bona. Lilemong tse makholo a mabeli tse latelang, ho ile ha hlahisoa liphetolelo tse ling tsa Bibele ka Sepanishe.

Ho etsoa ha mechine e hatisang le boikitlaetso bo matla ba bafetoleli ba Bibele ba lekholong la bo16 la lilemo Spain le linaheng tse ling tsa Europe ho ile ha ntšetsa pele mosebetsi oo Alfonso le bo-mphato ba hae ba neng ba o qalile. Hohle Europe, qetellong batho ba ile ba khona ho ba le Bibele ka puo ea bona. Le hoja puso ea Alfonso X e ’nile ea tšoauoa ka lintoa le bofetoheli, ho fuputsa ha hae tsebo ho ile ha thusa ho jala bohlale ba bomolimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Li-cantiga ke lithoko tsa mehla e bohareng tse neng li etsoa ke liroki.

b Al-Khwārizmī e ne e le setsebi sa Mopersia se tummeng sa lipalo sa lekholong la borobong la lilemo se ileng sa qapa algebra (litlhaku tsa alfabeta tse emelang linomoro tse itseng) le ho ruta likhopolo tsa Maindia tsa lipalo, joaloka ho sebelisa lipalo tsa Maarabia tse akarelletsang noto le metheo e meng ea lipalo. Lentsoe “algorithm” le tsoa lebitsong la hae.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]

LIPHETOLELO TSA BOHOLO-HOLO TSA BIBELE EA SEPANISHE

Libuka tsa Alfonso X hase tsona tsa pele tsa hore li kenyelletse likarolo tse itseng tsa Mangolo tse fetoletsoeng ka Sepanishe. Lilemo tse seng kae pejana ho moo, Hermannus Alemannus, ea neng a sebetsa e le mofetoleli Toledo, o ne a ile a fetolela Lipesaleme ka Sepanishe a li tlosa ka ho toba Seheberung. Mathoasong a lekholo la bo13 la lilemo, ho ile ha fetoleloa Biblia medieval romanceada Prealfonsina (Bibele ea Boholo-holo ea Sepanishe ea Pele ho Mehla ea Alphonsine). (Bona setšoantšo se ka ho le letšehali.) Bibele ena e nkoa e le eona ea khale ka ho fetisisa e feletseng ea Sepanishe. Ha ho pelaelo hore e ile ea susumetsa phetolelo ea Bibele eo Alfonso X a ileng a laela hore e etsoe lilemo tse seng kae hamorao.

Setsebi se seng se bitsoang Thomas Montgomery, se re ka Bibele ena ea Pele ho Mehla ea Alphonsine: “Motho ea fetoletseng Bibele ena o entse mosebetsi o tsoileng matsoho tabeng ea ho nepahala ha eona hammoho le bokheleke ba puo. Phetolelo ena e latetse ka hloko boikutlo bo fetisoang ke Vulgate empa ha ea sebelisa lipolelo le mantsoe a Selatine ka tsela e feteletseng. E ngotsoe ka puo e bonolo le e hlakileng, e leng sona se neng se hlokahala Bibeleng e reretsoeng batho ba sa tsebeng Selatine hakaalo.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Bible: Patrimonio Nacional. Real Biblioteca de El Escorial

[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]

Seemahale sa Alfonso X monyakong oa Laebrari ea Sechaba ea Spain, Madrid

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Morena le bafetoleli ba tsoang Toledo (ka holimo); bangoli ba hae (hare); Kosepele ea Luka ho “Biblia Alfonsina” (ka tlaase)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

All photos except statue of Alfonso X: Oronoz

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela