Mafutsana a ka ba le Tšepo Efe?
HA HO na letho le phoso ha batho ba sebetsa ka thata ho iphelisa, hafeela ba sebetsang ka thata ba fumana moputso o ba loketseng. Ela hloko mantsoe ana a mongoli oa Bibele: “Kea tseba hore ha ho letho le molemo . . . ho feta ho thaba . . . le hore motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.”—Moeklesia 3:12, 13.
Empa joalokaha re se re bone, tsamaiso ea lefatše ea moruo e batla hore batho ba sebetse ka thata empa hangata ba fumana moputso o monyenyane. Ba bangata ba lula e le mafutsana, ha ba tsebe hore na ba nke eng ba e kopanye le eng hore ba tsebe ho phela letsatsi le leng le le leng. Ke ka seoelo ba ikutloang ba ‘thabile’ ba bileng ba ‘bonang se molemo’ ka lebaka la tsela eo ba phelang ka eona. Lefatše le hafa ka nkatana, empa ho ka etsahala hore ebe halofo ea batho ba lona ha e fumane letho khahlakhahleng eo ea leruo.
Molimo o Tsotella Mafutsana
’Mōpi oa batho, Jehova Molimo, ha a thabele boemo bona. Jehova o hauhela mafutsana. Ka Bibeleng re bala sena: “Ka sebele [Molimo] a ke ke a lebala mohoo oa ba hlorileng.” (Pesaleme ea 9:12) Jehova ke Molimo ea tsotellang mafutsana.
Ha e bua ka Jehova Bibele e re: “Ea malimabe, moshanyana ea se nang ntate, o ipeha ho uena. U fetohile mothusi oa hae.” (Pesaleme ea 10:14) Hlokomela hore na temana ena ea Bibele e re’ng ha e bua ka batho ka bomong ba mahlorehong.a E, Molimo o talima motho ka mong ebe o sheba hore na o hloka eng. Ho eena motho e mong le e mong ke oa bohlokoa ’me o lokela ho eloa hloko. Jehova o mema batho bohle, ho sa tsotellehe hore na maemo a bona ke afe moruong, hore ba ithute ho eena ’me ba thabele ho ba le setsoalle le eena.
Ntho e ’ngoe eo batho ba ithutang eona ho Molimo ke ho qenehela le ho utloela batho ba bang bohloko. Lipaki Tsa Jehova li italima e le lelapa le leholo la moea. Li talima motho e mong le e mong har’a tsona e le oa bohlokoa—lerato la ’nete la Bokreste lea rena har’a tsona. Morena Jesu Kreste o kile a re ho balateli ba hae: “Lōna bohle le bara ba motho.” (Matheu 23:8) Ka lebaka leo, bohle ba amohelang borapeli ba ’nete e ba karolo ea lelapa la bara ba motho ba sa khethollaneng ho ea ka hore na motho o ruile hakae. Baa tsotellana ’me baa khothatsana nakong ea mathata.
Bibele e na le melao-motheo e ka imollang batho mathateng a bakoang ke bofutsana. Mangolo a bontša hore Molimo o nyatsa ho silafatsa ’mele—ho kang ho bakoang ke ho tsuba koae—le ho noa joala ho tlōla. (Liproverbia 20:1; 2 Bakorinthe 7:1) Motho ea latelang melao-motheo eo o boloka chelete ho e-na le hore a e senye ka mekhoa e kotsi. O qoba mafu a bakoang ke ho tsuba le botahoa esita le litšenyehelo tsa phekolo tse bakoang ke mafu ao. Bibele e boetse e ruta batho ho hanela maikutlo a ho rata lintho tse bonahalang le ho ba meharo. (Mareka 4:19; Baefese 5:3) Ka ho mamela Lentsoe la Molimo litabeng tsena, motho o boetse o qoba ho senya chelete ea hae ka ho becha.
Bibele e fana ka melao-motheo e molemo eo batho ba ka e latelang bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi esita le haeba e le mafutsana-futse. Ela hloko sena seo motho e mong a ileng a thulana le sona:
Naheng e ’ngoe moo batho ba bangata ba sa fumaneng mosebetsi, motho e mong ea sebetsang femeng o ile a beha mosebetsi oa hae kotsing ka hore a kōpe tumello ea ho ba sieo mosebetsing e le hore a ee libokeng tsa Bokreste. Mookameli oa hae a ka be a ile a mo leleka habonolo feela. Ho e-na le hoo, o ile a makatsa mosebetsi enoa le basebetsi-’moho le eena ha a amohela kōpo ea hae. Ho feta moo, mookameli enoa o ile a mo bolella hore o batla hore a ’ne a tsoele pele a sebetsa femeng eo ea hae a ba a mo babatsa ka hore ke “mosebetsi ea behang mohlala o motle.” Hobane’ng?
Mosebetsi eo ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me o ne a latela melao-motheo ea Bibele bophelong ba hae. Kaha o ne a batla ho “ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle,” o ne a sa bue leshano a bile a sa utsoe, ka tsela eo o ile a iketsetsa botumo ba hore ke motho ea tšepahalang. (Baheberu 13:18) Kaha o ne a mamela molao-motheo o bululetsoeng o hlahang ho Bakolose 3:22, 23, o ne a sebetsa “ka moea oohle.” Sena se bolela hore o ne a hlompha mohiri oa hae a bile a le hlokolosi hore a etse mosebetsi oa hae oa letsatsi lohle oo a neng a o lefeloa.
Ke ’nete hore re phela tsamaisong ea moruo eo ho eona batho ba inahanang bobona feela le moo phaello e leng eona ntho ea bohlokoa ho feta tsohle. Batho ba bang ba hlomphang melao-motheo ea Bibele haholo ba ka ’na ba sokola hore ba fumane lintho tseo ba li hlokang tse kang lijo, liaparo le bolulo. Empa ka lebaka la “Molimo ea fanang ka tšepo” Jehova, batho ba joalo ba na le letsoalo le hloekileng ka pel’a ’Mōpi ’me ba na le tšepo e tiileng ea hore ba tla fumana bophelo bo monate nakong e tlang.—Baroma 15:13.
Bothata ba Bofutsana bo Rarolleloa Ruri
Bibele e hlalosa kamoo Jehova a nyatsang batho ba hatellang mafutsana ka ho hloka toka kateng. Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le re: “Ho malimabe ba etsang melao e kotsi ea tsamaiso le ba ngolang kamehla, ’me ba ngotse khathatso feela, e le hore ba sutumelletse ba tlaase hōle nyeoeng le ho amoha ba hlorileng . . . toka, hore bahlolohali e be thepa ea bona e hapuoeng, le hore ba tlatlape esita le bashanyana ba se nang bo-ntate!” (Esaia 10:1, 2) Ho sa tsotellehe hore na ba hlokomoloha mafutsana ka boomo kapa che, batho ba tšoereng marapo litabeng tsa moruo sechabeng kajeno ke karolo ea tsamaiso e hatellang eo Molimo ea Matla ’Ohle a tl’o e felisa ’me a thehe e ncha.
Moprofeta Esaia o botsa bahatelli bao potso e tebileng: “Le tla etsa’ng letsatsing leo le eloang hloko ka lona le la tšenyeho, ha e tsoa hōle?” (Esaia 10:3) Jehova o tla ba felisa ka hore a timetse tsamaiso e hlokang toka eo ba e ntšetsang pele.
Empa morero oa Molimo hase feela hore a nkele bahatelli khato. O tla etsa hore batho ba lipelo li lokileng ba phele bophelo bo nang le toka. A sebelisa ’muso o phahametseng mebuso eohle, o tla etsa hore batho bohle ba thabele bophelo bo khotsofatsang, bo thabisang ho se bofutsana. Hore u phele hantle nakong eo, ha ho na ho hlokahala hore u sieloe chelete e ngata e le lefa, u tsebane le batho ba maemo kapa u be setsebi litabeng tsa khoebo. Ke eng e ka re kholisang hore lintho tseo li tla fela li phethahale?
Ha Jesu Kreste, eo Jehova a mo khethileng hore a buse batho, a ne a bua ka bokamoso boo bo babatsehang o ile a bo bitsa ‘pōpo e entsoeng bocha.’ (Matheu 19:28) Poleloana ena e fana ka maikutlo a hore lintho lia nchafatsoa, bophelo ba batho bo qala bocha. Ka ho sebelisa poleloana ‘pōpo e entsoeng bocha’ Jesu o ile a hatisa taba ea hore Jehova o tla fa batho ba lokileng monyetla oa ho phela ka tsela eo ’Mōpi oa rōna ea lerato a e batlang. Har’a lintho tse ngata tse molemo tseo a tla li etsetsa batho ka nako eo, o tla felisetsa ruri mathata a moruo a imetseng batho ba bangata hakana.
Ha Bibele e profeta ka puso ea Jesu Kreste e re: “Etsoe o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong, mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:12-14.
U ka fumana bokamoso bona bo thabisang. Empa e le hore u finyelle tseo Molimo a li hlokang hore u tle u fumane bophelo lefatšeng leo le lecha, taba ea bohlokoahali ke hore u ithute thato ea Molimo oa ’nete pele u be u e etse. Etsa liqeto tse bohlale tse thehiloeng tsebong ea Lentsoe la Molimo. U lule u ntse u lebeletse bokamoso bo babatsehang boo Molimo a tla bo fa moloko oa batho. U ke ke ua soetseha. Lentsoe la Molimo le fana ka tšepiso ena: “Hase kamehla mofutsana a tla lebaloa, leha e le hore tšepo ea ba bonolo e tla timela le ka mohla.”—Pesaleme ea 9:18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litemana tse ling tse peli tsa Bibele tse bontšang hore Molimo o tsotella batho ba sotlehileng ke Pesaleme ea 35:10 le Pesaleme ea 113:7.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
U letetsoe ke bokamoso bo thabisang
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]
Na ke Lokela ho ea Makhulong a Matala?
Lentsoe la Molimo ha le bolelle batho hore na ba lule hokae le hore na ba sebetse hokae. Leha ho le joalo, melao-motheo ea Bibele e ka thusa motho hore a etse qeto ea hore na ho fallela naheng e ’ngoe ka lebaka moruo ke ntho e molemo kapa che. Hlokomela lipotso tse latelang le melao-motheo ea Mangolo e ka sebelisoang.
1. Na ke hoheloa ke litaba tsa bo-bare tse se nang bopaki? Liproverbia 14:15 e re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” Ka mor’a hore a fallele naheng e ’ngoe e ruileng, monna e mong ea tsoang Europe Bochabela o ile a re: “Ke utloile ho thoe mona chelete e mela lifateng joaloka makhasi a lifate. Ke sa ntse ke batla lifate tseo.”
2. Na ke na le pono e nepahetseng ka lintho tseo lelapa la ka le li hlokang? Na ke nka lintho tseo re lakatsang ho ba le tsona tseo re ke keng ra li finyella e le tsona tse hlokahalang? Lihlooho tsa malapa li tlameha ho hlokomela basali le bana ka lintho tseo ba li hlokang nameng. (1 Timothea 5:8) Empa mahlong a Molimo bo-ntate ba boetse ba na le boikarabelo ba ho ruta bana ba bona litaba tsa boitšoaro le tsa moea. (Deuteronoma 6:6, 7; Baefese 6:4) Ntate a ka ’na a tseba ho hlokomela lelapa la hae ka lintho tse ngata tsa nama haeba a tloha lapeng. Empa a ke ke a tseba ho koetlisa bana ba hae ka litaba tsa boitšoaro le tsa moea haeba a sa ba bone ka libeke tse ngata kapa ka likhoeli tse ngata, ka linako tse ling esita le ka lilemo.
3. Na kea hlokomela hore ho ba hōle le mosali oa ka nako e telele ho re beha tekong ea bofebe ka bobeli ba rōna? Lentsoe la Molimo le lemosa batho ba nyalaneng hore e mong le e mong oa bona o lokela ho ela hloko seo molekane oa hae a se hlokang litabeng tsa ho kopanela liphate.—1 Bakorinthe 7:5.
4. Na kea utloisisa hore ho kena naheng e ’ngoe ka thōko ho molao ho ka etsa hore ba boholong ba mphe likotlo tse boima? Bakreste ba ’nete ba tlameha ho hlompha melao ea naha.—Baroma 13:1-7.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Melao-motheo ea Bibele e molemo ebang re barui kapa re mafutsana
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]
Top: © Trygve Bolstad/Panos Pictures