Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 3/1 leq. 30
  • Botšepehi ke Tsela e Molemo ka ho Fetisisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botšepehi ke Tsela e Molemo ka ho Fetisisa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morena o Fuputsa Bohlale
    Tsoha!—2007
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Tšepahala—Ho Bolela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 3/1 leq. 30

Botšepehi ke Tsela e Molemo ka ho Fetisisa

BOTŠEPEHI bo buelloa haholo ka Bibeleng ’me ke ntho e hlokahalang ho Bakreste ba ’nete. (Mattheu 22:39; 2 Ba-Korinthe 8:21) Ho feta moo, botšepehi e hlile ke tsela e molemo ka ho fetisisa joalokaha bo bontšitsoe bophelong ba batho ba bangata kajeno bao likelello tsa bona le lipelo li fetotsoeng ke tsebo e nepahetseng ea Bibele. Mohlala oa sena o tsoa Liberia.

Ka mor’a ho nahanisisa ka thapelo, moholo oa Mokreste le mosali oa hae ba ile ba koala lebenkele la bona la liaparo. Hobane’ng? Hobane le ne le ja nako ea bona e ngata haholo ’me le ne le ba sitisa mosebetsing oa bona oa boboleli le thutong ea botho. Ba ile ba lumellana ka ho khotsofalla chelete e nyenyane eo ba e fumanang ka ho rekisa dae ea masela. Leha ho le joalo, hang ka mor’a hore ba nke mohato ’ona, theko ea dae e ile ea theoha ’marakeng oa moo. Joale chelete ea bona e ne e ke ke ea hlola e koahela litšenyehelo tsa lelapa. Ke eng seo ba neng ba tla se etsa?

Ba ile ba kōpa feme e etsang dae ho fokotsa litheko tsa eona, ’me ka ho etsa joalo e ba lumelle ho eketsa phaello ea bona. Sena se ile sa latoloa. Leha ho le joalo, feme ena e ile ea ithaopela ho romela li-invoice tse peli, e ’ngoe e bontša theko ea sebele ’me e ’ngoe theko e theotsoeng tseo ba neng ba ka li hlahisa Lefapheng la Lintho tse Romelloang hore ba lefe lekhetho le lenyenyane. Sena se ne se tla etsa hore moholo enoa a thabele phaello eo e seng ea molao ea liranta tse 5 200 thomellong e ’ngoe le e ’ngoe.

Moena o ile a hana ho ba karolo ea mokhatlo oa bolotsana le o utsoetsang ’muso. Batsamaisi ba feme eo ba ne ba maketse. Ba ile ba ngola: “Re hlompha letsoalo la hao,” ’me ba khetha moholo hore e be eena moemeli oa lihlahisoa tsa bona Liberia. Ka lebaka la litlhoko tsa lelapa tse hlokometsoeng hantle, moholo le mosali oa hae ba ile ba tseba ho ba bo-pula-maliboho ba thusang, ’me ba sebetsa haufi le baena le ho haha phutheho. Ka sebele, botšepehi ba bona bo ipakile e le tlhohonolofatso.

Alfonso, ea lulang Spain le eena o fumane botšepehi e le tsela e molemo ka ho fetisisa. Mohlankana enoa o ile a tloha lapeng ha a le lilemo li 12, ’me kapele-pele o ne a rekisa lithethefatsi, esita le ho thuha makoloi, matlo, le mabenkele. Ka linako tse ling o ne a thuha mabenkele a ka bang leshome ka letsatsi. Ha a le lilemo li 21, metsoalle ea hae e mene e ile ea mo lematsa hampe, ea utsoa lithethefatsi tsa hae kaofela, ’me ea mo tšosa ka ho ’molaea haeba a ka e tlaleha sepoleseng. Kaha a ne a tsejoa haholo sepoleseng, o ne a tšaba ho ea sepetlele ho ea phekoloa.

Ha maqeba a hae a ntse a fola butle-butle, Alfonso o ile a nahana ka botebo ka tsela ea hae ea bophelo. O ile a nahana ka Bibele le melao-motheo ea Bokreste eo ’mè oa hae a kileng a ’molella eona ha e sa le ngoana. Joale, o ne a hlokomolohile mantsoe a ’mè oa hae, empa joale o ne batla thuto ea Bibele le Lipaki tsa Jehova. Nakong ea likhoeli tse tšeletseng o ne a fetotse boitšoaro ba hae le botho ka ho felletseng ’me a tšoaneleha hore a ka kolobetsoa.

Leha ho le joalo, letsatsi pele a kolobetsoa, o ile a fumana lengolo la hore a hlahe khotla bakeng sa molato oa ho utsoa a hlometse ka sethunya. Ke bosholu boo a ileng a bo etsa nako e telele e fetileng. Leha ho le joalo, Alfonso o ile a lumela molato pontšeng ’me a koalloa ha a ntse a emetse kahlolo. ’Muelli oa hae oa molao o ile a mo hatella hore a bolele hore ha a utsoa letho le hore ha a na sethunya. Empa Alfonso o ile a phehella ho bua ’nete. Ka lebaka la phoso ea hae le tlaleho e mpe ea sepolesa, moahloli o ile a batla hore a ahloloe lilemo tse 13. Empa ka lebaka la boitšoaro ba hae bo botle le botšepehi, o ile a ahloleloa likhoeli tse tšeletseng, e leng nako eo a ileng a e sebeletsa ha a ntse a emetse kahlolo.

Hona joale Alfonso le mosali oa hae ba sebeletsa Jehova ka botšepehi, ba thabetse ho fumana morero oa sebele bophelong le hore ba pakile ka phihlelo ea bona hore botšepehi ke tsela e molemo ka ho fetisisa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela