Likereke—Li Habile Hokae?
HO ETSAHALA’NG ka likereke tse ipitsang tsa “Bokreste”? Na ebe moo u lulang teng litho tsa tsona lia fokotseha kapa lia eketseha? U ka ’na ua utloa ho buuoa ka tsosoloso, ’me ka linako tse ling ho tlalehoa hore liphutheho lia hōla libakeng tse kang Afrika, Europe Bochabela le United States. Leha ho le joalo, litaba tse tsoang likarolong tse ling tsa lefatše, haholo-holo Europe Bophirimela, li bolela hore likereke lia koaloa, liphutheho li ntse li fokolloa ke balateli le hore ho se thahaselle bolumeli ho ntse ho ja setsi.
Ka lebaka la manane a ntseng a fokotseha a balumeli ba tlang kerekeng, likereke tse ngata li fetotse tsela eo li etsang lintho ka eona. Tse ling li bolela hore “ha li ahlole,” e leng se fanang ka maikutlo a hore Molimo o amohela boitšoaro ba mofuta ofe kapa ofe. Ho e-na le ho ruta batho Lentsoe la Molimo, likereke tse ngata li fana ka boithabiso, li susumetsa batho maikutlo li bile li ba hohela ka lintho tsa lefatše. Le hoja batho ba bang ba tsamaeang kereke ba re liphetoho tsena lia hlokahala e le hore batho ba tsamaisane le maemo a sebele a teng lefatšeng kajeno, batho ba bangata ba tšepahalang baa ipotsa hore na ebe joale likereke ha li suthele hōle le thōmo eo Jesu a faneng ka eona. A re ke re hlahlobeng seo likereke li ’nileng tsa se etsa lilemong tse mashome a seng makae tsa morao tjena.